SE KA THUSANG LELAPA
Ka Moo o ka Thusang Ngwana wa Hao Hore a Sebetse Hantle Sekolong
Ho bonahala eka ngwana wa hao ha a thabele ho ya sekolong, e kanna yaba ha a rate ho etsa mosebetsi wa sekolo ebile ha a ithuti. Ho tla etsahalang haeba a sa rate sekolo? O tla feila mme o tla qala ho ba le mekgwa e mebe. O ka thusa ngwana wa hao jwang hore a ntlafatse dithuto tsa hae?
Seo o lokelang ho se tseba
Ho lebella ho hoholo ho ngwana wa hao ho ka mo bakela kgatello. Haeba o lebella ho hoholo ho ngwana wa hao seo se ka etsa hore a dule a kgathatsehile sekolong le lapeng! E le hore a se ke a o phoqa a ka nna a bua leshano, a se ke a o bolella ha a fumane dimmaraka tse nyane, a itshaenela ripoto kapa a lofa sekolo. Bothata bona bo ka nna ba mpefala le ho feta.
Ho tshepisa ngwana hore ha a pasitse o tla fumana ho hong ho ka ba kotsi ka dinako tse ding. Ntate e mong ya bitswang Andrew o re: “E le hore re kgothatse moradi wa rona, re ne re mo fa dintho ha a pasitse, empa seo se ile sa etsa hore a thabele ho fumana dimpho ho ene le ho thabela ho pasa. Ha a ne a feitse, o ne a sa utlwiswe bohloko ke hobane a feitse empa o ne a bo utlwiswa ke hobane a ne a sa tlo fumana mpho.”
Ho beha matitjhere molato ho ke ke ha tswela ngwana wa hao molemo. Ngwana wa hao a kanna a nahana hore ha ho hlokahale hore a sebetse ka thata e le hore a pase hantle. Hape seo se ka etsa hore a behe batho ba bang molato haeba a entse phoso ebile a ka nna a lebella hore batho ba bang ba mo rarollele mathata a hae. Ka mantswe a bonolo feela, ngwana wa hao a ka fetwa ke monyetla wa bohlokwa bophelong wa ho itokisetsa ho ba motho ya moholo ya amohelang ha a entse diphoso.
Seo o ka se etsang
Laola maikutlo a hao ha o bua le yena. Haeba o utlwa o halefile mme ngwana wa hao a o bolella hore o feitse sekolong, kgetha ho bua le yena ka taba eo ka nako e nngwe ha o se o kgobile matshwafo. Ntate e mong ya bitswang Brett o re: “Nna le mosadi wa ka re kgonne ho thusa moradi wa rona ka hore ha re bua le yena re bue ka mosa ebile re bontshe qenehelo.”
Molaomotheo wa Bibele: “Motho e mong le e mong a potlakele ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe ho halefa.”—Jakobo 1:19.
Sheba hore na bothata bo bakwa ke eng. Ho na le mabaka a mangata a ka etsang hore ngwana a feile sekolong, a mang a ona ke ho se tshwarwe hantle sekolong, ho ya sekolong se seng se setjha, ho tshwenyeha ka ditlhahlobo, mathata a hlahang ka lapeng, ho se robale ka ho lekaneng, ho se hlophisehe kapa ho se kgone ho mamela hantle. Ka hoo, ha ngwana wa hao a feila o se ke wa nahana hore o botswa.
Molaomotheo wa Bibele: “Ya bontshang temohisiso tabeng o tla fumana se molemo.”—Liproverbia 16:20.
Mo etsetse dintho tse ka mo thusang hore a kgone ho ithuta. O ka mo thusa ka hore o mo etsetse ditlhophiso tsa hore na a etse mosebetsi wa sekolo neng. Mo etsetse sebaka moo a ka kgonang ho balla teng ho se na ntho e mo sitisang (moo ho se nang TV kapa founu). Ha o ntse o thusa ngwana wa hao ka mosebetsi wa sekolo, le ka nka kgefu e kgutshwane ho mo thusa hore a tsepamise mohopolo ho seo a se balang. Ntate e mong ya dulang Germany ya bitswang Hector o re: “Ha nako ya ditlhahlobo e se e atametse re bala hanyane hanyane e le hore re se ke ra ba le mosebetsi o mongata ha ditlhahlobo di fihla, ho e na le hore re qale ho bala nako e se le siyo.”
Molaomotheo wa Bibele: “Ho na le nako e behilweng bakeng sa ntho e nngwe le e nngwe.”—Moeklesia 3:1.
Mo kgothalletse hore a ithute. Haeba ngwana wa hao a utlwisisa hore na ho kena sekolo ho tla mo tswela molemo jwang, seo se tla mo kgothalletsa hore a sebetse ka thata. Ka mohlala, ho ithuta dipalo ho ka mo thusa hore a kgone ho sebedisa tjhelete eo a e fuwang hantle.
Molaomotheo wa Bibele: “Fumana bohlale, fumana kutlwisiso. . . . Bo nke e le ba bohlokwa haholo.”—Liproverbia 4:5, 8.
Leka ho etsa sena: Thusa ngwana wa hao ka mosebetsi wa hae wa sekolo, empa o se ke wa mo etsetsa wona. Andrew o re: “Moradi wa rona o ne a sa batle ho inahanela, o ne a batla re mo etsetse ntho e nngwe le e nngwe.” Ruta ngwana wa hao hore a iketsetse mosebetsi wa hae wa sekolo.