Dipesaleme 111:1-10

  • Rorisang Jehova ka lebaka la mesebetsi ya hae e meholo

    • Lebitso la Modimo le a halalela ebile le a tshosa (9)

    • Ho tshaba Jehova ke bohlale (10)

111  Rorisang Jah!*+ א [Aleph] Ke tla rorisa Jehova ka pelo ya ka yohle+ב [Beth]Hara sehlopha sa batho ba lokileng le phuthehong. ג [Gimel]   Mesebetsi ya Jehova e meholo.+ ד [Daleth]Bohle ba e ratang ba nahanisisa ka yona.+ ה [He]   Dintho tseo a di entseng di ntle mme di a halalelaו [Waw]Ebile o bontsha toka ka ho sa feleng.+ ז [Zayin]   O etsa hore mesebetsi ya hae e hlollang e hopolwe.+ ח [Heth] Jehova o mohau ebile o na le kutlwelobohloko.*+ ט [Teth]   O fa ba mo tshabang dijo.+ י [Yod] O hopola selekane sa hae ka ho sa feleng.+ כ [Kaph]   O bontshitse batho ba hae mesebetsi ya hae e matlaל [Lamed]Ka ho ba fa lefa la ditjhaba.+ מ [Mem]   Mesebetsi ya matsoho a hae e bonahatsa toka le nnete.+ נ [Nun]Ditaelo tsohle tsa hae di a tshepahala.+ ס [Samekh]   Re ka di tshepa* ka mehla, hona jwale le ka ho sa feleng. ע [Ayin]Di entswe ka nnete le toka.+ פ [Pe]   O lopolotse batho ba hae.+ צ [Tsade] O laetse hore selekane sa hae se dule se le teng ka ho sa feleng. ק [Qoph] Lebitso la hae le a halalela ebile le a tshosa.+ ר [Resh] 10  Mohato wa pele wa ho fumana bohlale* ke ho tshaba Jehova.+ ש [Sin] Bohle ba mamelang ditaelo tsa hae ba a bontsha hore ba na le temoho.+ ת [Taw] O lokela ho roriswa ka ho sa feleng.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke kgutsufatso ya lebitso Jehova.
Kapa: “mosa.”
Kapa: “Di tiisitswe hantle.”
Ka Seheberu: “Motheo wa bohlale.”