Dipesaleme 83:1-18

  • Thapelo ya ha dira di le hlasela

    • “Modimo, o se ke wa thola” (1)

    • Dira tse jwalo ka meutlwa e fefolwang ke setsokotsane (13)

    • Lebitso la Modimo ke Jehova (18)

Pina ya Asafe.+ 83  Modimo, o se ke wa thola.+ Modimo hle, o se ke wa kgutsa kapa wa ema feela o sa etse letho.   Dira tsa hao di baka morusu.+ Ba o hloileng ba a ikgohomosa.*   Ba lohela batho ba hao mano ka bolotsana. Ba rera ho hlasela batho ba hao bao o ba ratang.*   Ba re: “Tloong, a re fediseng setjhaba sena sohle+E le hore lebitso la Iseraele le se ke la hlola le hopolwa.”   Ba loha leano ha mmoho. Ba ikopantse* hore ba o hlasele.+   Ke Baedomo le Baishmaele, Bamoabe+ le Bahagare,+   Bagebale, Baamone+ le Baamaleke,Bafilistia+ le baahi ba Tire.+   Asiria+ le yona e ikopantse le bona. Baasiria ba thusa bara ba Lota.+ (Selah)   Ba etse feela jwalo ka ha o entse Midiane+Jwalo ka ha o entse Sisera le Jabine nokaneng* ya Kishone.+ 10  Ba ile ba fediswa Ene-dore.+ Ba fetoha moitedi bakeng sa mobu. 11  Bahlomphehi ba bona o ba etse seo o ileng wa se etsa ho Orebe le Zebe+Le dikgosana* tsa bona o di etse seo o ileng wa se etsa ho Zeba le Zalmuna+ 12  Hobane ba itse: “A re nkeng naha eo Modimo a dulang ho yona.” 13  Modimo wa ka, o etse hore ba be jwalo ka meutlwa e fefolwang ke setsokotsane,+Jwalo ka ditlhaka tse fefolwang ke moya. 14  Jwalo ka mollo o tjhesang moruLe jwalo ka lelakabe le tlabolang dithaba.+ 15  E se eka o ka ba lelekisa ka sefefo sa hao se matla+O ba tshose ka setsokotsane sa hao.+ 16  Ba tlotlolleE le hore ba batle lebitso la hao, Jehova. 17  E se eka ba ka hlajwa ke dihlong mme ba tshoha ka ho sa feleng. E se eka ba ka tlotlollwa mme ba fediswa. 18  E se eka batho ba ka tseba hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova,+Ke wena feela Ya Phahameng ka ho Fetisisa hodima lefatshe lohle.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ba phahamisa dihlooho.”
Ka Seheberu: “ba patilweng.”
Kapa: “Ba entse selekane.”
Kapa: “kgohlong.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “baetapele.”