Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO YA 6

Bibele e Ile ya Profeta Eng ka Mesia?

BOPROFETA

“Wena Bethlehema Efratha, . . . ho wena ho tla hlaha mmusi wa Iseraele.”

Mikea 5:2

PHETHAHATSO

“Ka mora hore Jesu a hlahele Bethlehema e Judea mehleng ya puso ya Morena Heroda, balepi ba dinaledi ba tswang ka Botjhabela ba tla Jerusalema.”

Matheu 2:1

BOPROFETA

“Ba arolelana diaparo tsa ka, ba lahla lotho bakeng sa diaparo tsa ka.”

Pesaleme ya 22:18

PHETHAHATSO

“Ka mora hore masole a kgokgothele Jesu palong, a nka diaparo tsa hae a di tabola dikarolo tse nne . . . A nka le seaparo sa hae sa ka hare. Empa sona se ne se se na moroko, se lohilwe ho tloha hodimo ho ya tlase. Masole ao a re: ‘A re se keng ra se tabola, re lahle lotho hore re tle re bone hore na e tla ba sa mang.’”

Johanne 19:23, 24

BOPROFETA

“O lebela masapo ohle a hae. Ha ho na le le leng la ona le robehileng.”

Pesaleme ya 34:20

PHETHAHATSO

“Ha a fihla ho Jesu a bona hore o se a shwele yaba ha a mo robe meomo.”

Johanne 19:33

BOPROFETA

“O ile a hlajwa ka lebaka la ditshito tsa rona.”

Esaia 53:5

PHETHAHATSO

“Lesole le leng la mo hlaba lehlakoreng ka lerumo yaba ho tswa madi le metsi.”

Johanne 19:34

BOPROFETA

“Ba mpatala moputso wa ka wa dikotwana tse 30 tsa silevera.”

Zakaria 11:12, 13

PHETHAHATSO

“E mong wa baapostola ba 12 ya bitswang Judase Iskariota a ya ho baprista ba baholo a re: ‘Le tla mpha eng ha nka le fa yena hore le mo tshware?’ Ba mo tshepisa dikotwana tsa silevera tse 30.”

Matheu 26:14, 15; 27:5