Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 16

Eba ya Kgothatsang

Eba ya Kgothatsang

Jobo 16:5

KAKARETSO: Bua haholo ka dintho tse tla kgothatsa bamamedi ba hao eseng ka mathata.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Tshepa bamamedi ba hao. E ba le tshepo ya hore bamamedi ba hao ba batla ho thabisa Jehova. Le hoja o tlameha ho fana ka kgalemelo, qala pele ka ho ba babatsa ha ho hlokahala.

  • O se ke wa bua haholo ka mathata. Bua feela ka mathata haeba o batla ho hlakisa ntho e itseng. Boholo ba puo ya hao bo lokela ho kgothatsa.

  • Dintlha tsa hao di lokela ho hlaha ka Bibeleng. Bua haholo ka dintho tseo Jehova a di entseng, a ntseng a di etsa le tseo a tla di etsetsa batho nakong e tlang. Matlafatsa le ho kgothatsa bamamedi ba hao.