Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Lenyalo la Hao?

Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Lenyalo la Hao?

Ha banyalani ba sebedisa theknoloji hantle, e ka matlafatsa lenyalo la bona. Ka mohlala, e ka ba thusa hore ba buisane letshehare lohle ha ba se mmoho.

Le ha ho le jwalo, banyalani ba bang ba sebedisa theknoloji hampe mme seo se etsa hore . . .

  • ba se ke ba qeta nako ba le mmoho.

  • ba tle le mosebetsi hae le ha ho sa hlokahale.

  • ba se ke ba tshepana hape ba se ke ba tshepahala.

SEO O LOKELANG HO SE TSEBA

HO QETA NAKO HA MMOHO

Monna ya bitswang Michael o re: “Ka dinako tse ding ha ke na le mosadi wa ka, ho tshwana le ha eka ha a yo. O dula a shebile fono ebe o re, ‘Haesale ke sa kgone ho e sheba ho fihlela hona jwale.’ ” Monna ya bitswang Jonathan o re maemong a jwalo “banyalani ba ka ba mmoho empa ba ikutlwa eka ba dibakeng tse pedi tse fapaneng.”

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Ke hangata hakae molaetsa kapa fono e llang e kenakenanang le nako eo o e qetang le molekane wa hao?​—BAEFESE 5:33.

MOSEBETSI

Batho ba bang ba sebetsa mesebetsi e ba hlokang hore ba dule ba ikemiseditse ho araba difono kapa diimeile tsa bona ka nako le ha e le efe. Ba bang ba sebetsang mesebetsi e sa ba hlokeng hore ba dule ba araba difono le diimeile, ba utlwa ho ntse ho le thata hore ba se ke ba sebetsa ha ba le hae. Monna ya bitswang Lee o re: “Ho thata hore ke se ke ka araba fono kapa molaetsa o mong le o mong o amanang le mosebetsi wa ka le hoja e le nakong eo ke e behelletseng ka thoko bakeng sa mosadi wa ka. Mosadi ya bitswang Joy o re: “Ke sebeletsa hae, ka hoo ho thata hore ke emise ho sebetsa. Ke lwana ka thata hore ke lekalekanye dintho.”

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Na o mamela molekane wa hao ka hloko ha a bua le wena?​—LUKA 8:18.

BOTSHEPEHI

Batho ba bangata ba re ba kile ba qabana le balekane ba bona hobane molekane e mong a belaella seo e mong a se etsang Inthaneteng. Ba bang ba a dumela hore ba kile ba beha dintho Inthaneteng tseo ba sa batleng hore balekane ba bona ba di bone.

Batho ba bangata ba a dumela hore marangrang a na le dikotsi tse ngata tse sa bonahaleng bakeng sa banyalani ebile a etsa ho be bonolo hore ba etse bofebe. Ha ho makatse hore boramolao ba sebetsanang le tlhalo ba re marangrang a qhala manyalo a mangata.

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Na o patela molekane wa hao melaetsa ya motho eo o neng o buisana le yena wa bong bo sa tshwaneng le ba hao?​—LIPROVERBIA 4:23.

SEO O KA SE ETSANG

KGETHA DINTHO TSE LOKELANG HO TLA PELE

Motho ya sa jeng a ke ke a phela hantle mmeleng. Ka tsela e tshwanang, motho ya se nang nako bakeng sa molekane wa hae, lenyalo la hae le tla ba le mathata.​—Baefese 5:​28, 29.

KELETSO YA BIBELE: “Nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo.”​—BAFILIPI 1:10.

Buisana le molekane wa hao ka ditlhahiso tse latelang tseo o ka thabelang hore le di sebedise kapa o ngole tsa hao tse tla le thusa hore theknoloji e se ke ya kenakenana le lenyalo la lona.

  • Jang ha mmoho le ha e ka ba ha nngwe ka letsatsi

  • Behang nako eo ka yona le ke keng la sebedisa disebediswa tsa elektronike

  • Ipeheleng letsatsi leo le tla ilo ithabisa ka lona le le bang

  • Timang difono ha le ilo robala

  • Ipeheleng metsotso e 15 letsatsi le letsatsi le buisana mme le behile disebediswa tsa elektronike hole

  • Timang Inthanete ka nako e itseng letsatsi le letsatsi