Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sireletsa Kelello ya Hao!

Sireletsa Kelello ya Hao!

O NTWENG! Sera sa hao e leng Satane, se sebedisa sebetsa se kotsi haholo ho o lwantsha. Ke sebetsa sefe? Ke mashano! Sebetsa sena hase ya etsetswa ho hlasela mmele wa hao empa ho hlasela kelello ya hao.

Moapostola Pauluse o ne a tseba kamoo mashano a Satane a leng kotsi kateng, empa hase Bakreste bohle ba neng bona kotsi eo. Ka mohlala, ba bang Korinthe ba ne ba itshepa ho tlola hoo ba neng ba nahana hore ho ne ho se letho le neng le ka ba diha tumelong. (1 Bakor. 10:12) Ke kahoo Pauluse a ileng a fana ka temoso ena: “Ke tshaba hore ka tsela e itseng, jwalo ka ha noha e ile ya eka Eva ka mano a yona, dikelello tsa lona di ka bodiswa hore di tlohe botshepehing le tlhwekong e lokelang Kreste.”2 Bakor. 11:3.

Mantswe a Pauluse a bontsha hore ha re a lokela ho ya le kgongwana hodimo. E le hore o sireletse kelello ya hao, o lokela hore o bone kotsi eo mashano a Satane a ka e tlisang mme o itshireletse ho ona.

MASHANO ANA A KOTSI HAKAE?

Mashano ao re buang ka ona mona ke eng? Sehloohong sena, re bua ka boitsebiso bo kgelosang bo etseditsweng ho susumetsa tsela eo batho ba nahanang le ho etsa dintho ka yona. Ho ya ka buka ya Propaganda and Persuasion mashano ao ke “maqiti a kotsi le a lematsang.” Batho ba bang boetse ba hlalosa boitsebiso bona bo kgelosang e le “thetso, ho qhekanyetsa, le ho bapala ka kelello ya motho.”

Mashano ana a kotsi hakae? A tshwana le kgase e bolayang, kaha a kgona ho susumetsa menahano ya rona re sa elellwe le ho elellwa. Kaha re ka nna ra hloleha ho bona mashano ana, ngaka e nngwe e sebetsang ka boitshwaro ba batho, e re: “Ba bangata ba rona ba qhekellwa ho feta kamoo re nahanang kateng.” Setsebi se seng se re banna le basadi ba ileng ba susumetswa ke boitsebiso bo kgelosang ba ile ba itshwara ka tsela e kotsi mme boitsebiso bona bo entse hore ho be le ‘dipolao, dintwa, mahloriso a bakwang ke ho se tshwane ha morabe le a amanang le bodumedi.’Easily Led—A History of Propaganda.

Jwale, haeba batho feela ba kgona ho re thetsa ka tsela eo, hakakaang he ka Satane! O ithutile boitshwaro ba batho ho tloha ha motho wa pele a ne a boptjwa. Hona jwale “lefatshe lohle” le buswa ke yena. A ka sebedisa eng kapa eng e lefatsheng ho jala mashano a hae. (1 Joh. 5:19; Joh. 8:44) Satane o atlehile ho ‘foufatsa dikelello tsa batho’ hoo hona jwale a “kgelosang lefatshe lohle leo ho ahilweng ho lona.” (2 Bakor. 4:4; Tšen. 12:9) O ka itshireletsa jwang mashanong a hae?

MATLAFATSA TUMELO YA HAO

Re tla kgona ho hlola mashano ana ka ho sebedisa molao ona o bonolo oo Jesu a faneng ka ona: “Tseba nnete, mme nnete e tla [o] lokolla.” (Joh. 8:31, 32) Jwalo ka lesole le ntweng, o lokela ho tseba moo o ka fumanang boitsebiso bo ka tshepjwang teng hobane hoseng jwalo sera se ka jala mashano e le ho o tsietsa. Jehova o fane ka boitsebiso boo. Ka Bibeleng o ka fumana boitsebiso bohle boo o bo hlokang e le hore o hlole mashano a Satane.2 Tim. 3:16, 17.

Satane o a tseba ka boitsebiso boo bo ka Bibeleng. Kahoo o sebedisa lefatshe lena ho o sitisa ho bala le ho ithuta Bibele. O se ke wa mo dumella hore a o qhekanyetse! (Baef. 6:11) “Utlwisisa ka ho phethahetseng” nnete ya Bibele. (Baef. 3:18) Sena se tla hloka hore o ikitlaetse. Mongodi ya bitswang Noam Chomsky o buile taba ena ya bohlokwa: “Ha ho na motho ya ka kenyang nnete ka bokong ba hao. O lokela ho ipatlela yona o be o e fumane.” Jwale, “ipatlele yona” ka hore o kgothalle ho “hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng.”Lik. 17:11.

E le hore o sireletse kelello ya hao, o lokela hore o bone kotsi eo mashano a Satane a ka e tlisang mme o itshireletse ho ona

Hopola hore Satane ha a batle hore o utlwisise seo o se balang le hore o nahanisise dintho hantle. Hobaneng? Buka e nngwe e re “ha batho ba sa nahane ebile ba sa belaelle letho ba kgona ho thetseha ha bonolo.” (Media and Society in the Twentieth Century) Kahoo, le ka mohla o se ke wa dumela ntho e nngwe le e nngwe feela eo o e utlwang. (Liprov. 14:15) Sebedisa matla a ho nahana ao o a filweng ke Modimo e le hore o iphumanele nnete.Liprov. 2:10-15; Bar. 12:1, 2.

HLOKOMELA DINTHO TSE KA BAKANG DIKAROHANO

Masole a direng a ka boela a sebedisa mashano ho diha dira tsa ona moya. A ka etsa hore masole a direng a qabane kapa a etsa hore a ikarole lebothong. Molaodi e mong wa sesole wa Mojeremane o ile a re lebaka le leng le ileng la etsa hore Germany e hlolwe Ntweng ya  I ya Lefatshe e ne e le hobane “batho ba ne ba susumeditswe ke mashano a neng a haswa ka nako eo.” Satane o sebedisa maqheka a tshwanang e le hore a bake dikarohano hara Bakreste kapa ho etsa hore ba bang ho bona ba ikarole phuthehong, haholoholo ha ba utlwisitswe bohloko ke motho kapa taba e itseng.

O se ke wa thetswa! Dumella Lentswe la Modimo ho o tataisa. Ka mohlala, tabeng ya ho boloka bonngwe ka phuthehong, Bibele e re re tswele pele ho “tshwarelana ka bolokolohi” le hore re potlakele ho rarolla diqabang. (Bakol. 3:13, 14; Mat. 5:23, 24) E re lemosa le hore re se ke ra ikarola ho phutheho. (Liprov. 18:1) Netefatsa hore o itokiseditse ho hanyetsa mashano a Satane. Ipotse: ‘Ke ile ka itshwara jwang nakong e fetileng ha mora kapa moradiwabo rona a ne a nkutlwisitse bohloko? Na ke ile ka kgahlisa Modimo kapa Satane?’Bagal. 5:16-26; Baef. 2:2, 3.

DULA O TSHEPA TATAISO YA MODIMO

Lesole le seng le sa tshepe molaodi wa lona le ke ke la lwana hantle. Kahoo ba direng ba ka hasa mashano e le ho leka ho etsa hore lesole le se tshepe molaodi wa lona. Ba ka sebedisa mashano a kang a reng: “Ha le a lokela ho tshepa baetapele ba lona!” kapa “Le se ba dumelle ho le lahlehisa!” Ba ka boela ba sebedisa diphoso leha e le dife tseo baetapele bao ba ka di etsang, ho tiisa mashano a bona. Satane o etsa se tshwanang. O leka ka hohle ho etsa hore o se ke wa tshepa tataiso eo Jehova a fanang ka yona.

O ka itshireletsa jwang? Ikemisetse ho kgomarela le ho tshehetsa bao mokgatlo wa Jehova o ba sebedisang ho re etella pele ho sa tsotellehe mefokolo ya bona. (1 Bathes. 5:12, 13) O se ke wa “sisinngwa kapele monahanong” wa hao ha bakwenehi ba hlasela mokgatlo ho sa tsotellehe hore na seo ba se buang se utlwahala e le nnete hakae. (2 Bathes. 2:2; Tite 1:10) Sebedisa keletso e ileng ya fuwa Timothea. Kgomarela nnete eo o ithutileng yona, mme o hopole moo o ithutileng yona teng. (2 Tim. 3:14, 15) Ka sebele ho na le bopaki bo bongata ba hore ke hobaneng ha o lokela ho tshepa lekgoba le tshepahalang le le masene, leo Jehova a seng a le sebedisitse dilemo tse ka bang 100.Mat. 24:45-47; Baheb. 13:7, 17.

O SE KE WA DUMELLA SERA HO O TSHOSA

Le ha ho le jwalo, hase kamehla mashano a Satane a tlang ka sekgukgu. Ka dinako tse ding o sebedisa ditshosetso, e leng “o mong wa mekgwa ya kgale ya ho jala mashano.” (Easily Led—A History of Propaganda) Moprofesa Philip M. Taylor wa Brithani o re Baassyria ba ne ba sebedisa ditshosetso le mashano ho hatella dira tsa bona. Satane o tla sebedisa ho tshaba batho, ho tshaba mahloriso, ho tshaba lefu le tshabo ya mofuta o mong le o mong ho o hatella le ho o etsa hore o kgaotse ho sebeletsa Jehova.Esa. 8:12; Jer. 42:11; Baheb. 2:15.

O se ke wa dumella Satane ho etsa seo ho wena! Jesu o itse: “Le se ke la tshaba ba bolayang mmele mme ka mora moo ba sa kgone ho etsa letho le fetang moo.” (Luka 12:4) Tshepa Jehova ka ho felletseng mme o tshepe le tshepiso ya hae ya hore o tla o hlokomela a be a o fe “matla a fetang se tlwaelehileng.”2 Bakor. 4:7-9; 1 Pet. 3:14.

Ke nnete hore o ka nna wa kopana le maemo a tshosang. Empa hopola kamoo Jehova a ileng a kgothatsa Joshua kateng: “Eba sebete mme o be matla. O se ke wa haroha letswalo kapa wa tshoha, etswe Jehova Modimo wa hao o na le wena kae kapa kae moo o yang teng.” (Josh. 1:9) Haeba o ikutlwa o tshwenyehile, bua le Jehova ka thapelo mme o mo bolelle ka dintho tse o tshwenyang. O ka kgodiseha hore ‘kgotso ya Modimo e tla lebela pelo ya hao le matla a hao a kelello’ mme o fumane matla a ho hanyetsa mashano a Satane.Bafil. 4:6, 7, 13.

Na o sa ntse o hopola mashano a ileng a phatlalatswa ke Rabshake, ya neng a rometswe ke morena wa Assyria, kgahlanong le batho ba Modimo? Ha e le hantle o ne a re ho bona: ‘Ha ho letho le ka le sireletsang ho Assyria. Esita le Modimo wa lona Jehova a ke ke a le thusa ka letho.’ Yaba o eketsa ka hore: ‘Jehova ka boyena o itse re timetse naha ena.’ Jehova o ile a reng ho batho ba hae ka sena sohle? O ile a re ho morena wa Iseraele: “O se ke wa tshoha ka lebaka la mantswe ao o a utlwileng ao bahlanka ba morena wa Assyria ba nnyefotseng ka ona.” (2 Mar. 18:22-25; 19:6) Modimo o ile a romela lengeloi le ileng la bolaya Bassyria ba 185 000 ka bosiu bo le bong!—2 Mar. 19:35.

HLALEFA MME O DULE O MAMELA JEHOVA

Na o kile wa shebella filimi eo ho yona motho e mong a thetsang e mong kapa a bapalang ka yena? Na o ile wa iphumana o buela ka pelong o re ho enwa ya thetswang: ‘O se ke wa mo kgolwa! O bapala ka wena!’ Nahana feela mangeloi a se a o hweletsa a re ho wena: “O se ke wa kgolwa mashano a Satane!”

Ikwale ditsebe, o se ke wa mamela mashano a Satane. (Liprov. 26:24, 25) Mamela Jehova mme o mo tshepe dinthong le maemong ohle. (Liprov. 3:5-7) Mamela o be o etse ho ya ka mantswe ana a lerato: “Mora wa ka, hlalefa mme o thabise pelo ya ka.” (Liprov. 27:11) Haeba o etsa jwalo, o tla kgona ho sireletsa kelello ya hao!