Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o ne o Tseba?

Na o ne o Tseba?

Ke bopaki bofe bo bong ntle le bo hlahang ka Bibeleng bo bontshang hore Baiseraele e ne e le makgoba Egepeta?

Bibele e bontsha hore ka mora hore Bamidiane ba ise Josefa Egepeta, ntate wa hae le lelapa labo ba ile ba tloha Kanana ho ya Egepeta. Ba ile ba dula seterekeng sa Egepeta e leng Goshene e haufinyana le moo noka ya Nile e kopanang le ya Mediterranean. (Gen. 47:1, 6) Baiseraele ba ile “ba eba matla haholo ka tekanyo e sa tlwaelehang.” Ka hoo Baegepeta ba ile ba qala ho tshaba Baiseraele mme ba ba etsa makgoba.​—Ex. 1:7-14.

Ba bang ba bahanyetsi ba Bibele ba mehleng ena ba re sena ha se nnete. Ho ntse ho le jwalo ho na le bopaki bo bontshang hore ditloholo tsa Sema * e ile ya eba makgoba Egepeta.

Ka mohlala baepolli ba dintho tsa kgale ba ile ba fumana hore ho kile ha eba le meaho leboya la Egepeta. Dr. John Bimson o ile a re ho na le bopaki ba meaho e 20 kapa hofeta e bontshang hore ditloholo tsa Sema di kile tsa dula leboya la Egepeta. Ho feta moo James K. Hoffmeier o ile a re: “Hoo e ka bang ka selemo sa 1800 ho ya ho 1540, Egepeta e ne e le sebaka se setle seo batho ba buang Searame ba hlahang Asia bophirimela ba neng ba ka thabela ho dula ho sona.” O eketsa ka hore: “Nako ena e tshwana le eo Abrahama, Isaka le Jakobo ba phetseng ka yona hape e tsamaisana le nako le diketsahalo tse hlahang ho Genese.”

Ho boetse ho na le bopaki bo eketsehileng bo hlahang borwa ba Egepeta. Ho tloha ka selemo sa 2000–1600 pele ho mehla ya rona, ho ile ha fumanwa papyrus e neng e ngotse mabitso a makgoba a neng a sebeletsa ntlong e ka borwa ho Egepeta. Mabitso a fetang 40 a hlahang moo ke a ditloholo tsa Sema. Makgoba ana a ne a pheha, a loha ebile a etsa mesebetsi e meng ya matsoho. Hoffmeier o boetse o re: “Ka ha ho ne ho sebetsa ditloholo tse fetang 40 ntlong e ka borwa ho Egepeta, ditloholo tsa Sema ho pholletsa le Egepeta haholoholo tse neng di dula pela noka di ne di le ngata haholo.”

Moepolli wa dintho tsa kgale e leng David Rohl o ile a re a mang a mabitso a hlahang moo, “a tshwana le mabitso ao o ka a fumanang ka Bibeleng.” Ka mohlala ho ne ho hlaha mabitso a tshwanang le ana Isakare, Ashere le Shifra. (Ex. 1:​3, 4, 15) Rohl o phethela ka hore: “Bona ke bopaki ba nnete ba hore Baiseraele e kile yaba makgoba Egepeta.”

Dr. Bimson o re: “Dineano tsa Bibele tse mabapi le bokgoba ba Baiseraele Egepeta le ho lokollwa ha bona, di fana ka bopaki bo tiileng ba histori.”

^ par. 4 Sema ke e mong wa bara ba Noe ba bararo. Ditloholo tsa Sema di ne di akarelletsa Baelame, Baassyria, Bakalde, Baheberu, Baarame le meloko e fapaneng ya Arabia.