Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Leeto la ka la Bophelo

Leeto la ka la Bophelo

HA KE ntse ke hahlaula Lewatleng la Mediterranean, ke ile ka hlokomela hore sekepe sa ka se ne se dutla mme ho ne ho kena metsi a mangata ka sekepeng yaba ho ba le sefefo se matla haholo. Ke ne ke tshohile haholo yaba ke qala ho rapela, e leng ntho eo e neng e se e le nako ke sa e etse. Ke ile ka fihla jwang boemong boo? E re ke le tsholele tsona.

Ha ke ne ke le dilemo tse supileng nna le ba lelapa leso re ne re dula Brazil

Ke hlahetse Netherlands ka selemo sa 1948. Yaba selemo se latelang, lelapa leso le fallela São Paulo e Brazil. Batswadi ba ka ba ne ba dula ba ya kerekeng mme lelapa leso le ne le dula le bala Bibele ka mora dijo tsa mantsiboya. Ka selemo sa 1959 re ile ra falla hape empa lekgetlong lena re ile ra ya Amerika, re ne re dula Massachusetts.

Ntate wa ka o ne a sebetsa ka thata ho hlokomela lelapa leso la batho ba robedi. O ne a sebetsa mesebetsi e fapaneng, a rekisa, a haha ditsela ebile a sebetsa khamphaning ya difofane. Lapeng re ne re thabile haholo ha ntate a sebetsa difofaneng hobane re ne re tla tsamaya haholo.

Ha ke ne ke kena sekolo se phahameng ke ne ke dula ke ipotsa hore na ke batla ho ba eng ha ke hola. E meng ya metswalle ya ka e ile ya kgetha ho ya yunivesithi, ha e meng yona e ile ya kgetha ho kenela sesole. Nna ke ne ke sa batle ho kenela sesole hobane ke ne ke sa rate ho ngangisana esita le ho lwana. Ka hoo, ke ile ka kgetha ho ya yunivesithi hobane ke ne ke baleha ho kenela sesole. Ha e le hantle, ntho eo ke neng ke hlile ke e batla e ne e le ho thusa batho hobane ke ne ke nahana hore ke tla thaba.

BOPHELO BA YUNIVESITHI

Ke ile ka qeta dilemo tse ngata ke ipotsa hore na ke hobaneng ha re phela

Haesale ke batla ho tseba hore na batho ba bile teng jwang, ka hoo ha ke le yunivesithi ke ile ka kgetha ho etsa thuto ya anthropology. Re ne re rutwa hore dintho di iphetotse mme matitjhere a rona a ne a lebelletse hore re dumele dintho tseo a re rutang tsona. Ditlhaloso tse ding di ne di sa utlwahale mme ke ne ke tlameha ho di kgolwa ke se na bopaki.

Tlelaseng eo ke neng ke kena ho yona, re ne re sa rutwe ho kgetholla se nepahetseng le se fosahetseng. Ho ena le hoo, re ne re rutwa hore re sebetse ka thata e le hore re ipabole mosebetsing wa sekolo. Ke ne ke ikutlwa ke thabile ha ke qeta nako e ngata le metswalle ya ka re le diphathing, re nwa ebile re tsuba dithethefatsi. Empa thabo eo e ne e sa nke nako e telele. Ka hoo, ke ile ka ipotsa: ‘Re phelelang?’

Ke ile ka falella toropong ya Boston mme ka ngodisa yunivesithing ya moo. Ke ne ke sebetsa ha dikolo di kwetswe e le hore ke kgone ho patala sekolo, ke moo ke ileng ka kopana le Paki ya Jehova ka lekgetlo la pele. E mong wa batho bao ke neng ke sebetsa le bona o ile a bua le nna ka boprofeta ba “dinako tse supileng” bo hlahang ho Daniele kgaolo ya bone yaba o a ntlhalosetsa hore re phela matsatsing a ho qetela. (Dan. 4:​13-17) Ke ile ka hlokomela hore haeba ke ntse ke tswela pele ke bua le motho enwa ka Bibele ebile ke dumela dintho tseo ke ithutang tsona, ka le leng ho tla hlokahala hore ke fetole bophelo ba ka. Ka hoo, ke ne ke leka ka hohle ho mo baleha.

Ha ke ntse ke le yunivesithi ke ile ka kgetha ho ithutela dintho tse tla nthusa hore ke kgone ho sebetsa ke le moithaopi Amerika Borwa. Ke ne ke nahana hore haeba ke thusa batho ka dintho tseo ba di hlokang bophelong ke tla thaba. Ho ntse ho le jwalo ke ne ke sa thaba. Ha dikolo di kwalwa ke ile ka tlohella sekolo hobane ke ne ke nyahame haholo.

LEETO LA KA LA HO BATLA THABO LE NTSE LE TSWELA PELE DIBAKENG TSE HOLE

Ka selemo sa 1970 ka May, ke ile ka fallela Amsterdam e Netherlands ho ilo sebetsa moo ntate wa ka a neng a sebetsa teng difofaneng. Mosebetsi ona o ne o etsa hore ke tsamaye haholo, ke ne ke etela dinaha tse Afrika, dinaha tsa Amerika, Europe le Asia. Ke ile ka hlokomela hore ho sa tsotellehe hore na ke ne ke le naheng efe, batho kaofela ba na le mathata mme ha ho na motho ya tsebang tharollo. Ke ne ke ntse ke batla ho finyella ho hong bophelong ba ka. Ka hoo, ke ile ka etsa qeto ya ho kgutlela Amerika mme ka ngodisa yunivesithing yane e Boston hape.

Le ha ke se ke kgutletse yunivesithi, ke ile ka hlokomela hore dithuto tsa moo di ne di sa nthuse hore ke fumane dikarabo tsa dipotso tsa ka. Ka ha ke ne ke sa tsebe hore ke qale hokae, ke ile ka kopa thuso ho moprofesa wa ka. Ke ne ke maketse hona hoo ha a mpotsa a re: “Ke hobaneng ha o ntse o tswela pele o ithuta? Hobaneng ha o sa tlohelle?” Ha ke a ka ka batla le ho inahana habedi yaba ke tlohela yunivesithi ka ho felletseng.

Ho ne ho ntse ho ena le ntho e haellang bophelong ba ka, ka hoo ke ile ka etsa qeto ya ho kenela sehlopha sa batho se neng se bonahala eka se na le kgotso le lerato. Nna le metswalle e meng ya ka re ile ra tloha Amerika yaba re ya Acapulco e Mexico. Re ne re phela le mahipi, e leng batho bao ho neng ho bonahala eka ba phela ha monate feela, ba sa batleng mathata le ho kgathatseha ka dintho tse ngata. Ha ke ntse ke phela le bona ke ile ka hlokomela hore tsela eo ba phelang ka yona ha e na morero ebile le thabo ya teng ha e tshwarelle. Ho ekelletsa moo, ke ile ka hlokomela hore ha se batho ba buang nnete ebile ha ba tshepahale.

LEETO LA KA LE NTSE LE TSWELA PELE SEKEPENG

Nna le motswalle wa ka re ne re batlana le sehlekehleke se setle

Ka nako eo, ke ile ka qala ho nahana hore na ha ke ne ke le ngwana ke ne ke batlang bophelong. Ke ne ke rata lewatle haholo, ka hoo ke ne ke batla ho ba mokapotene wa sekepe eseng mosesisi wa sona. E le hore ke kgone ho ba mokapotene wa sona, ke ne ke hloka ho ba le sekepe sa ka. Motswalle wa ka Tom le yena o ne a batla ho ba mokapotene, ka hoo re ile ra etsa qeto ya hore re hahlaule lewatle ha mmoho. Ke ne ke batla ho fumana sehlekehleke se setle se kang paradeise moo ke tla beng ke lokolohile ebile ho se na melao le ha e le efe.

Nna le Tom re ile ra ya Arenys de Mar pela Barcelona e Spain. Ha re fihla moo re ile ra reka sekepe se ka bang dimithara tse 9.4 se bitswang Llygra. Re ile ra lokisa sekepe seo e le hore re kgone ho hahlaula lewatle ha monate. Ka ha re ne re sa potlaka leetong lena la rona, re ile ra ntsha enjene yaba re sebedisa sebaka seo sa yona ho beha metsi ao re tla a nwa. E le hore re kgone ho tsamaisa sekepe sa rona, re ile ra reka masokwana a mabedi a sekepe a dimithara tse hlano. Qetellong re ile ra qala leeto la rona la ho ya Seychelles e Indian Ocean. Re ne re tlo tsamaya lebopong le ka Bophirimela ho Afrika mme re tsamaye jwalo ho fihlela re ilo pota Cape of Good Hope e Afrika Borwa. Re ne re sheba dinaledi, dimmapa, dibuka le dintho tse ding tse re thusang ho fumana tsela ya rona ha bonolo. Ke ne ke hlolletswe hore dintho tsena di ne di kgona ho re thusa hore re tsebe moo re leng teng.

Ho eso ye kae, re ile ra hlokomela hore sekepe sena sa rona sa kgale sa mapolanka se ke ke sa kgona ho re beha moo re batlang ho ya teng. Se ne se dutla mme ho ne ho kena metsi a ka bang dilithara tse 22 hora e nngwe le e nngwe. Jwalo ka ha ke se ke boletse qalong, ho ile ha e ba le sefefo se matla. Ke ne ke tshohile haholo mme ke ile ka rapela Modimo ka yona nako eo, e leng ntho eo ke neng ke se ke qetetse kgale ho e etsa, hore haeba a ka re sireletsa ke tla etsa bonnete ba hore ke mo tseba haholwanyane. Sefefo se ile sa kgutsa yaba le nna ke phethahatsa tshepiso ya ka.

Ha re ntse re le leetong la rona ke ile ka qala ho bala Bibele. O se o ka inahanela feela hore ke ne ke balla moo ho leng hotle jwang. Ke potapotilwe ke metsi a Lewatle la Mediterranean, ke bona mefuta e fapaneng ya ditlhapi ebile ke kgona ho bonela hole. Bosiu ke ne ke thabela ho bona dinaledi tse ngata mme seo se ne se nkgodisa hore Modimo o teng ebile o rata batho.

Ka mora dibeke tse seng kae re ntse re le lewatleng, re ile ra fihla boemakepeng ba Alicante e Spain. Re ile ra leka ho rekisa sekepe sa rona e le hore re kgone ho reka se seng se beterenyana. Ha re a ka ra makala hore ebe re ile ra sokola ho rekisa seketswana sena sa rona se dutlang ebile se se na enjene. Taba ena e ile ya mpha monyetla wa hore ke kgone ho bala Bibele.

Ha ke ntse ke bala Bibele ke ile ka hlokomela hore ha se buka feela tjee empa ke buka e ka re thusang hore re thabe bophelong. Ke ne ke kgahlwa ke ka moo Bibele e buang ka ho hlakileng ka teng ka ho phela bophelo bo hlwekileng. Ke ne ke boetse ke makatswa ke hore batho ba bangata ho akarelletsa le nna, re ipitsa Bakreste empa tsela eo re phelang ka yona ha e dumellane le seo Bibele e se rutang.

Ke ne ke ikemiseditse hore ke fetole bophelo ba ka, ka hoo ke ile ka tlohella ho tsuba dithethefatsi. Ke ne ke ipotsa hore na ho na le batho ba phelang ka melaomotheo ya Bibele mme haeba ba teng ke ne ke batla ho kopana le bona. Ke ile ka rapela ka lekgetlo la bobedi ka kopa Modimo hore a nthuse hore ke ba fumane.

LEETO LA KA LA HO BATLA BODUMEDI BA NNETE

Ke ne ke nahana hore ke lokela ho ya dikerekeng kaofela, ka tsela eo ke ne ke tla kgona ho fumana bodumedi ba nnete. Ha ke ntse ke itsamaela diterateng tsa Alicante, ke ile ka bona mehaho e mengata ya dikereke tse fapaneng. Ka ha bongata ba dikereke tseo bo ne bo ena le ditshwantsho tse rapelwang, ke ne ke kgona ho bona kapele hore bona ha se bona bodumedi ba nnete.

Ka Sontaha se seng motshehare, ke ne ke dutse leralleng pela metsi ke bala Jakobo 2:​1-5, e bontshang hore ho fosahetse hore motho a rate ba bang hobane feela e le barui. Ha ke kgutlela morao sekepeng sa rona, ke ile ka feta mohaho o mong tjena o neng o bonahala eka ke sebaka sa borapedi, o neng o na le letshwao le ngotsweng “Holo ya Mmuso ya Dipaki Tsa Jehova.”

Ke ile ka re, ‘e re nke ke kene ke bone hore na mona ho etsahalang, ke bone hore na ba tla nkamohela.’ Ha ke kena Holong ya Mmuso ke ne ke sa rwala dieta, ke ena le ditedu ebile ke apere bokate e tabohileng. Ke ile ka bontshwa moo nka dulang teng, ke ile ka dula pela nkgono e mong ya neng a mpontsha mangolo ao sebui se neng se re re a bale. Ke ne ke maketse haholo ha batho ba tla ho nna ba tlo ntumedisa ka lerato ka mora diboka. Ntate e mong o ile a mmemela ha hae hore re ilo buisana ka Bibele empa hobane ke ne ke so qete ho e bala kaofela, ke ile ka re: “Ke tla o tsebisa ha ke tla.” Le ha ho le jwalo, ke ile ka tswela pele ho ya dibokeng tsohle.

Dibeke tse seng kae ka mora moo, ke ile ka ya ha ntate yane yaba o araba dipotso tsa ka tseo ke neng ke ena le tsona ka Bibele. Beke ka mora moo, o ile a mpha mokotla o tletseng diaparo tse ntle. O ile a mpolella hore monga diaparo tseo o kwalletswe teronkong ka lebaka la ho mamela molao wa Bibele wa hore re ratane le hore re se ke ra rata ntwa. (Esa. 2:⁠4; Joh. 13:​34, 35) Ke ile ka kgodiseha hore mona ke fumane ntho eo esale ke e batla, e leng batho ba mamelang melao ya Bibele ya boitshwaro. Ke ne ke se ke sa batle ho fumana sebaka se setle empa ke ne ke se ke batla ho tseba Bibele ka ho tebileng. Ka hoo, ke ile ka kgutlela Netherlands.

KE BATLA MOSEBETSI

Ke nkile matsatsi a mane hore ke ye toropong ya Groningen e Netherlands. Ke ne ke hloka mosebetsi e le hore ke kgone ho itlhokomela. Ke ile ka kenya kopo ya mosebetsi shopong ya mapolanka mme foromo ya teng e ne e ena le potso e reng ke bodumeding bofe. Ke ile ka ngola hore ke “Paki ya Jehova.” Ha monga shopo a sheba foromo ya ka ke ile ka bona sefahleho sa hae se fetoha. O ile a re: “Ke tla o founela” empa ha a ka a etsa jwalo.

Ke ile ka ya shopong e nngwe ya mapolanka mme ka botsa monga shopo hore na o hloka motho ya ka mo thusang. O ile a kopa hore ke mo bontshe mangolo a ka a sekolo le hore na ke ile ka sebetsa kae. Ke ile ka mo bolella hore nkile ka lokisa sekepe sa mapolanka. Ke ne ke maketse ha a re ho nna: “O ka nna wa qala ho sebetsa kajeno haeba o ka etsa ntho ena e le nngwe feela. O se ke wa baka mathata shopong ya ka hobane ke e mong wa Dipaki Tsa Jehova mme ke phela ka melaomotheo ya Bibele.” Ke ne ke maketse haholo yaba le nna ke a araba ke re, “Le nna ke Paki ya Jehova!” Ka ha ke ne ke na le moriri o mo telele ebile ke na le ditedu, monga shopo o ile a hlokomela hore ha ke Paki. Ka hoo o ile a re: “Ho lokile ke tla ithuta Bibele le wena!” Ke ne ke thabetse seo haholo. Ke ile ka bona hore na ke hobaneng ha monga shopo ya pele a sa ka a kgutlela ho nna. Jehova o ne a arabela dithapelo tsa ka. (Pes. 37:4) Ke ile ka sebetsa selemo kaofela shopong ya morabo rona eo. Ha ke ntse ke sebetsa moo, o ile a nthuta Bibele yaba ke kolobetswa ka January 1974.

QETELLONG KE FUMANA HORE NA KE PHELELANG

Ka mora kgwedi ke ile ka kenela tshebeletso ya bopulamadiboho, e leng ntho e ileng ya etsa hore ke thabe haholo. Kgwedi e latelang ke ile ka fallela Amsterdam ho ilo tshehetsa sehlopha se setjha sa puo ya Sepanishe. Ke ne ke thabela ho ruta batho Bibele ka puo ya Sepanishe le Sepotoketsi. Ka May 1975, ke ile ka qala ho sebeletsa ke le pulamadiboho e kgethehileng.

Ka letsatsi le leng, moradiwabo rona Ineke eo le yena e neng e le pulamadiboho e kgethehileng, o ile a tla dibokeng tsa rona tsa Sepanishe le motho eo a ithutang Bibele le yena ya tswang Bolivia. Nna le Ineke re ile ra qala ho ngollana mangolo e le hore re ka tsebana haholwanyane mme re ile ra hlokomela hore re le babedi re batla ho finyella dintho tse tshwanang bophelong. Re ile ra nyalana ka 1976 mme ra tswela pele ho sebeletsa re le bopulamadiboho ba kgethehileng ho fihlela ka 1982 ha re ne re mengwa hore re ilo ba karolo ya tlelase ya bo73 ya Gileade. Re ne re maketse ebile re thabile ha re ne re abelwa ho ilo sebeletsa ka Botjhabela ba Afrika, re ile ra sebeletsa Mombasa e Kenya. Ka 1987, re ile ra abelwa ho ilo sebeletsa Tanzania, moo mosebetsi wa rona o neng o se o sa thibelwa. Re ile ra sebeletsa moo ka dilemo tse 26 yaba re kgutlela Kenya hape.

Nna le mosadi wa ka re ne re thabela ho thusa batho hore ba ithute nnete ya Bibele Botjhabela ba Afrika

Ho thusa batho ba ikokobeditseng hore ba ithute nnete ya Bibele ho re thusitse hore re tsebe hore na re phelelang. Ka mohlala, motho wa pele eo ke neng ke ithuta Bibele le yena Mombasa e ne e le monna eo ke neng ke kopane le yena nakong eo ke neng ke etsa boboledi ba phatlalatsa. Ka mora hore ke mo fe dimakasine tse pedi o ile a re: “Ke lokela ho etsang ha ke qeta ho di bala?” Beke e latelang, re ile ra qala ho ithuta Bibele re sebedisa buka ya U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e neng e qeta ho lokollwa ka Seswahili. O ile a kolobetswa selemo ka mora moo mme a sebeletsa e le pulamadiboho ya ka mehla. Ho tloha ka nako eo, yena le mosadi wa hae ba se ba thusitse batho ba ka bang 100 hore ba inehele ho Jehova mme ba kolobetswe.

Nna le Ineke re bone ka moo Jehova a hlohonolofatsang bahlanka ba hae hore ba thabele bophelo

Ha ke qala ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha re phela, ke ile ka ikutlwa jwalo ka mohwebi ya tsamayang ya ileng a fumana perela ya bohlokwa mme a sa batle ho lahlehelwa ke yona. (Mat. 13:​45, 46) Ke ne ke batla ho qeta nako e ngata ke thusa batho hore ba tsebe hore na ke hobaneng ha re phela. Nna le mosadi wa ka re bone ka moo Jehova a thusang batho ba hae hore ba thabele bophelo.