Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Modimo Ke Mang?

Modimo Ke Mang?

Batho ba bangata ba re ba dumela ho Modimo. Empa ha o botsa hore na Modimo ke mang, o tla fumana dikarabo tse fapaneng. Ho ba bang Modimo ke moahlodi ya bohale, ya ahlolang batho ho ya ka diphoso tsa bona. Ha ba bang bona ba re o dula a bontsha lerato le ho ba tshwarela ho sa tsotellehe dintho tseo ba di etsang. Ho ntse ho le jwalo, ba bang bona ba dumela hore Modimo o hole le rona mme ha a re kgathalle. Ka lebaka la maikutlo a mangata a sa tshwaneng batho ba bangata ba utlwa e ka ha ho kgonehe ho tseba Modimo.

Na ho bohlokwa ho tseba hore na Modimo ke mang? Ho bohlokwa. Ho ithuta ka Modimo ho ka etsa hore o tsebe hore na o phelelang. (Liketso 17:26-28) Ha o ntse o tswelapele ho ithuta ka yena, o tla bona hore o a o rata ebile o tla o thusa. (Jakobo 4:8) Qetellong ha o se o tseba Modimo hantle, o ka fumana bophelo bo sa feleng.—Johanne 17:3.

O ka tseba Modimo jwang? O ka nahana ka motho eo o mo tsebang hantle, jwalo ka motswalle. Ho tlile jwang hore le be metswalle? Ho ka etsahala hore ebe o ile wa tseba lebitso la hae, botho ba hae, dintho tseo a di ratang le tseo a sa di rateng, dintho tseo a di entseng le tseo a batlang ho di etsa kapa ho feta. Ho ithuta ka yena ho ile ha etsa hore o batle ho ba motswalle wa hae.

Ka tsela e tshwanang, re ka tseba Modimo ka hore re ipotse dipotso tsena tse latelang:

Makasine ena e etseditswe ho fana ka dikarabo tse hlahang ka Bibeleng tse arabang dipotso tsena. Dihlooho tsa makasine ena ha di tlo o ruta ho tseba Modimo feela, empa o tla boela o fumane molemo ha o ntse o mo etsa motswalle wa hao.