KHAOLO EA BOBELI
“O ne a Tsamaea le Molimo oa ’Nete”
1, 2. Ke mosebetsi ofe oo Noe le ba lelapa la hae ba neng ba tšoarehile ka oona, hona ba ne ba tobane le mathata afe?
NOE oa ikotlolla ʼme o sarolla mesifa ea hae e opang. Ak’u nahane feela a lutse holim’a kutu e tenya ea sefate, a khefulitse hanyenyane mosebetsing oa hae, a shebile mohaho o moholohali oa areka. Moeeng ho ne ho tletse monko o hahlamelang habohloko oa sekontiri ʼme ho ne ho utloahala molumo oa lithulusi tse betlang lepolanka. Moo Noe a neng a lutse teng, o ne a ka bona bara ba hae ba lomahantse meno likarolong tse fapa-fapaneng tsa marangrang a mohaho ona o moholo oa mapolanka. Bara ba hae, basali ba bona le mosali oa hae ea ratehang, kaofela esale ba sebetsa le eena ka thata mosebetsing ona o entsoeng ka lilemo tse mashome. Ba ne ba khathile tema e khōlō empa ho ne ho sa setse tema e khōlō ka pel’a bona!
2 Batho ba moo ba ne ba nahana hore Noe le ba lelapa la hae baa hlanya. Ha mohaho oa areka o ntse o phahama, batho ba ne ba tšeha le ho feta ha ba nahana ka moroallo oo ho thoeng o tla koahela lefatše kaofela. Tlokotsi eo Noe a neng a lula a ba lemosa ka eona e ne e bonahala e le toro, e le ho hloka kelello ho fetisisang! Ba ne ba sa utloisise hore motho a ka senya nako ea hae le ea lelapa la hae a etsa mosebetsi o booatla joalo. Leha ho le joalo, Jehova, Molimo oa Noe, o ne a sa bone Noe e le leoatla.
3. Ke ka kutloisiso efe Noe a neng a tsamaea le Molimo?
3 Lentsoe la Molimo le re: “Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete.” (Bala Genese 6:9.) Seo se ne se bolela’ng? Se ne se sa bolele hore Molimo o ne a tsamaea lefatšeng, kapa hona hore mohlomong Noe o ile a ea leholimong. Ho e-na le hoo, Noe o ne a hlile a mamela Molimo ʼme a mo rata hoo e neng eka eena le Jehova ba tsamaea hammoho joaloka metsoalle. Lilemo tse likete hamorao, ha e bua ka Noe, Bibele e ile ea re: “Ka tumelo [ea hae] o ile a ahlola lefatše.” (Baheb. 11:7) O ile a etsa seo joang? Kajeno, rōna re ka ithuta eng tumelong ea hae?
Motho ea se Nang Molato Lefatšeng le Khopo
4, 5. Ke joang lefatše le neng le senyehile ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang mehleng ea Noe?
4 Noe o hōletse lefatšeng le neng le senyeha ho ea pele. Le ile la ba lebe ho tloha mehleng ea moholo-holo oa hae Enoke, e leng motho Gen. 5:22; 6:11; Juda 14, 15) Ke eng se neng se entse hore lintho li mpefale hakaalo?
e mong ea lokileng ea ileng a tsamaea le Molimo. Enoke o ne a boletse hore letsatsi la kahlolo le tla tlela batho ba sa tšabeng Molimo. Joale, mehleng ea Noe, batho ba ne ba sa tšabe Molimo le ho feta. Ha e le hantle, mahlong a Jehova lefatše le ne le senyehile, hobane le ne le tletse pefo. (5 Ho ne ho etsahetse bomalimabe bo boholo har’a mangeloi a Molimo. Le leng la ’ona le ne le se le fetohetse Jehova ʼme le fetohile Satane Diabolose ka ho etselletsa Molimo le ka ho eka Adama le Eva hore ba etse sebe. Mehleng ea Noe, mangeloi a mang a ile a qala ho fetohela puso e lokileng ea Jehova. Mangeloi ana a ile a tloha sebakeng sa ’ona seo a se filoeng ke Molimo, a tla lefatšeng, a ipha ’mele ea batho eaba a nyala basali ba batle. Mangeloi ao a ikhohomosang, a baithati, a ne a e-na le tšusumetso e kotsi har’a batho.—Gen. 6:1, 2; Juda 6, 7.
6. Boemo ba lefatše bo ile ba e-ba joang ka lebaka la Banefilime, hona Jehova o ile a ikemisetsa ho etsa’ng?
6 Ho feta moo, manyalo ana ao e neng e se a tlhaho, a basali le mangeloi a iphetotseng batho, a ile a hlahisa bana ba mofuta o tsoakaneng, ba baholo le ba matla ka tsela e sa tloaelehang. Bibele e ba bitsa Banefilime, e bolelang “Balihi”—e leng ba lihang batho ba bang. Banefilime bana ba hlaha, ba ile ba mpefatsa boemo ba lefatše le ho feta. Ha ho makatse hore mahlong a ’Mōpi, “bobe ba motho bo ne bo le bongata lefatšeng ’me tšekamelo eohle ea menahano ea pelo ea hae e le mpe feela ka linako tsohle.” Jehova o ile a etsa qeto ea hore o ne a tla felisa batho bao ba khopo ka mor’a lilemo tse 120.—Bala Genese 6:3-5.
7. Noe le mosali oa hae ba ile ba tobana le mathata afe ha ba leka ho sireletsa bara ba bona tšusumetsong e mpe ea mehleng eo?
7 U se u ka inahanela feela hore na ho ne ho le thata hakaakang ho hōlisetsa bana lefatšeng le joalo! Leha ho le joalo, Noe o ile khona. * Noe le mosali oa hae ba ile ba tlameha ho sireletsa bashanyana bana tšusumetsong e mpe e ba potolohileng. Hangata bana ba bashanyana ba khahloa haholo ke banna “ba matla” le “ba tummeng”—ʼme e tlameha ebe bana ba ne ba khahloa ke Banefilime. Noe le mosali oa hae ba ne ba ke ke ba sireletsa bana ba bona hore ba se ke ba utloa tlaleho e ʼngoe le e ʼngoe e buang ka liketso tsa linatla tseo, empa ba ne ba ka ba ruta ʼnete e khahlang ka Jehova Molimo, ea hloileng bokhopo bohle. Ba ne ba tlameha ho thusa bashanyana ba bona ho bona hore Jehova o utloisoa bohloko ke pefo le borabele bo lefatšeng.—Gen. 6:6.
O ile a fumana mosali ea molemo. Ka mor’a hore Noe a be lilemo li 500, mosali oa hae o ile a mo belehela bara ba bararo—Sema, Kama le Jafeta.8. Batsoali ba bohlale ba ka etsisa mohlala oa Noe le mosali oa hae joang kajeno?
8 Kajeno batsoali ba ka utloisisa boemo boo Noe le mosali oa hae ba neng ba le ho bona. Ka tsela e tšoanang, lefatše la rōna le tletse pefo le borabele. Metseng e meholo ho tletse lihlopha tsa bacha ba litlokotsebe. Esita le lintho tse etselitsoeng hore bana ba ithabise ka tsona e ka ba tse tletseng pefo. Batsoali ba bohlale ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho loantša tšusumetso eo ka ho ruta bana ba bona ka Jehova, Molimo oa khotso, eo ka letsatsi le leng a tla felisa pefo eohle. (Pes. 11:5; 37:10, 11) Ba ka atleha! Noe le mosali oa hae ba ile ba atleha. Bashanyana ba bona ba ile ba hōla ea e-ba banna ba molemo ʼme ba nyala basali bao ka ho tšoanang, ba neng ba ikemiselitse hore Jehova, Molimo oa ʼnete, a tle pele bophelong ba bona.
“Iketsetse Areka”
9, 10. (a) Ke taelo efe e tsoang ho Jehova e ileng ea fetola bophelo ba Noe? (b) Jehova o ile a re areka e ne e tla ba joang, hona morero oa eona e ne e tla ba ofe?
9 Ka letsatsi le leng, bophelo ba Noe bo ile ba fetoha ka ho feletseng. Jehova o ile a bua le mohlanka enoa oa hae ea ratehang ʼme a mo bolella hore O rerile ho felisa lefatše la mehleng eo. Molimo o ile a laela Noe, a re: “Iketsetse areka ka lehong la sefate se ntšang boroku.”—Gen. 6:14.
10 Areka ena e ne e se sekepe, joalokaha ba bang ba nahana. E ne e se na nko kapa mohatla, mpa kapa lesokoana, ho se moo e kobiloeng teng. E ne e le lebokose le leholo feela. Jehova o ile a fa Noe litekanyo tse tobileng tsa areka, a ba a mo bolella hore na e lokela ho ba joang le litaelo tsa ho e lila ka ntle le ka hare ka sekontiri. Eaba o bolella Noe lebaka, o re: “Ke tlisa moroallo oa metsi holim’a lefatše . . . Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng e tla shoa.” Leha ho le joalo, Jehova o ile a fa Noe taelo ena: “U tla kena ka arekeng, uena hammoho le bara ba hao le mosali oa hao le basali ba bara ba hao.” Noe o ne a boetse a lokela ho kenya mefuta eohle ea liphoofolo ka arekeng. Ke ba neng ba le ka arekeng feela ba neng ba tla pholoha Moroallo o tlang!—Gen. 6:17-20.
11, 12. Noe o ne a tobane le mosebetsi ofe o moholohali, hona o ile a etsa’ng?
11 Noe o ne a talimane le mosebetsi o moholohali. Areka ena e ne e lokela ho ba khōlō haholo—e ne e ka ba bolelele ba limithara tse 133, bophara ba limithara tse 22 le bophahamo ba limithara tse 13. E ne e le khōlō ho feta likepe tse khōlō ka ho fetisisa tsa lehong tse kileng tsa hahuoa esita le mehleng ea kajeno. Na Noe o ile a leka ho qoba mosebetsi oo, a tletleba ka mathata a ’ona, kapa a fetola seo a neng a tšoanetse ho se etsa e le hore a ipebofaletse mosebetsi? Bibele e araba ka ho re: “Noe [a] etsa ho ea ka sohle seo Molimo a mo laetseng sona. A fela a etsa joalo.”—12 Mosebetsi ona o ile oa nka lilemo tse mashome, mohlomong lilemo tse 40 ho isa ho tse 50. Ba ne ba lokela ho rema lifate, ho li hula, ho etsa lipalo ho li betla le ho li kopanya. Areka e ne e lokela ho ba le mekato e meraro, liphaposi tse ngata le monyako lehlakoreng. Ho hlakile hore ho ne ho e-na le lifensetere holimo, hammoho le marulelo a phahamisitsoeng hare, a litsoeng hanyenyane ka sekontiri e le hore metsi a phalle.—Gen. 6:14-16.
13. Ke mosebetsi ofe o mong oo e ka ’nang eaba o ne o le thata ho Noe ho feta ho haha areka, hona batho ba ile ba etsa’ng?
13 Ha lilemo li ntse li feta ʼme mohaho oa areka o ntse o phahama, e tlameha ebe Noe o ne a thaba haholo ka thuso eo ba lelapa la hae ba neng ba mo fa eona! Ho ne ho e-na le mosebetsi o mong oo e ka ʼnang eaba o ne o le thata haholo ho feta ho haha areka. Bibele e re bolella hore Noe e ne e le “’moleli oa ho loka.” (Bala 2 Petrose 2:5.) Kahoo, ka sebete o ile a etella pele mosebetsi oa ho lemosa batho bao ba khopo le ba sa tšabeng Molimo ka timetso e neng e ba tlela. Ba ile ba etsa’ng? Hamorao Jesu Kreste o ile a hopola nako eo, a re, batho bao ‘ha baa ka ba elelloa.’ O ile a re ba ne ba tšoarehile haholo ka bophelo ba bona ba letsatsi le letsatsi—ba ja, ba noa, ba nyala ba bile ba nyalisa—hoo ba sa kang ba mamela Noe. (Mat. 24:37-39) Ha ho pelaelo hore ba bangata ba ile ba mo soma, eena le ba lelapa la hae; mohlomong ba bang ba ile ba mo tšosa ʼme ba mo hanyetsa ka mabifi. E ka ’na eaba ba ile ba leka le ho sitisa mosebetsi oa kaho.
14. Kajeno malapa a Bakreste ba ka ithuta’ng ho Noe le lelapa la hae?
14 Ho ntse ho le joalo, Noe le ba lelapa la hae ha baa ka ba tlohela mosebetsi oa bona. Le hoja ba ne ba phela lefatšeng le neng le etsa hore mosebetsi oa bohlokoa bophelong ba bona o bonahale e se letho, e le oa lefeela, kapa e le booatla, ba ile ba tsoela pele ba tšepahala. Kajeno malapa a Bakreste a ka ithuta ho hongata tumelong ea Noe le ea lelapa la hae. Etsoe re phela nakong eo Bibele e reng ke ‘matsatsi a ho qetela’ a tsamaiso ea lefatše lena. (2 Tim. 3:1) Jesu o ile a re mehla ea rōna e tla tšoana hantle le mehla eo Noe a neng a haha areka ka eona. Ha lefatše le iphapanyetsa molaetsa oa ʼMuso oa Molimo, le o soma kapa le bile le hlorisa Bakreste, ke hantle hore ba hopole Noe. Mathata a joalo ha a qale ka bona.
“E-ea . . . le Kene ka Arekeng”
15. Noe o ile a shoeloa ke bo mang ha a ntse a atamela selemo sa hae sa bo600?
15 Ho ile ha feta lilemo tse mashome ʼme butle-butle areka e ile ea qala ho nka sebōpeho. Ha Noe a ntse a atamela ho ba lilemo tse 600, o ile a shoeloa ke baratuoa ba hae. Ntate oa hae, Lameke, o ile a shoa. * Lilemo tse hlano hamorao, ntate-moholo oa hae Methusela, e leng ntate oa Lameke, o ile a shoa a e-na le lilemo tse 969—e le eena motho oa ho qetela ea phetseng halelele ka ho fetisisa tlalehong ea Bibele. (Gen. 5:27) Methusela le Lameke ba ne ba phetse mehleng ea Adama, motho oa pele.
16, 17. (a) Ke molaetsa ofe o mocha oo Noe a ileng a o fumana ha a le lilemo li 600? (b) Hlalosa ntho e ke keng ea lebaleha eo Noe le ba lelapa la hae ba ileng ba e bona?
16 Ha a le lilemo li 600, mopatriareka Noe o ile a fumana molaetsa o mocha o tsoang ho Jehova Molimo, o reng: “E-ea, uena le bohle ba ntlo ea hao, le kene ka arekeng.” Nakong eona eo, Molimo o ile a bolella Noe hore a kenye mefuta eohle ea liphoofolo tse sa tšoaneng ka arekeng—tse hloekileng, tse loketseng mahlabelo, li kene ka bosupa ka bosupa ʼme tse ling li kene ka bobeli ka bobeli.—Gen. 7:1-3.
17 E tlameha ebe e ne e le pono eo motho a ke keng a e lebala. Li ile tsa hlaha ka makhalo ʼohle ka bongata bo boholo—li tsamaea, li fofa, li hahaba, li hatela haufi, li ikonka—kaofela li hlolla ’me li fapana ka Gen. 7:9.
boholo, sebōpeho le mekhoa. Ha ho hlokahale hore re nke hore Noe o ne a leka ho kharametsa, ho qobella kapa ho qekisa liphoofolo tseo tsa naheng hore li kene ka arekeng e mopatisane. Bibele e re li ile “tsa kena . . . ho Noe ka arekeng.”—18, 19. (a) Re ka ’na ra araba lipotso tseo batho ba belaelang ba li botsang ka liketsahalo tse tlalehong e buang ka Noe joang? (b) Mokhoa oo ka oona Jehova a ileng a khetha ho boloka liphoofolo tseo a li bōpileng, o re bontša bohlale ba hae joang?
18 Batho ba bang ba ka ’na ba belaela ba re: ‘Ntho e joalo e ne e ka etsahala joang? Hona liphoofolo tseo li ne li ka phela hammoho joang ka khotso sebakeng seo se patisaneng?’ Nahana ka sena: Ha ho hlokahala, na ’Mōpi oa bokahohle a ke ke a ba le matla a ho laola liphoofolo tseo a li bōpileng, esita le ho li thapisa le ho etsa hore li laolehe? U hopole hore Jehova ke eena Molimo ea bōpileng liphoofolo. Lilemo tse ngata hamorao o ile a arola Leoatle le Lefubelu a ba a etsa hore letsatsi le eme tsi! Na o ne a ke ke a phethahatsa ntho e ʼngoe le e ʼngoe e tlalehiloeng paleng ea Noe? Ntle ho pelaelo o ne a ka e phethahatsa ʼme o ile a fela a etsa joalo!
19 Ha ho pelaelo hore Molimo o ne a ka ʼna a khetha mokhoa o mong oa ho boloka liphoofolo tseo a li bōpileng. Leha ho le joalo, ka bohlale o ile a khetha mokhoa o re hopotsang hore, qalong o ne a behile lintho tsohle tse phelang lefatšeng tlhokomelong ea batho. (Gen. 1:28) Kahoo, kajeno batsoali ba bangata ba sebelisa pale ea Noe ho ruta bana ba bona hore Jehova o nka liphoofolo le batho bao a ba bōpileng e le ba bohlokoa.
20. E ka ’na eaba Noe le ba lelapa la hae ba ne ba tšoarehile ka eng bekeng ea ho qetela pele ho Moroallo?
20 Jehova o ile a bolella Noe hore Moroallo o ne o tla tla ka mor’a
beke. E tlameha ebe e ne e le nako e maphathaphathe bakeng sa lelapa la Noe. Nahana ka mosebetsi oa ho kenya liphoofolo libakeng tsa tsona, ho beha lijo tsa tsona moo ho loketseng, ho lokisetsa litho tsa lelapa libaka tsa bolulo hammoho le ho kenya thepa ea lelapa ka arekeng. Mohlomong mosali oa Noe, oa Sema, oa Kama le oa Jafeta ba ne ba tšoarehile haholo ka ho etsa hore ka arekeng e be lapeng.21, 22. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho makala ha batho ba mehleng ea Noe ba ne ba iphapanya? (b) Baahelani ba Noe le lelapa la hae ba ile ba khaotsa neng ho ba soma?
21 Batho ba bang bona ba ne ba etsa’ng? Ba ne ba ntse ba ‘sa elelloe’—esita le ka mor’a ho bona bopaki bohle ba hore Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi oa Noe. Ba ile ba bona ha liphoofolo li kena ka bongata ka arekeng. Empa ho iphapanya ha bona ha hoa lokela ho re makatsa. Kajeno batho ba iphapanyetsa bopaki bo bongata ba hore hona joale re phela matsatsing a ho qetela a tsamaiso ea lintho ea lefatše lena. Hape joalokaha moapostola Petrose a boletse, basomi ba tla tla ka ho soma ha bona, ba tšeha batho ba mamelang temoso ea Molimo. (Bala 2 Petrose 3:3-6.) Ka ho tšoanang, ha ho pelaelo hore batho ba ile ba soma Noe le lelapa la hae.
22 Ho soma hoo ho ile khaotsa neng? Tlaleho e re hang ha Noe a kentse lelapa la hae le liphoofolo ka arekeng, “Jehova a koala monyako.” Haeba basomi ba ne ba le teng haufi le moo, ha ho pelaelo hore ketso eo ea Molimo e ile ea ba koala melomo. Haeba ha hoa ka ha e-ba joalo, pula eona e ile ea ba koala melomo hobane e ile ea tšoloha! Ha na ea litloebelele, ea ʼna ea na e sa emise—metsi a eona a koahela lefatše, feela joalokaha Jehova a ne a boletse.—Gen. 7:16-21.
23. (a) Re tseba joang hore Jehova ha aa ka a thabela lefu la batho ba khopo ba mehleng ea Noe? (b) Ke hobane’ng ha e le bohlale kajeno ho bontša tumelo e tšoanang le ea Noe?
23 Na Jehova o ile a thabela lefu la batho bao ba khopo? Che! (Ezek. 33:11) Ho e-na le hoo, o ne a ba file nako e lekaneng ea hore ba fetole litsela tsa bona le hore ba etse se nepahetseng. Na ba ka be ba entse joalo? Tsela eo Noe a phetseng ka eona e fana ka karabo. Ka hore a tsamaee le Jehova, a mamele Molimo oa hae linthong tsohle, Noe o ile a bontša hore batho ba bang le bona ba ka be ba ile ba pholoha. Ka tsela eo, tumelo ea hae e ile ea ahlola lefatše la mehleng ea hae; e ile ea totobatsa bokhopo ba moloko oa mehleng ea hae. Tumelo ea hae e ile ea thusa hore eena le lelapa la hae ba bolokehe. Haeba u ka bontša tumelo e tšoanang le ea Noe, le uena u ka ipholosa ua ba ua pholosa le baratuoa ba hao. Joaloka Noe, u ka tsamaea le Jehova Molimo e le Motsoalle oa hao. Ka hona setsoalle seo se ka tsoela pele ka ho sa feleng!
^ ser. 7 Batho ba mehleng eo ba ne ba phela nako e telele haholo ho re feta. Ho hlakile hore ba ne ba phela halelele hobane ba ne ba se hōle le phetheho eo Adama le Eva ba ileng ba e lahla, ebile ba le matla ’meleng.
^ ser. 15 Lameke o ne a rehile mora oa hae lebitso la Noe—mohlomong le bolelang “Phomolo” kapa “Matšeliso”—ʼme o ne a profetile hore Noe o tla phethahatsa se boleloang ke lebitso la hae ka hore a etelle batho pele phomolong ka mor’a ho sehla ka thata mobung o rohakiloeng. (Gen. 5:28, 29) Lameke o ile a shoa pele a bona boprofeta bona bo phethahala. E ka ’na eaba ’mè oa Noe, barab’abo le likhaitseli tsa hae ba ile ba bolaoa ke Moroallo.