Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsa Mona Le Mane

Tsa Mona Le Mane

“Qalong ea 2011, liselefouno tse libilione tse 5,4 li ne li nkiloe ka konteraka, lefatšeng ka bophara.”—UN CHRONICLE, U.S.A.

Lilemo tse ka holimo ho leshome tse fetileng, “likoluoa li bolaile batho ba fetang 780 000, ’me litšisinyeho tsa lefatše ke tsona tse bakileng karolo ea 60 lekholong ea batho ba bolailoeng ke likoluoa.”—THE LANCET, BRITHANI.

“Lilemo tse ka holimo ho 20 tse fetileng, hoo e ka bang batho ba Russia ba 800 000 ba ile ba ipolaea.”—ROSSIISKAYA GAZETA, RUSSIA.

Naheng ea Philippines, moo tlhalo e thibetsoeng, palo ea basali ba lilemo li 15 ho ea ho tse 49 ba lulang le banna ba sa nyalanang le bona, kapa “ba nyalaneng ka setso . . . , e imenne ka makhetlo a fetang a mabeli pakeng tsa 1993 le 2008.”—THE PHILIPPINE STAR, PHILIPPINES.

Rephabliking ea Georgia, baahi ba etsang karolo ea “79,2 lekholong ba angoa ke ho hema mosi oa sakerete.” Motse-moholong oa Tbilisi, bana ba etsang “karolo ea 87,7 lekholong ba anngoe ke seo.”—TABULA, GEORGIA.

Ho Batla Phekolo Asia

Bakuli ba bangata ba tsoang likarolong tse fapaneng tsa lefatše ba ea linaheng tse ling e le hore ba fumane phekolo ea boleng bo phahameng, ’me hangata ba lefa chelete e nyenyane haholo ha e bapisoa leo eo ba neng ba tla e lefa linaheng tsa habo bona. Koranta ea Business World e tlaleha hore ka 2015, ho lebeletsoe hore bakuli ba milione ba tsoang linaheng tse ling ba tla ea Philippines ka selemo, ’me ho lebeletsoe palo e tšoanang le Korea Boroa ka 2020. Bakuli ba boetse ba rata ho ea India, Malaysia, Singapore le Thailand. Hase batho ba tsoang ka Bophirimela feela ba eang libakeng tse kang tsena e le hore ba phekoloe maloetse a amanang le masapo le lefu la pelo. Tlaleho eo e re: Machaena a sa tsoa rua le ’ona a ea ho lingaka tse etsang plastic surgery a tšoere litšoantšo tsa “likhalala tseo a batlang ho tšoana le tsona.”

Ba Etsang Mesebetsi e Mengata ka Nako e le ’Ngoe ha ba e Etse Hantle

Hangata theknoloji e etsa hore basebetsi ba etse mesebetsi e ’meli kapa ho feta e boima ka nako e le ’ngoe le ho araba lipotso ka potlako. Leha ho le joalo, Clifford Nass, e leng motsamaisi Lefapheng la Communication Between Humans and Interactive Media Laboratory, Univesithing ea Stanford, U.S.A o re, “basebetsi ba etsang lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe ha ba li etse hantle.” Ho ea ka tlaleho, hangata basebetsi ba etsang lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe ba ba tlas’a khatello ea maikutlo, likelello tsa bona li faposoa habonolo ke lintho tseo e seng tsa bohlokoa, ha ba nahane lintho ka botebo e leng se etsang hore ba hlokomolohe lintlha tsa bohlokoa. Ha Nass a fana ka tlhahiso o re: “Ha u etsa ntho e itseng, etsa eona feela ka metsotso e 20. Sena se u koetlisetsa ho tsepamisa kelello le ho nahana ka botebo.”