Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dikishinari e Phethiloeng ka Mor’a Lilemo Tse 90

Dikishinari e Phethiloeng ka Mor’a Lilemo Tse 90

KA 1621, mofuputsi oa Motaliana o ile a fumana mofuta o mong oa mongolo o sa tsejoeng lithakong tsa motse oa boholo-holo oa Bapersia o bitsoang Persepolise. Lilemong tsa bo-1800, baepolli ba lintho tsa khale ba neng ba epa Iraq, ba ile ba fumana mengolo e mengata e tšoanang le oo e ngotsoe matlapeng a letsopa le maboteng a ntlo ea borena. Mongolo ona ke oa lipuo tsa Mesopotamia tse neng li buuoa ke babusi ba kang Sargone II, Hammurabi le Nebukadnezare II. Mongolo ona o tsejoa ka hore ke cuneiform.

Mofuta ona oa mongolo ke oa bohlokoa haholo ho thusa batho hore ba utloisise setso le bophelo ba batho ba Mesopotamia ea boholo-holo. Litsebi tse neng li sebetsana le ho hlalosa mongolo ona li ile tsa bona ho hlokahala hore li etse dikishinari e nang le boitsebiso bohle bo hlokahalang ka Seakkadia, e leng puo e amanang haufi le Seassyria le Sebabylona.

Mosebetsi ona o boima o ile oa etsoa ke Setsi se Etsang Lipatlisiso ka Lintho Tsa Khale Bochabela bo Hare Univesithing ea Chicago U.S.A., ka 1921, ’me o ile oa phethoa ka mor’a lilemo tse 90, e leng ka 2011. Dikishinari ena e khōlō e bitsoang Assyrian Dictionary, e fupereng boitsebiso ba bohlokoa, e na le likarolo tse 26, ’me e na le maqephe  a fetang 9 700. E na le lipuo tse neng li sebelisoa Iran, Iraq, Syria le Turkey, ho tloha ka bo-2 500 B.C.E. ho ea ho 100 C.E.

Assyrian Dictionary e na le likarolo tse 26 le maqephe a fetang 9 700!

Ke hobane’ng ha dikishinari ee e le khōlō hakaale? Ke hobane’ng ha e nkile nako e telele hakaale hore e phethoe? Hona ke bo-mang ba ka batlang ho e sebelisa?

Seo Dikishinari Ena e se Fupereng

Motsamaisi oa Setsi se Etsang Lipatlisiso ka Lintho Tsa Khale Bochabela bo Hare Univesithing ea Chicago, e leng Gil Stein o re: “Dikishinari ena hase buka feela e thathamisang mantsoe.” Ho e-na le hoo, “ka ho fana ka lintlha tse tobileng tsa hore na lentsoe ka leng le simolohile hokae le hore na le ne le sebelisoa joang mehleng ea boholo-holo, moqolo ona o ikhethang o hlalosa histori ea batho ba Mesopotamia, hore na ke sechaba sa mofuta ofe, libuka tsa bona, molao le bolumeli ba bona. Ke sesebelisoa sa bohlokoa ho litsebi tsohle tse batlang ho etsa lipatlisiso ka setso le bophelo ba batho ba Mesopotamia.”

Bangoli ba eona ba ile ba hlokomela li sa tloha feela hore “e le hore mantsoe a utloisisoe hantle, ba lokela ho bokella boitsebiso bohle bo amehang, eseng mantsoe feela empa le litlhaloso, e le hore ho bonahale hore na lentsoe ka leng le ne le sebelisoa boemong bofe.” Kahoo, dikishinari ena e ile ea e-ba pokello ea boitsebiso bo qotsitsoeng le bo fetoletsoeng ho tsoa mongolong oa cuneiform, oo mantsoe a hlalositsoeng a nkiloeng ho oona.

Makholong a mabeli a lilemo a fetileng, ho ile ha fumanoa boitsebiso bo bongata bo ngotsoeng ka mongolo oa cuneiform, ’me bo ne bo tšohla lihlooho tse fapa-fapaneng. Seassyria se kopaneng le Sebabylona kapa Seakkadia, ke puo e neng e sebelisoa ke mebuso ea linaha tse fapaneng ho pholletsa le Bochabela bo Hare. Leha ho le joalo, sebakeng sona seo, batho ba ne ba etsa libuka; ba rekisa; ba ithuta lipalo, bolepi ba linaleli le boselamose; ba ne ba theha melao; ba ne ba qapa mesebetsi ’me e le litho tsa bolumeli. Kahoo, ha ba ngola ka lintho tse kang tsena le tse ling, ba ile ba ngola boitsebiso bo bongata ba bohlokoa.

Ba ngotse ka lintho tseo batho ba li tloaetseng. Matthew Stolper, e leng moprofesa oa thuto ea ho epolla lintho tsa khale oa Univesithi ea Chicago, ea ileng a sebetsa le thimi e etsang dikishinari ena ka lilemo tse 30, o re: “Lintho tse ngata tseo u li bonang moo ke tseo u li tsebang—batho ba bontšang tšabo le bohale, ba bontšang lerato le ba kōpang ho bontšoa lerato.” O phaella ka ho re: “Ho na le moo marena a ipolelang kamoo a leng matla kateng, empa hape ho na le moo batho ba bang ba bolelang hore marena ao a ne a se matla hakaalo.” Boitsebiso bo fumanoeng Nuzi, moo e leng Iraq kajeno, bo thathamisitse linyeoe tse bileng teng lilemo tse 3 500 tse fetileng, tse amanang le lefa la mohlolohali, tšimo e nosetsoang le tonki e alimiloeng.

Na ka Sebele Mosebetsi oo o Phethiloe?

Baepolli ba lintho tsa khale lefatšeng ka bophara ba kentse letsoho mosebetsing ona. Basebetsi ba setsi se entseng dikishinari ena ba qetile mashome a lilemo ba ngola likarete tsa index tse ka bang 2 000 000 tse bontšang tsela eo mantsoe a sebelisoang ka eona. Moqolo oa pele o ile oa hatisoa ka 1956. Ho tloha ka nako eo, meqolo e meng e 25 e ile ea hatisoa hang ha e phethoa. Dikishinari eohle e ka rekisoa ka R16 000, empa boitsebiso bona bohle bo ka fumaneha mahala Inthaneteng.

Ho ile ha hlokahala hore ho fete lilemo tse 90 e le hore dikishinari ena e phethoe. Leha ho le joalo, batho ba entseng mosebetsi ona o mongata baa elelloa hore ho na le moo e haelloang. Sehlooho se seng se neng se tšohla taba ena se itse: “Ba ntse ba sa tsebe hore na mantsoe a mang a bolela’ng, ’me kaha ho lula ho sibolloa lintho tse ncha, mosebetsi . . . o ntse o tsoela pele.”