Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“U se ke Ua Lumella Litšitšili ho U Hlobaetsa!”

“U se ke Ua Lumella Litšitšili ho U Hlobaetsa!”

BOHARENG ba lekholo la bo20 la lilemo, ho ne ho bonahala eka batho ba hlōtse bothata ba litšitšili. Empa lilemong tsa bo-1970, linaha tse ngata li ile tsa etsa qeto ea hore ho se hlole ho sebelisoa DDT—e leng eona e neng e sebelisoa haholo ho bolaea litšitšili—kaha e ne e le kotsi ebile e senya tikoloho.

Ho ile ha ’na ha e-ba thata le ho feta ho bolaea litšitšili ka lik’hemik’hale tse ling. Batho le bona ba ile ba qala ho nka maeto khafetsa ’me ba tsamaisa litšitšili ba sa hlokomele. Phello e bile efe? Tlaleho ea 2012 ea taolo ea litšitšili e re: “Lilemong tse 12 tse fetileng, ho tlalehiloe keketseho ea litšitšili United States, Canada, Bochabela bo Hare, linaheng tse ’maloa tsa Europe, Australia le libakeng tse ling tsa Afrika.”

Selemong se seng morao tjena, palo ea batho ba tletlebang ka litšitšili, e immene ka makhetlo a leshome Moscow, Russia. Ho sa le joalo, naheng ea Australia litšitšili li eketsehile ka liphesente tse ka bang 5 000 ho tloha ka 1999!

Batho ba bang ba nka litšitšili ba sa hlokomele mabenkeleng, moo ho shebelloang lifilimi, kapa lihoteleng. Mookameli e mong oa hotele United States, o re: “U tl’o ba le litšitšili. Hafeela u e-na le khoebo ea hotele, u tl’o ba le bothata ba litšitšili.” Ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho felisa litšitšili? U ka itšireletsa joang? Haeba litšitšili li hlasela lelapa la hao, u ka etsa’ng ho li bolaea le ho li thibela hore li se ke tsa khutla?

Likokoanyana Tse Ipatang

Tšitšili e khōlō e ka ba bolele ba halofo ea senthimithara feela

Kaha litšitšili li nyenyane ho feta tholoana ea apole ebile li na le ’mele o sephara, li khona ho ipata libakeng tse ngata. Li ka ipata materaseng, thepeng ea ka tlung, lisebelisoeng tsa motlakase kapa thelefonong. Litšitšili li atisa ho lula limithara tse tharo ho isa ho tse tšeletseng haufi le libethe kapa litulo. Hobane’ng? E le hore li lule haufi le lijo tsa tsona—e leng uena. *

Hangata litšitšili li loma phofu ea tsona nakong ea ha e robetse. Leha ho le joalo, batho ba bangata ha ba utloe ha li ba loma kaha litšitšili li kenya motho ntho e etsang hore a shoe bohatsu, e leng se ka etsang hore e monye mali mohlomong ka metsotso e leshome e sa sitisoe ke letho. Le hoja litšitšili li ka ja beke e ’ngoe le e ’ngoe, li ka boela tsa phela likhoeli tse ngata li sa je letho.

Ke ’nete hore ho fapana le menoang le likokoanyana tse ling, litšitšili ha li fetise maloetse a tšoaetsanoang. Leha ho le joalo, moo li u lommeng teng ho ka hlohlona ha ba ha ruruha, ’me sena se tetebetsa batho ba bangata maikutlo. Batho ba kileng ba longoa ke litšitšili ba ka felloa ke boroko, ba ba lihlong, ’me ba “ikutloa eka baa longoa le ha ho se joalo” esita le ka mor’a nako e telele litšitšili li se li le sieo. Tlaleho  e ’ngoe ea Sierra Leone e re litšitšili “li tšoenya haholo ’me li hlobaetsa batho boroko” hape e lemosa hore “batho baa tlotloloha ha ho e-na le litšitšili lapeng la bona.”

Felisa Litšitšili

Hlahloba mekotla ea hao ea ho eta

Litšitšili li ka tšoenya motho leha e le ofe. Li ka laoloa habonolo haeba li bonoa kapele. Kahoo, ithute ho sheba matšoao a litšitšili ha u le lapeng le ha u etile. Hlahloba thepa ea hao ea ka tlung le mekotlana ea ho eta hore na ha e na mahe a manyenyane a kang peō e ntšonyana le matheba a mali. Sebelisa toche e le hore u khone ho li bona hantle.

Koala matlere le mapetso

Etsa hore litšitšili li hloke libaka tsa ho ipata. Koala matlere le mapetso a leboteng kapa a haufi le likosene tsa mamati. Le hoja litšitšili li sa bakoe ke litšila, ho ka ba bonolo ho li bona le ho li laola haeba u hloekisa ntlo kamehla le ho e boloka e le makhethe. Ha u le kamoreng ea hotele, u ka fokotsa monyetla oa ho nka litšitšili haeba u sa behe mekotla ea hao fatše kapa holim’a bethe.

Haeba Litšitšili li Hlasela Lehae la Hao

Hloekisa ntlo kamehla

Haeba u fumana litšitšili ha hao kapa kamoreng ea hotele, u ka ’na ua tšoenyeha kapa ua soaba. Ha Dave le mosali oa hae ba ne ba le phomolong ba ile ba longoa ke litšitšili. Dave o re: “Re ne re soabile. Re ne re tla re’ng ho litho tsa lelapa le ho metsoalle ha re fihla hae? Na mohlomong ha ba longoa kapa ba tsoa makhopho ba tla nahana hore ke hobane ba ile ba re etela?” Le hoja ho tloaelehile ho ikutloa ka tsela ena, u se ke ua lumella hore ho ba lihlong ho u sitise ho batla thuso. Lefapha la Bophelo bo Botle le Mafu a Kelello la New York City le fana ka khothatso ena: “Ho thata ho felisa litšitšili, empa ho ka khoneha.”

Batla litšitšili, ’me u nke mehato e loketseng ho li thibela ho ipata ka tlung ea hao

Leha ho le joalo, ho bolaea litšitšili hase papali. Ha u fumana litšitšili lapeng la hao, motho ea koetliselitsoeng ho bolaea likokoanyana a ka u fa thuso eo u e hlokang. Le hoja lik’hemik’hale tse boletsoeng pejana li se li sa sebelisoe, batho ba bolaeang likokoanyana ba se ba sebelisa mekhoa e meng e ’maloa e atlehang e le hore ba li loantše. Setsebi sa likokoanyana e leng Dini M. Miller le eena oa hlalosa: “Mosebetsi oa ho felisa litšitšili o hloka tšebelisano-’moho ho tsoa ho beng ba matlo, bahlokomeli ba mohaho le batho ba bolaeang likokoanyana.” Ha u latela litaelo tsa litsebi tse laolang likokoanyana le ho nka mehato e loketseng ea ho li thibela, u tla be u phetha karolo ea hao e le hore u se ke ua “lumella litšitšili ho u hlobaetsa!”

^ ser. 7 Litsebi tsa likokoanyana li bolela hore litšitšili li iphepa ka mali a batho le a liphoofolo tse ling, ho akarelletsa liphoofolo tse lulang lapeng.