Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 LITŠOANTŠO TSA KHALE

Robert Boyle

Robert Boyle

Litsebi tsa histori li ka ’na tsa hopola Robert Boyle e le rasaense ea ileng a rehella molao oa Boyle ka eena, e leng molao oa tlhaho o hlalosang kamano e teng pakeng tsa khatello eo khase e nang le eona le hore na e kae. Tšibollo ena ea bohlokoa e ile ea rala motheo oa tsoelo-pele e khōlō lefapheng la saense. Empa Robert Boyle e ne e se setsebi sa saense feela. O ne a boetse a nkoa e le monna ea nang le tumelo e matla ho Molimo le Lentsoeng la Hae le bululetsoeng, Bibele.

BOYLE o hlahetse lelapeng le ruileng, Lismore Castle, Ireland ka 1627, e leng haufi le nako eo bo-rahistori ba e bitsang qaleho ea mehla ea ho beha mabaka—ha banna ba bohlale ba ne ba leka ho lokolla batho chesehong e feteletseng e neng e ba entse makhoba ka lilemo tse makholo. Boyle le eena o ne a e-na le sepheo se tšoanang. Paleng ea bophelo ba hae ea ha a sa hōla, o ile a ipitsa Philaretus, e bolelang “Morati oa Toka.”

Takatso ea Boyle ea ho ithuta ’nete e ne e lekana le takatso ea hae e matla ea ho bolella ba bang ka seo a ithutileng sona. O ile a ngola libuka tse ngata tse ileng tsa e-ba le tšusumetso e khōlō ho batho ba bangata ba mehleng ea hae, ho akarelletsa le rasaense ea tummeng Sir Isaac Newton. Ka 1660, Boyle e ile ea e-ba e mong oa bathehi ba Royal Society, e leng mokhatlo oa bo-rasaense o ntseng o le teng London, Engelane.

SETSEBI SA SAENSE

Boyle o ’nile a bitsoa moqapi oa thuto ea k’hemistri. O ile a etsa lintho ka tsela e fapaneng ka ho feletseng le ea bo-rasaense ba mehleng ea hae. Bo-rasaense bao, ba ne ba pata lintho tseo ba li fihletseng kapa ba li ngola ka tsela e poteletseng eo batho ba bangata ba ka thōko ba neng ba ke ke ba e utloisisa. Ho fapana le bona, Boyle eena o ile a ngola lintlha tsohle ka mosebetsi oa hae. Ho feta moo, ho e-na le hore a amohele likhopolo-taba tse ’nileng tsa amoheloa ka nako e telele, o ne a lumela hore ho nepahetse hore a etse liteko tsa saense e le hore a fumane ’nete.

 Liteko tsa saense tsa Boyle li tšehetsa taba ea hore ntho leha e le efe e teng, e entsoe ka likaroloana tse nyenyane ka ho fetisisa ’me li kopane ka tsela e itseng ho etsa lintho tse fapaneng.

Kakaretso ea liphuputso tsa saense tsa Boyle e ngotsoe bukeng ea hae e tsebahalang ea The Sceptical Chymist. Bukeng eo, o khothalletsa bo-rasaense hore ba qobe ho ikhohomosa kapa ho tsitlella maikutlong a bona ’me ba ikemisetse ho amohela liphoso. Boyle o ile a hatisa taba ea hore bo-rasaense ba tsitlellang maikutlong a bona, ba lokela ho fumana phapang pakeng tsa lintho tseo ba neng ba tseba hore ke ’nete le tseo ba neng ba nahana hore ke ’nete.

Boyle o ile a hatisa taba ea hore bo-rasaense ba tsitlellang maikutlong a bona ba lokela ho fumana phapang pakeng tsa lintho tseo ba neng ba tseba hore ke ’nete le tseo ba neng ba nahana hore ke ’nete.

MONNA EA NANG LE TUMELO

Tumelo ea Boyle ho Molimo e ne e thehiloe linthong tseo a neng a tseba hore ke ’nete. Lintho tseo a ileng a li fumana ka sepakapaka le tsela e hlollang eo libōpuoa tse phelang li entsoeng ka eona, li ile tsa mo kholisa hore e tlameha ebe ho na le Moqapi le ’Mōpi oa tsona. Kahoo, o ile a hana tšusumetso e neng e ntse e hōla har’a barutehi ba mehleng ea hae ea ho latola boteng ba Molimo. Boyle o ile a etsa qeto ea hore ha ho na motho ea tsebang ho hlahloba mabaka ka botšepehi ea ka sitoang ho lumela ho Molimo.

Leha ho le joalo, Boyle o ne a sa nahane hore tsela eo batho ba behang mabaka ka eona, ke eona feela e ka mo thusang hore a fumane ’nete. O ne a bona ho hlokahala tšenolo e itseng e tsoang ho Molimo. O ile a re tšenolo eo ke Lentsoe la Molimo, Bibele.

Boyle o ile a tšoenyeha ha a hlokomela hore batho ba bangata ha ba tsebe seo Bibele e se rutang le hore ba bonahala ba se na motheo o tiileng oa litumelo tsa bona. O ile a ipotsa hore na ho tla joang hore motho a lumele lintho hobane feela a li rutiloe ke batsoali ba hae kapa hobane e le tsa sebakeng seo a tsoaletsoeng ho sona. Boyle o ile a bontša hore o labalabela ho thusa batho hore ba be le tsebo e eketsehileng ka Bibele.

E le hore a finyelle seo, Boyle o ile a tšehetsa ka lichelete mosebetsi oa ho hatisa Bibele ka lipuo tse ngata. Tse ling tsa lipuo tsena li akarelletsa tse buuang ke matsoalloa a Amerika Leboea, hammoho le Searabia, Seaerishe, Semalay le Seturkey. Kahoo, Robert Boyle o ile a bontša hore le hoja a ne a le bohlale, o ne a ikokobelitse a bile a na le tabatabelo ea ho fumana ’nete linthong tsohle le ho thusa batho ba bang hore ba etse se tšoanang.