Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE KA THUSANG LELAPA | HO BA MOTSOALI

Kamoo U ka Khalemelang Ngoana oa Hao

Kamoo U ka Khalemelang Ngoana oa Hao

BOTHATA

U behile molao oa hore liselefouno li koaloe ka hora ea borobong bosiu, empa habeli bekeng ena u khaolelitse morali oa hao a ntse a romela melaetsa ka khitla. U behetse mora oa hao nako ea ho fihla lapeng, leha ho le joalo, bosiung bo fetileng o boetse o fihlile ka mor’a nako eo.

Ngoana oa hao a ka ntlafatsa. Empa pele, u lokela ho tseba lebaka le etsang hore a tlōle melao eo u mo behetseng eona. Ho tseba ho tla u thusa ka eng? Ho tla u thusa ho hlokomela hore ha e le hantle ngoana oa hao ha a u telle joalokaha u nahana.

SE KA ETSANG HORE BA TLŌLE MELAO

Lithibelo tse sa hlakang. Bacha ba bang ba tlōla melao e le ha ba batla ho bona hore na ho tla etsahala’ng. Ka mohlala, haeba motsoali a itse ho se mamele ho tla fella ka kotlo e itseng, mocha a ka ’na a tlōla molao hobane a batla ho bona hore na motsoali o tla hle a phethise seo a se buileng. Na bacha ba etsang joalo ba fetoha marabele a hlooho li thata? Hase kamehla ho leng joalo. ’Nete ke hore bacha ba ke ke ba khomarela melao hantle haeba batsoali ba sa lule ba ba fa kotlo e loketseng liketso tsa bona, kapa haeba lithibelo tse behiloeng li sa hlaka.

Ho ba thata. Batsoali ba bang ba leka ho laola bana ba bona ka melao e mengata. Ha bana ba sa e mamele, batsoali baa halefa ebe ba ba fa melao e meng e eketsehileng. Leha ho le joalo, hangata ho etsa joalo ho mpefatsa maemo le ho feta. Buka ea Parent/Teen Breakthrough e re: “Ha u leka ka matla ho laola mocha, eena o ba khahlanong le seo le ho feta.” E eketsa ka ho re: “Ho leka ho mo laola ho tšoana le ho leka ho tlotsa bohobe bo bonolo ka botoro e tiileng: bo tla ranthana, ’me ho tlotsa ka matla ho ke ke ha thusa ka letho.”

Khalemelo e loketseng e ka thusa. Ho fapana le “kotlo”—e bolelang hore motho o utloa bohloko—“khalemelo” e bolela ho mo ruta. Kahoo, u ka ruta ngoana oa hao joang hore a mamele melao eo u e behileng?

 SEO U KA SE ETSANG

Bua ka tsela e hlakileng. Bacha ba hloka ho tseba hantle hore na ke eng e lebeletsoeng ho bona le hore na ho se mamele ho tla fella ka’ng.—Molao-motheo oa Bibele: Bagalata 6:7.

Tlhahiso: Ngola melao ea lapeng. Joale ipotse: ‘Na ke behile melao e mangata haholo? Kapa na ke behile e fokolang haholo? Na e meng ha e sa hlokahala? Na ke lokela ho etsa liphetoho ho latela tsela eo ke bonang ngoana oa ka a bontša boikarabelo ka eona?’

U se ke ua feto-fetoha. Bacha ba ka ’na ba ferekana haeba ka makhetlo a mang ba fuoa kotlo empa ka makhetlo a mang ba sa e fuoe le hoja ba ntse ba entse phoso e tšoanang.—Molao-motheo oa Bibele: Matheu 5:37.

Tlhahiso: Leka ho etsa hore kotlo e tšoanele “phoso” e entsoeng. Ka mohlala, haeba mocha a fihla ka mor’a nako eo u mo behetseng eona, ho fokotsa nako ea hae e ka ba kotlo e tšoanelang.

Leka-lekanya lintho. E-ba motsoali ea tenyetsehang ka hore u fe ngoana oa hao bolokolohi bo eketsehileng haeba a bo sebelisa hantle.—Molao-motheo oa Bibele: Bafilipi 4:5.

Tlhahiso: Lula fatše le ngoana oa hao ’me le buisane ka melao eo a lokelang ho e latela. U ka ba ua mo lumella hore a etse litlhahiso tsa hore na liphoso tse itseng li ka beheloa kotlo efe. Hangata bacha ba ikobela melao haeba ba bile le karolo ha melao eo e etsoa.

Ba rute botho. Morero oa hao hase feela hore ngoana a mamele melao, empa ke ho mo thusa hore a be le letsoalo le sebetsang—e leng ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng. (Sheba lebokose le reng “Ba Rute Mekhoa e Metle.”)—Molao-motheo oa Bibele: 1 Petrose 3:16.

Tlhahiso: Batla thuso ka Bibeleng. Ke mohloli o ka sehloohong oa “taeo e fanang ka temohisiso,” ’me bohlale ba eona bo ka “fa ba se nang phihlelo masene, [le] ho fa mohlankana [kapa moroetsana] tsebo le matla a ho nahana.”—Liproverbia 1:1-4.