Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Parrot Fish—Na ke Mochine o Etsang Lehlabathe?

Parrot Fish—Na ke Mochine o Etsang Lehlabathe?

LEHLABATHE le tsoa hokae? Le tsoa mehloling e sa tšoaneng. Empa o boletsoeng sehloohong sena o ka ’na oa u makatsa. Mohloli oo ke tlhapi e silang likorale hore e be lehlabathe le thumisehileng—e leng parrot fish!

Tlhapi ena e phela metsing libakeng tse fapaneng tsa tropike lefatšeng ka bophara. Ka mor’a ho koenya korale e silehileng, e ntša likaroloana tse seng kae tsa lijo tseo li e jeleng ebe tse ling li tsoa e le lehlabathe. Hore e etse mosebetsi oa eona, parrot fish e sebelisa mehlahare ea eona le meno a morao a matla. Mefuta e meng ea tlhapi ena e ka phela lilemo tse ka bang 20, meno a tsona a ntse a le bohale.

Libakeng tse ling, tlhapi ena e hlahisa lehlabathe le le ngata ho feta ntho leha e le efe ea tlhaho. Litsebi li hakanya hore parrot fish e ka hlahisa lehlabathe le etsang lik’hilograma tse makholo tsa lehlabathe ka selemo.

Swarthy parrot fish

Ho na le mosebetsi o mong oa bohlokoa o etsoang ke tlhapi ena. Ha e ntse e ja likorale tse shoeleng, tse koahetsoeng ke bolele esita le limela, e boetse e hloekisa likorale. Tsela e sa tloaelehang eo tlhapi ena e jang ka eona e etsa hore majoe a maoatleng a lule a le boemong bo botle. Libakeng tseo litlhapi tsena le tse ling tse jang limela li leng sieo, mafika a ka tlaase leoatleng a koaheloa ke bolele le limela tsa leoatle. Buka ea Reef Life e re: “Batho ba bang ba bolela hore mafika a ka tlaase leoatleng a ka be a se kamoo a leng kateng kajeno haeba litlhapi tse jang limela li ne li le sieo.”

E le hore parrot fish e etse mosebetsi ona kaofela motšehare, e lokela ho robala ka ho lekaneng bosiu ’me le tabeng ena e ntse e etsa ntho e sa tloaelehang. Bosiu e ba kotsing kaha e ka hlaseloa ke liphoofolo tse ling tse khōlō tsa metsing. Hangata parrot fish e robala tlas’a mopopotlo hore e ipate teng, empa hase kamehla ho bolokehileng libakeng tseo e ipatang ho tsona hobane e ka hlaseloa ke lishaka tse lapileng.

E le hore e itšireletse haholoanyane, tlhapi ena e ea ikoahela bosiu. E ntša ntho e lepolohang, e kang mamina hore e ikoahele ’mele kaofela, e shebahalang joaloka gown e bonaletsang. Litsebi tsa lintho tse phelang leoatleng li lumela hore lero leo le nkhang hampe le sireletsa parrot fish liphoofolong tse e jang.

Parrot fish ke e ’ngoe ea litlhapi tseo ho leng bonolo ho li bona ebile e ea khahleha. Hangata li-parrot fish tse tona le tse tšehali li hlaha li le mebala-bala e hlakileng e sa tšoaneng, e fetohang ha li ntse li hōla. Ntho e khahlang haholo ke hore litlhapi tsena ha li tšabe batho libakeng tseo ba sa li tšoaseng haholo. Kahoo, batho ba ka li bona habonolo.

Nakong eo ba e shebetseng haufi ba bile ba e mametse, bafuputsi ba bangata ba lintho tse phelang mepopotlong ea maoatle ha ba lebale molumo oo li-parrot fish li o etsang ha li ntse li hlafuna korale. Ha litlhapi tsena li ntse li khaba ka botle ba tsona, li boloka tikoloho e le boemong bo botle bakeng sa liphoofolo tse ling tse phelang mopopotlong oa leoatle le hore rōna batho re e thabele.