Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | LEBAKA LA HORE U TŠEPAHALE!

Kamoo Bolotsana bo ka U Amang

Kamoo Bolotsana bo ka U Amang

“Bophelong, ho lula e-na le mathata a ka rarolloang feela ka hore motho a etse bolotsananyana.”—Samantha, oa Afrika Boroa.

Na u lumellana le maikutlo ao? Joaloka Samantha, kaofela re kile ra tobana le maemo a boima ka tsela e itseng. Tsela eo re etsang lintho ka eona ha re le maemong ao, e bontša hore na ke mekhoa efe eo re e nkang e le ea bohlokoa. Ka mohlala, haeba re tšaba ho hlajoa ke lihlong, re ka ’na ra nahana hore ho loketse ho etsa bolotsana maemong a itseng. Leha ho le joalo, ha ’nete e hlahella, hangata bolotsana bo beha motho ka mosing. Ak’u nahane ka lintlha tse latelang.

BOLOTSANA BO ETSA HORE BATHO BA SE KE BA TŠEPANA

Botšepehi ke motheo oa hore batho ba tšepane. Ha batho ba babeli ba tšepana, ba ikutloa ba phutholohile ebile ba sireletsehile. Empa ho tšepana ha ho be teng ka ho panya ha leihlo. Batho ba matlafatsa ho tšepana ha ba qeta nako ba le ’moho, ba buisana ka botšepehi ebile e se baithati. Leha ho le joalo, ho tšepana ho ka fela ka tšohanyetso ka lebaka la ketso e le ’ngoe feela ea bolotsana. Joale, ha batho ba se ba sa tšepane, ha ho bonolo hore ba boele ba tšepane.

Na u kile ua thetsoa ke motho eo u neng u nahana hore ke motsoalle oa hao oa bohlokoa? Haeba ho joalo, u ile ua ikutloa joang? Mohlomong u ile ua utloa bohloko, ua nka hore o u tsoile tlaase. Hoa utloahala hore ebe u ile ua ikutloa joalo. Ha ho pelaelo hore bolotsana bo ka senya kamano ea bohlokoa eo batho ba nang le eona le ba bang.

BOLOTSANA BO TSOALA BOLOTSANA

Phuputsong e ileng ea etsoa ke Robert Innes, eo e leng moprofesa oa lithuto tsa khoebo Univesithing ea California, o ile a fumana hore “ehlile batho ba tšoaetsana bolotsana.” Kahoo, bolotsana bo ka tšoantša le kokoana-hloko e bakang mafu—ha u qeta nako e ngata u e-na le motho ea bolotsana, u ipeha kotsing e khōlō ea hore a u “tšoaetse” bolotsana.

U ka etsa’ng hore u se ke ua oela lerabeng la ho ba bolotsana? Bibele e ka u thusa. Re kōpa hore u ke u hlahlobe melao ea Bibele e seng mekae.