Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MOLULA-QHOOA No. 1 2018 | Na Bibele e sa na le Thuso?

Na Bibele E Sa Na Le Thuso?

Mehleng ena batho ba hatetse pele litabeng tsa mahlale le theknoloji. Na joale Bibele e sa na le thuso? Bibele e re:

“Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo.”—2 Timothea 3:16.

Molula-Qhooa ona o hlalosa kamoo Bibele e ka re thusang kateng likarolong tsohle tsa bophelo ba rona.

 

Na Bibele e sa na le Thuso?

Letsatsi le chabang le le likelang ho hlaha likeletso tse ncha tsa hore na re ka etsa’ng hore re thabe. Na joale re sa hloka buka ee e seng e qetile lilemo tse ka bang 2 000 e le teng?

Ha ho Mohla Bibele e Felloang ke Nako

Bibele e na le likeletso tse molemo le tseo ho seng mohla li felloang ke nako.

Bibele e Bua Litaba le Pele Batho ba li Tseba

Bibele ha se buka ea saense empa e buile lintho tse ngata ka saense tseo batho ba neng ba sa li tsebe ha e ne e ngoloa.

Bibele e ka re Thusa ho Qoba Mathata

Re tl’o bona kamoo likeletso tsa Bibele li ileng tsa thusa batho kateng ho qoba a mang a mathata a boima haholo.

Bibele e ka re Thusa ho Rarolla Mathata

Bibele e ka re thusa ho ba le bohlale ba ho rarolla mathata a boima. Ke mathata a kang ho tšoenyeha haholo, ho tloaela ho etsa lintho motsotsong oa ho qetela le ho jeoa ke bolutu.

Bibele e ka re Thusa ho Mamella Mathata

Ho na le mathata a mang ao re ke keng ra khona ho a qoba kapa hona ho a rarolla, a kang ho hlokahalloa ke motho eo u mo ratang kapa ho tšoaroa ke lefu le sa foleng.

Bibele e ka U Thusa ho ba le Tšepo

Bibele e ka re thusa ho rarolla mathata a re hlahelang letsatsi le letsatsi. E boetse e re bontša hore na ho tla etsahala’ng ka moso le hore na re ka etsa’ng e le hore re tle re phele ka ho sa feleng re thabile.

U ka Re’ng?

Hlokomela hore na batho ba re’ng le hore na Bibele eona e re’ng ka taba ena.