“Lintho Tsena U li Behe ho Banna ba Tšepahalang”
“Lintho tsena u li behe ho banna ba tšepahalang, bao, le bona, e tla ba ba tšoanelehang ka ho lekaneng ho ruta ba bang.”—2 TIM. 2:2.
LIPINA: 123, 53
1, 2. Batho ba nka mosebetsi oo ba o etsang joang?
HANGATA batho ba nka mosebetsi oo ba o etsang e le ona o ka ba hlalosang. Ba bang ba nka hore boemo ba bona mosebetsing ke bona bo ka bontšang hore ba bohlokoa kapa che. Batho ba bang ha ba batla ho tseba motho, potso ea pele eo ba e botsang ke hore, “O sebetsa kae?”
2 Ka linako tse ling Bibele ha e bua ka batho e bua le ka mesebetsi eo ba neng ba e etsa. E bua ka “Matheu ’mokelli oa lekhetho”; “Simone . . . mosuhi oa matlalo”; le ka “Luka ngaka e ratoang.” (Mat. 10:3; Lik. 10:6; Bakol. 4:14) Tšebeletso eo batho ba e etsetsang Molimo le eona e bontša seo ba leng sona. Nahana ka Morena Davida,moprofeta Elia le moapostola Pauluse. Banna bana ba ne ba hlompha likabelo tseo Molimo a neng a ba file tsona. Le rona re lokela ho hlompha likabelo tseo re li filoeng.
3. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore ba holileng ba koetlise ba bacha? (Sheba setšoantšo se qalong.)
3 Re rata mosebetsi oo re o etsetsang Jehova, ’me re ikemiselitse ho tsoela pele re o etsa. Empa ka masoabi, re sitoa ho etsa seo hobane rea tsofala ebile rea shoa. (Moek. 1:4) Sena ke bothata bo boholo ho rona. Nako le nako mosebetsi oa batho ba Jehova o ntse o eketseha. Mokhatlo oa Jehova o sebelisa theknoloji ho isa litaba tse molemo ho batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. Empa ka linako tse ling ho ka ba thata ho ba seng ba holile ho sebelisa theknoloji. (Luka 5:39) Ha ba tšoane le ba bacha, hobane ba fokolloa le ke matla. (Liprov. 20:29) Kahoo, ke ha bohlokoa ho ba seng ba holile hore ba koetlise ba bacha hore ba jare boikarabelo bo eketsehileng.—Bala Pesaleme ea 71:18.
4. Ke hobane’ng ha ho le thata ho ba bang ho abela ba bang mosebetsi? (Sheba lebokose le re’ng “ Se Etsang Hore ba Bang ba se ke ba Abela ba Bang Mosebetsi”)
4 Ho ka ’na ha e ba thata ho ba nang le boikarabelo ka phuthehong ho abela ba bang mosebetsi. Ba bang ba tšaba hore ba tla lahleheloa ke likabelo tseo ba li ratang. Ha ba bang ba nahana hore ba bacha ba ke ke ba khona ho etsa mosebetsi oo hantle. Ebile ba re ha ba na nako ea ho ba koetlisa. Ka lehlakoreng le leng ba bacha ba lokela ho ba le mamello ha ba bona ba sa fuoe likabelo.
5. Ke lipotso life tse tla tšohloa sehloohong see?
5 Ha re ke re hlahlobeng mahlakore a mabeli tabeng ena. La pele, ke joang ba holileng ba ka thusang ba bacha hore ba jare boikarabelo bo eketsehileng, hona ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? (2 Tim. 2:2) La bobeli, ke hobane’ng ha ba bacha ba lokela ho ikokobetsa ha ba koetlisoa? Ha re qale ka ho bona kamoo Morena Davida a ileng a koetlisa mora oa hae kateng ho jara boikarabelo bo eketsehileng.
DAVIDA O ILE A TŠEHETSA SOLOMONE
6. Ke’ng seo Morena Davida a neng a lakatsa ho se etsa, hona Jehova o ile a re’ng ho eena?
6 Ka mor’a ho phela joaloka moleleri, hamorao Davida e ile ea e ba morena ’me a ba le ntlo e ntle. O ile a khathatseha ha a hlokomela hore Jehova ha a na “ntlo,” kapa tempele, ’me a lakatsa ho e haha. Kahoo a re ho moprofeta Nathane: “Bona! ke lula ka tlung ea likedare, empa areka ea selekane sa 1 Likron. 17:1-4, 8, 11, 12; 29:1.
Jehova e tlas’a masela a tente.” Nathane a araba a re: “U etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka pelong ea hao, etsoe Molimo oa ’nete o na le uena.” Empa, Jehova ha aa ka a lumellana le seo. O ile a bolella Nathane hore a re ho Davida: “Hase uena ea tla nkahela ntlo eo ke tla lula ho eona.” Le hoja Davida a ne a kholisehile hore Jehova o tla ’ne a mo hlohonolofatse, Jehovah o ile a khetha mora oa Davida e leng Solomone hore e be eena ea tla haha tempele. Davida o ile a etsang?—7. Davida o ile a etsa’ng ha a utloa taelo eo Jehova a neng a fane ka eona?
7 Davida o ile a tšehetsa Solomone ho haha tempele, a sa tsotelle hore na thoriso e tla ea ho mang. ’Me ka sebele mohaho oo o ile oa tsebahala e le tempele ea Solomone, e seng ea Davida. Le hoja lintho li sa ka tsa tsamaea ka tsela eo Davida a neng a lebeletse ka eona, Davida o ile a tšehetsa Solomone. Davida o ile a thusa ka hore a hlophise basebetsi le ho bokella tšepe, koporo, silevera, khauta, le patsi. Ho ekelletsa moo, o ile a khothatsa Solomone a re ho Eena: “Joale, mora oa ka, e se eka Jehova a ka ba le uena, ’me o atlehe ’me o hahe ntlo ea Jehova Molimo oa hao, feela joalokaha a buile malebana le uena.”—1 Likron. 22:11, 14-16.
8. Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba Davida o ile a nahana hore Solomone ha a tšoanelehe, hona o ile a etsa’ng?
8 Bala 1 Likronike 22:5. E ka ’na eaba Davida o ile a nahana hore Solomone a ke ke a khona ho phetha kabelo eo ea bohlokoa. Etsoe tempele e ne e “lokela ho ba e hlollang ka mokhoa o fetisisang ka botle” ’me ka nako eo Solomone o ne a sa le ‘mocha ’me a se na boiphihlelo.’ Leha ho le joalo, Davida o ne a tseba hore Jehova o tla tšehetsa Solomone. Kahoo Davida o ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho tšehetsa Solomone, ka ho hlophisa lintho tsohle tse hlokahalang.
THABELA HO KOETLISA BA BANG
9. Ke joang ba holileng ba ka thabang ha ba fetisetsa likabelo tsa bona ho ba bang? Fana ka mohlala.
9 Bara babo rona ba holileng ha ba a lokela ho ba leqe ho fetisetsa likabelo tsa bona ho ba bacha ha ho hlokahala. Ha e le hantle, ke ha bohlokoa hore ba bacha ba koetlisetsoe mosebetsi o eketsehileng. Bara bana babo rona ba holileng ba lokela ho thaba ha ba bacha bao ba ba koetlisitseng ba tšoaneleha ho amohela mosebetsi o eketsehileng. Ka mohlala, nahana ka ntate ea rutang mora oa hae ho khanna koloi. Ha mora a sa le monyenyane, o shebella ntate oa hae feela ha a ntse a khanna. Ha mora a hola, ntate o qala ho mo hlalosetsa hore na ho khannoa joang. Ka mor’a hore mora a fumane lengolo la ho khanna, ntate oa hae o ntse a tsoela pele ho mo tataisa. Ba ka ’na ba thusana ka ho khanna, empa mora e qetella e le eena ea khannelang ntate oa hae ea seng a holile. Ntate ea bohlale o tla thabela ho
bona ha mora oa hae a se a khanna, ’me ha a be le maikutlo a hore mora o se a mo nketse boikarabelo. Ka ho tšoanang, banna ba holileng ba ba motlotlo ha ba koetlisitse ba bacha ho fumana boikarabelo ka phuthehong.10. Moshe o ne a ikutloa joang ka ho tlotlisoa le ho fuoa matla a bolaoli?
10 Ba holileng ba lokela ho ikela hloko hore ba se ke ba jeoa ke mona. Hlokomela seo Moshe a ileng a se etsa ha Baiseraele ba bang ba qala ho itšoara joaloka baprofeta. (Bala Numere 11:24-29.) Joshua o ne a batla hore Moshe a ba thibe. Ho eena ho ne ho bonahala eka Baiseraele bao ba nkela Moshe bolaoli. Empa Moshe o ile araba a re: “Na ua mpoulella? Che, ke lakatsa eka batho bohle ba Jehova e ne e ka ba baprofeta, hobane Jehova o ne a tla beha moea oa hae ho bona!” Moshe o ile a bona hore e ne e le Jehova ea bakang sena. Ho e-na le hore Moshe a ipatlele thoriso, o ile a bontša hore o batla ha ba bang le bona ba ka fuoa likabelo. Joaloka ka Moshe, na le rona ha re thabe ha re bona ba bang ba fuoa likabelo tseo e ka ’nang eaba re ne re lebeletse hore li tla fuoa rona?
11. Mor’abo rona e mong o ile a ikutloa joang ha kabelo ea hae e fuoa e mong?
11 Kajeno, ho na le mehlala e mengata ea bara babo rona ba ileng ba sebetsa ka thata ka lilemo tse ngata, le ba ileng ba koetlisa ba bang ho nka boikarabelo bo eketsehileng. Ka mohlala, mor’abo rona ea bitsoang Peter o bile tšebeletsong ea nako e tletseng lilemo tse ka bang 74, ’me a qeta lilemo tse 35 a le ofising ea lekala e Europe. O qetile nako e telele e le molebeli oa Lefapha la Tšebeletso. Hona joale kabelo eo e fuoe Paul, e leng mohlankana ea ileng a koetlisoa ke Mor’abo rona Peter. Ha Peter a botsoa hore na o ikutloa joang ka phetoho ena, o ile a re: “Ke thabela ho bona hore ho na le bara babo rona ba koetlisitsoeng ho etsa mosebetsi o eketsehileng, ebile ba o etsa hantle.”
ANANELA BA HOLILENG
12. Re ithuta’ng tlalehong ea Bibele e buang ka Roboame?
12 Ka mor’a lefu la Solomone, mora oa hae Roboame e ile ea e-ba morena. Ha Roboame a hloka keletso o ile a e kopa ho banna ba baholo. Empa o ile a hana ho e sebelisa! Ho e-na le hoo, o ile a latela keletso ea bahlankana ba neng ba hotse le eena, bao e neng e boetse e le bahlokomeli ba hae. Liphello e ile ea e-ba tse bohloko. (2 Likron. 10:6-11, 19) Re ithuta’ng tabeng ee? Ke hantle ho kopa keletso ho batho ba holileng le ba nang le tsebo. Ba bacha ha baa lokela ho ikutloa eka ba lokela ho etsa lintho ka tsela ea khale. Leha ho le joalo, ha baa lokela ho potlakela ho se mamele keletso ea ba holileng.
13. Ba bacha ba lokela ho sebelisana joang le ba holileng?
13 Ho ka etsahala hore ba bacha ba abeloe ho etella pele mosebetsi o itseng, moo ho nang le bara babo rona ba holileng bao eleng khale ba o etsa. Ba bacha ba ka rua molemo haholo ha ba ka kopa keletso ho bona pele ba etsa liqeto. Paul, eo re buileng ka eena, ea ileng a fuoa kabelo e neng e etsoa ke Mora’bo rona Peter, o re: “Ke ile ka batla keletso ho Mora’bo rona Peter, ’me ka khothalletsa le ba bang lefapheng ho etsa se tšoanang.”
14. Re ithuta’ng ka tšebelisano ’moho e neng e le pakeng tsa Timothea le Pauluse?
14 Timothea ea mocha lilemong, o ile a sebetsa le moapostola Pauluse ka lilemo tse ngata. (Bala Bafilipi 2:20-22.) Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe, a re: “Ke ka lebaka leo ke romelang Timothea ho lōna, kaha ke ngoana oa ka ea ratoang le ea tšepahalang Moreneng; o tla le hopotsa mekhoa ea ka mabapi le Kreste Jesu, feela joalokaha ke ruta hohle phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe”. (1 Bakor. 4:17) Mantsoe ana a bontša hore Pauluse le Timothea ba ne ba sebelisana hammoho. Pauluse o ne a rutile Timothea ‘mekhoa ea hae mabapi le Kreste.’ Ka ’nete Timothea o ile a ithuta, ’me ke kahoo Pauluse a neng a mo rata a bile a kholisehile hore o tla hlokomela bara babo ba Korinthe hantle hore ba be le kamano e ntle le Jehova. E se eka baholo ba ka etsisa mohlala ona ha ba ntse ba koetlisa ba bang hore ba etelle phutheho pele.
BOHLE RE NA LE KAROLO EO RE E PHETHANG
15. Keletso ea Pauluse e ka re thusa joang ha re sebetsana le liphetoho?
15 Re phela linakong tse thabisang. Karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Jehova e ntse e hola, ’me kholo ena e etsa hore ho be le liphetoho. Haeba liphetoho tseo li re ama ka ho toba, e se eka re ka ikokobetsa ’me ra beha lithahasello tsa Jehova pele ho tsa rona. Seo se tla etsa hore re momahane. Ha Pauluse a ngolla Bakreste ba Roma, o ile a re: “Etsoe ka mosa o sa tšoanelang oo ke o filoeng ke bolella e mong le e mong moo har’a lōna hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng, e mong le e mong kamoo Molimo a mo abetseng tekanyo ea tumelo. Etsoe feela joalokaha ’meleng o le mong re e-na le litho tse ngata, empa e se litho tsohle tse nang le mosebetsi o tšoanang, kahoo rōna, le hoja re le bangata, re ’mele o le mong bonngoeng le Kreste, empa ka bomong re litho tsa tse ling.”—Bar. 12:3-5.
16. Ke’ng seo ba holileng, ba bacha, hammoho le basali ba ka se etsang ho boloka khotso le bonngoe ka har’a mokhatlo oa Jehova?
16 Ho sa tsotellehe hore maemo a rona ke afe, e se eka bohle re ka tšehetsa lithahasello tsa ’Muso oa Jehova. Lona ba holileng, thusang ba bacha hore ba khone ho etsa mesebetsi ea lona. Lona ba bacha, amohelang boikarabelo, le ikokobetse, ’me le bontše tlhompho ho ba holileng. Lona basali, etsisang mohlala oa Prisilla, ea ileng a lula a tšehetsa monna oa hae Akuila leha maemo a bona a ne a fetoha.—Lik. 18:2.
17. Jesu o ne a ikutloa joang ka barutuoa ba hae, ’me o ile a ba koetlisetsa ho etsa’ng?
17 Tabeng ea ho koetlisa ba bang ho fumana boikarabelo bo eketsehileng, ha ho na mohlala o motle ho feta oa Jesu. O ne a tseba hore tšebeletso ea hae ea lefatšeng e ne e tla feela le hore ba bang ba ne ba tla tsoela pele ba etsa mosebetsi oo oa hae. Le hoja barutuoa ba hae ba ne ba sa phethahala, o ne a ba tšepa ’me a ba bolella hore ba tla etsa mesebetsi e meholo ho ea hae. (Joh. 14:12) O ile a ba koetlisa hantle, ’me ba ile ba hasa litaba tse molemo lefatšeng lohle la mehleng eo.—Bakol. 1:23.
18. Re lebeletse’ng nakong e tlang, ’me ke’ng seo re ka se etsang hona joale?
18 Ka mor’a lefu la hae, Jesu o ile a tsosetsoa leholimong moo a ileng a fuoa mosebetsi o eketsehileng le matla a “ka holimo haholo ho ’muso le bolaoli le matla le borena bo bong le bo bong.” (Baef. 1:19-21) Haeba re ka shoa re tšepahala pele ho Armagedone, re tla tsosoa e le hore re tlo phela lefatšeng le lecha le lokileng, moo re tlang ho thabela mosebetsi o mongata o khotsofatsang le o thabisang. Empa hona joale, mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo re ka o etsang ke ho bolela litaba tse molemo le ho etsa barutuoa. E se eka bohle, ba bacha le ba holileng, re ka tsoela pele ho ba le ‘ho hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing oa Morena.’—1 Bakor. 15:58.