Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Ke Thabela Bophelo Tšebeletsong ea Jehova

Ke Thabela Bophelo Tšebeletsong ea Jehova

MOSEBETSI oa ka oa pele ha ke ne ke le Bethele e Canada e ne e le ho fiela moo ho hatisoang lingoloa. E ne e le ka selemo sa 1958, ke ne ke le lilemo li 18. Ho ne ho le monate ’me ka mor’a nako e seng kae, ke ile ka qala ho sebetsa ka mochine o sehang limakasine hantle ka mor’a hore li hatisoe. Ke ne ke thabetse ho ba Bethele haholo.

Selemo se latelang, barab’abo rona ba ile ba bolella lelapa la Bethele hore lekala la Afrika Boroa le hloka baithaopi hobane le tl’o ba le mochine o mocha o hatisang. Ke ile ka ithaopa ’me ke ile ka thaba haholo ha ke khethoa. Barab’abo rona ba bararo ba sebetsang hona moo Bethele ea Canada le bona ba ile ba khethoa e leng Dennis Leech, Bill McLellan le Ken Nordin. Re ile ra bolelloa hore re tla lula Afrika Boroa nako e telele.

Ke ile ka founela ’mè oa ka ka re: “’Mè, ke u tšoaretse litaba tse monate, kea Afrika Boroa.” ’Mè oa ka e ne e se motho ea buang hakaalo empa e ne e le ’mè ea nang le tumelo e matla ’me a rata Jehova haholo. Ha aa ka a bua lintho tse ngata empa ke ne ke tseba hore oa ntšehetsa. Eena le ntate oa ka ha baa ka ba e-ba khahlanong le qeto eo ke ileng ka e etsa le hoja ba ne ba utloile bohloko hore ke tl’o ba hole le bona.

KEA AFRIKA BOROA

Ha re ne re le ka tereneng re tsoa Cape Town rea Johannesburg le Mor’abo rona Dennis Leech, Ken Nordin le Mor’abo rona Bill McLellan ka selemo sa 1959

Ha re ne re kopana ka mor’a lilemo tse 60 lekaleng la Afrika Boroa ka 2019

’Na le barab’abo rona ba bararo re ile ra fumana koetliso ea mochine o hatisang e nkang likhoeli tse tharo Bethele e Brooklyn. Ka mor’a moo, re ile ra ea Afrika Boroa ka sekepe toropong ea Cape Town. Ke ne ke qeta ho ba lilemo li 20. E ne e le mantsiboea ha re ne re tloha Cape Town re ea Johannesburg ka terene. Re ile ra qala ho ema toropong e nyane ea Karoo e lehoatateng le lenyane. Ho ne ho chesa hape ho le lerole. Kaofela ha rona re le bane re ile ra sheba ka fensetere eaba rea ipotsa hore na sebaka sena ke se joang. Ra ipotsa hore na ebe re ikenya ka har’a eng banna. Ka mor’a lilemo tse ’maloa, re ile ra etela sebaka sena hape ’me ra qala ho ananela litoropo tsena tse ntle tse nyane le tsela eo batho ba moo ba phelisanang ka khotso kateng.

Ka lilemo tse ’maloa, ke ne ke sebetsa ka mochine oo ho neng le thata ho o sebelisa o bitsoang Linotype o neng o hatisa Molula-Qhooa le Tsoha! ebile o etsa hore ntho e ngotsoeng e tsoe hantle. Ofisi ea lekala e ne e hatisa limakasine ka lipuo tse ngata tsa Afrika e seng bakeng sa Afrika Boroa feela empa le bakeng sa linaha tse ling tsa Afrika. Re ne re thabetse hore mochine ona o mocha o hatisang oo re o tletseng mona o ne o sebetsa hantle.

Hamorao ke ile ka sebetsa ofising e neng e ikarabella mesebetsing e ’maloa e kang ho fetolela lingoloa, ho li hatisa le ho li isa liphuthehong. Ke ne ke le maphatha-phathe hape ke thabile.

LENYALO LE MOSEBETSI O MOCHA

Ka selemo sa 1968, ’na le Laura re sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng

Ka selemo sa 1968, ke ile ka nyalana le Morali’abo rona Laura Bowen oa pula-maliboho ea neng a lula haufi le Bethele. O ne a boetse a thusa ka ho thaepa Lefapheng la Phetolelo. Ka nako eo, batho ba neng ba qeta ho nyalana ba ne ba sa lumelloa hore ba lule Bethele. Kahoo, ofisi ea lekala e ile ea re re il’o ba bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ke ne ke tšoenyehile hanyane. Ka lilemo tse leshome ke le Bethele, ke ne ke fumana bolulo le lijo. Kahoo, ke ne ke ipotsa hore na ke tl’o khona ho lefa lintho tseo re li hlokang joang ka chelete e nyane eo ke tla beng ke e fumana ha ke le pula-maliboho e khethehileng. Ka khoeli, ’na le mohatsa oa ka re ne re fumana R25 motho ka mong haeba feela re finyelletse lihora tse neng li hlokoa le maeto a ho boela hape re tsamaisitse lingoloa tse neng li lebelletsoe. Ka chelete eo, re ne re patala rente, re reka lijo, re palama ka eona, rea ngakeng ka eona ebile re reka lintho tse ling.

Re ile ra abeloa hore re il’o ba bo-pula-maliboho sehlopheng se senyenyane sa bahoeletsi haufi le toropo ea Durban e Indian Ocean. Ho ne ho e-na le Maindia a mangata ’me bongata ba ’ona e ne e le bana ba batho ba neng ba tlile Afrika Boroa ba tl’o sebetsa lifemeng tsa ho etsa tsoekere hoo e ka bang ka selemo sa 1875. Ba ne ba se ba sebetsa mesebetsi e meng empa ba ntse ba tšepahalletse setso sa bona, tsela eo ba phehang ka eona ho akarelletsa le sechu sa bona se monate. Ba ne ba bua Senyesemane ’me ho ne ho e-ba bonolo hore re bue le bona ka Bibele.

Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ne ba lebelletsoe hore ba etse lihora tse 150 khoeli le khoeli tšebeletsong ea tšimo. Kahoo, ’na le Laura re ile ra ipolella hore re tla etsa tse tšeletseng ka letsatsi la pele. Ho ne ho chesa haholo. Re ne re se na maeto a ho boela kapa batho bao re ithutang Bibele le bona kahoo, re ne re tlameha ho etsa lihora tse tšeletseng ka ho ea ka ntlo le ntlo. Nakoana ka mor’a hore re qale, ke ile ka sheba nako ’me ka hlokomela hore ho se ho fetile metsotso e ka bang 40 feela. Ke ile ka ipotsa hore na re tl’o khona joang ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng.

Kapelenyana feela re ile ra khona ho ba le tsela ea ho finyella se neng se lebelletsoe. Letsatsi le letsatsi re ne re etsa mofao oa bohobe le sopho kapa kofi. Ha re ne re hloka ho phomola, re ne re paka koloi ea rona e nyane ea Volkswagen ka thoko tlas’a moriti oa sefate ’me ka linako tse ling, re ne re bokaneloa ke bana ba Maindia ba batle, ba re makalletse hobane re sa tšoane le bona. Matsatsi a ’maloa re le moo, re ile ra hlokomela hore ka mor’a hore re sebetse lihora tse peli kapa tse tharo, letsatsi le fela kapele.

Ho ne ho thabisa haholo ho ruta batho ba lulang moo Bibele ba neng ba amohela baeti. Batho ba Maindia baa hlompha, ba mosa ebile ba tšaba Molimo. Batho ba bangata ba Mahindu ba ne ba amohela molaetsa oa rona. Ba ne ba rata ho ithuta ka Jehova, Jesu, Bibele, lefatše le lecha le nang le khotso le ka tšepo eo re nang le eona ka batho ba hlokahetseng. Ka mor’a selemo, re ile ra ba le batho ba 20 bao re ithutang Bibele le bona. Letsatsi le leng le le leng, re ne re e-ja lijo tsa motšehare le lelapa le leng ho ao re ithutang Bibele le ’ona ’me re ne re thabile haholo.

Ka mor’a nako e seng kae, re ile ra fuoa mosebetsi o mocha. Re ile ra kopuoa hore re il’o etsa mosebetsi oa potoloho haufi le Indian Ocean. Beke le beke re ne re fihlela malapeng a sa tšoaneng, re etela bara le barali ba bo rona, re sebetsa le bona tšebeletsong ea tšimo ebile re ba khothatsa. Ba ne ba re tšoara joalokaha eka re karolo ea lelapa la bona ’me re ne re thabela ho qeta nako le bona le bana ba bona le liphoofolo tsa bona. Lilemo tse peli tse monate li ile tsa feta ’me ka mor’a nako e seng kae, ofisi ea lekala e ile ea re founela. Mor’abo rona ea neng a re founetse o ile a re: “Re kopa hore le khutlele Bethele.” Ke ile ka re: “Re thabela ho ba mona haholo.” Ho bua ’nete, re ne re ntse re ikemiselitse ho sebeletsa hohle moo ho thoeng re sebetse teng.

RE KHUTLELA BETHELE

Ke ne ke sebetsa Lefapheng la Tšebeletso ’me ke ile ka sebetsa le barab’abo rona ba bangata ba nang le boiphihlelo. Mehleng eo, molebeli oa potoloho ha a ne a etetse liphutheho, o ne a romela tlaleho ho lekala ebe ka mor’a moo Lefapha la Tšebeletso le romela lengolo ho phutheho mabapi le tlaleho eo a e rometseng. Lengolo leo le ne le khothatsa bara le barali ba bo rona kapa le fana ka tataiso e neng e hlokahala. Ntho ena e ne e bakela bangoli mosebetsi o mongata hobane ba ne ba tlameha ho fetolela litlaleho tse tsoang ho balebeli ba potoloho ho tloha ho Sexhosa, Sezulu le lipuo tse ling ho ea ho Senyesemane ebe ka mor’a moo, ba fetolela mangolo a tsoang ho lekala ho tloha ho Senyesemane ho ea ho lipuo tse ling tse buuoang Afrika. Ke ananela mosebetsi o thata o neng o etsoa ke barab’abo rona ba neng ba fetolela ba ileng ba nthusa ho utloisisa maemo a thata ao bara le barali ba bo rona ba Afrika ba batšo ba neng ba e-na le ’ona.

Ka nako eo, ho ne ho e-na le khethollo ea merabe Afrika Boroa. Morabe o mong le o mong o ne o lula sebakeng seo o neng o khethetsoe ho lula ho sona kahoo, batho ba merabe e sa tšoaneng ba ne ba sa qete nako hammoho. Barab’abo rona ba batšo ba ne ba bua lipuo tsa bona, ba ruta molaetsa oa Bibele ebile ba ea liphuthehong tsa lipuo tsa ha bo bona.

Ke ne ke sa tsebe batho ba bangata ba batšo kaha esale ke kopanela phuthehong ea Senyesemane. Hona joale ke ne ke se ke e-na le monyetla oa ho ithuta ka setso sa bona le tsela eo ba etsang lintho ka eona. Ke ne ke se ke tseba mathata ao bara le barali ba bo rona ba bang le ’ona ka lebaka la meetlo le bolumeli ba sebaka seo ba lulang ho sona. Ba ne ba le sebete haholo, ba sa etse meetlo kapa ntho le ha e le efe e khahlanong le mangolo le hoja ba lelapa kapa batho ba motseng ba ne ba ba hanyetsa. Batho ba mahaeng ba ne ba sotlehile, ba bangata ba bona ba ne ba sa ruteha empa ba ne ba hlompha Bibele.

Ke ile ka ba le monyetla oa ho sebetsa linyeoeng tsa molao tse amanang le bolokolohi ba borapeli le ho se nke karolo lipolotiking. E ne e le ntho e matlafatsang tumelo ho bona bana ba Lipaki ba tšepahalang le ba sebete ba tebetsoeng sekolong hobane ba hana ho rapela kapa ho bina lifela.

Barab’abo rona ba ile ba e-ba le bothata bo bong naheng e nyane ea Afrika e neng e bitsoa Swaziland ka nako eo. Ka mor’a hore Morena Sobhuza II a hlokahale, batho bohle ba ne ba lebelletsoe hore ba etse meetlo e neng e etsoa ka mor’a hore motho a hlokahale. Banna ba ne ba tlameha ho kuta moriri oa bona, basali bona ba tlameha ho o fokotsa. Bara le barali ba bo rona ba ile ba hlorisoa ka lebaka la ho hana ho etsa meetlo ena e amanang le ho rapela balimo. Tsela eo ba ileng ba tšepahalla Jehova ka eona e ile ea re thabisa. Re ile ra ithuta lintho tse ngata ka ho tšepahala le ho mamella ho barab’abo rona ba Afrika ’me ntho eo e ile ea re matlafatsa tumelo haholo.

KE KHUTLELA MOO HO HATISOANG LINGOLOA

Ka selemo sa 1981, ke ile ka il’o sebetsa lefapheng la moo ho hatisoang lingoloa hape. Ke ne ke sebetsa ka k’homphieutha. Ho ne ho le monate haholo. Mekhoa ea ho hatisa e ne e fetoha haholo. Motho ea rekisang mechine o ile a fa lekala mochine o bitsoang phototypesetter hore le bone hore na o sebetsa hantle, ntle le ho lefa letho. Taba eo e ile ea etsa hore mechine e robong ea Linotype e nkeloe sebaka ke mechine e mecha e mehlano ea phototypesetter. Ho ile ha kenngoa mochine o mong o mocha o hatisang. Re ne re hatisa lingoloa tse ngata ho feta leha e le neng pele.

Marang-rang a ne a re thusa ho fumana mekhoa e mecha eo lingoloa tsa rona li lokelang ho ngoloa ka eona a sebelisa Multilanguage Electronic Publishing System e leng MEPS. ’Na le barab’abo rona ba bararo re ile ra sebetsa ka mechine e mengata e ntlafalitsoeng haesale re tloha Canada re tla Afrika Boroa. (Esa. 60:​17) Kaofela ha rona re ne re se re nyetse baralib’abo rona ba bo-pula-maliboho ba ratang Jehova haholo. ’Na le Mor’abo rona Bill re ne re ntse re sebeletsa Bethele. Mor’abo rona Ken le Mor’abo rona Dennis ba ne ba se ba ntse ba holisa bana.

Mosebetsi o neng o etsoa lekaleng o ne o eketseha. Lingoloa tse thehiloeng Bibeleng li ne li fetoleloa, li hatisoa ka lipuo tse ntseng li eketseha ebile li isoa makaleng a mang. Ka lebaka la mosebetsi oo o mongata, ho ile ha hlokahala Bethele e ncha. Barab’abo rona ba ile ba e haha sebakeng se setle se ka bophirimela Johannesburg ’me e ile ea neheloa ka 1987. E ne e le ho thabisang ho ba karolo ea liphetoho tsena tse ileng tsa etsahala le ho ba setho sa Komiti ea Lekala la Afrika Boroa ka lilemo tse ngata.

RE ILE RA FUMANA MOSEBETSI O MONG O MOCHA

Ka 2001, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe eo ke sa e lebellang, ke ile ka khethoa hore ke il’o ba setho sa Komiti ea Lekala la United States le sa tsoa thehoa. Le hoja re ne re utloile bohloko hobane re tlohela mosebetsi oa rona le metsoalle ea rona Afrika Boroa, re ne re thabetse ho qala bophelo bo bocha le lelapa la Bethele United States.

Le hoja re ne re thabile, re ne re tšoenyehile hobane re ne re sia ’mè oa mohatsa oa ka ea seng a holile. Re ne re sa khone ho mo thusa hakaalo ha re le New York empa banab’abo ba Laura ba bararo ba ile ba ithaopa hore ba tla mo thusa ka lintho tseo a li hlokang. Ba ile ba re: “Ha re khone ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng empa haeba re hlokomela ’mè oa rona, u tla khona ho tsoela pele ka mosebetsi oa hao.” Kannete rea ba leboha.

Abuti oa ka le mohatsa oa hae ba lulang Toronto, Canada le bona ba ne ba hlokomela ’mè oa ka oa mohlolohali. Ka nako eo, ’mè oa ka o ne a se a lutse le bona lilemo tse fetang 20. Re ananela haholo tsela eo ba ileng ba mo hlokomela ka eona ho fihlela a ba a hlokahala nakoana ka mor’a hore re fihle New York. Ke ntho e thabisang hakaakang ho ba le ba lelapa ba ikemiselitseng ho fetola bophelo ba bona e le hore ba ka hlokomela batsoali ba bona ba seng ba holile, e leng ntho eo e ka bang thata ka linako tse ling.

Ka lilemo tse ’maloa, ke ile ka sebetsa lefapheng le neng le hatisa lingoloa mona United States ’me mosebetsi oo o ne o lula o ntlafatsoa nako le nako. Morao tjena ke ntse ke sebetsa Lefapheng la Theko. E bile ntho e thabisang haholo ho sebetsa mona lekaleng le leholo ka lilemo tse fetang 20 le nang le litho tsa Bethele tse ka bang 5 000 le baithaopi ba tlang ka matsatsi ba ka bang 2 000.

Lilemo tse 60 tse fetileng, ke ne ke sa nahana hore ke tla be ke le mona. Mohatsa oa ka o ile a ntšehetsa kahohle kamoo a ka khonang lilemo tsena tsohle. Bophelo ba ka bo ne bo le monate haholo. Re thabetse mesebetsi e fapaneng eo re ileng ra e etsa le ho sebetsa le bara le barali ba bo rona ba hantle ba akarelletsang ba makaleng a mangata ao re ileng ra a etela ka mosebetsi likarolong tse ngata tsa lefatše. Kaha hona joale lilemo tsa ka li se li feta 80, ha ke sa etsa mosebetsi o mokaalo hobane ho na le barab’abo rona ba bacha ba koetliselitsoeng ho o etsa.

Mopesaleme o ile a re: “Ho thaba sechaba seo Molimo oa sona e leng Jehova.” (Pes. 33:12) Taba ena ke ’nete. Ke thabile haholo hore ebe ke ile ka khona ho sebeletsa Jehova le bahlanka ba hae ba thabileng.