Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

TSA MEHLENG EA KHALE

Ignaz Semmelweis

Ignaz Semmelweis

LE HOJA IGNAZ SEMMELWEIS a sa tsebahale hakaalo, mosebetsi oa hae o ’nile oa thusa malapa a mangata. O hlahetse Buda (eo hona joale e bitsoang Budapest) e leng motse-moholo oa Hungary. O ile a fumana lengolo la bongaka Univesithing ea Vienna ka 1844. Ha Semmelweis a qala ho sebetsa e le mothusi tleliniking ea bapepisi ka 1846, basali ba fetang liphesente tse 13 ba tl’o pepa ba ne ba bolaoa ke feberu e bitsoang childbed.

Ho ’nile ha e-ba le maikutlo a mangata mabapi le sesosa sa lefu lena, leha ho le joalo ha ho ea neng a tseba hore na le bakoa ke eng. Boiteko bohle ba ho felisa lefu lena ha bo a ka ba atleha. Semmelweis o ne a utloa bohloko ha a bona basali ba bolaoa ke lefu lena le bohloko ’me o ne a ikemiselitse ho fumana pheko e le hore a ba thuse.

Sepetleleng seo Semmelweis a neng a sebetsa ho sona ho ne ho e-na le litleliniki tse peli tsa bapepisi. Phapang e neng e le teng pakeng tsa litleliniki tsena tse peli e ne e le hore liithuti tsa bongaka li ne li ruteloa ka ho e ’ngoe ’me bapepisi ba ruteloa ka ho e ’ngoe. Ntho e makatsang ke hore palo ea mafu tleleniking ea liithuti tsa bongaka e ne e phahame ho feta ea tleliniki ea bapepisi. Empa ke hobane’ng ha palo ea mafu e ne e sa tšoane? Semmelweis o ile a batlisisa hore na lefu lena le bakoa ke eng, empa ka nako eo o ile a hlōleha.

Ka 1847, Semmelweis o ile a fumana ntho e ka ’nang eaba e baka lefu lena. Motsoalle oa hae, eo hape e neng e le mosebetsi-’moho le eena ea bitsoang Jakob Kolletschka o ile a shoa ka mor’a hore mali a setopo seo a neng a se hlahloba a kene leqebeng la hae. Ha Semmelweis a ntse a hlahloba hore na ke eng e bolaileng Kolletschka, o ile a fumana hore o bolailoe ke baktheria e bolaeang batho ba tšoeroeng ke feberu ea childbed. Kahoo, Semmelweis o ile a nahana hore e ka ’na eaba libaktheria tse tsoang litopong ke tsona tse neng li kulisa baimana le ho baka childbed. Lingaka le liithuti tse neng li atisa ho hlahloba litopo pele li thusa baimana, li ne li sa elelloe hore li fetisetsa mafu a tsoang litopong ho bona. Palo ea mafu tleliniking ea liithuti tsa bapepisi e ne e le tlaase hobane liithuti tsa tleliniki eo li ne li sa hlahlobe litopo.

Kahoo, Semmelweis o ile a beha molao oa hore batho bohle ba lokela ho hlapa matsoho ka motsoako o bolaeang likokoana-hloko pele ba thusa baimana. Sena se ile sa tlisa liphetoho tse khōlō. Palo ea batho ba bolaoang ke childbed e ile ea fokotseha ho tloha ho liphesente tse 18.27 ho ea ho tse 0.19.

“Ke batla ho fokotsa palo ea baimana ba hlokahallang lipetlele, ho pholosa bophelo ba mosali bakeng sa monna oa hae, ba ’mè bakeng sa lesea la hae.”—Ignaz Semmelweis

Ha se batho bohle ba ileng ba babatsa Semmelweis ka hore ebe o fumane sesosa sa lefu lena. Liphuputso tsa Semmelweis ha lia ka tsa thabisa mookameli oa hae kaha li ne li hanana le seo a se lumelang ka lefu la childbed. Qetellong Semmelweis o ile a felloa ke mosebetsi sepetleleng seo sa Vienna ’me a khutlela Hungary. Ha a fihla moo e ile ea e-ba mookameli oa lefapha la bapepisi sepetleleng sa St. Rochus ’me palo ea batho ba bolaoang ke childbed e ile ea fokotseha.

Ka 1861, Semmelweis o ile a hatisa buka e hlalosang hore na lefu la childbed le bakoa ke eng le hore na le ka thibeloa joang. Ka bomalimabe ho ile ha nka lilemo pele batho ba hlokomela bohlokoa ba hore ba hlape matsoho pele ba thusa bakuli. Pele ba hlokomela seo, ho ile ha shoa batho ba bangata bao bophelo ba bona bo ka beng bo ile ba bolokeha.

Semmelweis o ile a re lingaka li hlape matsoho ka motsoako o bolaeang likokoana-hloko pele li thusa mokuli.—Setšoantšo se toroiloeng ke Robert Thom

Hamorao Semmelweis o ile a tsebahala e le e mong oa batho ba qapileng mokhoa oa mehleng ena oa ho bolaea likokoana-hloko. Liphuputso tsa hae li thusitse batho ho hlokomela hore likokoana-hloko li ka baka mafu. E ne e le e mong oa batho ba lumelang hore le hoja likokoana-hloko li sa bonahale li ka baka mafu ’me liphuputso tsa hae e bile tsa bohlokoa ka ho fetisisa. Se makatsang ke hore lilemo tse fetang 3 000 esale pele Molao oa Moshe o ne o buile ka tsela eo batho ba lokelang ho sebetsana le litopo ka eona e le hore ba se ke ba kenoa ke mafu.