Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Putsa ka ho Enneng ba Bolokang Tsela ea Hae

Jehova o Putsa ka ho Enneng ba Bolokang Tsela ea Hae

Pale ea Bophelo

Jehova o Putsa ka ho Enneng ba Bolokang Tsela ea Hae

JOALOKAHA HO BOLETSE ROMUALD STAWSKI

Ha ntoa ea bobeli ea lefatše e qhoma ka September 1939, e ile ea e-ba matla Poland leboea. Ka bohelehele ba moshanyana ea lilemo li robong, ke ile ka ea lebaleng la ntoa le haufi e le hore ke bone hore na ho etsahala’ng. Ke ile ka bona lintho tse tšosang—litopo li rapaletse fatše ’me hohle ho nkha mosi o khamang. Le hoja ke ne ke se ke nahanne feela ka hore na ke khutlela lapeng joang ke sa lemala, ke ile ka nahana ka lipotso tsena: “Ke hobane’ng ha Molimo a lumella lintho tse tšosang hakaale hore li etsahale? Eena o thusetsa bo-mang?”

HA NTOA e se e tla lala, bacha ba ne ba qobelloa ho sebeletsa ’muso oa Jeremane. Mang kapa mang ea neng a re oa hana o ne a fanyehoa sefateng kapa borokhong ’me sefubeng a behoa letšoao la hore ke “lehlabaphio” kapa “lerabele.” Toropo ea heso ea Gdynia e ne e le pakeng tsa mabotho a loantšanang. Ha re il’o kha metsi ka ntle ho toropo, likulo le libomo li ne li feta ka holim’a lihlooho tsa rōna, hoo li ileng tsa bolaea moen’a ka Henryk. Ho ne ho le hobe hoo ka bone ba rōna ’Mè a ileng a re isa mokatong o ka tlaase e le hore re ka sireletseha. Ke ne ke e-na le moen’a ka ea lilemo li peli ea bitsoang Eugeniusza, ea neng a hlokahale ha re le kamoo a bolaoa ke ’metso o mosoeu.

Ke ile ka boela ka ipotsa: “Molimo o kae ha ho le tjee? Ke hobane’ng ha a lumella mahlomola aa kaofela?” Le hoja ke ne ke le Mok’hatholike ea ratang kereke le ea sa lofeng ho hang, ha kea ka ka fumana likarabo tsa lipotso tseo.

Ke Ile ka Amohela ’Nete ea Bibele

Ke ile ka fumana likarabo tsa lipotso tsa ka moo ke neng ke sa lebella hore nka li fumana teng. Ntoa e ile ea lala ka 1945, eaba mathoasong a 1947, e mong oa Lipaki Tsa Jehova o etela heso Gdynia. ’Mè oa ka, ’Mè Maria, o ile a bua le Paki eo, empa ke ile ka utloa lintho tse ling tseo ba neng ba bua ka tsona. Li ne li utloahala, kahoo re ile ra lumela ha a re memela sebokeng sa Bokreste. Le hoja ke ne ke e-s’o utloisise ’nete ea Bibele ka ho feletseng, ho ile ha feta khoeli feela eaba ke qala ho tsamaea le sehlopha sa Lipaki tsa sebakeng sa heso le ho bolella ba bang ka lefatše le molemo ho feta lena, le se nang lintoa le masisa-pelo. Sena se ile sa nthabisa haholo.

Ka September 1947, ke ile ka kolobetsoa kopanong ea potoloho e neng e le Sopot. Selemong se latelang ka May, ke ile ka qala tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla, ke qeta nako e ngata ke bolella ba bang molaetsa oa Bibele. Moruti oa tikoloho ea heso o ne a hanyetsa mosebetsi oa rōna haholo ’me a khothalletsa batho hore ba re futuhele. Ka nako e ’ngoe, re ile ra hlaseloa ke sehlopha se befileng se ileng sa re betsa ka majoe, eaba sea re khakhatha. Hamorao ka 1948, basali ba baitlami le baruti ba sebakeng sa heso ba ile ba khothalletsa sehlopha se seng hore se re hlasele. Re ile ra balehela sepoleseng, empa sehlopha seo se ile sa lika-liketsa mohaho, se batla ho re khakhatha. Qetellong ho ile ha tla mapolesa a eketsehileng, eaba re ntšoa moo re lebetsoe ka thata.

Ka nako eo, ho ne ho se na Lipaki sebakeng seo re neng re bolela ho sona. Ka linako tse ling re ne re qeta bosiu re le kantle morung. Ho ntšetsa pele mosebetsi oa ho bolela ho sa tsotellehe maemo ao e ne e le ntho e re thabisang. Kajeno, ho na le liphutheho tse matla tikolohong eo.

Tšebeletso ea Bethele le ho Tšoaroa

Ka 1949, ke ile ka amoheloa Lehaeng la Bethele le Łódź. Ho sebeletsa sebakeng seo e bile tlotla e khōlō! Ka bomalimabe, ha kea ka ka lula nako e telele. Ka June 1950, khoeli pele mosebetsi oa rōna o thibeloa ka molao, ke ile ka tšoaroa hammoho le bara ba bang babo rōna re le Bethele. Ke ile ka isoa chankaneng, moo ke ileng ka qetella ke khahlapelitsoe ka lipotso.

Liofisiri tse neng li fuputsa taba li ile tsa leka ho nqobella hore ke lumele hore Ntate e ne e le sehloela sa United States hobane o ne a atisa ho sebetsa sekepeng se neng se e-ea New York. Ke ile ka khahlapetsoa ka lipotso. Ho feta moo, ka nako e le ’ngoe liofisiri tse ’nè li ile tsa leka hore ke fane ka bopaki khahlanong le Morab’o rōna Wilhelm Scheider, eo ka nako eo a neng a hlokomela mosebetsi oa rōna Poland. Li ile tsa nkotla lirethe ka melamu. Eitse ha ke oela fatše ke ntse ke tsoa mali, ke utloa hore ha ke sa khona ho mamella, ke ile ka hoeletsa, “Jehova, nthuse!” Batho ba neng ba nkhakhatha ba ile ba makala eaba ba khaotsa ho nkotla. Ka mor’a metsotso e se mekae feela, ba ile ba robala. Ho ile ha re kokololo! ka ba ka ikutloa ke boela ke e-ba le matla. Sena se ile sa nkholisa hore ka lerato Jehova oa araba ha bahlanka ba hae ba inehetseng ba mo kōpa thuso. Seo se ile sa tiisa tumelo ea ka sa ba sa nthuta ho tšepa Molimo ka ho feletseng.

Tlaleho ea ho qetela ea phuputso eo e ne e akarelletsa bopaki ba bohata boo ho neng ho thoe ke ba ka. Ha ke ipelaetsa, ofisiri e ’ngoe e ile ea re ho ’na, “U tla hlalosa seo ka lekhotleng!” Motšoaruoa e mong ea mosa eo ke neng ke le seleng e le ’ngoe le eena o ile a nkeletsa hore ke se tšoenyehe, kaha tlaleho ea ho qetela e ne e tla lokela ho hlahlojoa ke mochochisi oa sesole, e leng se neng se tla mpha monyetla oa ho hanyetsa bopaki boo ba bohata. Ho ile ha fela ha e-ba joalo.

Mosebetsi oa Potoloho le ho Koalloa Chankaneng Hape

Ke ile ka lokolloa ka January 1951. Ha feta khoeli, eaba ke qala ho ba molebeli ea tsamaeang. Ho sa tsotellehe ho thibeloa ha mosebetsi oa rōna, ke ne ke sebetsa le barab’abo rōna ba bang e le hore re matlafatse liphutheho le ho thusa bahoeletsi ba neng ba qhalakantsoe ke liketso tsa sepolesa sa mautloela. Re ne re khothalletsa barab’abo rōna ho tsoela pele tšebeletsong. Lilemong tse latelang, ka sebete bara bana babo rōna ba ile ba tšehetsa balebeli ba tsamaeang, ’me ka lekunutu ba ntšetsa pele mosebetsi oa ho hatisa le oa ho aba lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele.

Ka tsatsi le leng ka April 1951, ba sepolesa sa mautloela ba neng ba ntse ba mpehile leihlo ba ile ba ntšoara ke le seterateng ke tsoa sebokeng sa Bokreste. Kaha ke ile ka hana ho araba lipotso tsa bona, ba ile ba nkisa chankaneng e Bydgoszcz eaba ba qala ho ntlhoma lipotso bosiung bona boo. Ba ile ba ntaela hore ke eme ke itšetlehile ka lebota ka matsatsi a tšeletseng le masiu a tšeletseng ke hahlameloa ke mosi o teteaneng oa lisakerete tsa mapolesa, ho se letho leo ke le jang kapa ke le noang. Ke ile ka otloa ka molamu ka ba ka chesoa ka lisakerete. Ha ke akheha, ba ile ba ntšela ka metsi eaba ba qala ho ntlhoma lipotso hape. Ke ile ka kōpa Jehova hore a mphe matla a ho mamella, ’me o ile a ntšehetsa.

Ho lula chankaneng ea Bydgoszcz ho ne ho e-na le melemo e itseng. Ha ke le moo, ke ile ka atleha ho thusa batho bao ho neng ho se mokhoa o mong oa ho ba finyella hore ba fumane ’nete ea Bibele. Bonneteng, ho ne ho e-na le menyetla e mengata ea ho paka. Ka lebaka la boemo ba bona bo utloisang bohloko, boo hangata e neng e le bo nyahamisang, batšoaruoa ba ne ba thabela ho amohela litaba tse molemo.

Liphetoho Tse Peli Tsa Bohlokoa

Nakoana ka mor’a hore ke lokolloe ka 1952, ke ile ka teana le Nela, e leng morali’abo rōna oa pula-maliboho ea chesehang. O ne a ile a bula maliboho Poland ka boroa. Hamorao a sebetsa moo re neng re re ke “lebakeng,” e leng sebaka se neng se sa tsejoe ke batho ba bangata seo lingoliloeng tsa rōna li neng li hatisetsoa ho sona. Oo e ne e le mosebetsi o thata o neng o hloka motho ea seli le ea itetseng. Re ile ra nyalana ka 1954, eaba re tsoela pele ka tšebeletso ea nako e tletseng ho fihlela ha morali oa rōna ea bitsoang Lidia a hlaha. Eaba re etsa qeto ea hore Nela a khaotse tšebeletso ea nako e tletseng, a khutlele hae ’me a hlokomele morali oa rōna e le hore ke khone ho tsoela pele ke le molebeli ea tsamaeang.

Selemong sona seo, re ile ra tobana le qeto e ’ngoe hape ea bohlokoa. Ke ile ka kōptjoa hore ke be molebeli oa setereke tikolohong e neng e akarelletsa karolo ea boraro ea Poland. Re ile ra rapella taba ena. Ke ne ke tseba hore na ke habohlokoa hakae ho matlafatsa barab’abo rōna bao mosebetsi oa bona o neng o thibetsoe. Ba bangata ba ne ba tšoaroa, kahoo ho ne ho hlile ho hlokahala hore ba khothatsoe moeeng. Nela o ile a ntšehetsa hore ke amohele mosebetsi oo. Jehova o ile a nthusa ho ba molebeli oa setereke ka lilemo tse 38.

Ho Hlokomela “Mabaka”

Mehleng eo, molebeli oa setereke o ne a hlokomela “mabaka,” a neng a le libakeng tseo ho seng bonolo ho fihla ho tsona. Mapolesa a ne a lula a re hatile mehlala, a batla ho fumana le ho thibela mesebetsi ea rōna ea khatiso. Ka linako tse ling a ne a atleha, empa ha ho mohla re kileng ra haelloa ke lijo tsa moea tse hlokahalang. Ho ne ho hlakile hore Jehova o ne a re hlokomela.

Hore motho a bitsetsoe ho tla sebetsa mosebetsing oa khatiso o thata le o kotsi, o ne a lokela ho tšepahala, a be seli, a itele ’me a ikokobetse. Ke litšobotsi tseo tse neng li etsa hore “lebaka” le atlehe ho sebetsa le sireletsehile. Ho ne ho boetse ho le thata ho fumana sebaka se setle sa ho hatisa ka sekhukhu. Libaka tse ling li ne li bonahala li le ntle, empa barab’abo rōna ba ne ba se masene hakaalo. Libakeng tse ling, maemo a ne a se matle empa barab’abo rōna ba le masene. Barab’abo rōna ba ne ba ikemiselitse ho itela haholo. Ruri ke ne ke hlompha bara le barali bao babo rōna kaofela bao ke neng ke filoe tlotla ea ho sebetsa le bona mehleng eo.

Ho Sireletsa Litaba Tse Molemo

Lilemong tseo tsa mathata, khafetsa re ne re qosoa ka ho etsa mosebetsi o seng molaong, o reretsoeng ho liha ’muso ebe re nkeloa mehato ea molao. Bona e ne e le bothata hobane re ne re se na liakhente tse ka re buellang. Liakhente tse ling li ne li re qenehela, empa tse ngata li ne li tšaba mahlo a sechaba li bile li sa batle ho khopisa ba boholong. Leha ho le joalo, Jehova o ne a tseba seo re se hlokang, ’me ka nako e loketseng o ile a tsamaisa litaba ka tšoanelo.

Molebeli e mong ea tsamaeang oa Kracow ea bitsoang Alojzy Prostak, o ile a tšoaroa hampe ha a ne a hlongoa lipotso hoo a ileng a tlameha ho isoa sepetleleng sa chankana. Hore ebe o ile a ema a tiile ho sa tsotellehe ho hlokofatsoa kelellong le ’meleng ho ile ha etsa hore batšoaruoa ba bang ba neng ba le sepetleleng seo ba mo hlomphe le ho mo rata. E mong oa bona e ne e le akhente Witold Lis-Olszewski, ea neng a khahloe ke sebete sa Morab’o rōna Prostak. Akhente eo e ile ea bua le mor’abo rōna ka makhetlo a ’maloa eaba e etsa tšepiso ena: “Hang feela ha ke lokolloa ke bile ke lumelloa ho qala mosebetsi oa ka hape, ke tla thabela ho buella Lipaki Tsa Jehova.” Monghali Olszewski o ile a phethisa tšepiso eo.

O ile a theha sehlopha sa liakhente, se neng se ikemiselitse ho etsa mosebetsi o neng o hlile o babatseha. Nakong eo khanyetso e neng e le matla haholo, ka khoeli sehlopha seo se ne se buella barab’abo rōna linyeoeng tse ka bang 30—e le ’ngoe ka letsatsi! Kaha ho ne ho hlokahala hore Monghali Olszewski a tsebe hantle hore na re qosetsoang, ke ile ka fuoa kabelo ea ho sebetsa le eena. Ke ile ka sebetsa le eena ka lilemo tse supileng lilemong tsa bo-1960 le bo-1970.

Mehleng eo, ke ile ka ithuta lintho tse ngata ka mosebetsi oa molao. Hangata ke ne ke mamela linyeoe, tsela eo liakhente li neng li araba ka eona—ebang li lumellana le seo kapa lia se hanyetsa, mekhoa ea molao ea ho itšireletsa le bopaki ba balumeli-’moho le rōna ba qositsoeng. Lintho tsena kaofela li ile tsa e-ba molemo haholo ha re thusa barab’abo rōna, haholo-holo ba neng ba bitsetsoa ho ba lipaki, e le hore ba tsebe seo ba lokelang ho se bua le hore na ba lokela ho thōla neng ha ba le ka pel’a lekhotla.

Ha ho ne ho e-na le nyeoe e sebetsoang, Monghali Olszewski o ne a atisa ho robala malapeng a Lipaki Tsa Jehova. E ne e se hobane a ne a sa khone ho ea hira kamore hoteleng, empa e ne e le hobane a kile a re: “Pele ho nyeoe, ke batla ho hahlameloa ke moea oa lōna.” Ka lebaka la thuso ea hae, re ile ra hlōla linyeoe tse ngata. O ne a mpuella hangata, empa a hana chelete leha e le efe ea ka. Ka nako e ’ngoe o ile a hana moputso oa linyeoe tse 30. Hobane’ng? O ile a re: “Ke batla ho tšehetsa mosebetsi oa lōna ka se senyenyane seo ke nang le sona.” ’Me litšebeletso tsa hae tsa molao li ne li ka ja chelete e ngata haholo. Ba boholong ba ne ba ntse ba bona mosebetsi oa sehlopha seo sa Monghali Olszewski, empa seo ha sea ka sa mo thibela ho thusa barab’abo rōna.

Ho thata ho hlalosa hore na barab’abo rōna ba ile ba fana ka bopaki bo botle hakae linyeoeng tseo. Bara le barali babo rōna ba bangata ba ne ba tla makhotleng ho tla mamela linyeoe le ho matlafatsa barab’abo rōna ba qosoang. Nakong ea ha ho ne ho e-na le linyeoe tse ngata, ke ile ka bala batho ba ka bang 30 000 ka selemo ba neng ba tlil’o tšehetsa ba bang. Ka sebele leo e ne e le letšoele le leholo la Lipaki!

Mosebetsi o Mocha

Ka 1989 mosebetsi oa rōna o ile oa lumelloa ka molao. Lilemo tse tharo hamorao, ho ile ha hahoa ofisi e ncha ea lekala ea ba ea neheloa. Ke ile ka bitsetsoa ho tla sebetsa Lefapheng la Boitsebiso ba Litšebeletso Tsa Lipetlele, e leng mosebetsi oo ke ileng ka thaba ha ke o fuoa. Re ne re sebetsa re le bararo, re tšehetsa barab’abo rōna ba neng ba tobane le taba ea mali re bile re ba thusa hore ba ikemele ka letsoalo la bona la Bokreste.—Liketso 15:29.

’Na le mosali oa ka re leboha haholo ka tlotla eo Jehova a re fileng eona ea ho sebeletsa batho. Nela o ’nile a ntšehetsa le ho nkhothatsa. Kamehla ke tla mo leboha hobane neng kapa neng ha ke ne ke phathahane mesebetsing ea puso ea Molimo kapa ke koaletsoe chankaneng, ha ho mohla a kileng a tletleba ka hore ha ke eo lapeng. Ha ho ne ho le thata, o ne a tšelisa ba bang ho e-na le hore eena a tepelle.

Ka mohlala, ka 1974, ke ile ka tšoaroa hammoho le balebeli ba bang ba tsamaeang. Barab’abo rōna ba bang ba neng ba tseba taba eo ba ne ba batla tsela e bonolo ea ho e bolella mosali oa ka. Ha ba fihla ho eena ba ile ba re: “Morali’abo rōna Nela, re u tšoaretse litaba tse bohloko?” Qalong o ne a tšohile hoo a neng a sa khone ho etsa letho, kaha o ne a nahana hore ke shoele. Ha a utloa hore na hantle-ntle ho etsahetse’ng, ho ile ha re kokololo! eaba o re: “Bonyane oa phela! Ha a qale ho tšoaroa.” Hamorao barab’abo rōna ba ile ba mpolella hore ba ile ba tsota sebete sa hae.

Le hoja nakong e fetileng re bile le liphihlelo tse bohloko, ka linako tsohle Jehova o ’nile a re putsa ka ho enneng ka lebaka la ho boloka tsela ea hae. Ruri hoa re thabisa hore ebe morali oa rōna, Lidia le monna oa hae, Alfred DeRusha e ’nile ea e-ba banyalani ba Bakreste ba behang mohlala o motle. Ba hōlisitse bara ba bona, Christopher le Jonathan, ho fihlela e e-ba bahlanka ba Molimo ba inehetseng, e leng se re thabisang le ho feta. Moen’a ka Ryszard le khaitseli ea ka Urszula le bona e bile Bakreste ba tšepahetseng ka lilemo tse ngata.

Ha ho mohla Jehova a kileng a re lahla, ’me re batla ho tsoela pele re mo sebeletsa ka pelo eohle. Re iponetse ka mahlo bonnete ba mantsoe a ho Pesaleme ea 37:34: “Tšepa Jehova ’me u boloke tsela ea hae, o tla u phahamisa hore u rue lefatše.” Ka lipelo tsohle tsa rōna, re lebeletse nako ea ha seo se tla phethahala.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ha ke le jareteng ea mor’abo rōna e mong Krakow (Cracov), Poland –ka 1964

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ke ’na le mosali oa ka Nela, le Lidia morali oa rōna, ka 1968

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ke ’na le moshanyana oa Paki le lelapa labo pele a buuoa pelo ntle ho mali

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ke ’na le Ngaka Wites, e leng ngaka e khōlō ea ho bua bana ntle ho mali, Sepetleleng sa Katowice

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ke ’na le Nela, ka 2002