Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Moputso oa Leeto le Lelelele

Moputso oa Leeto le Lelelele

Moputso oa Leeto le Lelelele

TLALEHO ena e tsoang Democratic Republic of Congo e bua ka baralib’abo rōna ba babeli bao e leng bana ba motho ba ileng ba rera ho nka leeto le lelelele sebakeng se tsekolotsoeng ke ntoa e le hore ba ee Kopanong ea Setereke ea “Tlotlisang Molimo,” e neng e le Lisala. Ntle ho thuto ea lintho tsa moea le botsoalle ba Bokreste tseo ba neng ba nahanne ho ea li thabela kopanong eo, ba ne ba lebeletse ho ea kopana le baemeli ba ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Kinshasa. Ka lebaka la ntoa ea lehae, ho ne ho fetile lilemo ba sa bone mang kapa mang ea tsoang ofising ea lekala, ’me ba ne ba batla ho sebelisa monyetla ona hore ba ba bone.

Barali bana babo rōna ba ile ba tsamaea ka seketsoana ho tloha ha habo bona Basankusu ho ea Lisala, e leng leeto la lik’hilomithara tse ka bang tse 300 leo ho lona ba ileng ba tsamaea linōkeng tse peli tse har’a moru. Leeto lena le ile la nka libeke tse tharo. Kaha bobeli ba bona ba tšebeletsong ea nako e tletseng, e mong e bile pula-maliboho ka lilemo tse 3 e mong tse 19, leetong la bona ba ile ba ipha monyetla oa ho jala litaba tse molemo tsa ’Muso. Ba ile ba nka lihora tse ka bang 110 ba ntse ba bolela litaba tse molemo ho bao ba kopanang le bona tseleng, ’me ba tsamaisa lipampitšana tse 200 le limakasine tse 30.

Seketsoana sena se ne se feta har’a likubu le likoena tse atileng sebakeng seo. Ba ne ba sa tsamaee bosiu hobane liketsoana ha li tsamaee har’a likotsi tse joalo ha ho le lefifi! Ba ile ba feta le libakeng tse ngata tseo masole a hlahlobang batho ho tsona.

Le hoja barali bana babo rōna ba ne ba khathetse ka lebaka la leeto lena le lelelele, le ne le ba thabisitse. Bobeli ba ne ba tletse teboho le nyakallo ke ho ba teng kopanong ea Lisala. Ba ne ba e-na le tjantjello e matla bakeng sa ’nete, ’me ba ile ba khothatsoa ke ho ba le bara le baralib’abo bona ba 7 000. Ka mor’a kopano, ba ile ba tobana le mathata a tšoanang ha ba khutlela hae, moo ba ileng ba fumana ho se khathatso ea letho malapeng a bona.