Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Etella Pele ho Tlotla Balumeli-’moho le Uena?

Na U Etella Pele ho Tlotla Balumeli-’moho le Uena?

Na U Etella Pele ho Tlotla Balumeli-’moho le Uena?

“Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontšaneng tlotla.”—BAR. 12:10, NW.

1, 2. (a) Pauluse o fana ka keletso efe lengolong leo a ileng a le ngolla Baroma? (b) Re tla tšohla lipotso life?

LENGOLONG leo moapostola Pauluse a ileng a le ngolla Baroma, o ile a hatisa bohlokoa ba hore kaha re Bakreste, re lokela ho bontša lerato ka phuthehong. O re hopotsa hore lerato la rōna e lokela hore e be “le se nang boikaketsi.” O boetse o bua ka “lerato la bara ba motho” ’me o bolela hore le lokela ho bontšoa hammoho le “lerato le mofuthu.”—Bar. 12:9, 10a.

2 Ho hlakile hore ho ba le lerato la bara ba motho ha ho bolele feela ho ba botsoalle ho batho ba bang. Lerato le joalo le lokela ho bontšoa ka liketso. Etsoe, ha ho motho ea tla tseba hore re na le lerato le kameho e mofuthu ntle le hore re li bonahatse ka tsela e itseng. Ka lebaka leo, Pauluse o phaella ka keletso e reng: “Etellang pele ho bontšaneng tlotla.” (Bar. 12:10b, NW) Ho tlotla motho ho akarelletsa’ng? Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re etelle pele ho tlotla balumeli-’moho le rōna? Re ka ba tlotla joang?

Tlhompho le Tlotla

3. Lentsoe “tlotla” le bolela’ng ka Seheberu le ka Segerike sa pele sa Bibele?

3 Lentsoe la sehlooho la Seheberu le fetoletsoeng e le “tlotla,” ha e le hantle le bolela “boima.” Motho ea tlotloang o nkoa a le boima kapa e le oa bohlokoa. Hangata ka Mangolong, lentsoe lona leo la Seheberu le boetse le fetoleloa e le “khanya,” e leng se boetseng se bontša kamoo motho ea tlotloang a nkeloang holimo kateng. (Gen. 45:13) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “tlotla” ka Bibeleng, le fetisa mohopolo oa tlhompho, molemo le bohlokoa. (Luka 14:10, NW) Ka sebele, batho bao re ba tlotlang ke ba bohlokoa ebile ba molemo ho rōna.

4, 5. Ho tlotla motho le ho mo hlompha ho amana joang? Bontša.

4 Ho tlotla batho ba bang ho akarelletsa’ng? Ho qala ka ho ba hlompha. Ha e le hantle, mantsoe “tlotla” le “tlhompho” a atisa ho sebelisoa hammoho hobane a amana haholo. Ho tlotla motho ke ho bontša ka liketso hore ua mo hlompha. Ka mantsoe a mang, tlhompho e amana haholo-holo le kamoo re talimang mor’abo rōna kateng, athe tlotla e amana le kamoo re mo tšoarang kateng.

5 Mokreste a ka tlotla balumeli-’moho le eena e le kannete joang haeba a sa ba hlomphe ho tsoa botebong ba pelo? (3 Joh. 9, 10) Joalokaha semela se ka tlokoma sa ba sa phela nako e telele haeba se metse mobung o motle, ka tsela e tšoanang, tlotla e ka ba ea sebele le e tšoarellang haeba feela mokokotlo oa eona e le tlhompho. Kaha tlotla e sa tsoeng botebong ba pelo ha e susumetsoe ke tlhompho ea sebele, ho e-s’o ee kae e tla fela. Kahoo, ha ho makatse hore ebe pele Pauluse a fana ka keletso ea hore ho tlotloe batho ba bang, o ile a bua mantsoe ana a sa hlatheng koana le koana: “Lerato la lōna e ke e be le se nang boikaketsi.”—Bar. 12:9; bala 1 Petrose 1:22.

Tlotla Batho ba Bōpiloeng ka “Setšoantšo sa Molimo”

6, 7. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha batho ba bang?

6 Kaha ho hlokahala tlhompho e tsoang botebong ba pelo e le hore re ka tlotla batho ba bang, le ka mohla ha rea lokela ho lebala mabaka a thehiloeng Mangolong a hore re hlomphe barab’abo rōna bohle. Kahoo, a re ke re tšohleng a mabeli a mabaka ao.

7 Ho fapana le libōpuoa tse ling tse lefatšeng, batho ba bōpiloe ka “setšoantšo sa Molimo.” (Jak. 3:9) Ka lebaka leo, re na le litšobotsi tse tšoanang le tsa Molimo tse kang lerato, bohlale le toka. Hlokomela ntho e ’ngoe hape eo ’Mōpi oa rōna a re fileng eona. Mopesaleme o re: “Jehova . . . , uena eo ho hlompheha ha hao ho phetoang ka holim’a maholimo! . . . U ile ua boela ua mo [motho] etsa ea ka tlaasana ho ba kang melimo, joale ua mo roesa moqhaka oa khanya le bokhabane [“tlotla,” King James Version].” (Pes. 8:1, 4, 5; 104:1) * Molimo o roesitse batho ka kakaretso moqhaka, kapa o ba khabisitse ka ho hlompheha, khanya le tlotla. Kahoo, ha re hlompha motho e mong, re bontša hore ha e le hantle re lumela hore Jehova ke eena ea fileng batho ho hlompheha. Joale, haeba re e-na le mabaka a utloahalang a hore re hlomphe batho ka kakaretso, ruri re tšoanela ho hlompha balumeli-’moho le rōna le ho feta!—Joh. 3:16; Bagal. 6:10.

Re Litho Tsa Lelapa le le Leng

8, 9. Pauluse o bolela hore re lokela ho hlompha balumeli-’moho le rōna ka lebaka lefe?

8 Pauluse o bolela lebaka le leng leo re hlomphanang ka lona. Pele a fana ka keletso ea hore re tlotlane, o re: “Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu.” Poleloana ea Segerike e fetoletsoeng e le “lerato le mofuthu” e bolela tlamahano e matla e kopanyang lelapa le ratanang le le tšehetsanang. Kahoo, ha Pauluse a ne a sebelisa poleloana eo, o ne a hatisa hore ka phuthehong maqhama a lokela ho ba matla a be a be mofuthu joaloka lelapeng le momahaneng. (Bar. 12:5) Ho feta moo, hopola hore mantsoe ana, Pauluse o ne a a ngoletse Bakreste ba tlotsitsoeng, bao kaofela ha bona e neng e le bana ba nketsoeng ka lapeng ke Ntate a le mong, e leng Jehova. Kahoo, e ne e le lelapa le momahaneng ka tsela e ikhethang. Ka lebaka leo, ruri Bakreste ba tlotsitsoeng ba mehleng ea Pauluse ba ne ba e-na le lebaka le matla la hore ba hlomphane. Ho joalo le ka batlotsuoa kajeno.

9 “Linku tse ling” tsona? (Joh. 10:16) Le hoja e e-s’o ka e e-ba bana ba Molimo ba nketsoeng ka lapeng, ka nepo li ka bitsana bara le barali ba motho hobane ke karolo ea lelapa le le leng la Bakreste le momahaneng lefatšeng ka bophara. (1 Pet. 2:17; 5:9) Kahoo, haeba batho bao e leng karolo ea linku tse ling ba utloisisa ka botlalo hore na ba bolela’ng ha ba sebelisa mantsoe a reng “mor’abo rōna” kapa “morali’abo rōna,” joale le bona ba na le lebaka le matla la hore ba hlomphe balumeli-’moho le bona ho tsoa botebong ba pelo.—Bala 1 Petrose 3:8.

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa Hakaale?

10, 11. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale hore re hlomphe batho ba bang re be re ba tlotle?

10 Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale hore re hlomphe batho ba bang re be re ba tlotle? Ka lebaka lena: Ha re tlotla bara le barali babo rōna, re kenya letsoho haholo ho etsa hore phutheho eohle e atlehe ’me e be bonngoeng.

11 Ho hlakile hore ho ba le kamano e haufi le Jehova le ho tšehetsoa ke moea oa hae, ke lintho tse matla ka ho fetisisa tse re matlafatsang re le Bakreste ba ’nete. (Pes. 36:7; Joh. 14:26) Ho ntse ho le joalo, rea khothala ha balumeli-’moho le rōna ba bontša hore ba re nka re le batho ba bohlokoa. (Liprov. 25:11) Re tsoha molota ha motho e mong a bua kapa a etsa ntho e itseng e bontšang hore oa re hlompha. Re ba morolo hore re tsoele pele re tsamaea ka thabo le boikemisetso tseleng e isang bophelong. Ha ho pelaelo hore le uena u kile ua ikutloa ka tsela eo.

12. E mong le e mong oa rōna a ka kenya letsoho joang ho etsa hore ho rene lerato ka phuthehong?

12 Joale, kaha Jehova oa tseba hore ka tlhaho re rata ho hlomphuoa, ka nepo Lentsoeng la hae o re phehella hore re “labalabele ho bontšana tlhompho.” (Bar. 12:10, Today’s English Version; bala Matheu 7:12.) Bakreste bohle ba nkang keletso eo e sa siuoeng ke nako ka ho teba, ba kenya letsoho ho etsa hore ho rene lerato mokhatlong oa Bokreste oa bara ba motho. Kahoo, e ka ba hantle hore re ke re eme hanyenyane ’me re ipotse, ‘Ke qetetse neng ho bontša ka lipuo le ka liketso hore ke hlompha mora kapa morali oeso ka phuthehong?’—Bar. 13:8.

Kaofela ha Rōna re Lokela ho Etella Pele ho Tlotla ba Bang

13. (a) Ke bo-mang ba lokelang ho etella pele ho tlotla batho ba bang? (b) Mantsoe a Pauluse a ho Baroma 1:7 a bontša’ng?

13 Ke bo-mang ba lokelang ho etella pele ho tlotla batho ba bang? Lengolong leo Pauluse a ileng a le ngolla Baheberu, o bolela hore baholo ba Bakreste ke “ba etellang pele har’a lōna.” (Baheb. 13:17) Ke ’nete hore baholo ba etella pele linthong tse ngata. Ho ntse ho le joalo, kaha ke balisa ba mohlape, ruri ba lokela ho etella pele ho tlotla balumeli-’moho le bona—ho akarelletsa le baholo ba bang. Ka mohlala, ha baholo ba kopana ’me ba tšohla lintho tseo phutheho e li hlokang moeeng, ba bontša hore baa tlotlana ka hore ba mamele ka hloko litlhaloso tsa moholo leha e le ofe har’a bona. Ho phaella moo, ba bontša hore ba tlotla ba bang ka hore ba ele maikutlo a baholo bohle hloko ha ho etsoa qeto. (Lik. 15:6-15) Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore lengolo leo Pauluse a neng a le ngoletse Baroma le ne le sa ngolloa baholo feela empa le ne le ngoletsoe phutheho eohle. (Bar. 1:7) Ka lebaka leo, ho ka boleloa hore keletso ea hore re etelle pele ho tlotla batho ba bang e sebetsa ho rōna kaofela kajeno.

14. (a) Bontša hore na phapang ke efe pakeng tsa ho tlotla batho ba bang le ho etella pele tabeng ea ho ba tlotla. (b) Re ka ’na ra ipotsa potso efe?

14 Hape, hlokomela taba ena e keletsong ea Pauluse. Ha aa ka a phehella balumeli-’moho le eena Roma hore ba tlotle batho ba bang feela empa o ile a re ba etelle pele ho ba tlotla. Ke hobane’ng ha seo e le sa bohlokoa? Nahana ka mohlala ona. Na tichere e ne e ka phehella liithuti tse tsebang ho bala hore li ithute ho bala? Che. Li se li ntse li tseba ho bala. Ho e-na le hoo, tichere eo e ne e tla batla ho thusa liithuti tseo hore li tsebe ho bala hantle. Ka tsela e tšoanang, ho ratana, e leng hona ho re susumelletsang hore re tlotle batho ba bang, e se e ntse e le letšoao le khethollang Bakreste ba ’nete. (Joh. 13:35) Leha ho le joalo, joalokaha liithuti tse tsebang ho bala li ka hatela pele ka hore li ntlafatse tsela eo li balang ka eona, le rōna re ka hatela pele ka hore re etelle pele tabeng ea ho tlotla batho ba bang. (1 Bathes. 4:9, 10) Kaofela ha rōna re lokela ho etella pele ho tlotla ba bang. Re ka ’na ra ipotsa, ‘Na ke sona seo ke se etsang—na ke etella pele ho tlotla batho ba bang ka phuthehong?’

Tlotla Batho ‘ba Tlaase’

15, 16. (a) Ha re tlotla batho ba bang, ke bo-mang bao re sa lokelang ho ba hlokomoloha, hona hobane’ng? (b) Ke eng e ka ’nang ea bontša hore re hlompha bara le barali babo rōna bohle ho tsoa botebong ba pelo?

15 Ha re tlotla batho ba bang, ke bo-mang bao re sa lokelang ho ba hlokomoloha ka phuthehong? Lentsoe la Molimo le re: “Ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova, ’me O tla mo buseletsa tšoaro ea hae.” (Liprov. 19:17) Molao-motheo o fumanoang mantsoeng aa o lokela hore ama joang ha re ntse re ikitlaetsa ho tlotla batho ba bang?

16 U tla lumela hore batho ba bangata ba tlotla batho ba ba phahametseng, empa batho bona bao ba ka ’na ba se ke ba hlompha hakaalo batho bao ba ba khellang fatše kapa ba se ke ba ba hlompha ho hang. Leha ho le joalo, Jehova ha aa joalo. O re: “Ke tla tlōtla ba ntlōtlang.” (1 Sam. 2:30, Bibele—Phetolelo e Ncha; Pes. 113:5-7) Jehova o tlotla batho bohle ba mo sebeletsang le ba mo tlotlang. Ha a iphapanyetse motho “ea tlaase.” (Bala 1 Samuele 2:8; 2 Likron. 16:9) Ho hlakile hore re batla ho etsisa Jehova. Ka hona, haeba re batla ho bona hore na re fela re tlotla batho ba bang, e ka ba hantle hore re ipotse, ‘Ke tšoara batho ba se nang boikarabelo bo hlaheletseng ka phuthehong joang?’ (Joh. 13:14, 15) Karabo ea potso eo e bontša hore na re hlompha batho ba bang ho tsoa botebong ba pelo hakae.—Bala Bafilipi 2:3, 4.

Re Bontša Hore re Tlotla Batho ba Bang ka ho ba Tella Nako ea Rōna

17. Ke tsela efe e ka sehloohong eo re ka etellang pele ka eona tabeng ea ho tlotla batho ba bang, hona ke hobane’ng ha ho le joalo?

17 Ke tsela efe e ka sehloohong eo re ka etellang pele ka eona tabeng ea ho tlotla batho bohle ka phuthehong? Ke ka ho ba tella nako ea rōna. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Kaha re Bakreste, re phela bophelo bo maphathaphathe, ’me re sebelisa nako e ngata ho etsa mesebetsi e mengata ea bohlokoa ka phuthehong. Kahoo, ha ho makatse hore ebe re nka nako e le ea bohlokoa. Re boetse rea hlokomela hore ha rea lokela ho qobella bara le barali babo rōna hore ba re telle nako ea bona e ngata haholo. Ka tsela e tšoanang, rea ananela ha batho ba bang ka phuthehong ba utloisisa hore ha baa lokela ho re qobella hore re ba telle nako ea rōna.

18. Joalokaha setšoantšo se leqepheng la 18 se bontša, re ka bontša joang hore re ikemiselitse ho tella balumeli-’moho le rōna nako ea rōna?

18 Ho sa tsotellehe seo, re boetse rea hlokomela (haholo-holo rōna bao re sebeletsang re le balisa ka phuthehong) hore ho ikemisetsa ho tlohela lintho tseo re li etsang ebe re tella balumeli-’moho le rōna nako e itseng ho bontša hore rea ba hlompha. Ka tsela efe? Ha re tlohela lintho tseo re li etsang ebe re tella barab’abo rōna nako ea rōna, ho tšoana le ha re re ho bona, ‘U motho oa bohlokoa haholo ho ’na hoo ho leng molemo hore ke qete nako le uena ho e-na le ho tsoela pele ka ntho eo ke e etsang.’ (Mar. 6:30-34) Ka lehlakoreng le leng, haeba re le leqe ho tlohela lintho tseo re li etsang e le hore re telle barab’abo rōna nako ea rōna, re ka ’na ra etsa hore ba ikutloe eka ha re ba nke e le ba bohlokoa hakaalo. Ke ’nete hore ka linako tse ling re ee be re etsa ntho ea bohlokoa eo re ke keng ra e tlohela ka lehare. Ho ntse ho le joalo, hore na re ikemiselitse hakae—kapa re leqe hakae—ho tella bara le barali babo rōna nako ea rōna, seo se bontša hore na re ba hlompha hakae.—1 Bakor. 10:24.

Ikemisetse ho Etella Pele

19. Ntle le ho tella balumeli-’moho le rōna nako ea rōna, re ka ba tlotla ka tsela efe?

19 Ho na le litsela tse ling tsa bohlokoa tseo re ka tlotlang balumeli-’moho le rōna ka tsona. Ka mohlala, ha re ba tella nako ea rōna, re boetse re lokela ho ba ela hloko. Le tabeng ena Jehova o re behela mohlala. Mopesaleme Davida o re: “Mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, o sekehela mohoo oa bona o kōpang thuso tsebe.” (Pes. 34:15) Re loanela ho etsisa Jehova ka ho ela barab’abo rōna hloko ka ho feletseng, haholo-holo ha ba kōpa hore re ba thuse. Ha re etsa joalo, rea ba tlotla.

20. Ke likhopotso life tse mabapi le ho tlotla batho ba bang tseo e ka bang hantle hore re lule re li hopola?

20 Joalokaha re se re tšohlile taba ena, e ka ba hantle hore re lule re hopola ka ho hlaka hore na ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha balumeli-’moho le rōna ho tsoa botebong ba pelo. Ho feta moo, re batla menyetla ea hore re etelle pele tabeng ea ho tlotla batho bohle, ho akarelletsa le ba tlaase. Ha re nka mehato ena, re tla matlafatsa tlamahano ea lerato la bara ba motho le bonngoe ka phuthehong. Ka lebaka leo, e se eka kaofela ha rōna re ke ke ra tsoela pele re tlotlana feela, empa re etelle pele tabeng ea ho tlotlana. Na ke sona seo u ikemiselitseng ho se etsa?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Mantsoe a Davida a Pesalemeng ea 8 e boetse ke mantsoe a boprofeta, a buang ka motho ea phethahetseng e leng Jesu Kreste.—Baheb. 2:6-9.

Na U sa Hopola?

• Ho tlotla motho le ho mo hlompha ho amana joang?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho tlotla balumeli-’moho le rōna?

• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re tlotlane?

• Re ka tlotla balumeli-’moho le rōna ka litsela life?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Re ka tlotla balumeli-’moho le rōna joang?