Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Fumana Litlhohonolofatso ka Morena ea Tataisoang ke Moea oa Molimo!

Fumana Litlhohonolofatso ka Morena ea Tataisoang ke Moea oa Molimo!

Fumana Litlhohonolofatso ka Morena ea Tataisoang ke Moea oa Molimo!

“Moea oa Jehova o tla lula holim’a hae.”—ESA. 11:2.

1. Batho ba bang ba itse’ng ho bontša hore ba tšoenyehile ka mathata a lefatše?

“HA E le moo lefatše le ferekane hakaale litabeng tsa lipolotiki, tsa kahisano le tsa tikoloho, ke joang moloko oa batho o ka phelang lilemo tse ling tse 100?” Stephen Hawking, eo e leng setsebi sa lihloliloeng tsa leholimo, o ile a botsa potso eo ka 2006. Sehlooho se hlahileng koranteng ea New Statesman se ile sa re: “Ha rea felisa bofutsana kapa ho etsa hore ho be le khotso lefatšeng. Ho e-na le hoo, ho bonahala re entse se fapaneng le seo ka ho feletseng. Hase hore re phuthile matsoho feela. Re lekile maoala ’ohle, re lekile bokomonisi, ra leka puso ea bok’hapitale; ra theha Selekane sa Lichaba ra ba ra leka ho loantša pokello ea libetsa tsa nyutlelie. Re loanne ‘lintoa tse ngata haholo moo re reng re thibela ntoa’ hoo re lokelang ho lumela hore re hlōtsoe ho felisa ntoa.”

2. Haufinyane Jehova o tla sebelisa matla a hae joang e le ’musi ea nang le tokelo ea ho busa lefatše?

2 Bahlanka ba Jehova ha ba makatsoe ke lipolelo tse joalo. Bibele e re bolella hore batho ba ne ba sa bōpeloa hore ba ipuse. (Jer. 10:23) Jehova ke eena feela ea nang le tokelo ea ho ba ’Musi oa rōna. Kahoo, o na le matla a ho re behela melao, ho bolela hore na morero oa rōna bophelong e lokela ho ba ofe le ho re tataisa hore re finyelle morero oo. Ho feta moo, haufinyane o tla sebelisa matla a hae ho felisa boiteko ba batho ba ho ipusa bo hlōlehileng. Ka nako e tšoanang o tla felisa batho bohle bao ka ho hana bobusi ba hae bo loketseng ba neng ba ka etsa hore batho ba lule e le makhoba a sebe le ho se phethahale esita le a “molimo oa tsamaiso ena ea lintho,” e leng Satane Diabolose.—2 Bakor. 4:4.

3. Esaia o ile a profeta’ng mabapi le Mesia?

3 Lefatšeng le lecha la Paradeise, Jehova o tla bonahatsa bobusi ba hae bo lerato ho batho a sebelisa ’Muso oa Bomesia. (Dan. 7:13, 14) Mabapi le Morena oa oona, Esaia o ile a profeta a re: “Ho tla hlaha lekala kutung ea Jese; ’me lehlōmela le tla ata metsong ea hae. Moea oa Jehova o tla lula holim’a hae, moea oa bohlale le oa kutloisiso, moea oa keletso le oa matla, moea oa tsebo le oa ho tšaba Jehova.” (Esa. 11:1, 2) Molimo o sebelisitse moea oa hae o halalelang ka litsela life ho etsa hore “lekala kutung ea Jese”—e leng Jesu Kreste—le tšoanelehe ho busa batho? Puso ea hae e tla tlisa litlhohonolofatso life? Hona re lokela ho etsa’ng e le hore re fumane litlhohonolofatso tseo?

Molimo o Etsa Hore a Tšoanelehe ho Busa

4-6. Ke tsebo efe ea bohlokoa e tla etsa hore Jesu e be Morena, Moprista ea Phahameng le Moahloli ea bohlale le ea nang le kutloelo-bohloko?

4 Jehova o batla hore bafo ba hae ba batho ba fihle phethehong ba tataisoa ke Morena, Moprista ea Phahameng le Moahloli ea bohlale le ea nang le kutloelo-bohloko e le kannete. Ke ka lebaka leo Molimo a ileng a khetha Jesu Kreste, eo ka moea o halalelang a ileng a etsa hore a tšoanelehele ho phetha boikarabelo boo ba bohlokoa ka ho fetisisa. Nahana ka a mang a mabaka ao ka ’ona Jesu a tla phetha boikarabelo boo a bo filoeng ke Molimo ka tsela e phethahetseng.

5 Jesu o tseba Molimo hantle. Mora ea tsoetsoeng a ’notši o tsebile Ntate nako e telele ho feta mang kapa mang, mohlomong ka lilemo tse libilione. Nakong eo, Jesu o ile a tseba Jehova hantle hoo ho neng ho ka boleloa hore ke “setšoantšo sa Molimo ea sa bonahaleng.” (Bakol. 1:15) Jesu ka boeena o ile a re: “Ea mponeng o bone le Ntate.”—Joh. 14:9.

6 Ntle le Jehova, Jesu ke eena ea nang le tsebo e batsi ka ho fetisisa ka pōpo eohle, ho akarelletsa le batho. Bakolose 1:16, 17 e re: “Lintho tse ling tsohle tse maholimong le tse lefatšeng li ile tsa bōptjoa ho sebelisoa eena [Mora oa Molimo], lintho tse bonahalang le lintho tse sa bonahaleng . . . Hape, o ka pele ho lintho tse ling tsohle ’me ka eena lintho tse ling tsohle li ile tsa etsoa hore li be teng.” Nahana feela! Jesu, e le “mosebetsi ea hloahloa” oa Molimo o ile a kenya letsoho ha ho ne ho bōptjoa lintho tse ling tsohle. Kahoo, o utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le bokahohle, ebang ke likarolo tse nyenyane haholo tsa athomo kapa ke boko ba motho bo hlollang. Ka sebele, Kreste ke bohlale bo mothofalitsoeng!—Liprov. 8:12, 22, 30, 31.

7, 8. Moea oa Molimo o ile oa thusa Jesu joang tšebeletsong ea hae?

7 Jesu o ne a tlotsitsoe ka moea o halalelang oa Molimo. Jesu o ile a re: “Moea oa Jehova o holim’a ka, hobane o ntlotselitse hore ke bolelle mafutsana litaba tse molemo, o nthometse hore ke bolelle baholehuoa tokollo le hore ba foufetseng ba boele ba bone, ho etsa hore ba hateletsoeng ba tsamaee ba lokolohile, ho bolela selemo se amohelehang sa Jehova.” (Luka 4:18, 19) Ha Jesu a ne a kolobetsoa, ho bonahala eka moea o halalelang o ile oa mo hopotsa lintho tseo a neng a ithutile tsona pele e e-ba motho oa nama, ho akarelletsa le seo Molimo a neng a batla hore a se finyelle ha a ne a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng e le Mesia.—Bala Esaia 42:1; Luka 3:21, 22; Johanne 12:50.

8 Kaha o ne a matlafalitsoe ke moea o halalelang a bile a phethahetse ’meleng le kelellong, Jesu e ne e se feela motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela, empa e ne e boetse e le Mosuoe e moholo ka ho fetisisa. Ha e le hantle, bamameli ba hae ba ile “ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta.” (Mat. 7:28) Ka mohlala, Jesu o ile a khona ho hlalosa hore na sesosa sa mathata a batho ke sefe—e leng sebe, ho se phethahale le ho hloka tsebo ka Molimo. Hape, o ne a hlokomela se neng se hlile se le ka lipelong tsa batho, ebe o nka bohato bo loketseng.—Mat. 9:4; Joh. 1:47.

9. Ha u nahana ka lintho tse ileng tsa hlahela Jesu ha a ne a le lefatšeng, seo se etsa hore e be ’Musi eo u mo tšepang le ho feta joang?

9 Jesu o ile a phela e le motho oa nama. Lintho tse ileng tsa mo hlahela ha e ne e le motho oa nama le ho phela le batho ba sa phethahalang, ho ile ha thusa Jesu hore a tšoanelehe ho ba Morena. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “[Jesu] o ile a tlameha ho ba joaloka ‘barab’abo’ ka litsela tsohle, e le hore e ka ba moprista ea phahameng ea mohau le ea tšepahalang linthong tse amanang le Molimo, e le hore a nyehele sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa batho. Etsoe ka hore o utloile bohloko ha a ntse a lekoa, o khona ho phallela ba ntseng ba lekoa.” (Baheb. 2:17, 18) Kaha Jesu o ile “a lekoa,” a ka utloela batho ba lekoang bohloko. Kutloelo-bohloko ea Jesu e ile ea bonahala ka ho hlaka nakong eo a neng a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng. Batho ba kulang, ba holofetseng le ba hateletsoeng—esita le bana—ba ne ba sa tšabe ho ea ho eena. (Mar. 5:22-24, 38-42; 10:14-16) Batho ba bonolo le ba labalabelang ho ithuta ka Molimo le bona ba ne ba sa tšabe ho ea ho eena. Ka lehlakoreng le leng, batho ba ikhohomosang, ba ikakasang le ba ‘se nang lerato la Molimo’ ba ne ba mo khesa, ba mo hloile ba bile ba mo hanyetsa.—Joh. 5:40-42; 11:47-53.

10. Jesu o ile a bontša ka tsela efe e khōlō hore oa re rata?

10 Jesu o ile a nyehela bophelo ba hae molemong oa rōna. Mohlomong bopaki bo boholo ka ho fetisisa ba hore Jesu o tšoaneleha ho ba ’Musi ke hore o ne a ikemiselitse ho re shoela. (Bala Pesaleme ea 40:6-10.) Kreste o ile a re: “Ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae.” (Joh. 15:13) Ka sebele, ho fapana le baeta-pele ba sa phethahalang ba batho, ba tloaetseng ho ja batho ba bang e le hore ba phele bophelo bo mabothobotho, Jesu eena o ile a nyehela bophelo ba hae molemong oa batho.—Mat. 20:28.

Jesu o Filoe Matla a ho Fana ka Melemo ea Thekollo

11. Ke hobane’ng ha re ka tšepa Jesu ka botlalo e le Morekolli oa rōna?

11 Ruri ho loketse hore ebe Jesu e le Moprista ea Phahameng ke eena ea tla etella pele ho re fa melemo ea sehlabelo sa thekollo! Ha e le hantle nakong eo a neng a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng, Jesu o ile a re fa mohlala oa hore na joaloka Morekolli oa rōna ke sefe seo a tla se etsa nakong ea Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete, e leng seo re ka se fumanang haeba re tšepahala. O ile a folisa batho ba kulang le ba holofetseng, a tsosa bafu, a fepa matšoele a ba a laola le boemo ba leholimo. (Mat. 8:26; 14:14-21; Luka 7:14, 15) Ho feta moo, ha aa ka a etsa lintho tsena ho khantša matla, empa o ile a li etsa ho bontša kutloelo-bohloko le lerato. Ha a bua le molepera ea neng a kōpa hore a mo folise o ile a re: “Kea batla.” (Mar. 1:40, 41) Jesu o tla bontša kutloelo-bohloko e joalo nakong ea Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete, empa a etsa joalo lefatšeng lohle.

12. Esaia 11:9 e tla phethahala joang?

12 Kreste le babusi-’moho le eena ba tla boela ba ntšetse pele mosebetsi oa ho ruta batho ba Molimo oo Jesu a o qalileng lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng. Kahoo mantsoe ana a ho Esaia 11:9 a tla phethahala: “Lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.” Ha ho pelaelo hore thuto eo e tsoang ho Molimo e tla akarelletsa litaelo tsa kamoo ba ka hlokomelang lefatše hammoho le libōpuoa tsa lona tse se nang palo, joalokaha Adama a ne a laetsoe qalong. Qetellong ea lilemo tse 1 000, morero oa Molimo oa tšimolohong o tlalehiloeng ho Genese 1:28 o tla be o phethahetse, ’me melemo ea sehlabelo sa thekollo e tla be e fanoe ka ho feletseng.

O Filoe Matla a ho Ahlola

13. Jesu o ile a bontša joang hore o rata ho loka?

13 Kreste “ke eena ea laetsoeng ke Molimo hore e be moahloli oa ba phelang le oa bafu.” (Lik. 10:42) Kahoo, ke ho khothatsang hakaakang ho tseba hore Jesu ha a na bobolu, le hore ho loka le botšepehi li tšoantšoa le lebanta le tlanngoeng ka thata lethekeng la hae! (Esa. 11:5) O ile a bontša hore o ne a hloile meharo le boikaketsi le lintho tse ling tse mpe, ’me o ile a nyatsa batho ba neng ba sa natse mahlomola a ba bang. (Mat. 23:1-8, 25-28; Mar. 3:5) Ho feta moo, Jesu o ile a bontša hore o ne a sa thetsoe ke seo batho ba leng sona ka ntle, “etsoe o ne a tseba se leng ho motho.”—Joh. 2:25.

14. Hona joale Jesu o bontša ka tsela efe hore o rata ho loka le toka, hona re lokela ho ipotsa’ng?

14 Jesu o ntse a tsoela pele ho bontša hore o rata ho loka le toka ka hore ebe o tsamaisa mosebetsi oa ho bolela le ho ruta, o moholo ka ho fetisisa historing ea lefatše. Ha ho na motho kapa ’muso oa batho kapa moea o khopo o ka thibelang hore mosebetsi ona o etsoe ho fihlela Molimo a khotsofetse ka botlalo. Kahoo, re ka kholiseha ka ho feletseng hore ha Armagedone e fela, toka ea Molimo e tla be e hlōtse. (Bala Esaia 11:4; Matheu 16:27.) Ipotse: ‘Ha ke le tšebeletsong, na tsela eo ke ikutloang ka eona ka batho e tšoana le ea Jesu? Na ke fa Jehova se molemo ka ho fetisisa esita le haeba bophelo ba ka kapa maemo a ka a ka ’na a ntšitisa ho etsa joalo?’

15. Re ka fa Molimo se molemohali haeba re hopola’ng?

15 Re tla thusoa ho sebeletsa Molimo ka moea oohle haeba re hopola hore mosebetsi oa boboleli ke oa hae. Ke eena ea faneng ka taelo ea hore o etsoe; o o tsamaisa ka Mora oa hae; ’me o matlafatsa ba o etsang ka moea oa hae o halalelang. Na u ananela tlotla eo u nang le eona ea ho ba mosebetsi-’moho le Molimo hammoho le Mora oa hae ea tataisoang ke moea? Ke Jehova feela ea ka susumetsang batho ba fetang limilione tse supileng, bao boholo ba bona ho nkoang hore ke “ba sa rutehang le ba tloaelehileng,” ho bolella batho molaetsa oa ’Muso linaheng tse 236.—Lik. 4:13.

Itlhohonolofatse ka Kreste!

16. Genese 22:18 e fana ka maikutlo afe mabapi le litlhohonolofatso tsa Molimo?

16 Jehova o ile a re ho Abrahama: “Ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao ka lebaka la hore u mametse lentsoe la ka.” (Gen. 22:18) Sena se fana ka maikutlo a hore ka kholiseho, batho ba nang le kananelo ba ka lebella litlhohonolofatso tseo Peō ea Bomesia e tla fana ka tsona. Ho feta moo, kajeno ba sebeletsa Molimo ka mafolofolo ba nahanne ka litlhohonolofatso tseo.

17, 18. Ke tšepiso efe ea Jehova eo re balang ka eona ho Deuteronoma 28:2, hona e bolela’ng ho rōna?

17 Ha a ne a bua le peō ea Abrahama ea nama e leng sechaba sa Iseraele, Molimo o kile a re: “Litlhohonolofatso tsena tsohle [tse boletsoeng selekaneng sa Molao] li tla tla holim’a hao ’me li u fihlele, hobane u ntse u mamela lentsoe la Jehova Molimo oa hao.” (Deut. 28:2) Ho ka boleloa se tšoanang ho bahlanka ba Molimo kajeno. Haeba u batla hore Jehova a u hlohonolofatse, lula “u ntse u mamela” lentsoe la hae. Joale litlhohonolofatso tsa hae “li tla tla holim’a hao ’me li u fihlele.” Leha ho le joalo, ho “mamela” ho akarelletsa’ng?

18 Ho hlakile hore ho mamela ho akarelletsa ho nka ka ho teba se boleloang Lentsoeng la Molimo le lijo tsa moea tseo a fanang ka tsona. (Mat. 24:45) Ho boetse ho bolela ho mamela Molimo le Mora oa hae. Jesu o ile a re: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo, empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.” (Mat. 7:21) Ho feta moo, ho mamela Molimo ho bolela hore ka pelo e tšoeu, motho a ikokobelletse tokisetso eo A e entseng e leng phutheho ea Bokreste hammoho le baholo, e leng “limpho tseo e leng banna.”—Baef. 4:8.

19. Re lokela ho etsa’ng e le hore re hlohonolofatsoe?

19 Har’a “limpho tseo e leng banna” ho akarelletsoa litho tsa Sehlopha se Busang, tseo e leng baemeli ba phutheho eohle ea Bokreste. (Lik. 15:2, 6) Ha e le hantle, ntho e ka sehloohong eo re tla ahloloa ho itšetlehiloe ka eona nakong ea mahlomola a maholo a tlang, ke hore na re nka barab’abo Kreste ba moea joang. (Mat. 25:34-40) Kahoo, tsela e ’ngoe eo re ka fumanang tlhohonolofatso ka eona ke ka hore re tšehetse batlotsuoa ba Molimo ka botšepehi.

20. (a) Boikarabelo bo ka sehloohong ba “limpho tseo e leng banna” ke bofe? (b) Re ka bontša joang hore re ananela bara baa babo rōna?

20 “Limpho tseo e leng banna” li boetse li akarelletsa litho tsa Likomiti Tsa Makala, balebeli ba tsamaeang le baholo ba phutheho—bao kaofela ha bona ba khethiloeng ke moea o halalelang. (Lik. 20:28) Boikarabelo bo ka sehloohong ba bara bana babo rōna ke ho haha batho ba Molimo “ho fihlela bohle [ba] fihlela bonngoeng tumelong le tsebong e nepahetseng ea Mora oa Molimo, ho isa ho monna ea hōlileng ka ho feletseng, ho isa tekanyong ea boholo ba botlalo ba Kreste.” (Baef. 4:13) Ke ’nete hore joaloka rōna, ha baa phethahala. Ho ntse ho le joalo, rea hlohonolofatsoa haeba re bontša hore re ananela bolisa ba bona bo lerato.—Baheb. 13:7, 17.

21. Ke hobane’ng ha ho potlakile hore re mamele Mora oa Molimo?

21 Haufinyane Kreste o tla nkela tsamaiso e khopo ea Satane bohato. Ha seo se etsahala, bophelo ba rōna bo tla ba matsohong a Jesu, kaha ke eena eo Molimo a mo fileng matla a ho tataisetsa “bongata bo boholo” boo ho builoeng ka bona esale pele “lilibeng tsa metsi a bophelo.” (Tšen. 7:9, 16, 17) Kahoo, hona joale, a re etseng sohle seo re ka se khonang hore ka pelo e tšoeu le ka kananelo re ikokobeletse Morena ea tataisoang ke moea oa Jehova.

U Ithutile Eng . . .

• ho Esaia 11:1-5?

• ho Mareka 1:40, 41?

• ho Liketso 10:42?

• ho Genese 22:18?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Kutloelo-bohloko ea Jesu e ile ea bonahala ha a ne a tsosa morali oa Jairuse bafung

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Jesu Kreste o tsamaisa mosebetsi oa ho bolela o moholo ka ho fetisisa historing