Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bona Lebitso la Molimo Phuleng

Bona Lebitso la Molimo Phuleng

Bona Lebitso la Molimo Phuleng

ST. MORITZ. Na ke lebitso leo u le tsebang? Ho ka etsahala, hobane ke sebaka se tsebahalang haholo lefatšeng seo batho ba eang phomolong ho sona Engadine Valley, Switzerland. Leha ho le joalo, St. Moritz ke sebaka seo e leng khale se hohela batho hore ba ee phuleng ena e ntle e lithabeng tsa Alps tseo litlhōrō tsa tsona li lulang li aparetsoe ke lehloa, sekhutlong se ka boroa-bochabela Switzerland haufi le moeli oa Italy. Sebakeng sena ho boetse ho na le serapa sa liphoofolo tse hlaha sa Swiss National Park, seo botle ba sona ba tlhaho hammoho le limela le liphoofolo tsa sona tse ngata le tse fapa-fapaneng li rorisang ’Mōpi oa rōna e Moholo, Jehova. (Pes. 148:7-10) Empa le mesaletsa ea mokhoa o neng o tloaelehile khale bohareng ba lekholo la bo17 la lilemo le eona ea mo rorisa.

Ho na le mokhabiso o sa tloaelehang matlong a phuleng ena, o ka ’nang ua hapa mahlo a hao. Ho tloaelehile ho fumana lebitso la Molimo le ngotsoe karolong e ka pele ea ntlo, mohlomong ka holim’a monyako o moholo. Lilemong tse makholo tse fetileng, ho ne ho tloaelehile hore matlo a khabisoe ka mengolo ka ntle, ebang e ne e pentiloe leboteng, e ngotsoe ka hore ho fatoe moo ho plastariloeng kapa e ngotsoe ka ho betloa lejoeng. Ka tlaase mona u bona setšoantšo sa ntlo e ’ngoe e motseng oa Bever. Phetolelo ea mongolo oo e re: “Ka selemo sa 1715. Jehova ke qalo, Jehova ke qetello. Lintho tsohle lia khoneha ka Molimo, ’me ha ho letho le ka etsahalang kantle ho eena.” Ha e le hantle, letšoao leo la khale le sebelisitse lebitso la Molimo ka makhetlo a mabeli.

U ka boela ua bona mongolo oa khale le ho feta motseng oa Madulain. Letšoao leo le re: “Pesaleme ea 127. Ntle le haeba Jehova a haha ntlo, ke ha lefeela lihahi tsa eona li sebelitseng ka thata ho eona. Lucius Rumedius. Ka selemo sa 1654.”

Ke hobane’ng ha ho e-na le mengolo e joalo e ngotsoeng ka ntle, e nang le lebitso la Molimo phuleng ee? Morao koana mehleng ea phetohelo khahlanong le lithuto tsa K’hatholike, ho ile ha hatisoa Bibele ea Seromansh, e leng puo e tsoang Selatineng e buuoang Engadine. Ha e le hantle, e ne e le buka ea pele e ileng ea fetoleloa ka puo eo. Batho ba bangata ba moo ba ile ba susumetsoa ke seo ba neng ba se bala Lentsoeng la Molimo, kahoo, ha baa ka ba ngola mabitso a bona feela karolong e ka ntle ea matlo a bona empa ba ile ba boela ba ngola le mantsoe a qotsitsoeng Bibeleng a neng akarelletsa le lebitso la Molimo.

Ka sebele, ho tla fihlela kajeno, mengolo ena e ntse e phatlalatsa lebitso la Jehova e bile e mo rorisa, lilemo tse makholo ka mor’a hore e ngoloe matlong. Baeti hammoho le baahi ba phuleng ena ba ka ithuta haholo ka Molimo ea babatsehang e leng Jehova, ka hore ba etele mohaho o mong o ngotsoeng lebitso la hae—e leng Holo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova e Bever.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 7]

© Stähli Rolf A/age fotostock