Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Ile ka Thabela ho Sebeletsa Jehova le Tlas’a Liteko

Ke Ile ka Thabela ho Sebeletsa Jehova le Tlas’a Liteko

Ke Ile ka Thabela ho Sebeletsa Jehova le Tlas’a Liteko

Joalokaha ho boletse Maatje de Jonge-van den Heuvel

KE LILEMO li 98. Ka lilemo tse 70 ho tsona ke ile ka thabela ho sebeletsa Jehova—le hoja tumelo ea ka e ile ea lekoa. Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ke ile ka qetella ke isitsoe kampong ea mahloriso, moo ka lekhetlo le leng ho nyahama ho ileng ha etsa hore ke etse qeto eo hamorao ke ileng ka ikoahlaela eona. Lilemo hamorao, ke ile ka thulana le teko e ’ngoe e bohloko. Leha ho le joalo, ke leboha Jehova ka hore ebe ke ile ka ba le tokelo ea ho mo sebeletsa le tlas’a liteko.

Bophelo ba ka bo ile ba fetoha ka October 1940. Ke ne ke lula Hilversum, e leng toropo e ka bang lik’hilomithara tse 24 ka boroa-bochabela ho Amsterdam, Netherlands. Naha eo e ne e busoa ke Manazi. Ke ne ke se ke e-na le lilemo tse hlano ke nyetsoe ke Jaap de Jonge, ea neng a le lerato haholo ’me re ne re e-na le morali ea lilemo li tharo ea bitsoang Willy, eo re neng re mo rata haholo. Re ne re lula haufi le lelapa le leng le neng le futsanehile ’me le sokola ho fepa bana ba robeli. Leha ho le joalo, le ne le bile le lula le mohlankana e mong eo le neng le bile le mo fepa. Ke ile ka ipotsa, ‘Ebe ke hobane’ng ha ba ikimetsa ka moroalo o mong?’ Ha ke ne ke le iselitse lijo, ke ile ka utloa hore mohlankana eo e ne e le pula-maliboho. O ile a mpolella ka ’Muso oa Molimo le ka litlhohonolofatso tseo o tla li tlisa. Seo ke ileng ka se utloa se ile sa nkama pelo haholo, ’me ho e-s’o ee kae ke ile ka amohela ’nete. Selemong sona seo, ke ile ka inehela ho Jehova ’me ka kolobetsoa. Selemo ka mor’a hore ke kolobetsoe, mohats’a ka le eena o ile a amohela ’nete.

Le hoja ke ne ke se na tsebo e batsi ea Bibele, ke ne ke utloisisa ka botlalo hore ha ke e-ba Paki, ke ne ke ba setho sa mokhatlo o neng o thibetsoe. Ke ne ke bile ke tseba hore Lipaki tse ngata li ne li isitsoe chankaneng ka lebaka la ho bolela molaetsa oa ’Muso. Ho ntse ho le joalo, hang-hang ke ile ka qala ho bolela ka ntlo le ntlo, ’me ’na le mohats’a ka re ile ra amohela bo-pula-maliboho le balebeli ba tsamaeang lelapeng la rōna. Lelapeng la rōna ho ne ho boetse ho bolokoa lingoliloeng tsa Bibele, tse neng li tlisoa ke bara le baralib’abo rōna ba tsoang Amsterdam. Libaesekele tsa bona tse tsamaisang thepa li ne li laela libuka tseo ba neng ba li koahela ka seile. Ruri batsamaisi bao ba lingoliloeng ba ne ba le lerato ba bile ba le sebete! Ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing molemo oa barab’abo bona.—1 Joh. 3:16.

“U Tla Khutla Kapele, Akere ’Mè?”

Hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng ke kolobelitsoe, mapolesa a mararo a ile a tla ha rōna. A ile a kena ka tlung eaba aa secha. Le hoja a sa ka a fumana otoropo e neng e tletse lingoliloeng, a ile a fumana libuka tse ling tseo re neng re li patile ka tlas’a bethe. Hang-hang a ile a ntaela hore ke ee le ’ona seteisheneng sa mapolesa se Hilversum. Ha ke ne ke haka morali oa ka Willy ke mo salisa hantle, o ile a mpotsa, “U tla khutla kapele, akere ’Mè?” Ke ile ka re, “E lerato la ka, ’Mè o tla khutla kapele.” Leha ho le joalo, ho ile ha feta likhoeli tse 18 tse thata pele nka boela ke mo haka hape.

Lepolesa le leng le ile la nkisa Amsterdam ka terene moo ke neng ke il’o hlongoa lipotso. Batho ba neng ba ntlhoma lipotso ba ne ba leka ho nqobella hore ke lumele hore barab’abo rōna ba bararo ba Hilversum ke Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka re: “Ha ke ba tsebe, ntle le a le mong oa bona. Ke motho eo re rekang lebese ho eena.” Seo e ne e le ’nete; mora eo oabo rōna o ne a isetsa batho lebese malapeng. Ke ile ka phaella ka ho re, “Empa hore na ke Paki ea Jehova kapa che, le lokela ho botsa eena eseng ’na.” Ha ke ne ke hana ho bua ho tsoela pele, ba ile ba nkotla sefahlehong eaba ba nkoalla ka seleng, moo ba ileng ba ntlohela ka likhoeli tse peli. Ha mohats’a ka a fumana hore na ke ne ke le hokae, o ile a ntlisetsa liaparo le lijo. Kahoo, ka August 1941, ke ile ka isoa Ravensbrück—kampong ea mahloriso ea basali e neng e tumme hampe, e neng e le bohōle ba lik’hilomithara tse 80 ka leboea ho Berlin, Jeremane.

“U se ke Ua Isa Pelo Mafisa Hle Ngoan’eso”

Ha re ne re fihla kampong eo, re ile ra bolelloa hore re ne re ka khutlela hae haeba re ne re ka saena tokomane e bolelang hore re koenehela tumelo ea rōna. Empa ha kea ka ka e saena. Ho e-na le hoo, ke ile ka tlameha ho nehelana ka lintho tsa ka le ho hlobola liaparo tsohle moo ho hlapeloang teng, ’me ha ke le moo ke ile ka kopana le barali ba bang beso ba Bakreste ba neng ba tsoa Netherlands. Re ile ra fuoa liaparo tsa kampong tse neng li rokeletsoe lesela le pherese le likhutlo li tharo, poleiti, kopi le khaba. Bosiung ba pele re ile ra koalloa seleng eo ho bolokoang batho ho eona ka nakoana. Ha ke le ka moo ke ile ka lla ka lekhetlo la pele haesale ke tšoaroa. “Ebe ho tla etsahala’ng? Ke tla lula moo nako e kae?” Ke ile ka sisa pelo. ’Nete ke hore, ka nako eo kamano ea ka le Jehova e ne e e-s’o be matla haholo, kaha ke ne ke e-na le likhoeli tse seng kae feela ke tseba ’nete. Ho ne ho sa ntse ho e-na le lintho tse ngata tseo ke neng ke lokela ho ithuta tsona. Letsatsing le hlahlamang ha ho ne ho bitsoa mabitso, e tlameha ebe morali e mong oabo rōna oa Modache o ile a hlokomela hore ke ne ke hloname. O ile a re: “U se ke ua isa pelo mafisa hle ngoan’eso! Ke eng e ka re ntšang kotsi?”

Ka mor’a hore ho bitsoe mabitso, re ile ra isoa liseleng tse ling, moo re ileng ra amoheloa ke baralib’abo rōna ba Bakreste ba makholo ba neng ba tsoa Jeremane le Netherlands. Baralib’abo rōna ba bang ba Majeremane ba ne ba se ba qetile nako e fetang selemo ba lula liseleng tseo. Ho ba le bona ho ile ha ’matlafatsa—ruri ho ile ha etsa hore ke se ke ka isa pelo mafisa. Ke ile ka boela ka khahloa ke hore lisele tseo baralib’abo rōna ba neng ba lula ho tsona li ne li hloekile ho feta tsa batho ba bang kampong eo. Ntle le hore lisele tsa rōna li ne li hloekile, li ne li boetse li tumme ka hore ho tsona ho ne ho se na motho ea utsoang, ea rohakanang kapa ea loanang. Ho fapana le maemo a boima ao re neng re phela ho ’ona kampong eo, lisele tsa rōna li ne li tšoana le sehlekehleke se hloekileng se neng se pota-potiloe ke leoatle le litšila.

Bophelo ba Letsatsi le Letsatsi Kampong

Kampong ho ne ho sebetsoa ka thata haholo, empa ho ne ho jeoa lijo tse nyenyane. Re ne re tlameha ho tsoha ka hora ea bohlano hoseng, ’me nakoana ka mor’a moo ho ne ho bitsoa mabitso. Balebeli ba ne ba re emisa ka ntle nako e ka etsang hora, ho sa tsotellehe hore na maemo ke afe. Ka hora ea bohlano motšehare oa mantsiboea, ka mor’a ho sebetsa ka thata letsatsi lohle, ho ne ho bitsoa mabitso hape. Ka mor’a moo re ne re ja bohobe le sopho ebe re il’o robala—re shoele ke mokhathala.

Letsatsi le leng le le leng ntle le ka Sontaha, ke ne ke sebetsa masimong, moo ke neng ke hela koro ka sekele e telele, ke cheka liforo ke bile ke hloekisa lihoko tsa likolobe. Le hoja mosebetsi o ne o le boima o bile o silafatsa, ke ne ke khona ho o etsa letsatsi le letsatsi kaha ke ne ke sa le mocha ebile matla a sa le kaofela. Hape ke ne ke imatlafatsa ka ho bina lipina tse nang le molaetsa oa Bibele ha ke ntse ke sebetsa. Leha ho le joalo, letsatsi le leng le le leng ke ne ke hloloheloa mohats’a ka le ngoan’a ka.

Re ne re fumana lijo tse nyenyane haholo, empa kaofela ha rōna re ne re leka ho boloka sengoathoana sa bohobe letsatsi le letsatsi e le hore re ne re ka ba le lijo tse ngatanyana ka Sontaha ha re ne re e-ba le monyetla oa ho kopana le ho buisana ka Bibele. Re ne re se na lingoliloeng tsa Bibele, empa ke ne ke mamela ka hloko ha baralib’abo rōna ba Majeremane ba hōlileng le ba tšepahalang ba ne ba tšohla Bibele. Re ne re bile re tšoara Sehopotso sa lefu la Kreste.

Ho Nyahama, ho Ikoahlaea le ho Khothatsoa

Ka linako tse ling, re ne re laeloa hore re etse mosebetsi oo ka ho toba o neng o tšehetsa ntoa ea Manazi. Kaha re ne re sa nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki, baralib’abo rōna kaofela ba ile ba hana ho etsa mosebetsi oo, ’me ke ile ka latela mohlala oa bona o bontšang sebete. Re ile ra fuoa kotlo ea hore re qete matsatsi-tsatsi re sa fuoe lijo ’me re ne re qeta lihora tse ngata re eme moo ho bitsetsoang mabitso teng. Mariheng a mang re ile ra qeta matsatsi a 40 re koaletsoe ka liseleng tse neng li se na lintho tse futhumatsang.

Rōna Lipaki Tsa Jehova re ne re bolelloa joalo-joalo hore re ne re tla lokolloa ’me re khutlele hae haeba re ne re ka saena tokomane e bolelang hore re koenehela tumelo ea rōna. Ka mor’a hore ke qete nako e fetang selemo ke lula Ravensbrück, ke ile ka nyahama haholo. Kaha ke ne ke hlolohetsoe mohats’a ka le morali’a ka haholo, ke ile ka ea ho balebeli, ’me ka kōpa tokomane e neng e bolela hore ha ke sa tla ba e mong oa Liithuti Tsa Bibele eaba kea e saena.

Ha baralib’abo rōna ba utloa seo ke se entseng, ba bang ba bona ba ile ba qala ho nkoekoetla. Leha ho le joalo, baralib’abo rōna ba babeli ba hōlileng ba Majeremane, e leng Hedwig le Gertrud, ba ile ba mpatla ’me ba ntiisetsa hore baa nthata. Ha ke ntse ke sebetsa le bona ka lihokong tsa likolobe, ka mosa ba ile ba ntlhalosetsa bohlokoa ba ho lula re tšepahala ho Jehova le kamoo re bontšang kateng hore rea mo rata ka hore re se ke ra koeneha. Kaha ba ile ba bontša hore baa ntsotella ebile ba nthata joaloka ngoan’a bona, seo se ile sa nkama haholo. * Ke ne ke tseba hore seo ke neng ke se entse se ne se fosahetse, ’me ke ne ke batla hore tokomane eo ke neng ke e saenne e hlakoloe. Mantsiboeeng a mang ke ile ka bolella morali e mong oabo rōna hore ke entse qeto ea ho kōpa hore tokomane eo e hlakoloe. E tlameha ebe e mong oa balebeli ba kampo o ile a nkutloa kaha mantsiboeeng oona ao ke ile ka lokolloa kampong ’me ka isoa Netherlands ka terene. E mong oa liofisiri—eo ke sa ntseng ke hopola sefahleho sa hae hantle—o ile a re ho ’na, “U sa ntse u le Bibelforscher (Seithuti sa Bibele), ’me u tla lula u le eona.” Ke ile ka re ho eena, “Ha Jehova a rata, ke tla lula ke le eona.” Empa ke ne ke ntse ke ipotsa, ‘Ebe nka hlakola tokomane eo joang?’

E ’ngoe ea lintlha tse neng li le tokomaneng eo e ne e re: “Ka tokomane ena ke hlapanya hore ha ke sa tla hlola ke e-ba setho sa Mokhatlo oa Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba.” Ke ne ke tseba seo ke neng ke tlameha ho se etsa! Ka January 1943, nakoana ka mor’a hore ke fihle hae, ke ile ka boela ka qala ho kopanela mosebetsing oa boboleli. ’Nete ke hore haeba mapolesa a Manazi a ne a ka ntšoara lekhetlo la bobeli ke ntse ke bolela ka ’Muso oa Molimo, kotlo ea ka e ne e tla ba boima haholo.

E le ho bontša Jehova hore ke ne ke batla ho ba mohlanka oa hae ea tšepahalang ka pelo eohle, ’na le mohats’a ka re ile ra boela ra amohela batho ba neng ba tsamaisa lingoliloeng hammoho le balebeli ba tsamaeang lelapeng la rōna. Ruri ke ile ka thaba haholo hore ebe ke ile ka fumana monyetla o mong oa ho boela ke bontša hore ke rata Jehova le batho ba hae!

Re Hlaheloa ke Ntho e Bohloko

Likhoeli tse seng kae pele ntoa e fela, ’na le mohats’a ka re ile ra hlaheloa ke ntho e bohloko. Ka October 1944, morali oa rōna Willy o ile a kula ka tšohanyetso. O ne a tšoeroe ke ’metso o mosoeu. Boemo ba hae bo ile ba mpefala ka potlako, ’me o ile a hlokahala ka mor’a matsatsi a mararo. O ne a le lilemo li supileng feela.

Ho hlokahalloa ke ngoan’a rōna ea mong feela ho ile ha re utloisa bohloko haholo. Ruri liteko tseo ke ileng ka tobana le tsona ha ke ne ke le Ravensbrück hase letho ha li bapisoa le bohloko boo ke ileng ka bo utloa ha ngoan’a rōna a ne a hlokahala. Leha ho le joalo, ha re ne re nyahame, re ne re lula re itšelisa ka mantsoe a fumanoang Pesalemeng ea 16:8, e reng: “Ke behile Jehova ka pel’a ka kamehla. Kahobane o letsohong la ka le letona, nke ke ka therekelisoa.” ’Na le mohats’a ka re ne re kholisehile hore Jehova o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho tsosa bafu. Re ile ra mamella ’neteng ’me re ne re lula re le baboleli ba litaba tse molemo ba mahlahahlaha. Ho fihlela ha a ne a hlokahala ka 1969, mohats’a ka o ile a nthusa haholo hore ke sebeletse Jehova ka thabo.

Litlhohonolofatso le Lintho Tse Thabisang

Lilemong tse mashome tse fetileng, ntho e ’ngoe e neng e nthabisa e ne e le ho ba le setsoalle se haufi le basebeletsi ba nako e tletseng. Joalokaha re ne re etsa nakong ea ntoa, haesale re amohela balebeli ba tsamaeang le balekane ba bona lelapeng la rōna ha ba ne ba etetse phutheho ea habo rōna. Maarten Kaptein eo e neng e le molebeli ea tsamaeang hammoho le mohats’ae Nel, ba ile ba lula lelapeng la rōna ka lilemo tse 13! Ha Nel a ne a kulela lefu, ke ile ka ba le tokelo ea ho mo okela lelapeng la rōna ho fihlela ha a ne a hlokahala ka mor’a likhoeli tse tharo. Setsoalle sa rōna le bona hammoho le bara le barali babo rōna ba phuthehong ea habo rōna se nthusitse hore ke thabele paradeise ea moea eo re phelang ho eona hona joale.

Ka 1995 ho na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo e ileng ea etsahala bophelong ba ka—ke ile ka memeloa ho ba teng boikhopotsong bo neng bo tšoaretsoe Ravensbrück. Ha ke le moo ke ile ka kopana le baralib’abo rōna bao ke neng ke e-na le bona kampong, bao ke neng ke qetile lilemo tse fetang 50 ke sa ba bone! Ho ba ’moho le bona e ne e le phihlelo eo nke keng ka e lebala le e thobang pelo ebile e ne e le monyetla oa hore re khothatsane hore re lebelle letsatsi leo ka lona baratuoa ba rōna ba hlokahetseng ba tla boela ba phela hape.

Ho Baroma 15:4 moapostola Pauluse o re, “ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” Ke leboha Jehova ka ho mpha tšepo ena e nthusitseng hore ke mo sebeletse ka thabo esita le tlas’a liteko.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 19 Kaha ka nako eo re ne re sa khone ho buisana le ba ntlo-khōlō, barab’abo rōna ba ne ba sebetsa litaba tse amanang le ho se nke lehlakore ka hohle kamoo ba neng ba khona kateng. Ka lebaka leo, batho ba ne ba sa sebetse taba ena ka ho tšoana.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

’Na le Jaap, ka 1930

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Morali’a rōna, Willy, ha a le lilemo li supileng

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Ka 1995, ke ile ka ea boikhopotsong bo thobang pelo. Ke ’na oa bobeli moleng o ka pele, ho tloha ka letsohong le letšehali