Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Moea o Halalelang o re fa Matla a ho Hlōla Liteko le ho Nyahama

Moea o Halalelang o re fa Matla a ho Hlōla Liteko le ho Nyahama

Moea o Halalelang o re fa Matla a ho Hlōla Liteko le ho Nyahama

“Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lōna.”—LIK. 1:8.

1, 2. Jesu o ile a tšepisa barutuoa ba hae hore ba ne ba tla fuoa thuso efe, hona ke hobane’ng ha ba ne ba tla e hloka?

JESU o ne a tseba hore ka matla a bona, barutuoa ba hae ba ne ba ke ke ba khona ho latela litaelo tsohle tseo a neng a ba file tsona. Ha re nahana hore na mosebetsi oa bona oa boboleli o ne o le moholo hakae, hore na bahanyetsi ba bona ba ne ba le matla hakae le hore na batho ba fokola hakae nameng, ho ne ho hlakile hore ba ne ba hloka matla a phahametseng a batho. Kahoo, nakoana pele a nyolohela leholimong, Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae a re: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—Lik. 1:8.

2 Tšepiso eo e ile ea qala ho phethahala ka Pentekonta ea 33 C.E. ha moea o halalelang o ne o matlafatsa balateli ba Jesu Kreste hore ba tlatse thuto ea bona Jerusalema. Ha ho na bahanyetsi ba ileng ba khona ho ba koala molomo. (Lik. 4:20) Balateli ba tšepahalang ba Jesu, ho akarelletsa le rōna, ba ne ba tla hloka matla ao a tsoang ho Molimo haholo, “ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.”—Mat. 28:20.

3. Matla a tsoang ho Jehova a ka re thusa hore re etse’ng?

3 Jesu o ile a tšepisa barutuoa ba hae hore ‘ba ne ba tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a bona.’ Sena se bontša ka ho hlaka hore moea o halalelang o ba le seo o se etsang ho rōna. Oa re matlafatsa. Kahoo, moea o halalelang oa Molimo e leng matla a hae a sebetsang, o fuoa batho kapa lintho ho phethahatsa thato ea Molimo. Matla ao Jehova a a fang bahlanka ba hae ka moea o halalelang, a etsa hore e mong le e mong oa rōna a khone ho phethahatsa boinehelo ba hae ba Bokreste le hore ha ho hlokahala a khone ho hlōla tšusumetso e mpe.—Bala Mikea 3:8; Bakolose 1:29.

4. Sehloohong see ho tla tšohloa’ng, hona hobane’ng?

4 Matla ao re a fuoang ke moea o halalelang a bonahala joang? Moea o halalelang o ka re susumelletsa hore re etse’ng maemong a sa tšoaneng? Ha re ntse re leka ho sebeletsa Molimo ka botšepehi, re thulana le litšitiso tse ngata tse bakoang ke Satane, tsamaiso ea hae ea lintho kapa ho se phethahale ha rōna. Ke habohlokoa hore re hlōle litšitiso tseo e le hore re ka ba Bakreste ba mamellang, ra kopanela kamehla tšebeletsong ra ba ra lula re e-na le kamano e ntle le Jehova. A re ke re hlahlobeng kamoo moea o halalelang o re thusang kateng hore re loantše liteko re be re hlōle mokhathala le ho nyahama.

Moea o Halalelang o re fa Matla a ho Hlōla Liteko

5. Thapelo e ka re matlafatsa joang?

5 Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapele ba re: “U se ke ua re kenya molekong, empa u re lopolle ho ea khopo.” (Mat. 6:13) Jehova a ke ke a lahla bahlanka ba hae ba tšepahalang ba kōpang sena. Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a re ‘Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang ho ba mo kōpang.’ (Luka 11:13) Ruri hoa khothatsa hore ebe Jehova o tšepisa hore o tla re fa moea oa hae o re thusang hore re etse se nepahetseng! Ho hlakile hore sena hase bolele hore Jehova o tla re thibela hore re lekoe. (1 Bakor. 10:13) Empa ha re lekoa, eo ke nako ea hore re rapele ka matla le ho feta.—Mat. 26:42.

6. Ha Jesu a ne a lekoa ke Satane, o ile a mo araba a itšetlehile ka eng?

6 Jesu o ile a qotsa mangolo ha a ne a lekoa ke Diabolose. Ho hlakile hore Jesu o ne a nahanne ka Lentsoe la Molimo ha a ne a araba ka ho re: “Ho ngoliloe . . . Ho boetse ho ngoliloe . . . Tloha, Satane! Etsoe ho ngoliloe, ‘Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.’” Lerato leo Jesu a neng a rata Jehova le Lentsoe la Hae ka lona le ile la mo susumelletsa hore a hane lintho tseo Moleki a neng a mo hohela ka tsona. (Mat. 4:1-10) Ka mor’a hore ka makhetlo-khetlo Jesu a hlōle lintho tseo Satane a neng a mo leka ka tsona, Satane o ile a mo tlohela.

7. Bibele e re thusa joang hore re hlōle liteko?

7 Kaha Jesu o ne a tšepile Mangolo e le hore a hlōle lintho tseo Diabolose a neng a mo leka ka tsona, ruri rōna re lokela ho a tšepa le ho feta! Ka sebele, ntho ea pele e ka re thusang ho hlōla Diabolose le mahlahana a hae ke hore re ikemisetse ho tseba melao ea Molimo le ho e latela ka ho feletseng. Ha batho ba bangata ba ntse ba ithuta Mangolo ba bile ba utloisisa bohlale le ho loka ha Molimo, sena se ile sa ba susumelletsa hore ba phele ka tsela e lumellanang le melao ea Bibele. Ka sebele, “lentsoe la Molimo” le fana ka matla a khonang ho lemoha “menahano le boikemisetso ba pelo.” (Baheb. 4:12) Ha motho a bala a bile a nahanisisa ka Mangolo haholo, ‘temohisiso ea hae ’neteng ea Jehova’ e tla eketseha le ho feta. (Dan. 9:13) Ka lebaka leo, e ka ba hantle hore re thuise ka mangolo ao ka ho khetheha a buang ka mefokolo ea rōna.

8. Re ka fumana moea o halalelang joang?

8 Jesu o ile a hlōla liteko hobane, ho phaella tabeng ea hore o ne a tseba Mangolo, o ne a boetse “a tletse moea o halalelang.” (Luka 4:1) E le hore le rōna re ka ba le matla le bokhoni bo tšoanang, re lokela ho atamela ho Jehova ka hore re sebelise litokisetso tsohle tseo a li etselitseng ho re tlatsa moea oa hae. (Jak. 4:7, 8) Tse ling tsa litokisetso tseo ke thuto ea Bibele, thapelo le ho ba ’moho le balumeli-’moho le rōna. Batho ba bangata ba boetse ba hlokometse molemo oa ho phathahana ka mesebetsi ea Bokreste, e leng se ba thusang hore ba lule ba nahana lintho tsa moea tse khothatsang.

9, 10. (a) Ke liteko life tse atileng sebakeng sa heno? (b) Ho thuisa le ho rapela ho ka u fa matla a hore u loantše liteko joang esita leha u ikutloa u khathetse?

9 Ke liteko life tseo u lokelang ho li hlōla? Na u kile ua lekeha hore u bonye le motho eo e seng molekane oa hao? Haeba ha u lenyalong, na u kile ua lekeha hore u lumele ho intša le motho ea sa lumelang? Ka tšohanyetso Bakreste ba ka ’na ba lekeha hore ba shebe ntho e litšila thelevisheneng kapa Inthaneteng. Na seo se kile sa u etsahalla, ’me haeba ho joalo u ile ua etsa’ng? E ka ba bohlale hore u nahanisise kamoo ho etsa ntho e le ’ngoe e fosahetseng ho ka etsang hore u etse e ’ngoe ebe u qetella u entse phoso e khōlō. (Jak. 1:14, 15) Nahana kamoo Jehova, phutheho le ba lelapa ba ka utloang bohloko kateng ka lebaka la ho se tšepahale ha hao. Ka lehlakoreng le leng, ho lula u tšepahalla melao ea Molimo ho etsa hore u be le letsoalo le hloekileng. (Bala Pesaleme 119:37; Liproverbia 22:3.) Nako le nako ha u tobana le liteko tse joalo, ikemisetse ho rapella matla a hore u li hlōle.

10 Ho na le ntho e ’ngoe hape eo re lokelang ho e hopola mabapi le liteko tsa Diabolose. Satane o ile a tla ho Jesu ka mor’a hore A qete matsatsi a 40 a itima lijo lefeelleng. Ha ho pelaelo hore Diabolose o ne a nahana hore eo e ne e le eona ‘nako e loketseng’ ea hore a leke botšepehi ba Jesu. (Luka 4:13) Satane o batla nako e loketseng ea hore le rōna a leke botšepehi ba rōna. Ka lebaka leo, ke habohlokoa haholo hore re lule re le matla tumelong. Hangata Satane o hlasela motho nakong eo a bonang hore o fokola haholo. Kahoo, neng kapa neng ha re ikutloa re khathetse kapa re nyahame, re lokela ho ikemisetsa le ho feta hore re kōpe Jehova hore a re sireletse a be a re fe moea o halalelang.—2 Bakor. 12:8-10.

Moea o Halalelang o re fa Matla a ho Hlōla Mokhathala le ho Nyahama

11, 12. (a) Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba ikutloa ba nyahame kajeno? (b) Ke eng e ka re fang matla a ho hlōla ho nyahama?

11 Kaha re batho ba sa phethahalang, nako le nako rea nyahama. Seo se ka ’na sa etsahala haholo kajeno kaha re phela nakong e hlileng e bakang khatello. Ho ka etsahala hore ebe nako ena eo re leng ho eona ke e thata ka ho fetisisa eo batho ba kileng ba phela ho eona. (2 Tim. 3:1-5) Ha Armagedone e ntse e atamela mathata a lichelete, a maikutlo le a mang a ntse a e-hloa mekoalaba. Kahoo, ha rea lokela ho makala ha batho ba bang ba thatafalloa le ho feta hore ba phethe boikarabelo ba bona ba ho hlokomela ba malapa a bona le ho ba fepa. Ba ikutloa ba khathetse, ba imetsoe, ba bile ba nyebeletse. Haeba ke kamoo u ikutloang kateng, u ka hlōla bothata boo joang?

12 Hopola hore Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae hore o ne a tla ba fa mothusi—e leng moea o halalelang oa Molimo. (Bala Johanne 14:16, 17.) Ana ke matla a maholo ka ho fetisisa bokahohleng. Ka oona, Jehova a ka re fa matla ao rea hlokang ka ho ‘fetisisa’ e le hore re mamelle teko efe kapa efe. (Baef. 3:20) Moapostola Pauluse o ile a re ha re itšetleha ka oona, re fumana “matla a fetang se tloaelehileng,” le hoja re “petelitsoe ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe.” (2 Bakor. 4:7, 8) Jehova ha a tšepise hore o tla felisa khatello, empa seo a re tiisetsang sona ke hore ka moea oa hae, o tla re fa matla a ho e hlōla.—Bafil. 4:13.

13. (a) Mocha e mong o filoe matla a hore a mamelle boemo ba hae bo boima joang? (b) Na ho na le batho bao u ba tsebang ba boemong bo tšoanang?

13 Nahana ka mohlala oa Stephanie, e leng pula-maliboho oa kamehla ea lilemo li 19. Ha a ne a le lilemo li 12, o ile a otloa ke setorouku ha ba ha fumanoa hore o na le hlahala bokong. Haesale ho tloha ka nako eo o se a entsoe opereishene habeli, a phekoloa ka ho chesoa ha lisele tsa kankere a ba a otloa ke setorouku ka makhetlo a mang a mabeli e leng ho ileng ha etsa hore a se ke a khona ho sebelisa lehlakore la hae le ka letsohong le letšehali hakaalo le hore a se bone hantle. Stephanie o tlameha ho boloka matla a hae bakeng sa lintho tseo a li nkang e le tsa bohlokoa haholo, e leng liboka tsa Bokreste le tšebeletso ea tšimo. Leha ho le joalo, o hlokomela kamoo moea oa Jehova o mo thusang kateng hore a mamelle ka litsela tse ngata. Lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse phetang liphihlelo tsa Bakreste-’moho le eena li ’nile tsa mo khothatsa ha a ne a nyahame. Bara le barali babo rōna ba ’nile ba mo tšehetsa ka ho mo romela mangolo kapa ka ho mo khothatsa pele ho liboka le ka mor’a tsona. Batho ba thahasellang le bona ba ananetse seo Stephanie a ba rutang sona ka ho ea moo a lulang teng e le hore a ka ba ruta Bibele. Stephanie o leboha Jehova haholo ka lebaka la sena sohle. Lengolo leo a le ratang ka ho fetisisa ke Pesaleme ea 41:3, eo a lumelang hore e phethahetse ho eena.

14. Re lokela ho qoba eng ha re nyahame, hona hobane’ng?

14 Ha re khathetse kapa re imetsoe, le ka mohla ha rea lokela ho nahana hore ho fokotsa mesebetsi e amanang le borapeli ba rōna ke eona tsela ea ho fokotsa khatello. Ho etsa joalo e ne e tla be e le phoso e khōlō ka ho fetisisa. Hobane’ng? Hobane lintho tse kang thuto ea botho le ea lelapa ea Bibele, tšebeletso ea tšimo le ho ba teng libokeng ke tsela eo ka eona re fumanang moea o halalelang o re matlafatsang. Mesebetsi ea Bokreste e re matlafatsa ka linako tsohle. (Bala Matheu 11:28, 29.) Hangata bara le barali babo rōna ba fihla libokeng ba khathetse, empa ha ho fihla nako ea ho khutlela hae, ba ikutloa ba tsohile molota!

15. (a) Na Jehova o tšepisa hore o tla etsa hore Mokreste a je monakalali oa keboleloa? Hlalosa ka Mangolo. (b) Molimo o re tšepisa’ng, e leng se hlahisang potso efe?

15 Bonneteng, sena hase bolele hore mojaro oa ho ba morutuoa oa Kreste ha o na boima. Ho hlokahala boiteko hore motho e be Mokreste ea tšepahalang. (Mat. 16:24-26; Luka 13:24) Leha ho le joalo, ka moea o halalelang, Jehova a ka fa motho ea khathetseng matla. Moprofeta Esaia o ile a ngola a re: “Ba tšepileng Jehova ba tla boela ba fumane matla. Ba tla nyoloha ka mapheo a kang a ntsu. Ba tla matha ’me ba ke ke ba tepella; ba tla tsamaea ’me ba ke ke ba khathala.” (Esa. 40:29-31) Ka lebaka leo, e ka ba hantle hore re ipotse, Ha e le hantle ke hobane’ng ha re ikutloa eka re khathatsoa ke mesebetsi ea Bokreste?

16. Re ka etsa’ng ho fokotsa lintho tse ka ’nang tsa re khathatsa kapa tsa re nyahamisa?

16 Lentsoe la Jehova le re phehella hore re ‘nepisise lintho tsa bohlokoa haholo.’ (Bafil. 1:10) Ha moapostola Pauluse a ne a tšoantša bophelo ba Bokreste le lebelo la mokoka, o ile a bululeloa hore a re: “A re hloboleng boima bo bong le bo bong . . . , ’me a re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna.” (Baheb. 12:1) Taba eo a neng a e hatisa ke hore re lokela ho qoba ho phehella lipakane tse sa hlokahaleng, ho ikimetsa ka lintho tse sa hlokahaleng, tse tla re khathatsa. Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba rōna ba leka ho etsa lintho tse ngata haholo le hoja ba se ba ntse ba le maphathaphathe. Kahoo, haeba hangata u ikutloa u khathetse u bile u imetsoe, ho ka ’na ha e-ba molemo hore u hlahlobe hore na u sebelisa nako e kae mosebetsing oa boipheliso, hore na u tsamaea hangata hakae ka mabaka a boithabiso le hore na u ikakhela ka setotsoana hakae lipapaling kapa mesebetsing e meng ea boikhathollo. Ho lekanyetsa lintho hantle le ho itekanya mesikaro ho lokela ho susumelletsa e mong le e mong oa rōna hore a hlokomele mefokolo ea hae ’me a fokotse lintho tse sa hlokahaleng.

17. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka ’na ba nyahama, empa Jehova o re tiisetsa’ng tabeng ee?

17 Hape e ka ’na eaba ba bang ba rōna ba nyahamisitsoe ke hore bofelo ba tsamaiso ena ea lintho ha boa tla kapele kamoo ba neng ba lebeletse kateng. (Liprov. 13:12) Leha ho le joalo, bohle ba ikutloang ka tsela ena ba ka khothatsoa ke mantsoe a fumanoang ho Habakuke 2:3 a reng: “Pono ena e sa ntse e le bakeng sa nako e behiloeng, e ntse e potlakela bofelong, ’me e ke ke ea bolela leshano. Esita le haeba e ka lieha, u lule u e lebeletse; kaha ruri e tla phethahala. E ke ke ea siuoa ke nako.” Jehova o re tiisetsa hore bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo tla tla ka nako eo a e behileng!

18. (a) Ke litšepiso life tse u matlafatsang? (b) Sehlooho se latelang se tla re tsoela molemo joang?

18 Ka sebele, bahlanka bohle ba Jehova ba tšepahalang ba labalabela ho bona letsatsi leo ka lona mokhathala le ho nyahama li tla beng li se li le sieo, nakong eo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang e tla thabela ‘mahlahahlaha a bocha.’ (Jobo 33:25) Le hona joale moea o halalelang o matlafatsa seo re leng sona ka hare, ha re ntse re etsa mesebetsi e matlafatsang e amanang le borapeli ba rōna. (2 Bakor. 4:16; Baef. 3:16) U se ke ua lumella mokhathala hore o u sitise ho fumana litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng. Bothata bo bong le bo bong—ebang bo bakoa ke liteko, mokhathala kapa ho nyahama—bo tla fela, haeba bo sa fele hang-hang bo tla fela lefatšeng le lecha la Molimo. Sehloohong se latelang, re tla hlahloba kamoo moea o halalelang o fang Bakreste matla kateng a hore ba mamelle mahloriso, ba hlōle khatello ea lithaka e kotsi ’me ba mamelle mahlomola a mang a fapa-fapaneng.

U ka Araba Joang?

• Ho bala Bibele ho re fa matla joang?

• Ho rapela le ho thuisa ho re fa matla joang?

• U ka qoba lintho tse ka ’nang tsa u nyahamisa joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Liboka tsa Bokreste li ka re matlafatsa moeeng