Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Tšabela Lebitsong la Jehova”

“Tšabela Lebitsong la Jehova”

“Tšabela Lebitsong la Jehova”

“Ka sebele ke tla siea . . . batho ba ikokobetsang le ba tlaase, ’me ba tla tšabela lebitsong la Jehova.”—SOF. 3:12.

1, 2. Ke sefefo sefe sa tšoantšetso se tla tlela batho haufinyane?

NA U kile ua tlameha ho batla setšabelo tlas’a borokho ha pula e na ka sefefo kapa ka sefako? Borokho bo ka ’na ba u sireletsa ha pula e na ka sefefo kapa ka sefako, empa bo ka ’na ba se ke ba u thusa hakaalo sefefong se matla kapa leholiotsoaneng.

2 Ho tla sefefo se seng se fapaneng—sona se ka ’na sa felisa batho bohle. Ke “letsatsi la sefefo” la tšoantšetso. “Letsatsi [lena] le leholo la Jehova” le tla ama batho bohle. Leha ho le joalo, re ka fumana setšabelo seo re se hlokang. (Bala Sofonia 1:14-18.) Re ka se fumana joang “letsatsing la khalefo ea Jehova” le tla qala haufinyane?

Matsatsi a Lifefo Mehleng ea ha ho ne ho Ngoloa Bibele

3. Ke ‘sefefo sefe sa sealuma’ se ileng sa tlela ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome?

3 Letsatsi la Jehova le tla qala ka ho timetsoa ha litsamaiso tsohle tsa bolumeli ba bohata tse lefatšeng. Mabapi le hore na re ka fumana setšabelo joang, re ka hlahloba histori ea batho ba Molimo ba boholo-holo. Esaia, ea phetseng lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., o ile a tšoantša kahlolo eo Jehova a neng a tla ahlola ’muso oa bokoenehi oa Iseraele oa meloko e leshome le “sefefo sa sealuma” seo batho ba neng ba ke ke ba se thiba. (Bala Esaia 28:1, 2.) Boprofeta boo bo ile ba phethahala ka 740 B.C.E. ha Assyria e ne e hlasela naha ea meloko e leshome, eo Efraime e neng e le moloko o hlaheletseng ka ho fetisisa ho eona.

4. “Letsatsi le leholo la Jehova” le ile la tlela Jerusalema joang ka 607 B.C.E.?

4 Ka 607 B.C.E., kahlolo ea Baiseraele ba sa tšepahaleng e ile ea lateloa ke “letsatsi le leholo la Jehova” khahlanong le Jerusalema le ’muso oa Juda. Seo se ile sa etsahala hobane batho ba Juda le bona e ne e se e le bakoenehi. Bababylona ba neng ba busoa ke Nebukadnezare ba ne ba sokela Juda le motse-moholo oa eona, Jerusalema. Bajuda ba ne ba batlile thuso ‘setšabelong sa leshano,’ e leng selekaneng sa lipolotiki seo ba neng ba se entse le Egepeta. Ho sa tsotellehe seo, Bababylona ba ile ba hohola “setšabelo” seo joaloka sefefo sa pula e nang ka sefako e bakang tšenyo.—Esa. 28:14, 17.

5. Ho tla etsahala’ng ka batho ba Molimo e le sehlopha ha ho felisoa bolumeli bohle ba bohata?

5 Letsatsi le leholo la Jehova le ileng la tlela Jerusalema e ne e le pontšo ea kahlolo e tla tlela Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi mehleng ea rōna. Ho feta moo, karolo e setseng ea “Babylona e Moholo,” e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e tla felisoa. Ka mor’a moo, likarolo tse setseng tsa tsamaiso e khopo ea lintho ea Satane li tla felisoa. Empa batho ba Molimo e le sehlopha ba tla pholoha hobane ba tšabela ho Jehova.—Tšen. 7:14; 18:2, 8; 19:19-21.

Setšabelo sa Moea le sa Sebele

6. Batho ba Jehova ba ka fumana setšabelo joang?

6 Batho ba Molimo ba ka fumana setšabelo joang le hona joale mehleng ee ea bofelo? Re fumana setšabelo sa moea ka ho rapela le ho ‘nahana ka lebitso la Molimo’ le ka ho mo sebeletsa ka cheseho. (Bala Malakia 3:16-18.) Leha ho le joalo, rea hlokomela hore ha rea lokela ho nahana feela ka lebitso la hae. Bibele e re: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” (Bar. 10:13) Ho na le kamano pakeng tsa ho ipiletsa lebitsong la Jehova le ho fumana poloko e tsoang ho eena. Ho feta moo, batho ba bangata ba lipelo li ntle ba bona phapang pakeng tsa batho ba sa sebeletseng Molimo le Bakreste ba ’nete, bao ka tlhompho “ba nahanang ka lebitso la hae” ebile e le Lipaki tsa hae.

7, 8. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bolokoa joang ka tsela ea sebele, hona ho tla etsahala se tšoanang joang kajeno?

7 Leha ho le joalo, ha re bolokehe ka hore re fumane setšabelo sa moea feela. Batho ba Molimo ba boetse ba tšepisoa ho bolokoa ka tsela ea sebele. Re bona mohlala oa sena ho se ileng sa etsahala ka 66 C.E. ka mor’a hore lebotho la Roma le neng le eteletsoe pele ke Cestius Gallus le hlasele Jerusalema. Jesu o ne a boletse esale pele hore matsatsi a matšoenyeho ao a ne a tla “khutsufatsoa.” (Mat. 24:15, 16, 21, 22) Seo se ile sa etsahala ha ka tšohanyetso mabotho a Roma a ne a tlohela ho lika-liketsa motse ’me a fa “nama,” e leng Bakreste ba ’nete, monyetla oa ho “pholoha.” Ba ile ba baleha motseng le libakeng tse haufi. Ba bang ba ile ba tšela Jordane ’me ba fumana setšabelo lithabeng tse ka bochabela ho eona.

8 Ho na le ntho eo Bakreste bao ba tšoanang ka eona le batho ba Molimo kajeno. Nakong e fetileng, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba batla setšabelo, ’me le bahlanka ba Molimo kajeno ba tla etsa se tšoanang. Leha ho le joalo, lekhetlong lena ho ke ke ha hlokahala hore ba balehele sebakeng se le seng, kaha Bakreste ba ’nete ba lefatšeng lohle. Ho ntse ho le joalo, “bakhethoa” hammoho le metsoalle ea bona e tšepahalang ba tla pholoha ka tsela ea sebele ka ho batla setšabelo ho Jehova le mokhatlong oa hae o kang thaba, ha Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi bo felisoa.

9. Ke bo-mang ba lekileng ho etsa hore batho ba lebale lebitso la Jehova? Fana ka mohlala.

9 Ka lehlakoreng le leng, Bokreste-’mōtoana bo lokeloa ke timetso e tlang hobane ha boa ruta balateli ba bona ’nete ka Molimo le melao ea hae ebile ha bo batle lebitso la Molimo. Mehleng e Bohareng, lebitso la Molimo le ne le sebelisoa haholo Europe. Lebitso leo, le emeloang ke litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse bitsoang Tetragrammaton, le atisang ho fetoleloa e le YHWH (kapa JHVH), le ne le hlaha licheleteng tsa tšepe, mekhabisong e karolong e ka pele ea matlo, libukeng tse ngata le Libibeleng, esita le likerekeng tse ling tsa K’hatholike le tsa Boprostanta. Leha ho le joalo, morao tjena ho se ho tloaelehile hore lebitso la Molimo le tlosoe liphetolelong tsa Bibele ’me le se ke la sebelisoa le ka litsela tse ling. Ntho e ’ngoe e bontšang sena ke Lengolo la la 29 June, 2008, le neng le ngoletsoe Liboka Tsa Babishopo mabapi le ‘Lebitso la Molimo,’ le neng le ngotsoe ke Phutheho ea ho Rapela Molimo le ho Fana ka Melao e Tsamaisang Litšebeletso Tsa Kereke. Lengolong leo, Kereke ea Roma e K’hatholike e ile ea laela hore ho sebelisoe “Morena” bakeng sa litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo ka litsela tsohle tseo le hlahang ka tsona. Vatican e ile ea fana ka taelo ea hore lebitso la Molimo ha lea lokela ho sebelisoa kapa ho bitsoa ha ho binoa lifela kapa ho rapeloa litšebeletsong tsa bolumeli tsa K’hatholike. Ho feta moo, baeta-pele ba malumeli a mang ao e leng karolo ea Bokreste-’mōtoana le ao e seng karolo ea bona, le bona ba patetse barapeli ba limilione hore na Molimo oa ’nete ke mang.

Ba Halaletsang Lebitso la Molimo Baa Sireletsoa

10. Lebitso la Molimo le hlomphuoa joang kajeno?

10 Ho fapana le se etsoang ke malumeli a mang, Lipaki Tsa Jehova li hlompha lebitso la Molimo ebile lia le tlotlisa. Li le halaletsa ka ho le sebelisa ka tsela e hlomphehang. Jehova o motlotlo ka batho ba mo tšepang, ebile e ba eng kapa eng e hlokahalang e le hore a hlohonolofatse batho ba hae a be a ba sireletse. “O ela hloko ba batlang setšabelo ho eena.”—Nah. 1:7; Lik. 15:14.

11, 12. Ke bo-mang ba ileng ba tšehetsa lebitso la Jehova Juda ea boholo-holo, hona ke bo-mang ba entseng joalo mehleng ee?

11 Le hoja batho ba bangata ba Juda ea boholo-holo e ne e le bakoenehi, ho na le ba bang ba ileng ba “tšabela lebitsong la Jehova.” (Bala Sofonia 3:12, 13.) Ka sebele, ha Molimo a ne a otla Bajuda ba sa tšepahaleng ka ho lumella Bababylona hore ba hape naha ba be ba ise batho kholehong, batho ba bang ba kang Jeremia, Baruke le Ebede-meleke, ba ile ba sireletsoa. Ba ne ba phetse “har’a” sechaba sa bakoenehi. Ba bang ba ile ba lula ba tšepahala ha ba ne ba le kholehong. Ka 539 B.C.E., Bamede le Bapersia ba neng ba eteletsoe pele ke Cyruse ba ile ba hapa Babylona. Ka mor’a nakoana Cyruse o ile a fana ka taelo e neng e lumella masala a Bajuda hore a khutlele naheng ea habo ’ona.

12 Mabapi le ba neng ba tla ba teng nakong eo ea ha ho tsosolosoa borapeli ba ’nete, Sofonia o ile a bolela esale pele hore Jehova o ne a tla ba pholosa a be a thabe ka lebaka la bona. (Bala Sofonia 3:14-17.) Ho etsahetse se tšoanang le mehleng ea rōna. Ka mor’a hore ’Muso oa Molimo o thehoe leholimong, Jehova o ile a lopolla masala a tšepahalang a batlotsuoa botlamuoeng ba moea ba Babylona e Moholo. Ho fihlela kajeno o sa ntse a thaba ka lebaka la ’ona.

13. Batho ba lichaba tsohle ba lokolloa ho eng?

13 Batho bao tšepo ea bona e leng ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, le bona ba tsoile ho Babylona e Moholo ’me ka tsela ea moea ba lokolotsoe lithutong tsa bohata tsa bolumeli. (Tšen. 18:4) Ka lebaka leo, Sofonia 2:3 e phethahala ka tsela e khōlō mehleng ea rōna ha e re: “Le batle Jehova, lōna bohle ba bonolo ba lefatše.” Hona joale batho ba bonolo ba lichaba tsohle, ebang tšepo ea bona ke ho phela leholimong kapa lefatšeng, ba tšabela lebitsong la Jehova.

Lebitso la Molimo Hase Seroala

14, 15. (a) Batho ba bang ba sebelisitse lintho life e le liroala? (b) Ke eng e sa lokelang ho sebelisoa e le thatho?

14 Baiseraele ba bang ba ne ba nka hore tempele e ne e le seroala se neng se tla ba sireletsa lireng tsa bona. (Jer. 7:1-4) Pejana ho moo, Baiseraele ba ne ba nka hore areka ea selekane e ne e le thatho se neng se tla ba sireletsa ntoeng. (1 Sam. 4:3, 10, 11) Constantine e Moholo o ile a ferefa litlhaku tsa Segerike khi le rho, e leng litlhaku tsa pele tse peli tsa lebitso la “Kreste” ka Segerike, lithebeng tsa masole a hae a tšepile hore li ne li tla ba sireletsa ntoeng. Ho feta moo, ho nahanoa hore Morena Gustav Adolph II oa Sweden, ea ileng a loana Ntoeng ea Lilemo Tse Mashome a Mararo, o ile a apara seaparo sena sa ntoa se bontšitsoeng leqepheng la 7. Hlokomela hore lebitso Iehova, le ngotsoe ka ho hlaka sefubeng.

15 Batho ba bang ba Molimo ba ileng ba hlaseloa ke bademona ba ile ba fumana setšabelo ho Jehova ka hore ba bitse lebitso la hae ka lentsoe le phahameng. Ho ntse ho le joalo, ntho e ngotsoeng lebitso la Molimo ha ea lokela ho nkoa e le seroala kapa ho sebelisoa e le thatho bophelong ba letsatsi le letsatsi, joalokaha eka e na le matla a itseng a ho sireletsa motho ka mohlolo. Sena hase sona se boleloang ke ho tšabela lebitsong la Jehova.

Re ka Tšabela Lebitsong la Hae Joang Kajeno?

16. Re ka fumana setšabelo ka tsela ea moea joang kajeno?

16 Kajeno re fumana setšabelo tšireletsong ea moea eo batho ba Molimo ka kakaretso ba nang le eona. (Pes. 91:1) “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le baholo ba phutheho, ba re lemosa ka mekhoa ea lefatše e ka ’nang ea beha tšireletso eo ea rōna kotsing. (Mat. 24:45-47; Esa. 32:1, 2) Nahana feela hore na ke hangata hakae re lemosoa ka ho rata maruo, ’me u hlokomele kamoo litemoso tse joalo li re sirelelitseng kateng hore kamano ea rōna le Jehova e se ke ea senyeha. Hona re ka re’ng ka kotsi ea ho nka lintho habobebe, ho ka etsang hore re khaotse ho kopanela tšebeletsong ea Jehova? Lentsoe la Molimo le re: “Ho nka lintho habobebe ha ba hlokang kelello ke hona ho tla ba timetsa. Ha e le ea ’mamelang, o tla lula a sireletsehile ’me a ke ke a khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.” (Liprov. 1:32, 33) Ho loanela ho lula re hloekile boitšoarong le hona ho re thusa hore re lule re sireletsehile moeeng.

17, 18. Batho ba limilione ba thusoa ke’ng hore ba tšabele lebitsong la Jehova kajeno?

17 Hape, nahana ka khothatso eo lekhoba le tšepahalang le ’nileng la fana ka eona, ea hore re mamele taelo ea Jesu ea hore re bolele litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Sofonia o ile a bua ka phetoho e neng e tla thusa batho hore ba tšabele lebitsong la Molimo. O ile a re: “Ka nako eo ke tla etsa hore lichaba li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ipiletse lebitsong la Jehova, e le hore li mo sebeletse ka mahetla a bapileng.”—Sof. 3:9.

18 Puo ee e hloekileng ke’ng? Puo e hloekileng ke ’nete e mabapi le Jehova Molimo le merero ea hae, e fumanoang Lentsoeng la hae le bululetsoeng. Ka tsela e itseng, u sebelisa puo eo ha u thusa batho ba bang hore ba utloisise hantle hore na ’Muso oa Molimo ke eng le hore na o tla halaletsa lebitso la hae joang, ha u qaqisa ka ho tlosoa ha qoso bobusing ba Molimo, le ha u bua ka thabo ka litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng tseo batho ba tšepahalang ba tla li fumana. Ka lebaka la batho ba bangata hakana ba buang puo ena ea tšoantšetso, batho ba ntseng ba eketseha ba ‘ipiletsa lebitsong la Jehova’ ’me ba ‘mo sebeletsa ka mahetla a bapileng.’ Ka sebele, hona joale batho ba limilione lefatšeng lohle ba tšabela ho Jehova.—Pes. 1:1, 3.

19, 20. Ho tšepa “setšabelo sa leshano” ho ile ha hlōleha joang mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele?

19 Lefatšeng batho ba tobana le mathata a ka ’nang a bonahala a le boima. Kaha batho ba bangata ba tsietsing ea ho rarolla mathata a bona, ba batla thuso ho batho ba sa phethahalang. Kapa ba tšepa hore mekhatlo ea lipolotiki e tla fana ka tharollo, feela joalokaha ka linako tse ling Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba batla thuso linaheng tsa boahelani, ba etsa lilekane le tsona. Leha ho le joalo, ua tseba hore ho etsa joalo ha hoa ka ha thusa Baiseraele. Ho feta moo, kajeno ha ho na naha e tla rarolla mathata a batho ka ho feletseng, esita le mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o ke ke oa a rarolla. Kahoo, na motho o lokela ho nka hore mekhatlo ea lipolotiki le lilekane e ka ba setšabelo? Ka tsela ea boprofeta, Bibele e re ke “setšabelo sa leshano.” Ka nepo u ka e nka joalo hobane batho bohle ba e tšepileng ba tla soetseha haholo.—Bala Esaia 28:15, 17.

20 Haufinyane pula ea tšoantšetso ea letsatsi la Jehova e nang ka sefako e tla tlela lefatše. Mekhatlo ea batho e ke ke ea khona ho fana ka tšireletso; ’me ho ka boleloa se tšoanang le ka tšireletso ea nyutlelie le maruo. Esaia 28:17 e re: “Sefako se tla hohola setšabelo sa leshano, metsi a pupetse sebaka seo ho ipatoang ho sona.”

21. Re ka fumana molemo ofe ka hore re latele temana ea selemo ea 2011?

21 Hona joale le ka nako eo, batho ba Molimo ba tla fumana tšireletseho ea ’nete ho Molimo oa bona Jehova. Lebitso la Sofonia, le bolelang hore “Jehova o Patile,” le bontša hore na mohloli ona oa ’nete oo ho ka ipatoang ho oona ke mang. Ho loketse hore ebe temana ea selemo ea 2011 e fana ka keletso ena e bohlale: “Tšabela lebitsong la Jehova.” (Sof. 3:12) Esita le hona joale re ka tšabela lebitsong la Jehova, re mo tšepe ka ho feletseng, ebile ke sona seo re lokelang ho se etsa. (Pes. 9:10) Letsatsi le leng le leng, a re luleng re hopola tiisetso ena e bululetsoeng: “Lebitso la Jehova ke tora e matla. Ea lokileng o balehela ho lona ’me o fuoa tšireletso.”—Liprov. 18:10.

Na U sa Hopola?

• Re ka tšabela lebitsong la Jehova joang hona joale?

• Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšepa “setšabelo sa leshano”?

• Re tiisetsoa hore re tla fumana setšabelo sefe nakong e tlang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Temana ea selemo ea 2011 e re: “Tšabela lebitsong la Jehova.”—Sofonia 3:12.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 7]

Thüringer Landesmuseum Heidecksburg Rudolstadt, Waffensammlung “Schwarzburger Zeughaus”