Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lula U Falimehile Joaloka Jeremia

Lula U Falimehile Joaloka Jeremia

Lula U Falimehile Joaloka Jeremia

“Ke [Jehova] lula ke falimehile malebana le lentsoe la ka e le hore ke le phethe.”—JER. 1:12.

1, 2. Ke hobane’ng ha taba ea hore Jehova o ‘lula a falimehile’ e amahanngoa le sefate sa almonde?

MARALLENG a Lebanone le Iseraele, tse ling tsa lifate tse thunyang pele ke tsa almonde. Lipalesa tsa tsona tse ntle tse pinki kapa tse tšoeu li qala ho bonahala ho elella mafelong a khoeli ea January kapa mathoasong a February. Ha e le hantle, lebitso la tsona la Seheberu le bolela “ea phaphamisang.”

2 Ha Jehova a ne a khetha Jeremia hore e be moprofeta oa hae, tšobotsi ena ea sefate sa almonde e ne e sebelisoa ka nepo ho hlalosa ntlha e itseng ea bohlokoa bophelong. Qalong ea tšebeletso ea hae, moprofeta Jeremia o ile a bontšoa lehlōmela la sefate seo. Pono eo e ne e bolela’ng? Ha Jehova a e hlalosa o re: “Ke lula ke falimehile malebana le lentsoe la ka e le hore ke le phethe.” (Jer. 1:11, 12) Hantle feela joalokaha sefate sa almonde se ne se ‘phaphama’ hoseng, ka tsela ea tšoantšetso Jehova le eena o ne a “tsoha hoseng” e le hore a romele baprofeta ba hae ho ea lemosa batho ba hae ka liphello tsa ho se mamele. (Jer. 7:25) Hape o ne a sa phomole—o ne a ‘lula a falimehile’—ho fihlela mantsoe a hae a boprofeta a phethahetse. Ka 607 B.C.E., hantle ka nako e behiloeng, kahlolo ea Jehova e ile ea tlela sechaba sa Juda sa bakoenehi.

3. Re ka kholiseha ka’ng mabapi le Jehova?

3 Ka ho tšoanang, le kajeno Jehova o ntse a falimehile, a ela hloko hore thato ea hae ea phethahala. Ho ke ke ha etsahala hore a hlokomolohe ho phethahala ha lentsoe la hae. Taba ea hore Jehova o ela lintho hloko e u ama joang? Na ua lumela hore esita le selemong see sa 2011, Jehova o ntse a “falimehile” ho bona hore litšepiso tsa hae lia phethahala? Haeba re e-na le lipelaelo leha e le life mabapi le litšepiso tsa Jehova tse tiileng, ena ke nako ea hore re phaphame haeba re ne re otsela moeeng ka tsela leha e le efe. (Bar. 13:11) Kaha e ne e le moprofeta oa Jehova, Jeremia o ile a lula a falimehile. Ho hlahloba hore na ke hobane’ng ha Jeremia a ile a lula a falimehile mosebetsing oa hae oo a neng a o filoe ke Molimo le hore na o ile a etsa seo joang, ho tla re thusa hore re hlokomele hore na re ka mamella mosebetsing oo Jehova a re fileng oona joang.

Molaetsa o Potlakileng

4. Jeremia o ile a thulana le mathata afe ha a ntse a phatlalatsa molaetsa oa hae, hona ke hobane’ng ha o ne o potlakile?

4 E ka ’na eaba Jeremia o ne a habile lilemo tse 25 ha Jehova a ne a mo fa taelo ea hore e be molebeli. (Jer. 1:1, 2) Empa o ne a ikutloa eka e ntse e le moshanyana feela ea neng a sa tšoanelehe ho hang hore a ka bua le banna ba baholo ba neng ba eteletse sechaba pele, ba neng ba hōlile ba bile ba e-na le maemo a hlomphehang. (Jer. 1:6) O ne a e-na le litemoso tse bohloko le likahlolo tse tšabehang tseo a neng a lokela ho li phatlalatsa, haholo-holo ho baprista, baprofeta ba bohata le babusi, hammoho le ho batho ba neng ba khutletse “tseleng e ratoang” le ba neng ba ‘sa tšepahale ka ho tsoelang pele.’ (Jer. 6:13; 8:5, 6) Tempele e majabajaba ea Morena Solomone, eo e neng e le khubu ea borapeli ba ’nete ka lilemo tse ka bang makholo a mane, e ne e tla heletsoa. Jerusalema le Juda li ne li tla etsoa lesupi, ’me baahi ba teng ba ne ba tla isoa botlamuoeng. Ho hlakile hore molaetsa oo Jeremia a neng a laetsoe hore a o phatlalatse o ne o potlakile!

5, 6. (a) Jehova o sebelisa sehlopha sa Jeremia joang kajeno? (b) Seo re tl’o ithuta sona se tla tsepama ho eng?

5 Mehleng ea kajeno, ka lerato Jehova o file batho sehlopha sa Bakreste ba tlotsitsoeng ba sebetsang e le balebeli ba tšoantšetso e le hore ba lemose batho hore o tla ahlola lefatše lena. Sehlopha sena sa Jeremia se se se qetile lilemo tse mashome se ntse se phehella batho hore ba ele hloko linako tseo re phelang ho tsona. (Jer. 6:17) Bibele e hatisa ntlha ea hore Jehova, e leng ’Moloki e Moholo oa Nako ha a liehe. Letsatsi la hae le tla fihla hantle ka nako, ka hora eo batho ba sa e lebellang.—Sof. 3:8; Mar. 13:33; 2 Pet. 3:9, 10.

6 Lula u hopola hore Jehova o falimehile le hore o tla tlisa lefatše la hae le lecha le lokileng hantle ka nako. Ho tseba seo ho lokela ho susumetsa ba sehlopha sa Jeremia ho be ho thuse metsoalle ea bona e inehetseng hore e falimehele molaetsa o ntseng o potlaka ho ea pele. Seo se u ama joang? Jesu o ile a bontša hore batho bohle ba lokela ho tšehetsa ’Muso oa Molimo. A re hlahlobeng litšobotsi tse tharo tse ileng tsa thusa Jeremia hore a lule a falimehile mosebetsing oa hae e leng tse tla re thusa hore le rōna re etse se tšoanang.

Ho Rata Batho

7. Hlalosa hore na ke joang lerato le ileng la susumetsa Jeremia hore a phatlalatse molaetsa ho sa tsotellehe maemo a neng a le boima.

7 Ke eng e ileng ea susumetsa Jeremia hore a phatlalatse molaetsa ho sa tsotellehe maemo a neng a le boima? O ne a rata batho. Jeremia o ne a tseba hore balisa ba bohata e ne e le bona ba neng ba baka boholo ba mathata ao batho ba neng ba thulana le ’ona. (Jer. 23:1, 2) Tsebo ena e ile ea mo thusa hore a etse mosebetsi oa hae ka lerato le qenehelo. O ne a batla hore batho ba habo ba utloe mantsoe a Molimo e le hore ba phele. O ne a amehile hoo a ileng a lla ka lebaka la tlokotsi e neng e tl’o ba hlahela. (Bala Jeremia 8:21; 9:1.) Buka ea Lillo Tsa Jeremia e bontša ka ho hlaka kamoo Jeremia a neng a rata a bile a amehile ka lebitso la Jehova le batho ba hae ka botebo kateng. (Lillo. 4:6, 9) Kajeno ha u bona batho ba “sohlokehile ’me [ba] qhalakane joaloka linku tse se nang molisa,” na seo hase etse hore u batle ho ba isetsa litaba tsa ’Muso oa Molimo tse khothatsang?—Mat. 9:36.

8. Ke’ng e bontšang hore ho hlokofatsoa ha hoa ka ha etsa hore Jeremia a halefe?

8 Jeremia o ile a utloisoa bohloko ke batho bao a neng a lakatsa ho ba thusa, empa ha aa ka a iphetetsa kapa a halefa. O ne a tiisetsa a bile a le mosa, esita le ho Morena Tsedekia ea neng a le khopo! Ka mor’a hore Tsedekia a fane ka eena hore a bolaoe, Jeremia o ile a ’na a tsoela pele ho mo kōpa ka tieo hore a mamele lentsoe la Jehova. (Jer. 38:4, 5, 19, 20) Na lerato leo re ratang batho ka lona le matla joaloka la Jeremia?

Sebete se Tsoang ho Molimo

9. Re tseba joang hore sebete sa Jeremia se ne se tsoa ho Molimo?

9 Ha Jehova a ne a qala ho bua le eena, Jeremia o ile a leka ho ikhula. Sena se bontša hore sebete le ho tiea tseo a ileng a li bontša hamorao e ne e se lintho tseo a neng a e-na le tsona ka tlhaho. Ha e le hantle, Jeremia o ile a bontša matla a fetang a tloaelehileng ha a ne a etsa mosebetsi oa boprofeta hobane o ne a itšetlehile ka Molimo ka botlalo. Ka sebele, Jehova o ne a e-na le moprofeta Jeremia “joaloka senatla se tšabehang” ka hore ebe o ile a mo tšehetsa a ba a mo matlafatsa e le hore a phethe mosebetsi oa hae. (Jer. 20:11) Jeremia o ne a tumme ka ho ba sebete le ho ba matla hoo nakong eo Jesu a neng a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng batho ba bang ba ileng ba nahana hore e ne e le Jeremia ea tsohileng bafung!—Mat. 16:13, 14.

10. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore masala a batlotsuoa a ‘okametse lichaba le mebuso’?

10 Kaha Jehova ke “Morena oa lichaba,” o ile a laela Jeremia hore a phatlalatse molaetsa oa kahlolo ho lichaba le mebuso. (Jer. 10:6, 7) Empa ke ka tsela efe masala a batlotsuoa a ‘okametseng lichaba le mebuso’? (Jer. 1:10) Joaloka moprofeta oa boholo-holo, ba sehlopha sa Jeremia ba filoe mosebetsi ke ’Musi oa bokahohle. Ke ka hona bahlanka ba Molimo ba tlotsitsoeng ba filoeng matla a ho etsa liphatlalatso lefatšeng lohle, tse khahlanong le lichaba le mebuso. Kaha ba filoe matla a ho laela ke Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa ba bile ba sebelisa puo e hlakileng ea Lentsoe la hae le bululetsoeng, ba sehlopha sa Jeremia ba phatlalatsa hore lichaba le mebuso ea kajeno li tla fotholoa ebe lia timetsoa ka nako ea Molimo e loketseng le ka tsela eo a e khethileng. (Jer. 18:7-10; Tšen. 11:18) Ba sehlopha sa Jeremia ba ikemiselitse hore ba se ke ba khoehlisa mosebetsing oo ba o filoeng ke Molimo oa ho phatlalatsa melaetsa ea Jehova ea kahlolo lefatšeng ka bophara.

11. Ke eng e tla re thusa hore re lule re bolela litaba tse molemo re sa khaotse leha re thulana le maemo a boima?

11 Ke ntho e tloaelehileng hore motho a nyahame ka linako tse ling ha a thulana le khanyetso, batho ba iphapanyetsang molaetsa kapa maemo a boima. (2 Bakor. 1:8) Empa joaloka Jeremia, a re tsoeleng pele, re se ke ra nyahama. E se eka kaofela ha rōna re ka tsoela pele re etsa thapeli ho Molimo, re itšetlehe ka eena re be re ‘itete sebete’ ha re ntse re batla thuso ho eena. (1 Bathes. 2:2) Kaha re barapeli ba ’nete, re tlameha ho tsoela pele re falimehile mabapi le boikarabelo boo Molimo a re fileng bona. Re tlameha ho ikemisetsa ho lula re phatlalatsa molaetsa o mabapi le ho felisoa ha Bokreste-’mōtoana, bo neng bo tšoantšetsoa ke Jerusalema e neng e sa tšepahale. Ba sehlopha sa Jeremia ba ke ke ba phatlalatsa feela “selemo sa Jehova sa kamohelo” empa ba tla boela ba phatlalatse le “letsatsi la phetetso la Molimo oa rōna.”—Esa. 61:1, 2; 2 Bakor. 6:2.

Thabo e Tsoang Botebong ba Pelo

12. Ke hobane’ng ha re ka ’na ra etsa qeto ea hore Jeremia o ne a lula a thabile, hona ke eng e ka sehloohong e neng e etsa hore a lule a thabile?

12 Jeremia o ne a thabela mosebetsi oa hae. O ile a re ho Jehova: “Mantsoe a hao a ile a fumanoa, eaba kea a ja; ’me lentsoe la hao ho ’na e ba thabo e khaphatsehang le ho nyakalla ha pelo ea ka; etsoe ke ’nile ka bitsoa ka lebitso la hao, Jehova.” (Jer. 15:16) Jeremia o ne a nka ho emela Molimo oa ’nete le ho phatlalatsa lentsoe la hae e le tlotla. Ke ho thahasellisang ho hlokomela hore ha Jeremia a ne a nahana haholo ka batho ba mo somang o ne a felloa ke thabo. Empa ha a ne a ameha haholo ka molemo le bohlokoa ba molaetsa oa hae, o ne a boela a thaba.—Jer. 20:8, 9.

13. Ke hobane’ng ha ho iphepa linnete tse tebileng tsa moea e le habohlokoa e le hore re lule re thabile?

13 E le hore re lule re thabile mosebetsing oa boboleli mehleng ena, re tlameha ho ja “lijo tse tiileng,” e leng linnete tse tebileng tsa Lentsoe la Molimo. (Baheb. 5:14) Ho ba le thuto e tebileng ea botho ho matlafatsa tumelo. (Bakol. 2:6, 7) Ho re thusa hore re utloisise hore na liketso tsa rōna li hlile li ama pelo ea Jehova joang. Haeba re thatafalloa ho fumana nako ea ho bala le ho ithuta Bibele, re lokela ho boela re hlahloba kemiso ea rōna. Esita le ho qeta metsotso e seng mekae feela re ithuta re bile re thuisa letsatsi ka leng ho tla re atametsa haufi le Jehova ebile ho tla etsa hore re be le “thabo e khaphatsehang le ho nyakalla ha pelo,” joaloka Jeremia.

14, 15. (a) Taba ea hore ebe Jeremia o ile a phetha mosebetsi oo a neng a o filoe ka botšepehi e ile ea hlahisa litholoana life? (b) Kajeno batho ba Molimo ba ananela’ng mabapi le mosebetsi oa boboleli?

14 Jeremia o ile a fela a phatlalatsa litemoso tsa Jehova le molaetsa oa kahlolo a sa khaotse, empa ka pelong o ne a ntse a hopola mosebetsi oo a neng a o filoe oa “ho haha le ho hloma.” (Jer. 1:10) Mosebetsi oa hae oa ho haha le ho hloma o ile oa beha litholoana. Bajuda ba bang hammoho le batho bao e neng e se Baiseraele ba ile ba pholoha ha Jerusalema e ne e timetsoa ka 607 B.C.E. Ba bang ba bona ke Barekabe, Ebede-meleke le Baruke. (Jer. 35:19; 39:15-18; 43:5-7) Metsoalle ena ea Jeremia e tšepahalang le e neng e tšaba Molimo ka ho hlaka e tšoantšetsa batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng kajeno bao e leng metsoalle ea ba sehlopha sa Jeremia. Ba sehlopha sa Jeremia ba thabisoa haholo ke ho matlafatsa tumelo ea “bongata bo boholo.” (Tšen. 7:9) Ka ho tšoanang, metsoalle ena ea batlotsuoa e tšepahalang e khotsofatsoa haholo ke ho thusa batho ba lipelo li ntle hore ba fumane tsebo ea ’nete.

15 Batho ba Molimo baa utloisisa hore ho bolela litaba tse molemo hase tšebeletso ea sechaba feela ho batho ba li mamelang empa e boetse ke karolo ea borapeli ba rōna ho Molimo. Ebang re fumana batho ba re mamelang kapa che, ho etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang ea ho bolela litaba tse molemo ho re thabisa haholo.—Pes. 71:23; bala Baroma 1:9.

‘Lula U Falimehile’ Mosebetsing oa Hao!

16, 17. Tšenolo 17:10 le Habakuke 2:3 li bontša joang hore mehla ea rōna e potlakile?

16 Re bona ho potlaka ha matsatsi ao re phelang ho ’ona ha re nahana ka boprofeta bo bululetsoeng bo ho Tšenolo 17:10. Morena oa bosupa, e leng ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o se a le teng. Re bala sena mabapi le oona: “Ha a fihla [’musi oa bosupa oa lefatše] o tla lula nakoana e khutšoanyane.” E tlameha ebe hona joale ‘nakoana eo e khutšoanyane’ e haufi le ho fela. Moprofeta Habakuke o re tiisetsa sena mabapi le bofelo ba tsamaiso ena e khopo: ‘Pono ena e sa ntse e le bakeng sa nako e behiloeng. Le lule le e lebeletse; kaha ruri e tla phethahala. E ke ke ea siuoa ke nako.’—Hab. 2:3.

17 Ipotse: ‘Na kannete bophelo ba ka bo bontša hore mehla ea rōna e potlakile? Na tsela eo ke phelang ka eona e bontša hore ke lebeletse hore bofelo bo tla tla haufinyane? Kapa na liqeto tseo ke li etsang li bontša hore ha kea lebella hore bofelo bo tla tla haufinyane kapa li bontša hore ha kea kholiseha hore bofelo bo tla ke bo tle?’

18, 19. Ke hobane’ng ha ee e se nako ea ho khoehlisa?

18 Mosebetsi oa sehlopha sa molebeli ha o e-s’o fele. (Bala Jeremia 1:17-19.) Ruri hoa thabisa hore ebe masala a batlotsuoa a eme a sa sisinyehe joaloka “tšiea ea tšepe” le joaloka “motse o etselitsoeng qhobosheane”! ‘Matheka a ’ona a tlamiloe ka hohle ka ’nete’ ka hore a lumella Lentsoe la Molimo hore le a matlafatse ho fihlela a qeta mosebetsi oo a o filoeng. (Baef. 6:14) Kaha ba bongata bo boholo le bona ba na le boikemisetso bo tšoanang, ka mafolofolo ba tšehetsa ba sehlopha sa Jeremia hore ba phethe mosebetsi oo ba o filoeng ke Molimo.

19 Ena hase nako ea ho khoehlisa tšebeletsong ea ’Muso empa ke nako ea ho nahana ka bohlokoa ba mantsoe ana a ho Jeremia 12:5. (E bale.) Kaofela ha rōna re thulana le liteko tseo re lokelang ho li mamella. Liteko tsena tsa tumelo ea rōna li ka ’na tsa bapisoa le “batho ba tsamaeang ka maoto” bao re tlamehang ho matha le bona. Ho ntse ho le joalo, ha “matšoenyeho a maholo” a ntse a atamela, re ka lebella hore mathata a rōna a eketsehe. (Mat. 24:21) Ho loana le mathata a boima ao e leng hona re tla thulana le ’ona ho ka ’na ha tšoantšoa le ho matha “peisong le lipere.” Ho ne ho tla hlokahala hore motho a be le matla a mangata a ho mamella e le hore a ka matha le lipere tse khemang. Kahoo, ke habohlokoa hore re mamelle liteko tseo re thulanang le tsona hona joale, kaha li ka ’na tsa re thusa hore re itokisetse ho mamella tseo e leng hona re tla thulana le tsona.

20. U ikemiselitse ho etsa’ng?

20 Kaofela ha rōna re ka etsisa Jeremia eaba re phetha mosebetsi oa rōna oa boboleli ka katleho! Litšobotsi tse kang lerato, sebete le thabo li ile tsa susumetsa Jeremia hore a phethe tšebeletso ea hae ea lilemo tse 67 ka botšepehi. Thunthung e ntle ea sefate sa almonde e re hopotsa hore Jehova o tla ‘lula a falimehile’ mabapi le lentsoe la hae e le hore a le phethahatse. Kahoo, le rōna re na le lebaka le utloahalang la hore re etse joalo. Jeremia o ile a ‘lula a falimehile,’ ’me le rōna re ka lula re falimehile.

Na U sa Hopola?

• Lerato le ile la thusa Jeremia joang hore a ‘lule a falimehile’ mabapi le mosebetsi oo a neng a o filoe?

• Ke hobane’ng ha re hloka sebete se tsoang ho Molimo?

• Ke’ng e ileng ea thusa Jeremia hore a lule a thabile?

• Ke hobane’ng ha u lokela ho ‘lula u falimehile’?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Na u tla lula u etsa mosebetsi oa boboleli ho sa tsotellehe khanyetso?