Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

A re Thabeng Hammoho!

A re Thabeng Hammoho!

A re Thabeng Hammoho!

HO NTSE ho e-ba thata hore re thabe re be re nyakalle. Ho bonahala batho ba bangata ba sa khone ho buisana le ba bang ka lintho tse ntle. Bophelo ba kajeno, haholo-holo metseng e meholo, bo etsa hore batho ba jeoe ke bolutu ba be ba itšehle thajana.

Moprofesa oa Psychobiology Alberto Oliverio, o re: “Bolutu ke ntho e atileng haholo” ’me “ha ho pelaelo hore bophelo ba metseng e meholo bo etsa hore batho ba itšehle thajana. Maemong a mangata bo etsa hore re se ke ra tsotella hore na motho eo re sebetsang le eena, moahelani kapa motho ea sebetsang lebenkeleng le haufi leo re rekang ho lona o phela joang.” Hangata ho itšehla thajana ka tsela e joalo ho baka khatello ea maikutlo.

Leha ho le joalo, maemo le maikutlo a Bakreste-’moho le rōna ’ona a fapane. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Thabang kamehla.” (1 Bathes. 5:16) Re na le mabaka a mangata a hore re nyakalle ’me re thabe hammoho. Re rapela Jehova e leng Molimo Ea Phahameng ka ho Fetisisa; re utloisisa molaetsa oa Bibele oa ’nete; re na le tšepo ea ho pholoha le ea ho fumana bophelo bo sa feleng; ’me re ka boela ra thusa le ba bang hore ba fumane litlhohonolofatso tse tšoanang.—Pes. 106:4, 5; Jer. 15:16; Bar. 12:12.

Ho thaba le ho nyakalla hammoho le batho ba bang ke litšobotsi tsa Bakreste ba ’nete. Kahoo, ha ho makatse hore ebe Pauluse o ile a ngolla Bafilipi a re: “Kea nyakalla ’me ke thaba le lōna kaofela. Joale ka tsela e tšoanang le lōna le nyakalle ’me le thabe le ’na.” (Bafil. 2:17, 18) Litemaneng tseo, ka mantsoe a seng makae feela, ka makhetlo a mabeli, Pauluse o bua ka ho nyakalla le ho thaba le batho ba bang.

Ho hlakile hore Bakreste ba lokela ho ba hlokolosi hore ba qobe mokhoa leha e le ofe oa ho itšehla thajana. Ha ho na motho ea itšehlang thajana ea ka thabang hammoho le balumeli-’moho le eena. Kahoo, ke joang re ka latelang khothatso ea Pauluse ea hore re ‘tsoele pele re thabile Moreneng’ le barab’abo rōna?—Bafil. 3:1.

Thabang le Balumeli-’moho le Lōna

Ha Pauluse a ne a ngola lengolo la hae le neng le ea ho Bafilipi, mohlomong e ne e le motšoaruoa Roma ka lebaka mosebetsi oa hae oa ho bolela litaba tse molemo. (Bafil. 1:7; 4:22) Leha ho le joalo, ho koalloa chankaneng ha hoa ka ha fokotsa cheseho eo a neng a e-na le eona bakeng sa tšebeletso. Ho e-na le hoo, o ile a thabela ho sebeletsa Jehova ka hohle kamoo a neng a ka khona le ho “tšolloa joaloka nyehelo ea seno.” (Bafil. 2:17) Boikutlo ba Pauluse bo bontša hore ho thaba ha motho ha hoa itšetleha ka maemo a hae. Ho sa tsotellehe taba ea hore o ne a koalletsoe chankaneng, o ile a re: “Ke tla ’ne ke thabe.”—Bafil. 1:18.

Pauluse o ne a thehile phutheho ea Filipi ’me o ne a rata barab’abo ba moo ka tsela e khethehileng. O ne a tseba hore ho ba bolella ka thabo eo a neng a e-na le eona ka lebaka la ho sebeletsa Jehova ho ne ho tla ba khothatsa. Ke kahoo, a ileng a ngola a re: “Joale ke lakatsa hore le tsebe, barab’eso, hore litaba tsa ka li feletse ka hore litaba tse molemo li tsoele pele ho e-na le ka ho hong hosele, hoo litlamo tsa ka li fetohileng tse tsebahalang phatlalatsa kamanong le Kreste har’a Balebeli bohle ba Moemphera le ba bang kaofela.” (Bafil. 1:12, 13) Ha Pauluse a ne a bolella barab’abo phihlelo ena e khothatsang, eo e ne e le tsela eo a neng a nyakalla le ho thaba le bona ka eona. E tlameha ebe Bafilipi le bona ba ile ba thaba le Pauluse. Leha ho le joalo, e le hore ba thabe ho ne ho hlokahala hore ba se ke ba nyahamisoa ke maemo ao Pauluse a neng a le ho ’ona. Ho e-na le hoo, ba ne ba lokela ho etsisa mohlala oa hae. (Bafil. 1:14; 3:17) Ho feta moo, Bafilipi ba ne ba ka tsoela pele ba rapella Pauluse ’me ba mo thusa le ho mo tšehetsa ka hohle kamoo ba neng ba ka khona kateng.—Bafil. 1:19; 4:14-16.

Na re bonahatsa thabo e kang eo Pauluse a ileng a e bontša? Na re loanela ho nahana ka lintho tse ntle tse etsahalang bophelong le tšebeletsong ea rōna ea Bokreste? Ha re e-na le barab’abo rōna, ho hotle hore re bue ka lintho tseo re li thabelang mosebetsing oa boboleli. Ha rea lokela ho emela hore ho be le liphihlelo tse sa tloaelehang e le hore re ka etsa sena. Mohlomong re ile ra etsa hore motho ea itseng a thahaselle molaetsa oa ’Muso, haholo-holo ka tsela eo re ileng ra behelana mabaka le eena ka eona. Mohlomong re ile ra ba le puisano e monate le mong’a ntlo ka temana e itseng ea Bibele. Kapa e ka ’na eaba batho ba ile ba hlokomela hore re Lipaki Tsa Jehova ha re ne re le tšimong ’me ebe seo ka bosona se ile sa fana ka bopaki bo botle. Ho qoqa ka liphihlelo tse joalo ke tsela ea ho thaba hammoho le ba bang.

Bahlanka ba bangata ba Jehova ba ’nile ba itela ’me ba ntse ba itela e le hore ba ka etsa mosebetsi oa boboleli. Bo-pula-maliboho, balebeli ba tsamaeang, basebetsi ba Bethele, baromuoa le basebeletsi ba machaba, ba sebelisa matla a bona ho etsa tšebeletso ea nako e tletseng ’me baa thaba ha ba ntse ba etsa seo. Na rea nyakalla ebile re thaba le bona? Kahoo, a re bontšeng hore re ananela seo ‘basebetsi-’moho le rōna bao ba ratehang ba se etsang bakeng sa ’muso oa Molimo.’ (Bakol. 4:11) Ha re e-na le bona libokeng kapa likopanong tsa Bokreste tse khōlō, re ka ba khothatsa. Re ka boela ra etsisa mohlala oa bona oa ho cheseha. Hape re ka batla “monyetla” oa ho mamela liphihlelo tsa bona le mantsoe a bona a khothatsang ka hore re ba amohele malapeng a rōna, mohlomong ka hore re ba memele lijong.—Bafil. 4:10.

Thabang le ba Mamelletseng Liteko

Ho mamella mahloriso le ho hlōla liteko ho ile ha thusa Pauluse hore a ikemisetse ho lula a tšepahala ho Jehova. (Bakol. 1:24; Jak. 1:2, 3) Kaha o ne a tseba hore barab’abo rōna ba Filipi ba ne ba ka ’na ba thulana le liteko tse tšoanang le hore ba ne ba tla khothatsoa ke ho mamella ha hae, seo se ile sa etsa hore a nyakalle le ho thaba le bona. Kahoo, o ile a ngola a re: “Le ile la fuoa tokelo ka lebaka la Kreste, eseng feela hore le behe tumelo ea lōna ho eena, empa hape le ho utloa bohloko ka lebaka la hae. Etsoe le na le ntoa e tšoanang le eo le ileng la e bona tabeng ea ka le eo joale le utloang ka eona tabeng ea ka.”—Bafil. 1:29, 30.

Ka ho tšoanang, le kajeno Bakreste baa hanyetsoa ka lebaka la mosebetsi oa bona oa boboleli. Ka linako tse ling ba hanyetsoa ka mabifi, empa hangata e ba ka tsela e poteletseng. Ba ka ’na ba hanyetsoa ka hore bakoenehi ba bue mashano ka bona, litho tsa malapa li ba hloee ba be ba songoe ke basebetsi-’moho le bona kapa bao ba kenang sekolo le bona. Jesu o ile a re lemosa hore liteko tsena ha lia lokela ho re makatsa kapa ho re nyahamisa. Ho e-na le hoo, ke tsona tse etsang hore re thabe. O ile a re: “Ho thaba lōna ha batho ba le nyelisa ’me ba le hlorisa ’me ka leshano ba bua ntho ea mofuta o mong le o mong e khopo ka lōna ka lebaka la ka. Thabang ’me le tlōle ke thabo, kaha moputso oa lōna o moholo maholimong.”—Mat. 5:11, 12.

Ha rea lokela ho tšoha ha re utloa hore barab’abo rōna ba linaheng tse ling ba hlorisoa ka sehlōhō. Ho e-na le hoo, re lokela ho thabela hore ebe baa mamella. Re ka ba rapella, re kōpe Jehova hore a matlafatse tumelo ea bona le hore a ba thuse ho mamella. (Bafil. 1:3, 4) Le hoja re ke ke ra etsetsa bara bao babo rōna ba ratehang se se kaalo, re ka thusa barab’abo rōna ba phuthehong ea habo rōna ba thulanang le liteko. Re ka bontša hore rea ba tsotella ’me ra ba tšehetsa. Re ka batla menyetla ea hore re thabe le bona ka hore ka linako tse ling re ba memele Borapeling ba rōna ba Lelapa ba mantsiboea, re sebetse le bona tšebeletsong ea tšimo ’me re ithabise le bona.

Re na le mabaka a mangata a hore re thabe hammoho! A re haneng moea ona oa lefatše oa ho itšehla thajana ’me re tsoele pele re thaba le barab’abo rōna. Ha re etsa joalo, re tla kenya letsoho hore ho be le lerato le bonngoe ka phuthehong ’me re tla thabela kutloano ea Bokreste ea bara ba motho ka botlalo. (Bafil. 2:1, 2) Ha Pauluse a re khothatsa o re: “Kamehla thabang Moreneng, ke tla boela ke re, Le thabe!”—Bafil. 4:4.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 6]

Globe: Courtesy of Replogle Globes