Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehu o Tšehetsa Borapeli bo Hloekileng ka Cheseho

Jehu o Tšehetsa Borapeli bo Hloekileng ka Cheseho

Jehu o Tšehetsa Borapeli bo Hloekileng ka Cheseho

JEHU o ne a tšehetsa borapeli bo hloekileng ka cheseho. Ha a phetha mosebetsi ona o ile a o etsa ka mahlahahlaha, ntle ho tšenyo ea nako, a phehella, a cheseha a bile a le sebete. Jehu o ile a bonahatsa litšobotsi tseo e ka bang hantle hore re li etsise.

Jehu o ile a rongoa nakong eo lintho li neng li sa tsamaee hantle sechabeng sa Iseraele. Naha ea Iseraele e ne e le tlas’a tšusumetso e khopo ea Jezebele, eo e neng e le mohlolohali oa Akabe e bile e le ’mè oa morena Jorame ea neng a ntse a busa. Jezebele o ile a khothalletsa batho ho rapela Baale ho e-na le ho rapela Jehova, a bolaea baprofeta ba Molimo a ba a silafatsa batho ka “bohlola” le “boloi” ba hae. (2 Mar. 9:22; 1 Mar. 18:4, 13) Jehova o ile a laela hore bohle ba ntlo ea Akabe ba bolaoe, ho akarelletsa Jorame le Jezebele. Jehu e ne e le eena ea neng a tla etella pele ha taelo eo e phethahatsoa.

Mangolo a bua ka Jehu a lutse le balaoli ba lebotho nakong eo Baiseraele ba neng ba loana le Basyria, Ramothe-gileade. Jehu e ne e le molaoli ea phahameng, ’me mohlomong e boetse e le molaoli oa sesole sa Iseraele. Moprofeta Elisha o ile a romela e mong oa bara ba baprofeta hore a e’o tlotsa Jehu hore e be morena le hore a mo laele hore a bolaee monna e mong le e mong oa ntlo ea bokoenehi ea Akabe.—2 Mar. 8:28; 9:1-10.

Ha balaoli-’moho le Jehu ba mo botsa hore na monna eo o ne a tlil’o etsa’ng, Jehu o ile a tsilatsila ho ba bolella. Empa ha ba mo phehella, o ile a qetella a tsoile ka taba, eaba eena hammoho le bo-mphato’ae ba etsa ’momori khahlanong le Jorame. (2 Mar. 9:11-14) Ho ka etsahala hore ebe litho tsa lebotho la sesole li ne li se ntse li nyatsa li bile li le khahlanong le maano a lelapa la borena le tšusumetso ea Jezebele. Leha ho le joalo, Jehu o ile a nahanisisa ka hloko e le hore a fumane tsela e molemo ea ho phethahatsa taelo eo a neng a e filoe.

Morena Jorame o ne a ile a lemala ntoeng ’me o ne a balehetse Jezriele e le hore a fole. Jehu o ne a tseba hore, e le hore leano la hae le atlehe, batho ba Jezriele ba ne ba sa lokela ho tseba ka lona. Jehu o ile a re: “Le se ke la tlohela leha e le mang hore a tsoe a balehe motseng ho ea tlaleha Jezriele.” (2 Mar. 9:14, 15) Mohlomong Jehu o ne a lebeletse hore masole a tšepahalang ho Jorame a ne a ka ’na a mo hanyetsa. Jehu o ne a batla ho tiisa hore ho ke ke ha e-ba le khanyetso e joalo.

O PALAMA JOALOKA LEHLANYA!

E le ho ba tsometsa, Jehu o ile a kalla koloi ea hae a tloha Ramothe-gileade a ea Jezriele e bohōle ba lik’hilomithara tse 72. Ha a e-ea a lebile Jezriele a kaletse ka lebelo le holimo, molebeli ea neng a le holim’a tora o ile a bona “letšoele le nyolohang la banna ba Jehu.” (2 Mar. 9:17) E tlameha ebe Jehu o ile a tsamaea le lebotho le matla, e le hore a ka atleha ho phethahatsa morero oa hae.

Ha molebeli eo a bona hore Jehu ea sebete o ne a le ho e ’ngoe ea likoloi, o ile a hooa a re: “O palama joaloka lehlanya.” (2 Mar. 9:20) Haeba Jehu o ne a tloaetse ho palama ka tsela eo, ho hlakile hore lekhetlong lena o ne a palame ka lebelo le holimo le ho feta.

Ka mor’a hore a hane ho tsoa ka litaba ho manģosa a mabeli a neng a rometsoe ho eena, Jehu o ile a kopana le Morena Jorame le motsoalle oa hae Akazia, e leng morena oa Juda, e mong le e mong a le koloing ea hae. Ha Jorame a botsa Jehu a re, “Na khotso e teng, Jehu?” Jehu o ile a mo araba ka bohale a re: “Ke khotso ea eng e ka bang teng hafeela ho e-na le bohlola ba ’m’ao Jezebele le boloi ba hae bo bongata?” A tšositsoe ke karabo eo, Jorame o ile a baleha. Empa Jehu o ile a mo potlakela! O ile a ntša seqha a fula Jorame ka motsu pelong eaba o shoella koloing ea hae. Le hoja Akazia a ile a baleha, hamorao Jehu o ile a sala mohlala oa hae morao eaba le eena oa ’molaea.—2 Mar. 9:22-24, 27.

E mong oa ntlo ea Akabe ea neng a lokela ho bolaoa e ne e le Mofumahali Jezebele ea khopo. Ka nepo Jehu o ile a re ke “enoa ea rohakiloeng.” Ha Jehu a fihla Jezriele, o ile a bona Jezebele a talimile tlaase ka fensetere ntlong ea borena. A sa hlathe koana le koana, Jehu o ile a laela balaoli ba lekhotla hore ba lihele Jezebele fensetereng. Ka mor’a moo, lipere tsa Jehu li ile tsa hatakela Jezebele ea neng a silafalitse Iseraele. Ka mor’a moo, Jehu o ile a tsoela pele ho bolaea ba bang ba bangata ba ntlo ea Akabe ea khopo.—2 Mar. 9:30-34; 10:1-14.

Le hoja ho loana e se ntho e ntle, re lokela ho hlokomela hore mehleng eo, Jehova o ne a sebelisa bahlanka ba hae ho phethahatsa likahlolo tsa hae. Mangolo a re: “Ho oa ha Akazia ho ne ho tsoa ho Molimo ka hore a tle ho Jorame; ha a tlile, a tsoa le Jorame ho ea ho Jehu setloholo sa Nimshi, eo Jehova a neng a mo tlotsitse hore a felise ntlo ea Akabe.” (2 Likron. 22:7) Ha a ne a re setopo sa Jorame se ntšoe ka koloing ea hae se lahleloe fatše, Jehu o ile a hlokomela hore ketso eo e ne e phethahatsa tšepiso ea Jehova ea hore o ne a tla fana ka kotlo ka lebaka la hore Akabe o ne a bolaile Nabothe. Ho feta moo, Jehu o ne a laetsoe hore a ‘pheteletse mali a bahlanka ba Molimo’ a neng a tšolotsoe ke Jezebele.—2 Mar. 9:7, 25, 26; 1 Mar. 21:17-19.

Kajeno, ha ho na mohlanka oa Jehova ea loantšang batho ba khahlanong le borapeli bo hloekileng. Molimo o re: “Phetetso ke ea ka.” (Baheb. 10:30) Empa e le hore baholo ba Bakreste ba ka sireletsa phutheho linthong tse ka ’nang tsa e silafatsa, ba lokela ho ba sebete joaloka Jehu. (1 Bakor. 5:9-13) Hape, litho tsohle tsa phutheho li lokela ho ikemisetsa ho qoba setsoalle le batho ba khaotsoeng.—2 Joh. 9-11.

JEHU HA AA KA A MAMELLA TLHŌLISANO E LEBISITSOENG HO JEHOVA

Sepheo sa Jehu sa ho phetha thomo eo a neng a e filoe, se bonahala ho seo a ileng a se bua ho Jonadabe ea tšepahalang, ha a ne a re: “Tsamaea hammoho le ’na ’me u talime ho se mamelle ha ka tlhōlisano ea letho e lebisitsoeng ho Jehova.” Jonadabe o ile a amohela kōpo eo, eaba o palama koloing ea Jehu ’me o tsamaea le eena ho ea Samaria. Ha Jehu a le moo, “o ile a etsa ka masene, ka morero oa ho timetsa barapeli ba Baale.”—2 Mar. 10:15-17, 19.

Jehu o ile a phatlalatsa hore o rera ho etsa “sehlabelo se seholo” bakeng sa Baale. (2 Mar. 10:18, 19) Setsebi se seng se re: “Mona Jehu o ile a sebelisa mantsoe ka bohlale.” Le hoja lentsoe le sebelisitsoeng mona “ka tloaelo le bolela ‘sehlabelo,’ le ka boela la bolela ho ‘bolaea’ bakoenehi.” Kaha Jehu o ne a batla hore barapeli bohle ba Baale ba be teng ketsahalong eo, o ile a ba bokella kaofela ntlong ea Baale ’me a re ba apare liaparo tse khethehileng. “Hang ha a qetile ho etsa nyehelo ea secheso,” Jehu o ile a laela banna ba hlometseng ba 80 hore ba bolaee barapeli bao ba Baale. Ka mor’a moo o ile a re ntlo ea Baale e heletsoe ’me e behelloe ka thōko hore e be ntloana, e leng se neng se tla etsa hore e se ke ea lokela ho sebelisetsoa borapeli.—2 Mar. 10:20-27.

Ke ’nete hore Jehu o ile a tšolla mali a mangata. Leha ho le joalo, Mangolo a bolela hore e ne e le monna ea sebete ea ileng a lokolla Baiseraele tlas’a puso e hatellang ea Jezebele le ba lelapa la hae. E le hore moeta-pele ofe kapa ofe oa Iseraele a atlehe ho etsa seo, o ne a lokela ho ba sebete, a be le boikemisetso a be a chesehe. Dikishinari e ’ngoe ea Bibele e re: “E ne e le mosebetsi o boima ’me o ne o lokela ho phethoa ka botlalo. Haeba motho a ne a ka sebetsa lintho ka tsela e bonolo ho feta eo, o ne a ka ’na a se ke a atleha ho felisa borapeli ba Baale naheng ea Iseraele.”

Ha ho pelaelo hore ua hlokomela hore maemo ao Bakreste ba thulanang le oona kajeno a hloka hore ba bonahatse tse ling tsa litšobotsi tseo Jehu a neng a e-na le tsona. Ka mohlala, re lokela ho etsa’ng haeba re lekeha hore re etse ntho efe kapa efe eo Jehova a e nyatsang? Re lokela ho nka bohato hang-hang, re be sebete ’me re chesehele ho hana ho etsa seo Jehova a se nyatsang. Mabapi le boinehelo ba rōna ho Molimo, re ke ke ra mamella tlhōlisano ea letho e lebisitsoeng ho Jehova.

HLOKOMELA HO TSAMAEA MOLAONG OA JEHOVA

Qetellong ea tlaleho ena re fuoa temoso. Jehu ‘ha aa ka a kheloha ho latela manamane a khauta a neng a le Bethele le Dane.’ (2 Mar. 10:29) Ho tla joang hore motho ea neng a bonahala a chesehela borapeli bo hloekileng hakaale a mamelle borapeli ba litšoantšo?

E ka ’na eaba Jehu o ne a nahana hore taba ea hore ebe ’muso oa Iseraele o ne o arohile ho oa Juda e ne e bolela hore mebuso eo e lokela le ho arohana bolumeling. Kahoo, joaloka marena a Iseraele a fetileng, o ile a leka ho arola mebuso eo e ’meli ka ho khothalletsa borapeli ba namane. Empa sena se ne se tla be se bontša hore ha a na tumelo ho Jehova ea neng a mo behile hore e be morena.

Jehova o ile a babatsa Jehu kaha o ile a ‘etsa hantle ka ho etsa se nepahetseng mahlong a Molimo.’ Leha ho le joalo, Jehu “ha aa ka a hlokomela ho tsamaea molaong oa Jehova Molimo oa Iseraele ka pelo ea hae eohle.” (2 Mar. 10:30, 31) Ha u nahana ka lintho tsohle tseo Jehu a ileng a li etsa pejana, sena se ka ’na sa u makatsa sa ba sa u soabisa. Leha ho le joalo, ho na le seo re ithutang sona ho sena. Le ka mohla ha rea lokela ho khella kamano ea rōna le Jehova fatše. Letsatsi le leng le le leng, re lokela ho loanela ho tšepahala ho Molimo ka ho ithuta Lentsoe la hae, ka ho thuisa ka lona le ka hore re rapele Ntate oa rōna ea leholimong ho tsoa botebong ba pelo. Kahoo, e se eka re ka ba hlokolosi hore re tsoele pele re tsamaea molaong oa Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna.—1 Bakor. 10:12.

[Lebokose le leqepheng la 4]

Jehu Historing ea Lefatše

Hangata bahlahlobisisi ba belaella taba ea hore na batho bao ho buuang ka bona ka Mangolong ba hlile ba e-ba teng. Kahoo, na ho na le bopaki bo bong ntle le bo hlahang ka Bibeleng bo mabapi le Jehu?

Bonyane litokomane tse tharo tsa Assyria ea boholo-holo li bolela morena enoa oa Iseraele ka lebitso. E ’ngoe ea tsona e bolela hore setšoantšo se ho eona, se bontša Jehu kapa mohlomong le leng la manģosa a hae le khumamela Morena Shalmanesere III oa Assyria ’me le mo fa sethaba-thaba. Mongolo o tsamaeang le sona o re: “Sethaba-thaba se tsoang ho Jehu (Ia-ú-a), mora oa Omri (Hu-um-ri); o ile a mpha silevera, khauta le sejana sa saplu sa khauta, vase ea khauta e motsu ka tlaase, likopi tsa khauta, linkho tsa khauta, lekotikoti, lere la morena, (le) puruhtu ea lehong [ha ho tsejoe hore na puruhtu e bolela’ng].” Jehu e ne e se “mora oa Omri” ka ho toba, empa poleloana eo e ne e sebelisoa ho hlalosa marena a Iseraele ka ho latellana ha ’ona, mohlomong lebitso la Omri le sebelisitsoe ka lebaka la hore o ne a tumme ebile ke eena ea ileng a haha motse-moholo oa Iseraele e leng Samaria.

Re ke ke ra tiisa taba e boletsoeng ke morena oa Assyria ea hore e ka ’na eaba Jehu o ile a lefa sethaba-thaba. Leha ho le joalo, o bua ka Jehu ka makhetlo a mararo—seemahaleng, sefikeng sa Shalmanesere hammoho le historing ea borena ea Assyria. Boitsebiso bona bo tiisa hore motho enoa eo ho builoeng ka eena ka Bibeleng ehlile ke motho ea ileng a ba teng.