Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ho Tloha Boseeng

Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ho Tloha Boseeng

BIBELE e re: “Bonang! Bara ke lefa le tsoang ho Jehova; litholoana tsa mpa ke moputso.” (Pes. 127:3) Kahoo, ha ho makatse ha batsoali ba Bakreste ba thaba haholo ha lesea le hlaha.

Ho hlaha ha lesea ha ho tlise thabo feela empa ho tsamaea le boikarabelo bo boholo. E le hore ngoana a hōle ’me e be motho e moholo ea phetseng hantle, ho hlokahala hore a je lijo tse nang le phepo kamehla. E le hore ngoana a tsebe ho emela borapeli ba ’nete, ho hlokahala hore a fumane lijo tsa moea tse matlafatsang a be a tataisoe ke batsoali ba ikemiselitseng ho mo thusa hore a ithute melao ea Molimo. (Liprov. 1:8) Koetliso eo e lokela ho qala neng, ’me e lokela ho akarelletsa’ng?

 BATSOALI BA LOKELA HO TATAISOA

Nahana ka tlaleho ea Modane ea bitsoang Manooa, ea neng a lula motseng oa Zora, Iseraele ea boholo-holo. Lengeloi la Jehova le ile la bolella mosali oa Manooa oa nyopa hore o ne a tla beleha mora. (Baahl. 13:2, 3) Ha ho potang hore Manooa ea tšepahalang le mosali oa hae ba ile ba thaba haholo ka lebaka la tebello eo. Leha ho le joalo, ho ne ho boetse ho e-na le lintho tseo ba tšoenyehileng ka tsona. Kahoo, Manooa o ile a rapela a re: “Ntšoarele, Jehova. Monna oa Molimo oa ’nete eo u sa tsoa mo romela, ka kōpo, e-re a boele a tle ho rōna ’me a re laele seo re tšoanelang ho se etsa ho ngoana ea tlang ho tsoaloa.” (Baahl. 13:8) Manooa le mosali oa hae ba ne ba tšoenyehile ka khōliso ea ngoana oa bona. Ha ho potang hore ba ile ba ruta mora oa bona Samsone molao oa Molimo ’me boiteko ba bona bo ile ba atleha. Bibele e re: ‘Ka mor’a nako moea oa Jehova oa qala ho susumetsa [Samsone].’ Ka lebaka leo, Samsone o ile a etsa mesebetsi e mengata e matla e le e mong oa baahloli ba Iseraele.—Baahl. 13:25; 14:5, 6; 15:14, 15.

Manooa o ile a rapella tataiso ea kamoo a neng a tla hōlisa ngoana ea neng a tla tsoaloa

Ngoana o lokela ho rutoa ho tloha neng? “Ho tloha boseeng” Timothea o ile a rutoa “lingoliloeng tse halalelang” ke ’mè oa hae Eunise, le nkhono oa hae Loise. (2 Tim. 1:5; 3:15) Ka sebele, Timothea o ile a qala ho rutoa Mangolo ho tloha boseeng.

E ka ba bohlale hore batsoali ba Bakreste ba rapelle tataiso ea Molimo, ba be ba rere esale pele e le hore ba ka qala ho koetlisa ngoana oa bona “ho tloha boseeng.” Liproverbia 21:5 e re, “ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.” Ha ho pelaelo hore pele ngoana a hlaha, batsoali ba tla etsa litokisetso ka hloko. Ba ka ’na ba etsa le lethathamo la lintho tseo ngoana a tla li hloka. E boetse ke habohlokoa hore batsoali ba etse litokisetso tsa lintho tsa moea esale pele. Sepheo sa bona e lokela ho ba ho qala koetliso eo li sa tloha feela.

Buka e bitsoang Early Childhood Counts—A Programming Guide on Early Childhood Care for Development e re: “Likhoeli tsa pele ka mor’a pelehi li bohlokoa khōlong ea boko. Ke nakong ena moo likheo tse fetisang melaetsa mateanong a methapo ea boko, e leng marangrang a etsang hore motho a khone ho ithuta—a eketsehang ka makhetlo a mashome a mabeli.” Ruri e ka ba bohlale hore batsoali ba sebelise monyetla oo o mokhutšoanyane oa khōlo ea boko ba ngoana hore ba qale ho hatisa mehopolo le litekanyetso tsa moea kelellong ea ngoana oa bona!

Ha ’mè e mong oa pula-maliboho oa kamehla a bua ka morali oa hae e monyenyane o ile a re: “Haesale ke e-ea le eena tšimong ho tloha ha a na le khoeli e le ’ngoe. Le hoja a ne a sa utloisise se etsahalang, ke lumela hore ho tsamaea le eena a sa le monyenyane ho mo tsoetse molemo. Ha a se a le lilemo li peli, o ne a se a khona ho fana ka lipampitšana ka sebete ho batho bao re neng re kopana le bona tšebeletsong ea tšimo.”

Ho koetlisa ngoana ho tloha boseeng ho beha litholoana tse ntle. Leha ho le joalo, batsoali ba hlokometse hore ho fa bana thupelo ea lintho tsa moea ha ho itsamaele bothebelele.

“LE ITHEKELE NAKO E LOKETSENG”

Ho hloka botsitso kapa ho se tsepamise kelello ha ngoana ho ka tšoenya batsoali haholo. Kelello ea ngoana e ka ’na ea tloha nthong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ka ho panya ha leihlo. Etsoe ba bohele-hele ebile ba batla ho tseba lintho tsohle. Ke’ng eo batsoali ba ka e etsang ho thusa ngoana oa bona hore a tsepamise kelello ho seo ba lekang ho mo ruta sona?

Nahana ka seo Moshe a ileng a se bua. Deuteronoma 6:6, 7 e re: “Mantsoe ana ao ke u laelang ’ona kajeno a be pelong ea hao; u a rute mora oa hao ka ho pheta-pheta ’me u bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robetse le ha u tsoha.” Lentsoe ho ‘ruta’ le bolela ho pheta ntho khafetsa. Ngoana e monyenyane o tšoana le sefate se senyenyane se hlokang ho nosetsoa kamehla. Kaha ho pheta-pheta ho thusa batho ba baholo hore ba hopole lintho tsa bohlokoa, ha ho pelaelo hore ho tla thusa le bana!

E le hore batsoali ba rute bana ’nete ea Molimo, ho hlokahala hore ba qete nako ba e-na le bona. Ho ba le nako e joalo e ka ’na ea e-ba bothata lefatšeng la kajeno moo batho ba bangata ba phathahaneng. Empa moapostola Pauluse o ile a khothalletsa batho hore ba “ithekele nako e loketseng” ea ho etsa mesebetsi ea bohlokoa ea Bokreste. (Baef. 5:15, 16) Seo se ka etsoa joang? Molebeli e mong oa Mokreste eo mosali oa hae a phathahaneng ka lebaka la ho ba pula-maliboho oa kamehla, o ile a fumana ho le thata ho lekanyetsa lintho hantle tabeng ea ho koetlisa ngoana, ho etsa mesebetsi ea phutheho le mosebetsi  oa boipheliso. Ba ne ba ka etsa joang hore ba be le nako ea ho koetlisa morali oa bona? Ntate o re: “Hoseng ho hong le ho hong pele ke e-ea mosebetsing, ’na le mosali oa ka re mo balla Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele kapa bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla. Mantsiboea re etsa bonnete ba hore rea mo balla pele a robala, hape ha re e-ea tšebeletsong ea tšimo re tsamaea le eena. Ha re batle ho fosoa ke monyetla oa ho mo ruta lilemong tsena tsa ho qala tsa bophelo ba hae.”

‘BARA BA JOALOKA METSU’

Ke ’nete hore re batla ho hōlisa bana ba rōna hore e be batho ba nang le boikarabelo. Leha ho le joalo, morero o ka sehloohong oa ho ba koetlisa ke ho etsa hore ba rate Molimo ka lipelo tsohle tsa bona.—Mar. 12:28-30.

Pesaleme ea 127:4 e re: “Joaloka metsu letsohong la monna ea matla, bara ba bocha ba joalo.” Kahoo, bana ba tšoantšoa le metsu e lokelang ho betsoa ka ho nepahala e le hore e hlabe moo ho loketseng. Motho ea betsang motsu a ke ke a o khutlisetsa morao ka mor’a hore a o betse. Batsoali ba na le “metsu”—e leng bana ba bona—ka nakoana e khutšoanyane. Ba lokela ho sebelisa nako eo ho kenya melao-motheo ea Molimo likelellong le lipelong tsa bana ba bona.

Moapostola Johanne o ile a ngola tjena mabapi le bana ba hae ba moea: “Ha ho letho le nthabisang ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” (3 Joh. 4) Batsoali ba Bakreste ba ka ba le thabo e tšoanang ha ba bona bana ba bona ba “tsoela pele ho tsamaea ’neteng.”