Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nahana Hore na U Tšoanela ho ba Motho oa Mofuta Ofe

Nahana Hore na U Tšoanela ho ba Motho oa Mofuta Ofe

“Le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo.”—2 PET. 3:11.

1, 2. ‘Re tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe’ e le hore re amoheloe ke Molimo?

HANGATA rea tsotella hore na batho ba bang ba nahana’ng ka rōna. Leha ho le joalo, kaha re Bakreste, re lokela ho khathatseha haholo ka hore na Jehova o re talima joang. Etsoe, ke eena Motho e moholo ka ho fetisisa bokahohleng ebile ke “mohloli oa bophelo.”—Pes. 36:9.

2 Ha moapostola Petrose a hatisa hore na re “tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe” mahlong a Jehova, o re khothalletsa hore re phathahane “liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo.” (Bala 2 Petrose 3:11.) E le hore re amoheloe ke Molimo, ‘liketso’ tsa rōna li lokela ho halalela, ka mantsoe a mang, re lokela ho hloeka—boitšoarong, kelellong le moeeng. Ho feta moo, re lokela ho etsa ‘liketso tsa boinehelo ba bomolimo’ re susumetsoa ke ho rata Molimo le ho mo hlompha. Kahoo, Molimo ha a thahaselle liketso tsa rōna feela empa o thahasella le maikutlo a rōna. Kaha Jehova ke eena “ea hlahlobang pelo,” o oa tseba hore na liketso tsa rōna lia halalela le hore na re inehetse ho eena feela kapa che.—1 Likron. 29:17.

3. Ke lipotso life tseo re lokelang ho ipotsa tsona mabapi le kamano ea rōna le Molimo?

3 Satane Diabolose ha a batle hore re amoheloe ke Molimo. Ha e le hantle, o etsa sohle se matleng a hae ho senya setsoalle sa rōna le Jehova. Satane o lula a bua leshano ho leka ho re khelosa e le hore re khaotse ho rapela Jehova. (Joh. 8:44; 2 Bakor. 11:13-15) Ka lebaka leo, e ka ba hantle hore re ipotse: ‘Satane o qhekella batho joang? Nka etsa joang hore ke sireletse kamano ea ka le Jehova?’

SATANE O QHEKELLA BATHO JOANG?

4. Satane o leka ho senya setsoalle sa rōna le Molimo ka hore a hlasele eng, hona hobane’ng?

4 Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae.  Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe; sebe, le sona, ha se phethehile, se hlahisa lefu.” (Jak. 1:14, 15) Satane o leka ho senya setsoalle sa rōna le Molimo ka hore a hlasele lipelo tsa rōna, e leng moo litakatso tsa rōna li tsoang teng.

5, 6. (a) Satane o leka ho hlasela lipelo tsa rōna ka tsela efe? (b) Satane o sebelisa mekhoa efe e meraro ho etsa hore re be le litakatso tse fosahetseng, hona o ’nile a atleha hakae ho sebelisa mekhoa ee?

5 Satane o leka ho hlasela lipelo tsa rōna ka litsela life? Bibele e re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Joh. 5:19) Libetsa tseo Satane a li sebelisang li akarelletsa “lintho tse lefatšeng.” (Bala 1 Johanne 2:15, 16.) Ka lilemo tse likete, Diabolose o ’nile a hlophisa lefatše lena ka hloko hore le qhekelle batho. Kaha re phela lefatšeng lena, re lokela ho hlokomela maqiti a hae a bolotsana.—Joh. 17:15.

6 Satane o leka ho etsa hore lipelo tsa rōna li be le litakatso tse fosahetseng. Moapostola Johanne o bua ka lintho tse tharo tseo Satane a li sebelisang ho re qhekella: (1) “takatso ea nama,” (2) “takatso ea mahlo” le (3) “pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso.” Satane o ile a sebelisa lintho tsena ho leka Jesu lefeelleng. Kaha Satane o se a sebelisitse maqheka ao ka nako e telele, kajeno o atleha ho a sebelisa haholo ’me o a fetola ho latela hore na motho ka mong o sekametse hokae. Pele re tšohla hore na re ka nka mehato efe ho itšireletsa, a re ke re boneng hore na Diabolose o ile a atleha ho sebelisa lintho life ho qhekella Eva empa a hlōleha ho Mora oa Molimo.

“TAKATSO EA NAMA”

Eva o ile a khelosoa ke “takatso ea nama” (Sheba serapa sa 7)

7. Satane o ile a sebelisa “takatso ea nama” joang ho leka Eva?

7 Batho ba hloka lijo e le hore ba tsoele pele ba phela. ’Mōpi o entse hore lefatše le hlahise matletsetletse a lijo. Satane a ka ’na a leka ho sebelisa takatso ea rōna ea tlhaho ea ho batla lijo hore re etse ntho e khahlanong le thato ea Molimo. Nahana kamoo a ileng a etsa seo kateng ho Eva. (Bala Genese 3:1-6.) Satane o ile a bolella Eva hore ha a ka ja tholoana ea “sefate sa tsebo ea botle le bobe” a ke ke a shoa, a bolela hore letsatsing leo a jang tsa sona o ne a tla ba joaloka Molimo. (Gen. 2:9) Ka tsela eo, Diabolose o ne a fana ka maikutlo a hore ho ne ho sa hlokahale hore Eva a mamele Molimo e le hore a phele. Leo e ne e le leshano le pepenene! Ka mor’a hore Diabolose a kenye maikutlo ao kelellong ea Eva, Eva o ne a lokela ho khetha pakeng tsa lintho tse peli: O ne a ka leleka maikutlo ao kelellong ea hae kapa o ne a ka lumella takatso ea ho ja tholoana eo hore e hōle. Ho sa tsotellehe taba ea hore ho ne ho ntse ho e-na le lifate tse ling tseo Eva a neng a ka li ja serapeng, o ile a khetha ho nahanisisa ka seo Satane a neng a mo boleletse sona mabapi le sefate se bohareng ba serapa ’me o ile “a qala ho kha tholoana ea sona ’me a e ja.” Kahoo, Satane o ile a etsa hore a be le takatso ea ntho eo ’Mōpi oa hae a neng a e thibetse.

Le ka mohla Jesu ha aa ka a lebala hore na ntho ea bohlokoa haholo ke efe (Sheba serapa sa 8)

8. Satane o ile a leka ho qhekella Jesu joang a sebelisa “takatso ea nama,” ’me ke hobane’ng ha a sa ka a atleha?

 8 Satane o ile a sebelisa leqheka le tšoanang ho leka Jesu ha a ne a le lefeelleng. Ka mor’a hore Jesu a itime lijo ka matsatsi a 40 le masiu a 40, Satane o ile a leka Jesu a sebelisa takatso ea hae ea ho batla lijo. Satane o ile a re: “Haeba u mora oa Molimo, bolella lejoe lena hore le fetohe bohobe.” (Luka 4:1-3) Jesu o ne a e-na le boikhethelo: O ne a ka khetha ho sebelisa matla a hae a ho etsa mehlolo hore a khotsofatse takatso ea hae ea ho batla lijo kapa o ne ka khetha hore a se ke a a sebelisa. Jesu o ne a tseba hore o ne a sa lokela ho sebelisa matla ao a hae ka mabaka a boithati. Le hoja a ne a lapile, ho khotsofatsa takatso ea hae ho ne ho sa tle pele ho hore a lule a e-na le kamano e ntle le Jehova. Jesu o ile a araba a re: “Ho ngoliloe, ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela empa o tla phela ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.’”—Luka 4:4, NW, ftn.

“TAKATSO EA MAHLO”

9. Poleloana e reng, “takatso ea mahlo” e fana ka maikutlo afe, hona Satane o ile a sebelisa takatso eo joang ho Eva?

9 Johanne o ile a boela a bua ka “takatso ea mahlo” e le ntho eo Satane a ka e sebelisang ho qhekella batho. Poleloana eo e fana ka maikutlo a hore motho a ka lakatsa ntho ka hore feela a e shebe. Satane o ile a sebelisa leqheka lena ho Eva eaba o re: ‘Mahlo a hao a tla tutuboloha.’ Ha Eva a ntse a tsoela pele ho sheba sefate seo, takatso ea ho ja tsa sona le eona e ile ea tota. Eva o ile a bona hore sefate seo “se ne se lakatseha ha se talingoa.”

10. Satane o ile a sebelisa “takatso ea mahlo” joang ho leka Jesu, hona Jesu o ile a araba ka ho re’ng?

10 Satane o ile a sebelisa takatso eo joang ho Jesu? Satane o ile a “bontša [Jesu] mebuso eohle ea lefatše leo ho ahiloeng ho lona, ka nako le motsotso; eaba Diabolose o re ho eena: ‘Ke tla u fa bolaoli bona bohle le khanya ea eona.’” (Luka 4:5, 6, NW) Jesu o ne a ke ke a khona ho bona mebuso eohle ea lefatše ka nako le motsotso, empa e tlameha ebe Satane o ne a nahana hore ha a bontša Jesu mebuso eo ponong, e ne e tla mo khahla. Satane ha aa ka a soaba hore a re: “Haeba u ka etsa ketso ea borapeli ka pel’a ka, e tla ba [ea] hao kaofela.” (Luka 4:7) Jesu o ne a sa batle ho ba seo Satane a neng a batla hore a be sona. O ile a araba Satane hang-hang a re: “Ho ngoliloe, ‘Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.’”—Luka 4:8.

“PONTŠO EA MPONENG EA MOKHOA OA MOTHO OA BOIPHELISO”

11. Eva o ile a qhekelloa ke Satane joang?

11 Har’a lintho tsa lefatše tseo Johanne a ileng a bua ka tsona ke “pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso.” Ho hlakile hore ha Adama le Eva e ne e le  bona feela batho ba phelang lefatšeng, ho ne ho se na motho eo ba neng ba ka etsa ‘pontšo ea mponeng ea mokhoa oa bona oa boipheliso’ ho eena. Leha ho le joalo, ba ile ba bontša boikhohomoso. Ha Satane a ne a leka Eva, o ile a mo fa maikutlo a hore ho na le ntho e molemo eo Molimo a neng a mo patetse eona. Diabolose o ile a mo bolella hore letsatsing leo a jang tsa “sefate sa tsebo ea botle le bobe” ka lona o ne a “tla ba joaloka Molimo, [a] tsebe botle le bobe.” (Gen. 2:17; 3:5) Ka tsela eo Satane o ne a fana ka maikutlo a hore Eva o ne a ka ipusa a sa hloke Jehova. Kamoo ho bonahalang kateng, boikhohomoso ke bona bo ileng ba etsa hore a lumele leshano leo la Satane. O ile a ja tholoana e hanetsoeng a nahana hore a ke ke a shoa. O ne a fositse hakaakang!

12. Tsela e ’ngoe eo Satane a ileng a leka Jesu ka eona ke efe, ’me Jesu o ile a araba joang?

12 Ho fapana le Eva, Jesu o re behetse mohlala o tsotehang haholo oa boikokobetso! Satane o ile a leka Jesu ka tsela e ’ngoe, empa Jesu o ile a hana ho etsa ntho leha e le efe e neng e tla khahla batho empa e leka Molimo. Boo e ka be e bile boikhohomoso bo bokaakang! Ho e-na le hoo, Jesu o ile a araba ka tsela e tobileng le e hlakileng a re: “Ho itsoe, ‘U se ke ua leka Jehova Molimo oa hao.’”—Bala Luka 4:9-12.

RE KA SIRELETSA KAMANO EA RŌNA LE JEHOVA JOANG?

13, 14. Hlalosa hore na Satane o sebelisa lintho life ho re qhekella kajeno.

13 Kajeno, Satane o hohela batho ka lintho tse kang tseo a ileng a li sebelisa ho qhekella Eva le ha a leka ho qhekella Jesu. O sebelisa “takatso ea nama,” ho leka batho hore ba etse boitšoaro bo bobe le hore ba je kapa ba noe ho tlōla. O sebelisa litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso haholo-holo tse hlahang Inthaneteng, hore a tšoase motho ea sebelisang k’homphieutha a sa falimeha hore a khotsofatse “takatso ea mahlo.” O sebelisa maruo, matla le botumo e le hore a hohele batho ba iphahamisang ba tloaetseng ho etsa ‘pontšo ea mponeng ea mokhoa oa bona oa boipheliso’ hore ba batle ho ipokellela maruo a mangata le ho feta!

Ke melao-motheo efe ea Mangolo eo u lokelang ho e hopola ha u le maemong aa? (Sheba serapa sa 13 le 14)

14 “Lintho tse lefatšeng” li tšoana le lijo tseo motšoasi oa litlhapi a li kenyang selopeng. Lijo tseo lia khahleha, empa li hakiloe hukung. Satane o sebelisa lintho tseo batho ba nkang hore ke lintho tse tloaelehileng tse hlokahalang letsatsi le letsatsi ho etsa hore ba khelohe melao ea Molimo. Maraba ao a patehileng ao a a sebelisang, a etselitsoe ho re susumetsa hore re be le litakatso tse fosahetseng le ho senya kamano ea rōna le Molimo. Satane o batla hore  re lumele hore ho fumana lintho tseo re li hlokang e le hore re phele hamonate ke habohlokoa ho feta ho etsa thato ea Molimo. Na Satane o tla atleha ha a sebelisa lintho tseo ho re qhekella?

15. Re ka latela mohlala oa Jesu joang e le hore re hlōle liteko tsa Satane?

15 Le hoja Eva a ile a lumela ho qhekelloa ke Satane, Jesu eena o ile a mo hlōla. Lekhetlo le leng le le leng o ile a mo araba a sebelisa Lengolo a re: “Ho ngoliloe” kapa “Ho itsoe.” Haeba re le liithuti tsa Bibele tse hloahloa, re tla tseba hore na Mangolo a re’ng ebe re hopola litemana tse tla re thusa hore re nahane ka tsela e nepahetseng ha re thulana le liteko. (Pes. 1:1, 2) Ha re hopola mehlala e ka Mangolong ea batho ba ileng ba tšepahala ho Molimo, seo se tla re thusa hore re latele mohlala oa bona. (Bar. 15:4) Ha re hlompha Jehova e le kannete, re rata seo a se ratang ’me re hloea seo a se hloileng, seo se tla re sireletsa.—Pes. 97:10.

16, 17. ‘Matla a rōna a ho nahana’ a ama botho ba rōna ka tsela efe?

16 Moapostola Pauluse o re khothalletsa hore re sebelise ‘matla a rōna a ho nahana’ e le hore re ka ba batho ba nahanang ka tsela eo Molimo a nahanang ka eona eseng ka tsela ea lefatše. (Bar. 12:1, 2) Ha Pauluse a bontša hore na ke hobane’ng ha re lokela ho laola tsela eo re nahanang ka eona o ile a re: “Re phethola menahano le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng e phahamisoang khahlanong le tsebo ea Molimo; ’me re tlisa monahano o mong le o mong kholehong ho o etsa hore o mamele Kreste.” (2 Bakor. 10:5) Menahano ea rōna e ama botho ba rōna, kahoo re lokela ho ‘tsoela pele ho nahana’ ka lintho tse khahlisang Molimo.—Bafil. 4:8.

17 Re ke ke ra lebella hore re lule re halalela haeba re nahana ka lintho tse fosahetseng re bile re ba le litakatso tse fosahetseng. Re lokela ho rata Jehova ka ‘lipelo tse hloekileng.’ (1 Tim. 1:5) Empa pelo e bolotsana ’me re ka ’na ra se ke ra hlokomela hore na “lintho tse lefatšeng” li re ama hakae. (Jer. 17:9) Kahoo, na ha rea lokela ho tsoela pele re ‘inonya hore na re tumelong, ’me re leke seo re leng sona’ ka hore re itlhahlobe ka botšepehi re sebelisa seo re ithutang sona ka Bibeleng?—2 Bakor. 13:5.

18, 19. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikemisetsa hore re be mofuta oa motho eo Jehova a batlang hore re be eena?

18 Ntho e ’ngoe e re thusang hore re hane “lintho tse lefatšeng” ke hore re lule re hopola mantsoe ana a Johanne a bululetsoeng: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Joh. 2:17) Tsamaiso ea Satane e bonahala eka ke ea sebele ebile e tla hlola ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng e tla fela. Ha ho letho leo lefatše la Satane le ka re fang lona le tla tšoarella ka ho sa feleng. Ho hopola seo ho tla re thusa hore re se ke ra qhekelloa ke Diabolose.

19 Moapostola Petrose o re khothalletsa hore re be batho bao Molimo a ba amohelang ha re ntse re ‘letile ’me re lutse re hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova, leo ka lona maholimo ha a cha a tlang ho qhibiliha le thepa ea motheo ha e chesa ka matla haholo e tlang ho qhibiliha!’ (2 Pet. 3:12) Letsatsi leo le tla fihla haufinyane, ’me Jehova o tla timetsa karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše la Satane. Ho fihlela ka nako eo, Satane o tla tsoela pele ho sebelisa “lintho tse lefatšeng” ho re leka joalokaha a ile a leka Eva le Jesu. Ha rea lokela ho etsisa Eva ka hore re batle ho khotsofatsa takatso ea rōna. Ho etsa joalo ho tla be ho tšoana hantle le ho etsa Satane molimo oa rōna. Re lokela ho etsisa Jesu ka hore re hane ho hoheloa ke lintho tseo Satane a li sebelisang ho qhekella batho ho sa tsotellehe hore na li bonahala li le ntle li bile li khalisa hakae. E se eka e mong le e mong oa rōna a ka ikemisetsa hore e be mofuta oa motho eo Jehova a batlang hore re be eena.