Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nahanelanang ’me le Khothatsane

Nahanelanang ’me le Khothatsane

“A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.”BAHEB. 10:24.

1, 2. Lipaki Tsa Jehova tse 230 li ile tsa thusoa ke’ng hore li pholohe leeto la lefu qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše?

HA PUSO ea Bonazi e ne e fela qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ho ile ha ntšoa taelo ea ho bolaea batho ba likete ba neng ba setse likampong tsa mahloriso. Batšoaruoa ba neng ba koalletsoe kampong ea Sachsenhausen ba ne ba lokela ho ntšoa ’me ba isoe likoung tsa leoatle moo ba neng ba tla kenngoa likepeng ebe lia tebisoa. Hona e ne e le karolo ea leano leo hamorao le ileng la bitsoa leeto la lefu.

2 Batšoaruoa ba 33 000 ba tsoang likampong tsa mahloriso tsa Sachsenhausen ba ile ba lokela ho nka leeto la lik’hilomithara tse 250 ho ea Lübeck, e leng motse o moholo o koung ea leoatle, Jeremane. Har’a bona ho ne ho e-na le Lipaki Tsa Jehova tse 230 tse tsoang linaheng tse tšeletseng tse neng li laetsoe hore li tsamaee hammoho. Batšoaruoa bohle ba ne ba fokotse ka lebaka la tlala le ho kula. Barab’abo rōna ba ile ba pholoha joang leetong lee? E mong oa bona o ile a re: “Re ne re lula re khothatsana hore re mamelle.” “Matla a fetang se tloaelehileng” a tsoang ho Molimo hammoho le lerato leo ba neng ba ratana ka lona li ile tsa ba thusa hore ba pholohe tlokotsi eo.—2 Bakor. 4:7.

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho khothatsana?

3 Kajeno, ha re leetong leo la lefu, empa re thulana le mathata a mangata. Ka mor’a hore ’Muso oa Molimo o hlongoe ka 1914, Satane o ile a lelekoa leholimong ’me a lahleloa lefatšeng, a “halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšen. 12:7-9, 12) Ha lefatše lena le ntse le atamela ntoeng ea Armagedone, Satane o sebelisa liteko ho leka ho re fokolisa moeeng. Ho feta moo, letsatsi le leng le le leng re thulana le mathata. (Jobo 14:1; Moek. 2:23) Ka linako tse ling mathata ana a ka re tepelletsa hoo re ka ikutloang re nyahame ho sa tsotellehe seo re lekang ho se etsa. Nahana ka mora e mong oabo rōna eo ka lilemo tse ngata a ’nileng a thusa batho ba bangata moeeng. Ha a se a hōlile, eena le molekane  oa hae ba ile ba kula ’me o ile a nyahama haholo. Joaloka mora eo oabo rōna, kaofela ha rōna re hloka “matla a fetang se tloaelehileng” a tsoang ho Jehova hammoho le khothatso e tsoang ho ba bang.

4. E le hore re khothatse ba bang, ke keletso efe ea moapostola Pauluse eo re lokelang ho nahanisisa ka eona?

4 E le hore re khothatse ba bang, re lokela ho nahanisisa ka keletso eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Bakreste ba Baheberu. O ile a re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheb. 10:24, 25) Re ka sebelisa keletso ee ea bohlokoa joang?

‘NAHANELANANG’

5. Ho ‘nahanelana’ ho bolela’ng ’me ho hloka hore re etse boiteko bofe?

5 Ho ‘nahanelana’ ho bolela “ho ela hloko litlhoko tsa batho ba bang le ho nahana ka bona.” Re ke ke ra tseba litlhoko tsa bara le barali babo rōna haeba re ba lumelisa ka lepotlapotla ha re le Holong ea ’Muso kapa re buisana le bona ka lintho tseo e seng tsa bohlokoa feela. Empa re batla ho ba hlokolosi hore re ‘hlokomele litaba tsa rōna’ le hore re se ke ra ‘kena-kenana le litaba tsa batho ba bang.’ (1 Bathes. 4:11; 1 Tim. 5:13) Leha ho le joalo, haeba re batla ho khothatsa bara le barali babo rōna, re lokela ho ba tseba hantle—re tsebe maemo a bona a bophelo, litšobotsi tseo ba nang le tsona, boemo ba bona ba moea, makhabane le bofokoli ba bona. Ba lokela ho re nka re le metsoalle ea bona ’me ba kholisehe hore rea ba rata. Sena se hloka hore re qete nako re e-na le bona—eseng feela ha ba e-na le mathata ’me ba nyahame, empa le ka linako tse ling.—Bar. 12:13.

6. Ke’ng se tla thusa moholo hore a ‘nahanele’ ba tlhokomelong ea hae?

6 Banna ba baholo ka phuthehong ba eletsoa hore ba ‘lise mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea bona,’ ka ho rata le ka tabatabelo. (1 Pet. 5:1-3) Na ba ka atleha ho etsa mosebetsi oa bona oa bolisa haeba ba sa tsebe linku tse tlhokomelong ea bona hantle? (Bala Liproverbia 27:23.) Haeba baholo ba lula ba loketse ho thusa balumeli-’moho le bona, ba bile ba thabela ho qeta nako ba e-na le bona, linku li tla phutholoha ho kōpa thuso ha li e hloka. Bara le barali babo rōna le bona ba tla nolofalloa ho ntša maikutlo le ho bua ka lintho tse ba tšoenyang, e leng se tla thusa baholo hore ba ‘nahanele’ ba tlhokomelong ea bona le ho ba fa thuso e loketseng.

7. Re lokela ho talima “puo e hlaha” e buuoang ke batho ba nyahameng joang?

7 Ha Pauluse a bua le phutheho ea Thesalonika, o ile a re: “Le tšehetse ba fokolang.” (Bala 1 Bathesalonika 5:14.) “Meea e tepeletseng maikutlo” ke batho bao ka tsela e itseng ba fokolang ’me kahoo ba nyahame. Liproverbia 24:10 e re: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” Motho ea nyahameng haholo a ka ’na a bua “puo e hlaha.” (Jobo 6:2, 3) Ha re ‘nahanela’ batho ba joalo, re lokela ho hopola hore seo ba se buang ho ka etsahala hore ebe hase tsela eo ba ikutloang ka eona e le kannete. Rachelle eo ’mè oa hae a ileng a ba le khatello e matla ea maikutlo o ile a hlokomela seo. Rachelle o re: “’Mè o ne a atisa ho bua mantsoe a bontšang lehloeo. Hangata ke ne ke leka ho ikhopotsa hore na haele hantle ’Mè ke motho oa mofuta ofe—hore o lerato, o mosa ebile o seatla se bulehileng. Ke ile ka ithuta hore batho ba nang le khatello ea maikutlo ba bua lintho tse ngata tseo ba sa rerang ho li bua. Ntho e mpe ka ho fetisisa ke haeba motho a iphetetsa ka ho bua kapa ho etsa liketso tse mpe.” Liproverbia 19:11 e re: “Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae, ’me ho hlokomoloha tlōlo ke botle ho eena.”

8. Ke bo-mang bao ka ho khetheha re lokelang ho ‘tiisa’ lerato la rōna ho bona, hona hobane’ng?

8 Ke joang re ka ‘nahanelang’ motho ea  nyahameng ka lebaka la sebe seo a se entseng nakong e fetileng, le hoja a nkile mehato e nepahetseng ea ho lokisa phoso ea hae? Ha Pauluse a ne a bua ka mofosi ea bakileng phuthehong ea Korinthe o ile a ngola a re: ‘Le mo tšoarele ka mosa le ho mo tšelisa, e le hore ka tsela e itseng motho ea joalo a se ke a sithabetsoa ke ho hlomoha ka ho fetisisa. Ka hona ke le eletsa hore le tiise lerato la lōna bakeng sa hae.’ (2 Bakor. 2:7, 8) Ho ea ka buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe, lentsoe le sebelisitsoeng e le ho ‘tiisa’ le bolela ho “amohela, ho hlapanya le ho etsa hore ntho e be e tlamang ka molao.” Re ke ke ra nahana feela hore motho o oa utloisisa hore rea mo rata le hore rea mo nahanela. O lokela ho bona seo ka liketso tsa rōna le tsela eo re mo tšoarang ka eona.

‘SUSUMELETSANANG LERATONG LE MESEBETSING E METLE’

9. Ho ‘susumeletsana leratong le mesebetsing e metle’ ho bolela’ng?

9 Pauluse o ile a ngola a re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.” Re lokela ho susumeletsa balumeli-’moho le rōna hore ba bontše lerato le hore ba etse mesebetsi e metle. Ha mollo o batla ho tima, ho ka ’na ha hlokahala hore re o rotetse re be re o butsoele. (2 Tim. 1:6) Ka tsela e tšoanang, ka lerato re ka susumelletsa bara le barali babo rōna hore ba bontše lerato ho Molimo le ho moahisani. Ke habohlokoa hore re babatse ba bang ka tsela e loketseng e le hore re ba susumelletse mesebetsing e metle.

Kopanela mosebetsing oa boboleli le ba bang

10, 11. (a) Ke bo-mang har’a rōna ba hlokang ho babatsoa? (b) Etsa mohlala oa kamoo pabatso e ka thusang ‘motho ea fositseng’ kateng.

10 Kaofela ha rōna re hloka pabatso ho sa tsotellehe hore na re nyahame kapa che. Moholo e mong o ile a ngola a re, “Ha ho mohla Ntate a kileng a re ke entse ntho hantle. Kahoo ke hōtse ke sa itšepe. . . . Le hoja hona joale ke se ke le lilemo li 50, ke ntse ke thabela ha metsoalle ea ka e mpabatsa, e mpolella hore ke etsa mosebetsi o motle joaloka moholo. . . . Phihlelo ea ka e nthusitse ho bona bohlokoa ba ho khothatsa batho ba bang, kahoo ke etsa sohle se matleng a ka ho ba babatsa.” Pabatso e tsosa batho bohle molota—ho akarelletsa bo-pula-maliboho, batho ba hōlileng le batho  bao ho ka etsahalang hore ebe ba nyahame.—Bar. 12:10.

11 Ha banna ‘ba nang le litšoaneleho tsa moea ba leka ho khutlisetsa motho ea fositseng tseleng’ ka ho mo eletsa ka lerato le ho mo babatsa ka tsela e loketseng, seo se ka khothatsa mofosi hore a khutlele tseleng le ho etsa mesebetsi e metle. (Bagal. 6:1) Sena se ile sa etsahala ho morali e mong oabo rōna ea bitsoang Miriam. O ile a ngola a re: “Ke ile ka tobana le nako e bohloko haholo bophelong ha metsoalle ea ka e haufi e tsoa ka phuthehong, ’me ka nako e tšoanang Ntate a e-ba le bothata ba mali a rothelang bokong. Ke ile ka hatelleha haholo maikutlong. E le ha ke leka ho hlōla bothata ba ho hatelleha maikutlong, ke ile ka ratana le mohlankana oa lefatše.” Ketso ena e ile ea etsa hore a ikutloe a sa tšoaneloe ke lerato la Jehova, kahoo o ile a leka ho tlohela phutheho. Ha moholo e mong a mo hopotsa ka tšebeletso eo a ileng a e etsa ka botšepehi nakong e fetileng, o ile a ameha maikutlo. O ile a fa baholo monyetla oa hore ba mo hopotse ka lerato la Jehova. Joale lerato la hae le ile la khutla. O ile a khaotsa setsoalle sa hae le motho eo e seng molumeli, ’me a tsoela pele ho sebeletsa Jehova.

Susumelletsa ba bang leratong le mesebetsing e metle

12. Ho ka ’na ha etsahala’ng haeba re bapisa bara le barali babo rōna le batho ba bang, re ba nyatsa kapa re etsa hore ba ikutloe ba le molato?

12 Ho etsa hore motho a hlajoe ke lihlong ka ho mo bapisa le batho ba bang, ho mo nyatsa ka ho mo behela meeli e boima kapa ho mo etsa hore a ikutloe a le molato ka hore ebe ha a khone ho finyella lintho tse itseng, ho ka ’na ha etsa hore a ikitlaetse haholoanyane, empa e tla ba ka nakoana. Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho susumetsa bara le barali babo rōna ke ka hore re ba babatse re be re ba thuse ho hlokomela hore re etsa sohle seo re ka se khonang tšebeletsong ea Molimo hobane re Mo rata.—Bala Bafilipi 2:1-4.

‘KHOTHATSANANG’

13. Ho khothatsa batho ba bang ho akarelletsa’ng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

13 Ho hlokahala hore re ‘khothatsane haholo kaha re bona letsatsi le ntse le atamela.’ Ho khothatsa batho ba bang ho akarelletsa ho ba susumeletsa ho tsoela pele tšebeletsong ea bona ho Molimo. Feela joalokaha ho susumeletsa leratong le mesebetsing e metle ho ka tšoantšoa le ho rotetsa mollo o ka ’nang oa tima, ho khothatsa ba bang ho ka tšoana le ho beselletsa mollo e le hore o ’ne o tuke kapa hore o hlene. E le hore re khothatse batho ba bang ho hlokahala hore re ba matlafatse re be re tšelise ba nyahameng. Haeba re fuoa monyetla oa ho khothatsa motho ea joalo, ho hlokahala hore re bue le eena ka mofuthu le ka bonolo. (Liprov. 12:18) Ho feta moo, a re ‘potlakeleng ho utloa’ ’me re “liehe ho bua.” (Jak. 1:19) Haeba re mamela motho ka tsela e bontšang kutloelo-bohloko, re ka ’na ra hlokomela maemo a nyahamisang Mokreste-’moho le rōna eaba re bua ntho e tla mo thusa hore a hlōle bothata boo.

Thabela setsoalle se molemo le ba bang

14. Mora e mong oabo rōna ea neng a nyahame o ile a thusoa joang?

14 Hlokomela kamoo moholo e mong ea nang le kutloelo-bohloko a ileng a khona  ho thusa mora e mong oabo rōna ea neng a se a e-na le lilemo tse ngata a sa kopanele tšebeletsong. Ha moholo a ntse a mo mametse, ho ile ha hlaka hore mora eo oabo rōna o ne a ntse a rata Jehova haholo. O ne a ithuta makasine e ’ngoe le e ’ngoe ea Molula-Qhooa ka mafolofolo ’me a etsa boiteko ba ho ba teng libokeng kamehla. Leha ho le joalo, liketso tsa litho tse ling tsa phutheho li ile tsa mo soabisoa tsa ba tsa mo halefisa. Moholo eo o ile a mo mamela ka tsela e bontšang kutloelo-bohloko a sa mo ahlole a ba a bontša hore o tsotella mora eo oabo rōna hammoho le lelapa la hae. Butle-butle, mora eo oabo rōna o ile a hlokomela hore o ne a lumella lintho tse bohloko tse etsahetseng nakong e fetileng hore li mo sitise ho sebeletsa Molimo eo a mo ratang. Moholo o ile a kōpa mor’abo rōna hore a il’o sebetsa le eena mosebetsing oa boboleli. Ka thuso ea moholo eo, mor’abo rōna o ile boela a kopanela tšebeletsong ’me qetellong a boela a tšoaneleha ho sebeletsa e le moholo.

Mamela motho ea hlokang ho khothatsoa ka hloko (Sheba serapa sa 14 le 15)

15. Re ka ithuta’ng ho Jehova mabapi le ho khothatsa batho ba sithabetseng?

15 Boemo ba motho ea nyahameng bo ka ’na ba se ke ba ntlafala hang-hang kapa a ka ’na a se ke a amohela thuso eo re mo fang eona kapele. Ho ka ’na ha hlokahala hore re tsoele pele ho mo tšehetsa. Pauluse o ile a re: “Le tiise ba fokolang, ’me le be le mamello ho bohle.” (1 Bathes. 5:14, Bibele ea Sesotho) Ho e-na le hore kapele re tele ho thusa batho ba fokolang, a re tsoeleng pele ho ba ‘tiisa’ le ho ba tšehetsa. Nakong e fetileng, Jehova o ile a mamella bahlanka ba hae bao ka linako tse ling ba neng ba nyahama. Ka mohlala, Molimo o ile a mamella Elia, ’me a hlompha maikutlo a hae. Jehova o ile a fa moprofeta eo seo a neng a se hloka e le hore a ka tsoela pele ka tšebeletso ea hae. (1 Mar. 19:1-18) Kaha Davida o ile a baka e le kannete, ka mosa Jehova o ile a mo tšoarela. (Pes. 51:7, 17) Molimo o ile a boela a thusa mongoli oa Pesaleme ea 73, ea ileng a batla a tlohela ho Mo sebeletsa. (Pes. 73:13, 16, 17) Jehova o oa re mamella ebile o ba mosa ho rōna, haholo-holo ha re sithabetse re bile re nyahame. (Ex. 34:6) Mehauhelo ea hae e “mecha hoseng ho hong le ho hong,” ’me “e ke ke ea fela.” (Lillo 3:22, 23) Jehova o lebeletse hore re latele mohlala oa hae le hore re be mosa ho batho ba nyotobetseng.

KHOTHATSANANG HORE LE LULE TSELENG E ISANG BOPHELONG

16, 17. Ha bofelo ba tsamaiso ena bo ntse bo atamela re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng, hona hobane’ng?

16 Ho ile ha shoa batšoaruoa ba likete ho ba 33 000 ba ileng ba tloha kampong ea mahloriso ea Sachsenhausen. Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova tse 230 tse ileng tsa tloha kampong eo, li ile tsa phela kaofela. Kaha li ile tsa khothatsana tsa ba tsa tšehetsana, seo se ile sa li thusa haholo hore li qete leeto leo la lefu li ntse li phela.

17 Kajeno re ‘tseleng e isang bophelong.’ (Mat. 7:14) Haufinyane barapeli bohle ba Jehova ba tla kena lefatšeng le lecha la ho loka ba le ngatana-’ngoe. (2 Pet. 3:13) E se eka re ka ikemisetsa ho thusana hore re lule tseleng e isang bophelong bo sa feleng.