Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Le be Makhoba a Jehova”

“Le be Makhoba a Jehova”

“Le se ke la ba botsoa mosebetsing oa lōna. . . . Le be makhoba a Jehova.”—BAR. 12:11.

1. Batho ba na le maikutlo afe ka bokhoba, hona ke bokhoba ba mofuta ofe boo ho buuoang ka bona ho Baroma 12:11?

BOKHOBA ba Bokreste bo fapane hōle le maikutlo ao batho ba bangata ba nang le ’ona ha ho buuoa ka bokhoba. Ba bangata ba nahana hore ho ba lekhoba ke ho hatelloa ka sehlōhō le ho hlekefetsoa. Empa Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le bua ka bokhoba boo motho a bo etsetsang Monghali oa hae ea lerato ka boithatelo. Ha e le hantle, ha moapostola Pauluse a ne a eletsa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo hore e “be makhoba a Jehova,” o ne a ba khothalletsa hore ba etse tšebeletso e halalelang ba susumetsoa ke lerato leo ba ratang Molimo ka lona. (Bar. 12:11) Bokhoba ba mofuta oo bo akarelletsa’ng? Re ka qoba ho ba makhoba a Satane le lefatše la hae joang? Hona motho o tla fumana moputso ofe ha a sebeletsa Jehova e le lekhoba le tšepahalang?

“RURI KE RATA MONG’A KA”

2. (a) Ke’ng e neng e ka susumelletsa lekhoba la Moiseraele hore le tele monyetla oa ho lokolloa? (b) Ke hobane’ng ha e ne e le habohlokoa hore lekhoba le neng le batla ho tsoela pele le sebeletsa mong’a lona le phunngoe tsebe?

2 Molao oo Molimo a ileng a o fa Baiseraele o re ruta hore na Jehova o lebeletse hore re be makhoba a mofuta ofe. Lekhoba la Moheberu le ne le lokela ho lokolloa selemong sa bosupa sa bohlanka ba lona. (Ex. 21:2) Leha ho le joalo, Jehova o ne a entse tokisetso e tsotehang bakeng sa lekhoba le neng le hlile le rata mong’a lona ’me le batla ho lula le mo sebeletsa. Mong’a lekhoba o ne a lokela ho le tlisa monyako kapa koseneng, ebe o le phunya tsebe ka elese. (Ex. 21:5, 6) Ke habohlokoa hore ebe motho o ne a phunngoa tsebe. Ka Seheberu, lentsoe le sebelisoang bakeng sa ho mamela, le amana le ho utloa. Kahoo, ka hore lekhoba le phunngoe tsebe, le ne le bontša hore le batla ho tsoela pele le sebeletsa mong’a lona ’me le mo mamela. Sena se re thusa ho utloisisa hore na boinehelo ba rōna ho Jehova bo bolela’ng—e leng ho mamela Molimo ka boithatelo re susumetsoa ke lerato.

3. Ke hobane’ng ha re inehela ho Molimo?

3 Pele re kolobetsoa, re ile ra etsa qeto ea ho sebeletsa  Jehova, hore re be makhoba a hae. Re inehetse ho Jehova hobane re ne re batla ho mo mamela le ho etsa thato ea hae. Ha ho na motho ea re qobeletseng ho etsa sena. Ka sebele, esita le bana ba kolobetsoang, ba etsa joalo ka mor’a hore ba inehele ho Jehova, eseng hobane feela ba batla ho khahlisa batsoali ba bona. Kaofela ha rōna re etsa qeto ea ho inehela ho Mong’a rōna ea leholimong e leng Jehova hobane re mo rata. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae.”—1 Joh. 5:3.

RE LOKOLOHILE EMPA RE MAKHOBA

4. Ke eng e hlokahalang e le hore re be “makhoba a ho loka”?

4 Ruri re leboha Jehova ka hore ebe o entse hore re khone ho ba makhoba a hae! Tumelo eo re nang le eona sehlabelong sa Kreste sa thekollo e re thusa hore re tsoe bokhobeng ba sebe. Le hoja re ntse re sa phethahala, re ikokobelletsa bolaoli ba Jehova le ba Jesu ka boithatelo. Pauluse o ile a hlalosa sena ka ho hlaka ho le leng la mangolo a hae a bululetsoeng, ha a ne a re: “Itekanyeng le le ba shoeleng mabapi le sebe empa le le ba phelang mabapi le Molimo ka Kreste Jesu.” Ka mor’a moo o ile a lemosa a re: “Na ha le tsebe hore haeba le tsoela pele ho itlhahisa ho mang kapa mang le le makhoba ho mo mamela, le makhoba a hae hobane lea mo mamela, ebang ke a sebe ka tebello ea lefu kapa a ho mamela ka tebello ea ho loka? Empa ho lebohuoe Molimo hore le ne le le makhoba a sebe empa ho tloha pelong le ile la mamela thuto ea mofuta oo eo ho ileng ha nehelanoa ka lōna ho eona. E, kaha le ile la lokolloa sebeng, le ile la ba makhoba a ho loka.” (Bar. 6:11, 16-18) Hlokomela hore moapostola Pauluse o bua ka ‘ho mamela ho tloha pelong.’ Ka sebele, ho inehela ha rōna ho Jehova ho etsa hore re be “makhoba a ho loka.”

5. Ke eng eo kaofela ha rōna re lokelang ho loana le eona, hona hobane’ng?

5 Leha ho le joalo, ho na le litšitiso tseo re lokelang ho li hlōla e le hore re phethahatse boinehelo ba rōna. Ho na le lintho tse peli tseo re lokelang ho li loantša. Ea pele, ke ho se phethahale ha rōna. Pauluse le eena o ile a loana le ho se phethahale. O ile a re: “Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare, empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka.” (Bar. 7:22, 23) Le rōna ho se phethahale ho re khomaretse. Ka lebaka leo, re lula re loana le litakatso tsa rōna tsa nama. Moapostola Petrose o ile a re phehella a re: “E-bang joaloka batho ba lokolohileng, leha ho le joalo le se ke la ba le tokoloho ea lōna joaloka lesira le patang bobe, empa joaloka makhoba a Molimo.”—1 Pet. 2:16.

6, 7. Satane o etsa hore lefatše lee le bonahale le boheha ka tsela efe?

6 Ntho ea bobeli eo re lokelang ho loana le eona ke lefatše lena le susumetsoang ke bademona. Satane ke ’musi oa lefatše ’me o sebelisa sebetsa se seng le se seng seo a nang le sona ho leka ho etsa hore re se ke ra tšepahala ho Jehova le Jesu. O batla hore re inehele tšusumetsong ea hae e bolileng, ’me re be makhoba a hae. (Bala Baefese 6:11, 12.) Tsela e ’ngoe eo Satane a etsang sena ka eona ke ka ho etsa hore lefatše la hae le bonahale le boheha ebile le hohela. Moapostola Johanne o ile a fana ka temoso a re: “Haeba leha e le mang a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena; hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.”—1 Joh. 2:15, 16.

7 Takatso ea ho rua ke kobo anela. Satane o khothalletsa batho ho nahana hore ha ba e-na le chelete ba tla thaba. Mabenkele a maholo a ntse a eketseha. Babapatsi ba khothalletsa batho hore ba phelele menyaka le ho ba le lintho tse bonahalang. Ka mohlala, bahlophisi ba maeto ba khothalletsa batho  ho ea libakeng tse thahasellisang linaheng tse ling, le hoja ba tla ba har’a batho ba nahanang ka tsela ea lefatše. Ka sebele, hohle ho rena moea oa hore re “intlafatse”—empa e le ho intlafatsa ka tsela ea lefatše.

8, 9. Motho a ka ’na a ba kotsing ea eng, hona hobane’ng?

8 Petrose o ile a lemosa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, a re: “Ba nka bophelo ba menono motšehare e le monyaka. Ke matheba le likoli, ba inehella ka thabo e se nang boithibo lithutong tsa bona tse thetsang ha ba ntse ba keteka hammoho le lōna. Etsoe ba bua lipolelo tsa boikhohomoso tse sa ruiseng letho, ’me ka litakatso tsa nama le ka mekhoa e hlephileng ba eka bao e leng hona ba phonyohang ho batho ba itšoereng ka mokhoa o fosahetseng. Ha ba ntse ba ba tšepisa tokoloho, bona ba phela e le makhoba a ho bola. Etsoe mang kapa mang ea hlōloang ke e mong o etsoa lekhoba ke enoa.”—2 Pet. 2:13, 18, 19.

9 Ho khotsofatsa “takatso ea mahlo” ha ho lokolle motho. Ho e-na le hoo, e ba lekhoba la monghali oa lefatše lena ea sa bonahaleng, e leng Satane Diabolose. (1 Joh. 5:19) Ho ba lekhoba la lintho tse bonahalang ho kotsi haholo—ke bokhoba boo ho leng thata hore motho a ka lokoloha ho bona.

MOSEBETSI O KHOTSOFATSANG

10, 11. Ke bo-mang bao ka ho khetheha Satane a ba hlaselang kajeno, hona thuto ea lefatše e ka ba bakela mathata joang?

10 Le kajeno, Satane o hlasela batho ba se nang boiphihlelo feela joalokaha a ile a etsa Edene. O hlasela bacha haholo. Satane ha a thabe ha mocha, kapa motho ofe kapa ofe a ithaopela ho ba lekhoba la Jehova. Sera seo sa Molimo se batla hore batho bohle ba inehelang ho Jehova ba qetelle ba sa phethahatse boinehelo ba bona ba bile ba sa tšepahale ho Eena.

11 A re ke re khutleleng mohlaleng oa lekhoba le ileng la lumela ho phunngoa tsebe. E tlameha ebe lekhoba leo le ile la utloa bohloko ka nakoana, empa bohloko boo bo ile ba feta, ha sala letšoao le sa tloheng le bontšang hore ke mohlanka. Haeba mocha a khetha ho phela ka tsela e fapaneng le eo lithaka tsa hae li phelang ka eona, seo se ka ba thata sa ba sa e-ba bohloko. Satane o fana ka maikutlo a hore haeba motho a khetha ho hahamalla mosebetsi lefatšeng lena o tla khotsofala, empa Bakreste ba lokela ho nahana ka ho khotsofatsa tlhoko ea bona ea moea. Jesu o ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Mat. 5:3) Bakreste ba inehetseng ba phelela ho etsa thato ea Molimo eseng ea Satane. Ba thabela molao oa Jehova, ’me ba thuisa ka oona bosiu  le motšehare. (Bala Pesaleme ea 1:1-3.) Leha ho le joalo, lintho tse ngata tseo batho ba ithutelang tsona kajeno li ka siela mohlanka oa Jehova nako e fokolang ea ho thuisa le ho khotsofatsa tlhoko ea hae ea moea.

12. Bacha ba bangata ba lokela ho etsa qeto mabapi le taba efe?

12 Monghali oa lefatše a ka thatafaletsa lekhoba la Mokreste bophelo. Lengolong la pele leo Pauluse a neng a le ngoletse Bakorinthe, o ile a botsa a re: “Na u ile ua bitsoa ha u le lekhoba?” Ka mor’a moo, o ile a fana ka keletso ena: “U se ke ua ho lumella ho u tšoenya; empa haeba u ka boela ua lokoloha, u mpe u nke monyetla oo.” (1 Bakor. 7:21) Ho ne ho tla ba molemo hore lekhoba le ikhethele ho lokolloa. Kajeno, linaheng tse ngata bana ba tlamehile ho kena sekolo ho fihlela ba e-na le lilemo tse itseng. Ka mor’a moo, ba ka ikhethela hore na ba tsoela pele ka thuto kapa che. Haeba motho a ntšetsa thuto ea hae pele e le hore a tsebe ho atleha mosebetsing lefatšeng lena, seo se ka mo sitisa ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng.—Bala 1 Bakorinthe 7:23.

U tla ba lekhoba la monghali ofe?

THUTO E PHAHAMENG KAPA THUTO E MOLEMO KA HO FETISISA?

13. Ke thuto ea mofuta ofe e tla tsoela bahlanka ba Jehova molemo ka ho fetisisa?

13 Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba Kolose a re: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.” (Bakol. 2:8) Matichere a mangata a ruta “filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho.” Thuto e phahameng, eo hangata e akarelletsang lintho tsena, ha e thuse liithuti hore li be le tsebo ea mosebetsi, ’me seo se ka etsa hore li se ke tsa khona ho rarolla mathata ao li thulanang le ’ona bophelong ba letsatsi le letsatsi. Leha ho le joalo, bahlanka ba Jehova bona ba khetha thuto e ba thusang hore ba be le litsebo tse hlokahalang hore ba phele bophelo bo itekanetseng e le hore ba khone ho sebeletsa Molimo. Ba nka ka botebo keletso ena eo Pauluse a ileng a e fa Timothea: “Ka sebele, ke mokhoa oa ho rua ho hoholo, boinehelo bona ba bomolimo hammoho le ho khotsofala. Kahoo, ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.” (1 Tim. 6:6, 8) Ho e-na le hore ba batle ho fumana mangolo a malelele e le hore ba ka bitsoa ka litlotla tse itseng, Bakreste ba ’nete ba sebetsa ka thata hore ba fumane “mangolo a puello” ka hore ba ikakhele ka setotsoana mosebetsing oa boboleli.—Bala 2 Bakorinthe 3:1-3.

14. Ho latela Bafilipi 3:8, Pauluse o ne a talima tlotla eo a neng a e-na le eona ea ho ba lekhoba la Molimo le la Kreste joang?

 14 Nahana ka taba ea moapostola Pauluse. O ne a rupetsoe ke mosuoe oa Molao oa Sejuda e leng Gamaliele. Thuto eo Pauluse a ileng a e fumana e ne e tšoana le ea univesithi kajeno. Empa Pauluse o ne a e talima joang ha a e bapisa le tlotla eo a neng a e-na le eona ea ho ba lekhoba la Molimo le la Kreste? O ile a ngola a re: “Ke nka lintho tsohle e le tahlehelo ka lebaka la bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste Jesu Morena oa ka.” Ka mor’a moo o ile a phaella ka ho re: “Ka lebaka la hae ke amohetse tahlehelo ea lintho tsohle ’me ke li nka e le lithōle tse ngata, e le hore nka rua Kreste.” (Bafil. 3:8) Boikutlo boo ba hae bo thusa bacha ba Bakreste le batsoali ba bona ba tšabang Molimo hore ba etse qeto e bohlale mabapi le thuto. (Sheba litšoantšo.)

RUA MOLEMO THUTONG EA BOMOLIMO

15, 16. Mokhatlo oa Jehova o fana ka thuto ea mofuta ofe, hona ke ntho efe e ka sehloohong e rutoang likolong tsa Bibele?

15 Ho rena maemo a mofuta ofe likolong tse ngata tsa thuto e phahameng? Na ka linako tse ling hase hona moo merusu ea lipolotiki le boitseko ba sechaba bo qalang teng? (Baef. 2:2) Leha ho le joalo, mokhatlo oa Jehova o fana ka thuto e molemo ka ho fetisisa phuthehong ea Bokreste, moo ho renang khotso. E mong le e mong oa rōna o na le monyetla oa ho rua molemo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, beke le beke. Ho boetse ho na le thupelo e lokiselitsoeng barab’abo rōna ba bo-pula-maliboho ba masoha ka ho khetheha (e leng Sekolo sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha) le e lokiselitsoeng banyalani ba bo-pula-maliboho (e leng Sekolo sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste). Likolo tsena kaofela li re thusa hore re mamele Jehova, e leng Monghali oa rōna ea leholimong.

16 Re ka fumana linnete tsa bohlokoa tse ngata ka hore re sebelise Watch Tower Publications Index kapa Watchtower Library e ho CD-ROM. Sepheo sa likolo tsena tsa Bibele ke ho ntšetsa pele borapeli ba Jehova. Re rutoa hore na re ka thusa batho ba bang joang hore ba boelane le Molimo. (2 Bakor. 5:20) Sena se tla ba thusa hore le bona ba tsebe ho ruta batho ba bang.—2 Tim. 2:2.

MOPUTSO OA LEKHOBA

17. Ke meputso efe eo motho a e fumanang haeba a khetha thuto e molemo ka ho fetisisa?

17 Papisong ea Jesu ea litalenta, makhoba a mabeli a ile a babatsoa ’me a thaba le mong’a ’ona ka hore a tšepeloe ho etsa mosebetsi o eketsehileng. (Bala Matheu 25:21, 23.) Haeba kajeno re khetha thuto e molemo ka ho fetisisa, re ka thaba ’me ra ba le morero bophelong. Nahana ka mohlala oa Michael. O ile a sebetsa hantle haholo sekolong hoo matichere a ileng a mo memela sebokeng seo a neng a tl’o buisana le eena ka monyetla oa hore a ee univesithi. Matichere a ile a makala ha Michael a khetha thupelo e khutšoanyane ea mosebetsi oa matsoho e ileng ea mo thusa hore a khone ho iphelisa ha e se e le pula-maliboho oa kamehla. Na Michael o bona eka o itšenyelitse nako? O re: “Thuto ea bomolimo eo ke e fumanang hobane ke le pula-maliboho—le eo ke e fumanang hona joale ha ke le moholo oa phutheho—e ntsoetse molemo o moholo. Litlhohonolofatso le litokelo tseo ke li fuoang, li feta hōle chelete eo ho neng ho ka etsahala hore ke e fumane. Ruri kea thaba hore ebe ha kea ka ka khetha thuto e phahameng.”

18. Ke’ng e u susumetsang hore u khethe thuto e molemo ka ho fetisisa?

18 Thuto e molemo ka ho fetisisa e re ruta hore na thato ea Molimo ke efe ebile e re thusa hore re be makhoba a Jehova. E etsa hore re be le tšepo ea ho “lokolloa bokhobeng ba ho bola” ’me qetellong re fumane “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Bar. 8:21) Ka holim’a tsohle re ithuta hore na re ka bontša joang hore re hlile re rata Jehova, e leng Monghali oa rōna ea leholimong.—Ex. 21:5.