MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) April 2014

Khatisong ena ho tšohloa kamoo re ka bontšang tumelo e kang ea Moshe kateng. Jehova o talima boikarabelo ba ho hlokomela lelapa joang, hona o re thusa joang ho bo phethahatsa?

Etsisa Tumelo ea Moshe

Tumelo e ile ea susumetsa Moshe joang hore a hanele litakatso tsa nama le hore a ananele tlotla ea ho sebeletsa Jehova? Ke hobane’ng ha Moshe a ile “a talima ka hloko tefong ea moputso”?

Na U Bona “Ea sa Bonahaleng”?

Tumelo ea Moshe ho Jehova e ile ea mo sireletsa joang hore a se ke a tšaba batho le ho mo thusa hore a bontše tumelo litšepisong tsa Molimo? Matlafatsa tumelo ea hao e le hore u bone Jehova e le Motho oa sebele ea labalabelang ho u thusa.

PALE EA BOPHELO

Tšebeletso ea Nako e Tletseng—Moo e Ileng ea Mphihlisa Teng

Fumana hore na ke hobane’ng ha Robert Wallen a re lilemo tse 64 tseo a li qetileng a le tšebeletsong ea nako e tletseng ebile nako e putsang le e nang le morero ka ho fetisisa bophelong ba hae.

Ha ho ea ka Sebeletsang Benghali ba Babeli

Batho ba bang ba ile linaheng tse ling ho ea batla chelete e eketsehileng. Ho arohana le lelapa ka lebaka la mosebetsi ho ama banyalani le bana joang esita le kamano ea motho le Molimo?

E-ba Sebete—Jehova ke Mothusi oa Hao!

Ntate e mong o ile a ntlafatsa bophelo ba lelapa la hae joang ka mor’a hore a arohane le lona ka lebaka la mosebetsi? Jehova o ile a mo thusa joang ho a phelise ba lelapa la hae le hoja maemo a moruo a ne a le mabe?

Na U Ananela Tsela e Seli eo Jehova a re Lebelang ka Eona?

Nahana ka litsela tse hlano tseo Molimo a fanang ka tlhokomelo e lerato ka tsona le kamoo re ruang molemo kateng ho seo.

Re U Lome Tsebe?

Ha motho a ne a hahola liaparo mehleng ea Bibele, seo se ne se bontša’ng?