Ha ho ea ka Sebeletsang Benghali ba Babeli
“Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli . . . Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.”—MAT. 6:24.
1-3. (a) Batho ba bangata ba tobana le mathata afe a lichelete kajeno, hona ba bang ba leka ho a rarolla joang? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ke lintho life tseo batsoali ba tšoenyehang ka tsona ha ba hōlisa bana?
MARILYN * o re: “Monna oa ka James, o ne a chaisa a khathatse letsatsi le leng le le leng, empa mokholo oa hae o sa lekane litlhoko tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi. Ke ne ke batla ho mo thusa ka hore ke rekele mora oa rōna Jimmy, lintho tse ling tse ntle tseo bana ba bang ba neng ba e-na le tsona sekolong.” Marilyn o ne a boetse a batla ho beha chelete le ho thusa beng ka eena. Metsoalle ea hae e meng e ne e ile linaheng tse ling ho ea batla chelete e eketsehileng. Empa eena o ne a sa tsebe hantle hore na a etse’ng ha a nahana ka taba eo. Hobane’ng?
2 Marilyn o ne a sa batle ho siea lelapa la hae leo a le ratang le ho tlohela kemiso ea bona e tsitsitseng ea lintho tsa moea. Leha ho le joalo, o ne a ipehela lebaka la hore le hoja ba bang ba ’nile ba siea malapa a bona ka nakoana ho ea linaheng tse ling, a ile a tsoela pele hantle moeeng. Empa o ne a ipotsa hore na a ka hōlisa Jimmy joang a le hōle le eena. Na o ne a ka atleha ho hōlisa mora oa hae “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova,” haeba ba buisana feela ka Inthanete?—Baef. 6:4.
3 Marilyn o ile a kōpa keletso ho ba bang. Monna oa hae o ne a sa batle ha a tsamaea, le hoja a ne a re a ke ke a mo thibela. Baholo le ba bang ka phuthehong ba ne ba sa mo khothalletse ho tsamaea, empa barali ba bang babo rōna bona ba mo phehella hore a tsamaee. Ba ne ba re: “Haeba u rata lelapa la hao, tsamaea. U ntse u ka sebeletsa Jehova le moo.” Le hoja Marilyn a ne a ntse a belaela, o ile a siea James le Jimmy ho ea sebetsa mose ho maoatle. O ile a re ho bona: “Ke tla khutla ka mor’a nakoana e seng kae.”
BOIKARABELO BA HO HLOKOMELA LELAPA LE MELAO-MOTHEO EA BIBELE
4. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba falla, hona ke bo-mang bao hangata ba qetellang ba hlokomela bana ba bona?
4 Jehova ha a batle hore bahlanka ba hae ba phele bofumeng, ’me tsela e ’ngoe eo e leng khale batho ba leka ho qoba seo ka eona ke ea hore ba fallele libakeng tse ling. (Pes. 37:25; Liprov. 30:8) Mopatriareka Jakobo o ile a roma bara ba hae hore ba il’o reka lijo Egepeta e le hore ba se ke ba bolaoa ke tlala. * (Gen. 42:1, 2) Kajeno, batho ba bangata ha ba falle hobane ba bolaoa ke tlala. Empa mohlomong ke hobane ba qoetse ka har’a likoloto. Ba bang ke hobane feela ba batla ho ntlafatsa bophelo ba malapa a bona. E le hore ba finyelle seo le hoja moruo o tetema, ba bangata ba qetella ba siile malapa a bona ho ea sebetsa likarolong tse ling tsa naha kapa linaheng tse ling. Hangata ba siea bana le molekane e mong, le ngoana e mong, bo-nkhono le bo-ntate-moholo, beng ka bona kapa metsoalle. Le hoja batho ba fallang ba utloa bohloko ha ba siea balekane kapa bana, ba bangata ba bona ba nka hore ha ba na boikhethelo.
5, 6. (a) Jesu o ile a ruta eng mabapi le ho fumana thabo le tšireletseho? (b) Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapelle lintho life? (c) Jehova o re hlohonolofatsa ka tsela efe?
5 Le mehleng ea Jesu, batho ba bangata ba ne ba futsanehile, ’me e ka ’na eaba ba ne ba nahana hore ha ba ka ba le chelete e eketsehileng, ba ka thaba ba ba ba ikutloa ba sireletsehile. (Mar. 14:7) Empa Jesu o ne a sa batle hore ba behe tšepo ea bona cheleteng. O ne a batla hore ba itšetlehe ka Mohloli oa maruo a tšoarellang—e leng Jehova. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a hlalosa hore thabo le tšireletseho ea sebele ha lia itšetleha ka lintho tse bonahalang, kapa boiteko boo re bo etsang, empa li itšetlehile ka kamano eo re nang le eona le Ntate oa rōna ea leholimong.
6 Thapelong ea hae ea mohlala, Jesu ha aa re ruta hore re kōpe ho ema hantle licheleteng, empa o re rutile ho rapella lintho tseo re li hlokang letsatsi le letsatsi, ke hore “bohobe ba rōna ba letsatsi lena.” O ile a re ho bamameli ba hae: “Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng . . . Ho e-na le hoo, le ipolokele matlotlo leholimong.” (Mat. 6:9, 11, 19, 20) Re ka kholiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa joalokaha a tšepisitse. Ho hlohonolofatsoa ke Molimo ke pontšo ea hore o oa re amohela, ebile ke tsela eo ka eona a re fang seo re se hlokang. Ha e le hantle, tsela feela eo re ka fumanang thabo le tšireletseho ea sebele ka eona ke ka hore re tšepe Ntate oa rōna ea lerato, eseng chelete.—Bala Matheu 6:24, 25, 31-34.
7. (a) Jehova o file mang boikarabelo ba ho hōlisa bana? (b) Ke hobane’ng ha batsoali ka bobeli ba lokela ho tšoarisana tabeng ea ho hōlisa bana?
7 ‘Ho batla ho loka ha Molimo pele’ ho akarelletsa ho talima boikarabelo ba ho hlokomela lelapa ka tsela eo Jehova a bo talimang ka eona. Molaong oa Moshe ho na le molao-motheo ona o sebetsang ho Bakreste, oa hore batsoali ba koetlise bana ba bona moeeng. (Bala Deuteronoma 6:6, 7.) Molimo o file batsoali boikarabelo boo, eseng bo-nkhono le bo-ntate-moholo kapa motho leha e le ofe e mong. Morena Solomone o ile a re: “Mora oa ka, u mamele taeo ea ntat’ao, ’me u se ke ua furalla molao oa ’m’ao.” (Liprov. 1:8) Jehova o ne a bolela hore batsoali ka bobeli ba lokela ho lula le bana e le hore ba ba tataise le ho ba ruta. (Liprov. 31:10, 27, 28) Lintho tse ngata tseo bana ba ithutang tsona ho batsoali ba bona, haholo-holo litabeng tsa moea, ke tseo ba utloileng batsoali ba li bua ka Jehova letsatsi le letsatsi le tseo ba ba boneng ba li etsa.
LIPHELLO TSE SA LEBELLOANG
8, 9. (a) Ho atisa ho etsahala’ng ha motsoali a siea lelapa? (b) Ho se lule le bana ho ka ba bakela mathata afe maikutlong le boitšoarong?
8 Pele batho ba fallela linaheng tse ling, ba leka ho nahana ka maemo a kotsi ao ba ka ’nang ba tobana le ’ona esita le lintho tseo ba li telang, empa ke ba seng bakae feela ba bonang liphello tsohle tse ka tlisoang ke ho arohana le malapa a bona. (Liprov. 22:3) * Hang ka mor’a hore Marilyn a tsamaee, o ile a qala ho tšoenyeha ka hore ebe o arohane le lelapa la hae. Monna oa hae le mora le bona ba ile ba qala ho tšoenyeha. Jimmy o ne a lula a mo botsa, a re, “Ke hobane’ng ha u ntšiile?” Le hoja Marilyn a ne a nahanne hore o tla khutla ka mor’a likhoeli tse itseng, ho ile ha feta lilemo, ’me a qala ho hlokomela boemo bo tšoenyang ka lapeng la hae. Jimmy o ne a se a itšehla thajana ebile a se a sa mo bolelle maikutlo a hae. O re ka pelo e bohloko, “O ne a se a se na taba le ’na.”
9 Ha batsoali ba sa lule le bana ba bona, seo se ka bakela bana mathata maikutlong le boitšoarong. * Ha bana ba banyenyane ba qeta nako e telele ba arohane le batsoali ba bona, ba ba le mathata a tebileng le ho feta. Marilyn o ne a hlaloselitse Jimmy hore o etsa seo molemong oa hae. Empa Jimmy o ne a nka hore ’mè oa hae o mo lahlile. Qalong o ne a utloisoa bohloko ke hore ha a eo. Empa hamorao ha a tla a chakile, o ne a tenoa ke hore ebe o teng. Joaloka bana ba bang ba bangata ba siiloeng ke batsoali, Jimmy o ne a nka hore ha ho sa hlokahala hore a mamele ’mè oa hae esita le ho mo hlompha.—Bala Liproverbia 29:15.
10. (a) Ha motsoali a fa bana limpho e le hore a koale sekheo sa ha a le sieo, seo se ama bana joang? (b) Ke’ng eo motsoali a ke keng a khona ho e etsa ha a hōlisa bana a le hōle?
10 Le hoja Marilyn a ne a romela Jimmy chelete le limpho e le ha a leka ho koala sekheo sa hore ha a eo, o ile a lemoha hore o hlokomolohile ngoana oa hae le hore o mo ruta ho etelletsa pele lintho tse bonahalang, ho e-na le ho ameha ka litaba tse amanang le borapeli esita le ka lelapa. (Liprov. 22:6) Jimmy o ne a ee a re: “U se ke be ua hlola u khutla. U ’ne u nthomelle limpho feela.” Marilyn o ile a qala ho hlokomela hore a ke ke a hōlisa mora oa hae a le hōle, ka hore a mo ngolle, a mo founele kapa a bue le eena ka Inthanete feela. O re, “U ke ke ua haka ngoana oa hao kapa ua mo suna Inthaneteng.”
11. (a) Ha banyalani ba arohana ka lebaka la mosebetsi seo se ama lenyalo la bona joang? (b) Ke’ng e ileng ea etsa hore morali’abo rōna e mong a elelloe hore o lokela ho khutlela hae?
11 Kamano ea Marilyn le Jehova esita le monna oa hae James, le eona e ile ea ameha. Ka linako tse ling, o ne a khona ho ea libokeng le tšimong hanngoe feela ka beke, ha ka nako e tšoanang a ntse a leka ho qoba mohiri oa hae ea neng a batla ho robala le eena. Kaha Marilyn le James ba ne ba sa khone ho tšehetsana ha ba tobana le mathata, ka bobeli ba ile ba theha setsoalle le batho ba bang, se ileng sa batla se ba lihela boitšoarong bo bobe. Marilyn o ile a hlokomela hore le hoja eena le monna oa hae ba sa ka ba etsa bofebe, ba ne ba ke ke ba latela tataiso ea Bibele ea hore ba tšehetsane maikutlong le ho khotsofatsa tlhoko ea bona ea ho kopanela liphate haeba ba sa lule ’moho. Ba ke ke ba khona ho ipuela ka ntho leha e le efe eo ba e nahanang, ba shebana, kapa ho bososela, ho tšoarana, ho hakana, ‘ho bontšana lerato,’ kapa ho fanana “tokelo” ea banyalani. (Sefela 1:2; 1 Bakor. 7:3, 5) Hape ba ne ba ke ke ba khona ho sebeletsa Jehova ka ho feletseng e le lelapa. Marilyn o re: “Ha ke utloa kopanong ho buuoa ka hore re lokela ho tšoara borapeli ba lelapa kamehla e le hore re pholohe letsatsi le leholo la Jehova, ke ile ka elelloa hore ke lokela ho khutlela hae. Ke ne ke lokela ho tsosolosa bomoea ba ka le ho ntlafatsa kamano ea ka le ba lelapa la ka.”
KELETSO E MOLEMO LE E FOSAHETSENG
12. Ke keletso efe ea Mangolo e ka fuoang batho ba siileng malapa a bona?
12 Batho ba ile ba e-ba le maikutlo a sa tšoaneng ha Marilyn a etsa qeto ea ho khutlela hae. Baholo ba phutheho eo a neng a kopanela ho eona naheng eo ba ile ba babatsa tumelo le sebete sa hae. Empa ba bang ba neng ba siile balekane le bana, bona ha baa ka ba mo babatsa. Ho e-na le hore ba etsise mohlala oa hae o motle, ba ile ba leka ho mo nyahamisa. Ba ile ba re: “U tla khutla e se khale. U tla phela ka’ng ha u khutlela hae?” Ho e-na le ho bua mantsoe a nyahamisang joalo, Bakreste ba lokela ho eletsa ‘basali ba bacha hore ba rate banna ba bona, ba rate bana ba bona, e be basebetsi malapeng a bona, e le hore lentsoe la Molimo le se ke la nyefoloa.’—Bala Tite 2:3-5.
13, 14. Ke hobane’ng ha ho hlokahala tumelo e le hore motho a mamele Jehova ho fapana le beng ka eena? Fana ka mohlala.
13 Batho ba bangata ba eang libakeng tse hōle ka mosebetsi, ba hōletse litsong tse nkelang meetlo holimo le beng ka bona, haholo-holo batsoali. Ho hlokahala tumelo hore Mokreste e be mokhelo kapa hore a etse se khahlanong le thato ea lelapa, e le hore a khahlise Jehova.
14 Nahana ka se etsahaletseng Carin, o re: “Ha mora oa ka Don a hlaha, ’na le monna oa ka re ne re sebetsa naheng e ’ngoe, ’me ke ne ke sa tsoa qala ho ithuta Bibele. Beng ka ’na ba ne ba lebeletse hore ke romele Don hae e le hore a il’o hōlisoa ke batsoali ba ka ho fihlela boemo ba rōna ba lichelete bo tsitsa.” Ha Carin a tsitlella hore o tla ikhōlisetsa Don, beng ka eena, ho akarelletsa monna oa hae, ba ile ba re o botsoa ’me ba mo tšeha. Carin o re: “Ho bua ’nete, ka nako eo ke ne ke sa utloisise hantle hore na ke’ng e phoso ka ho siea Don le batsoali ba ka lilemo tse seng kae feela. Empa ke ne ke tseba hore Jehova o file rōna batsoali, boikarabelo ba ho hōlisa mora oa rōna.” Ha Carin e ba moimana hape, monna oa hae ea sa lumelang o ile a re a ntše mpa. Qeto e molemo eo Carin a neng a e entse pejana e ile ea mo matlafatsa tumelo, ’me o ile a boela a ema a tiile ka lehlakoreng la Jehova. Hona joale, eena le monna oa hae hammoho le bana ba bona ba thabela hore ebe ha baa ka ba arohana. Hoja Carin o ile a isa bana ba hae ho batho ba bang hore ba ba hōlise, boemo bo ka be bo fapane hōle.
15, 16. (a) Pheta phihlelo ea morali’abo rōna e mong ea ileng a hōlisoa ke nkhono oa hae. (b) Ke hobane’ng ha a batla ho etsa se fapaneng ka morali oa hae?
15 Paki e ’ngoe e bitsoang Vicky e re: “Ke ile ka qeta lilemo tse seng kae ke lula le Nkhono, ha ngoan’eso eena a ne a lula le batsoali ba ka. Ha ke khutlela ho ea lula le bona, ke ne ke se ke ikutloa ka tsela e ’ngoe. Ngoan’eso o ne a buisana le bona a bile a ba haka ka bolokolohi, ’me a e-na le kamano e haufi le bona. Ke ne ke ikutloa ke sa phutholoha ha ke e-na le batsoali ba ka, esita le ha ke se ke le moholo ke ne ke ntse ke thatafalloa ho ba bontša tsela eo ke ikutloang ka eona. ’Na le ngoan’eso re tiiselitse batsoali ba rōna hore re tla ba hlokomela ha ba se ba tsofetse. Empa ke tla ba hlokomela hobane ke tlamehile, ha ngoan’eso eena a tla ba hlokomela hobane a ba rata.”
16 Vicky o re: “Hona joale, ’Mè o batla hore ke mo fe morali oa ka hore a mo hōlise, feela joalokaha a ile a nkisa ho ’mè oa hae. Ke hana tlhahiso ea hae ka bohlale. ’Na le monna oa ka re batla ho ikhōlisetsa ngoana oa rōna re mo rute litsela tsa Jehova. ’Me ha ke batle ho senya kamano ea ka le morali oa ka.” Vicky o hlokometse hore tsela feela eo motho a ka atlehang ka eona ke ha a etelletsa pele thato ea Jehova le melao-motheo ea hae ho e-na le ho lelekisa chelete kapa ho etsa seo lelapa le se lebeletseng. Jesu o ile a bua ka ho hlaka, a re: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli,” ke hore Molimo le Maruo.—Mat. 6:24; Ex. 23:2.
JEHOVA O “ATLEHISA” BOITEKO BOO RE BO ETSANG
17, 18. (a) Ke khetho efe eo Bakreste ba lulang ba e-na le eona? (b) Re tla tšohla lipotso life sehloohong se latelang?
17 Ntate oa rōna Jehova, o re tiiselitse hore o tla re thusa ho fumana lintho tseo re hlileng re li hlokang haeba re batla ’Muso le ho loka ha hae pele bophelong. (Mat. 6:33) Kahoo, joaloka Bakreste ba ’nete re lula re e-na le khetho. Jehova o tšepisa hore o tla re bulela “tsela ea ho tsoa” e sa hlokeng hore re khelohe melao-motheo ea Bibele, ho sa tsotellehe hore na re tobana le mathata afe. (Bala 1 Bakorinthe 10:13.) Ha re ‘letela’ Jehova, ’me re ‘itšetleha ka eena’ ka ho rapella bohlale le tataiso ea hae le ho latela litaelo le melao-motheo ea hae, joale “o tla nka bohato” molemong oa rōna. (Pes. 37:5, 7) O tla hlohonolofatsa boiteko bo tiileng boo re bo etsang ba ho mo sebeletsa e le eena feela Monghali oa ’nete. Haeba re mo eteletsa pele, o tla re “atlehisa.”—Bapisa le Genese 39:3.
18 Ke’ng e ka etsoang ho lokisa tšenyo e bakiloeng ke hore lelapa le se ke la lula hammoho? Re ka etsa’ng ho hlokomela malapa a rōna empa ho sa hlokahale hore re arohane le ’ona? Hona re ka khothatsa ba bang joang ka tsela e lerato hore ba etse liqeto tse nepahetseng tabeng ee? Re tla tšohla lipotso tsena sehloohong se latelang.
^ ser. 1 Mabitso a fetotsoe.
^ ser. 4 E ka ’na eaba nako le nako ha bara ba Jakobo ba ne ba ea Egepeta, ba ne ba sa nke nako e fetang libeke tse tharo ba siile malapa a bona. Hamorao ha Jakobo le bara ba hae ba fallela Egepeta, ba ile ba tsamaea le basali le bana ba bona.—Gen. 46:6, 7.
^ ser. 8 Sheba sehlooho se reng “Ho Fallela Naheng e ’Ngoe—Seo Batho ba se Lebellang le se Etsahalang,” Tsoheng! ea February 2013.
^ ser. 9 Litlaleho tse tsoang linaheng tse sa tšoaneng li bontša hore ntho e ’ngoe e bakelang batho ba bang mathata a tebileng ke ho siea balekane kapa bana ebe ba il’o sebetsa naheng e ’ngoe. Har’a tse ling, sena se ka etsa hore molekane e mong kapa ka bobeli ba bona ba se ke ba tšepahala, ba etse bosodoma, kapa ba kopanele liphate le motho eo ba amanang haufi le eena, ’me bana bona se ka ba bakela mathata boitšoarong le sekolong, sa etsa hore ba be mabifi, ba tšoenyehe, ba imeloe kelellong kapa ba batle ho ipolaea.