Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Bolokang Likelello Tsa Lōna li Tsepame Linthong Tse Holimo”

“Bolokang Likelello Tsa Lōna li Tsepame Linthong Tse Holimo”

“Bolokang likelello tsa lōna li tsepame linthong tse holimo, eseng linthong tse lefatšeng.”—BAKOL. 3:2.

1, 2. (a) Ke’ng e bontšang hore phutheho ea Kolose ea lekholong la pele la lilemo e ne e hlaseloa? (b) Barab’abo rōna ba Kolose ba ile ba fuoa keletso efe ho ba thusa hore ba lule ba tšepahala?

PHUTHEHO ea Bokreste ea Kolose ea lekholong la pele la lilemo e ne e hlaseloa! Ba bang ka phuthehong ba ne ba tlisa karohano ka ho khothalletsa hore ho khomareloe Molao oa Moshe. Ba bang ba buella filosofi ea bohetene ea ho itšoara ka thata, kapa ho itšotla. Moapostola Pauluse o ile a ngola lengolo le khothatsang ho loantša lithuto tsena tsa bohata, ’me a lemosa Bakolose bao, a re: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.”—Bakol. 2:8.

2 Haeba Bakreste bao ba tlotsitsoeng ba ne ba ka ameha “ka lintho tsa motheo tsa lefatše,” ba ne ba tla be ba furalla tokisetso eo Jehova a e entseng ea poloko. (Bakol. 2:20-23) E le ho ba thusa hore ba sireletse kamano ea bona e ntle le Molimo, Pauluse o ile a ba eletsa ka ho re: “Bolokang likelello tsa lōna li tsepame linthong tse holimo, eseng linthong tse lefatšeng.” (Bakol. 3:2) Ha ho pelaelo hore barab’abo Kreste ba ne ba lokela  ho lula ba hopola tšepo eo ba nang le eona ea ho fumana moputso o sa boleng oo ba o “boloketsoeng maholimong.”—Bakol. 1:4, 5.

3. (a) Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsepamisitse likelello tšepong efe? (b) Re tlil’o tšohla lipotso life sehloohong see?

3 Kajeno, Bakreste ba tlotsitsoeng le bona ba tsepamisa likelello ’Musong oa Molimo oa leholimo le tšepong ea bona ea ho ba “majalefa hammoho le Kreste.” (Bar. 8:14-17) Empa ho thoe’ng ka ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng? Mantsoe a Pauluse a sebetsa joang ho bona? “Linku tse ling” li ka tsepamisa likelello joang “linthong tse holimo”? (Joh. 10:16) Hona kaofela ha rōna re ka rua molemo joang ka ho hlahloba mohlala oa banna ba tšepahalang ba boholo-holo ba kang Abrahama le Moshe, bao le hoja ba ne ba e-na le mathata ba ileng ba tsepamisa likelello linthong tse holimo?

SE BOLELOANG KE HO TSEPAMISA KELELLO LINTHONG TSE HOLIMO

4. Linku tse ling li ka boloka likelello tsa tsona li tsepame linthong tse holimo joang?

4 Le hoja linku tse ling li se na tšepo ea ho phela leholimong, le tsona li ka tsepamisa likelello linthong tse holimo. Ka tsela efe? Ka hore li eteletse Jehova Molimo pele le mesebetsi e amanang le ’Muso. (Luka 10:25-27) E le hore re etse seo, re lokela ho latela mohlala oa Kreste. (1 Pet. 2:21) Ho tšoana le barab’abo rōna ba lekholong la pele la lilemo, tsamaisong ena ea lintho ea Satane, re tobana le batho ba buellang likhopolo tsa bohata, lifilosofi le ba re khothalletsang ho rata lintho tse bonahalang. (Bala 2 Bakorinthe 10:5.) Kaha re baetsisi ba Jesu, re lokela ho itebela khahlanong le lintho tse joalo tse re hlaselang moeeng.

5. Re ka itlhahloba joang ha ho tluoa tabeng ea lintho tse bonahalang?

5 Na re talima lintho tse bonahalang ka tsela eo lefatše le li talimang ka eona? Hangata lintho tseo re nahanang ka tsona le tseo re li etsang li bontša seo re se ratang. Jesu o ile a re: “Moo letlotlo la hao le leng teng, le pelo ea hao e tla ba hona teng.” (Mat. 6:21) E le hore re hlokomele hore na lipelo tsa rōna li re lebisa hokae, re lokela ho lula re itlhahloba. Ipotse: ‘Ke qeta nako e kae ke nahana ka chelete? Na ke qeta boholo ba nako ke nahana ka menyetla ea khoebo, matsete, kapa ke hahamalla bophelo bo mabothobotho? Kapa na ke leka ho tsepamisa kelello ea ka linthong tsa moea?’ (Mat. 6:22) Jesu o ile a re batho ba amehileng haholo ka “ho ipolokela matlotlo lefatšeng,” ba ipeha kotsing e khōlō moeeng.—Mat. 6:19, 20, 24.

6. Re ka etsa’ng ho hlōla litakatso tsa nama?

6 Ho se phethahale ho etsa hore re batle ho khahlisa litakatso tsa nama. (Bala Baroma 7:21-25.) Ha moea oa Molimo o halalelang o sa sebetse ho rōna, re ka ’na ra inehella “mesebetsi ea lefifi.” Sena se ka akarelletsa lintho tse kang ‘mekete e lerata, ho inehella botahoa, ho kopanela liphate ho haneloang le boitšoaro bo hlephileng.’ (Bar. 13:12, 13) E le hore re hlōle ntoa khahlanong le ‘lintho tse lefatšeng’ tse khahlang nama, re lokela ho tsepamisa likelello linthong tse holimo. Ho etsa sena ho hloka boiteko. Ke kahoo moapostola Pauluse a ileng a re: “Ke teteka ’mele oa ka ’me ke o tšoara joaloka lekhoba.” (1 Bakor. 9:27) Ha ho pelaelo hore re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re lule re le peisong ea bophelo! A re hlahlobeng seo banna ba babeli ba tšepahalang ba boholo-holo ba ileng ba se etsa e le hore ‘ba khahlise Molimo.’—Baheb. 11:6.

ABRAHAMA O ILE “A BEHA TUMELO HO JEHOVA”

7, 8. (a) Abrahama le Sara ba ile ba tobana le mathata afe? (b) Abrahama o ile a tsepamisa kelello ea hae hokae?

7 Ha Jehova a laela Abrahama hore a ee  naheng ea Kanana le ba ntlo ea hae, o ile a mamela ka ho rata. Kaha Abrahama o ne a e-na le tumelo a bile a mamela, Jehova o ile a hlaba selekane le eena, ’me a re: “Ke tla u etsa sechaba se seholo ’me ke tla u hlohonolofatsa.” (Gen. 12:2) Empa ho ile ha feta lilemo, Abrahama le mosali oa hae Sara, ba se na bana. Na Jehova o ne a lebetse seo a se tšepisitseng Abrahama? Ho feta moo, bophelo bo ne bo se bonolo Kanana. Abrahama le ba ntlo ea hae ba ile ba siea lehae la bona le beng ka bona motseng o ruileng oa Ure, Mesopotamia. Ba tsamaea lik’hilomithara tse fetang 1 600 ho fihla Kanana, moo ba ileng ba lula litenteng, ba bolaoa ke tlala ’me ba hlaseloa ke mabotho a lireng. (Gen. 12:5, 10; 13:18; 14:10-16) Empa ha baa ka ba lakatsa ho khutlela mabothobothong a Ure!—Bala Baheberu 11:8-12, 15.

8 Ho e-na le hore Abrahama a tsepamise kelello “linthong tse lefatšeng,” o ile “a beha tumelo ho Jehova.” (Gen. 15:6) Ha e le hantle, o ile a e tsepamisa linthong tse holimo ka hore a lule a nahana ka litšepiso tsa Molimo. Ka lebaka leo, tumelo ea Abrahama e ile ea putsoa ha Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa a itlhahisa ho eena ’me a re: “‘Ka kōpo, talima maholimong ’me u bale linaleli, haeba u ka khona ho li bala.’ Eaba o tsoela pele ho re ho eena: ‘Peō ea hao e tla ba joalo.’” (Gen. 15:5) Ruri e tlameha ebe seo se ile sa mo khothatsa haholo! Nako le nako ha Abrahama a sheba leholimo le tletseng linaleli, seo se ne se tla mo hopotsa hore Jehova o tšepisitse ho atisa peō ea hae. Ka nako ea Molimo e loketseng, Abrahama o ile a ba le mojalefa, joalokaha a ne a tšepisitsoe.—Gen. 21:1, 2.

9. Ke joang ho etsisa mohlala oa Abrahama ho ka re thusang hore re lule re phathahane tšebeletsong ea Molimo?

9 Joaloka Abrahama, re letetse ho phethahala ha litšepiso tsa Molimo. (2 Pet. 3:13) Haeba re sa tsepamise likelello tsa rōna linthong tse holimo, re ka ’na ra bona eka litšepiso tsena li lieha ho phethahala ’me ra khoehlisa mesebetsing e amanang le borapeli. Ka mohlala, na u ile ua tela lintho tse itseng e le hore u be pula-maliboho kapa hore u atolose tšebeletso ea hao? Haeba ho joalo, rea u babatsa. Empa hona joale tjee u etsa’ng? Hopola hore Abrahama o ile a tsepamisa kelello ‘motseng o nang le metheo ea sebele.’ (Baheb. 11:10) “O ile a bontša tumelo ho Jehova, ’me a ho balloa e le ho loka.”—Bar. 4:3.

MOSHE O ILE A BONA “EA SA BONAHALENG”

10. Moshe o ne a phela bophelo bo joang ha e sa le mocha?

10 Motho e mong ea ileng a tsepamisa kelello linthong tse holimo ke Moshe. Ha e sa le mocha, o ile “a rupeloa ka bohlale bohle ba Baegepeta.” O ne a fumane thupelo e khethehileng. Ka nako eo Egepeta e ne e le ’muso o matla ’me Moshe a lula ka tlung ea Faro. Ha ho makatse hore ebe thupelo ena e ile ea etsa hore Moshe a be “matla mantsoeng le liketsong.” (Lik 7:22) Nahana feela hore na o ne a ka finyella eng ka eona! Leha ho le joalo, Moshe o ile a beha kelello ea hae linthong tsa bohlokoa—e leng ho etsa thato ea Molimo.

11, 12. Moshe o ne a nka hore ke’ng ea bohlokoa haholo, hona re tseba joang?

11 Ha ho pelaelo hore ha Moshe a sa le monyenyane, ’mè oa hae e leng Jokebede, o ne a mo rutile ka Molimo oa Baheberu. Moshe o ne a nka hore ho tseba Jehova ke habohlokoa haholo ho feta ho ba le maruo. Kahoo o ile a tela lintho tseo a neng a ka li finyella ha a ntse a lula ha Faro. (Bala Baheberu 11:24-27.) Ha e le hantle, lintho tseo Moshe a neng a ithutile tsona ka Jehova le tumelo ea hae ho eena li ile tsa mo susumelletsa hore a tsepamise kelello linthong tse holimo.

12 Moshe o ne a fuoe thupelo ea lefatše  ea boleng bo holimo ka ho fetisisa mehleng eo, empa na o ile a e sebelisetsa hore a iketsetse lebitso Egepeta kapa hore a ipokellele maruo? Che. Ho seng joalo a ka be a sa ‘hana ho bitsoa mora oa morali oa Faro le ho khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo ho e-na le hore a thabele sebe ka nakoana.’ Ho hlakile hore Moshe o ile a sebelisa seo a ithutileng sona ka Jehova ho ntšetsa pele morero oa Molimo.

13, 14. (a) Ke’ng e ileng ea thusa Moshe hore a lokele kabelo eo Jehova a neng a tla mo fa eona? (b) Joaloka Moshe, ho ka ’na ha hlokahala hore re etse’ng?

13 Moshe o ne a rata Jehova le batho ba Hae haholo. Ha Moshe a le lilemo li 40, o ile a nahana hore o se a loketse ho lokolla batho ba Molimo bokhobeng Egepeta. (Lik. 7:23-25) Empa pele Jehova a ka mo fa kabelo eo, ho ne ho hlokahala hore Moshe a etse ho hong. O ne a lokela ho hlaolela litšobotsi tse kang boikokobetso, mamello, bonolo le boitšoaro. (Liprov. 15:33) Moshe o ne a hloka koetliso e tla mo lokisetsa hore a mamelle liteko le mathata a neng a larile ka pele. Lilemo tse mashome a seng makae tseo a li qetileng e le molisa li ile tsa mo fa koetliso eo a e hlokang, e le hore a hlaolele litšobotsi tsena tse khahlisang Molimo.

14 Na ho na le seo Moshe a ileng a ithuta sona ha e ntse e le molisa? E, se teng! Lentsoe la Molimo le re Moshe e ile ea e-ba motho ea “bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le holim’a lefatše.” (Num. 12:3) O ne a hlaoletse boikokobetso, bo ileng ba mo thusa hore a sebetsane le batho le mathata a bona ka mamello. (Ex. 18:26) Le rōna ho ka ’na ha hlokahala hore re hlaolele litšobotsi tse khahlisang Molimo tse tla re thusa ho feta “matšoenyehong a maholo,” e le hore re ka kena lefatšeng le lecha la Molimo la ho loka. (Tšen. 7:14) Na re khona ho sebelisana le batho bao re nkang hore ba koata lefeela kapa ke lifela-peloana? Re lokela ho mamela keletso ea moapostola Petrose, ea ileng a phehella balumeli-’moho le eena ka ho re: “Hlomphang batho ba mefuta eohle, le be le lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna.”—1 Pet. 2:17.

RE BOLOKE LIKELELLO TSA RŌNA LI TSEPAME LINTHONG TSE HOLIMO

15, 16. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho tsepamisa likelello linthong tse nepahetseng? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore Bakreste ba boloke boitšoaro bo botle?

15 Re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Tim. 3:1) Kahoo re lokela ho tsepamisa likelello tsa rōna linthong tse nepahetseng e le hore re lule re falimehile moeeng. (1 Bathes. 5:6-9) Nahana kamoo re ka etsang sena kateng lintlheng tsena tse tharo.

16 Boitšoarong: Petrose o ne a tseba hore ke habohlokoa ho ba le boitšoaro bo botle. O ile a re: “Bolokang boitšoaro ba lōna bo le botle har’a lichaba, e le hore . . . ka lebaka la mesebetsi ea lōna e metle eo tsona e leng lipaki tsa eona tse boneng ka mahlo li ka tlotlisa Molimo.” (1 Pet. 2:12) Ebang re hae, mosebetsing, sekolong, papaling, kapa tšebeletsong, re etsa sohle seo re ka se khonang ho tlotlisa Jehova ka boitšoaro ba rōna bo botle. Ke ’nete hore kaha ha rea phethahala, bohle re etsa liphoso. (Bar. 3:23) Empa haeba re tsoela pele ho “loana ntoa e ntle ea tumelo,” re ka atleha ho hlōla ntoeng ea rōna e khahlanong le ho se phethahale.—1 Tim. 6:12.

17. Re ka etsisa boikutlo ba kelello boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

17 Boikutlong: Ho boloka boitšoaro bo botle ho tsamaisana le ho ba le boikutlo bo nepahetseng. Moapostola Pauluse o ile a re: “Bolokang boikutlo bona ba kelello  ho lōna bo neng bo le teng le ho Kreste Jesu.” (Bafil. 2:5) Jesu o ne a e-na le boikutlo bofe? O ne a ikokobelitse. Boikokobetso bo ile ba mo susumelletsa hore a etse tšebeletso ka boitelo. Ntho eo a neng a lula a nahana ka eona ke ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Mar. 1:38; 13:10) Jesu o ne a hlompha Lentsoe la Molimo haholo. (Joh. 7:16; 8:28) O ne a ithutile Mangolo a Halalelang ka hloko hoo a neng a khona ho a qotsa, ho a emela le ho a hlalosa. Le rōna re tla ba le boikutlo bo kang ba Kreste haeba re ikokobelitse ’me re chesehela tšebeletso re bile re ithuta Bibele.

Ntho eo Jesu a neng a lula a nahana ka eona ke ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo (Sheba serapa sa 17)

18. Re ka tšehetsa mosebetsi oa Jehova ka tsela efe ea bohlokoa?

18 Tšehetso ea rōna: Jehova o rerile hore ‘lengole le leng le le leng la ba leholimong le ba lefatšeng le khumame ka lebitso la Jesu.’ (Bafil. 2:9-11) Le boemong boo ba hae bo phahameng, Jesu o tla ’ne a ikokobeletse thato ea Ntate oa hae, ’me le rōna re lokela ho etsa se tšoanang. (1 Bakor. 15:28) Ka tsela efe? Ka hore re tšehetse ka pelo eohle mosebetsi oo re laetsoeng hore re o etse, e leng oa ‘ho etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa.’ (Mat. 28:19) Re boetse re batla ‘ho sebetsa se molemo ho bohle,’ e leng baahelani le barab’abo rōna.—Bagal. 6:10.

19. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

19 Ruri rea ananela hore ebe Jehova o re hopotsa hore re lokela ho tsepamisa likelello tsa rōna linthong tse holimo! Kahoo, re lokela ‘ho matha ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna.’ (Baheb. 12:1) E se eka kaofela ha rōna re ka etsa seo ‘ka moea oohle joalokaha eka re se etsetsa Jehova,’ ’me Ntate oa rōna ea leholimong o tla sitsa boiteko ba rōna bo matla.—Bakol. 3:23, 24.