Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ho Nyala “Feela Moreneng”—E sa Ntse e le Ntho e Utloahalang?

Na ho Nyala “Feela Moreneng”—E sa Ntse e le Ntho e Utloahalang?

“Ha ke khone ho fumana molekane ka phuthehong ’me ke tšaba hore ke tla be ke tsofale ke e-s’o nyaloe.”

“Bahlankana ba bang ba lefatše ba mosa, baa rateha ebile ke batho ba nahanelang. Ha ba khahlanong le bolumeli ba ka, hape ba hlalefile ho feta barab’abo rōna ba bang.”

Bahlanka ba bang ba Molimo ba masoha ba ’nile ba bua se tšoanang. Baa tseba hore Jehova o batla hore ba nyale “feela Moreneng,” ka mantsoe a mang ba nyalane feela le Bakreste ba ’nete. (1 Bakorinthe 7:39) Joale ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba bua joalo?

SE ETSANG HORE BA BANG BA BE LE KHOAO

E ka ’na eaba Bakreste ba buang joalo ba na le maikutlo a hore baralib’abo rōna ba masoha ba bangata ho feta barab’abo rōna. Ke ’nete hore libakeng tse ngata ho joalo. Ka mohlala, naheng ea Korea, ho Bakreste ba masoha ba lekholo, ba 57 ke baralib’abo rōna ’me ba 43 ke barab’abo rōna. Athe Colombia teng ba 66 ke baralib’abo rōna ha ba 34 e le barab’abo rōna.

Libakeng tse ling, batsoali bao e seng Lipaki ba ka ’na ba batla chelete e ngata ea bohali kapa limpho tse turu ha barali ba bona ba nyaloa. Barab’abo rōna ba bang ba masoha ba ka ’na ba se ke ba khona ho fana ka limpho tseo. Kahoo, sena se ka ’na sa etsa hore baralib’abo rōna ba bang ba ipotse hore na ba tla ke ba fumane balekane ka phuthehong ea Bokreste. *—Sheba naletsana.

HO HLOKAHALA HORE RE TŠEPE JEHOVA

Haeba u kile ua ba le maikutlo a tšoanang, u ka kholiseha hore Jehova o utloisisa boemo ba hao ebile o tseba hantle kamoo u ikutloang kateng.—2 Likronike 6:29, 30.

Leha ho le joalo, ka Bibeleng Jehova o re laela hore re nyale feela Moreneng. Hobane’ng? Hobane o tseba se tla re tsoela molemo ebile o batla ho re sireletsa. Ha a batle hore re etse liqeto tse booatla tse tla re utloisa bohloko kapa tse tla re amoha thabo. Mehleng ea Nehemia, Bajuda ba bangata ba ile ba nyala basali ba sa sebeletseng Molimo. Kahoo Nehemia o ile a ba bolella ka mohlala o mobe oa Solomone. O ile a re, “O ne a ratoa ke Molimo oa hae, hoo Molimo a ileng a mo etsa morena oa Baiseraele bohle. Esita le eena basali basele ba ile ba etsa hore a etse sebe.” (Nehemia 13:23-26) Jehova o oa tseba hore likhopotso tsa hae li molemong oa rōna, ke kahoo a laetseng Bakreste hore ba nyale feela Moreneng. (Pesaleme ea 19:7-10; Esaia 48:17, 18) Rea thaba hore ebe o re fa keletso e lerato le eo re ka e tšepang. Ha re mamela Jehova e le ’Musi oa rōna, re amohela hore o na le tokelo ea ho re bolella seo re lokelang ho se etsa.—Liproverbia 1:5.

Ka sebele u ke ke ua batla ho “kena jokong e sa lekaneng,” ka hore u nyalane le motho ea sa rateng Jehova. A ka etsa hore u khaotse ho sebeletsa Molimo. (2 Bakorinthe 6:14) Keletso ea Molimo e lula e sebetsa, ’me Bakreste ba bangata kajeno ba khethile ho mamela Jehova. Empa ba bang ba khethile ho se mo mamele.

E NTSE E LE NTHO E UTLOAHALANG

Morali e mong oabo rōna oa Australia ea bitsoang Maggy o ile a qala ho ratana le mohlankana eo e seng Mokreste oa ’nete. * (Sheba naletsana.) O re: “Ke ne ke atisa ho lofa liboka e le hore feela ke be le eena. Ke ile ka khoehlisa moeeng.” Ngoanana e mong oa India ea bitsoang Ratana o ile a ratana le mohlankana e mong ea kenang le eena ka tlelaseng ’me mohlankana eo a qala ho ithuta Bibele. Empa o ne a ithuta Bibele hobane feela a batla ho ratana le eena. Ha nako e ntse e ea, ngoanana o ile a khaotsa ho sebeletsa Jehova ’me a kena kereke hobane a batla ho nyaloa ke mohlankana eo.

Ha Ndenguè oa Cameroon a le lilemo li 19, o ile a nyaloa ke motho eo e seng morapeli oa Jehova. Pele ba nyalana, mohlankana oa hae o ne a mo tšepisitse hore o tla mo lumella ho tsoela pele e le Paki. Empa libeke tse peli feela ba chatile, a mo bolella hore a se ke a hlola a e-ea libokeng. O re: “Ke ne ke jeoa ke bolutu ’me ke lula ke lla. Ke ile ka hlokomela hore ha ke sa khona ho iketsetsa liqeto bophelong. Kahoo, ke lula ke ikoahlaea.”

Ke ’nete hore Bakreste ba bang ba nyetsoe ke batho ba sa sebeletseng Jehova empa ba le bonolo ebile ba lokile. Empa le haeba motho a le bonolo, seo se tla ama kamano ea hao le Jehova joang? U tla ikutloa joang ha u tseba hore ha u ua mamela keletso eo Jehova a u fileng eona? Ka holim’a tsohle, Jehova eena o ne a tla ikutloa joang ka seo u se entseng?—Liproverbia 1:33.

Bara le barali babo rōna lefatšeng lohle ba mametseng keletso ea Jehova ea ho nyala “feela Moreneng,” ba kholisehile hore ba entse qeto e molemo ka ho fetisisa. Bara le barali babo rōna ba masoha ba ikemiselitse ho thabisa Jehova ka hore ba nyalane feela le batho bao e leng barapeli ba Jehova. Michiko oa Japane o ne a ikemiselitse ho mamela Molimo le hoja beng ka eena ba ne ba mo phehella ho nyaloa ke motho ea sa rateng Jehova. O ne a sulafalloa ha a bona metsoalle ea hae e nyaloa ke Bakreste, empa eena a ntse a e-s’o fumane molekane. O re: “Ke ne ke lula ke ipolella hore kaha Jehova ke ‘Molimo ea thabileng,’ thabo ea rōna ha e ea itšetleha ka hore na re nyetsoe kapa che. Hape ke lumela hore o khotsofatsa takatso ea lipelo tsa rōna. Kahoo haeba motho a sa fumane molekane empa a batla ho nyaloa, ho molemo hore a lete.” (1 Timothea 1:11) Ha nako e ntse e ea Michiko o ile a nyaloa ke mor’abo rōna ea ratehang, ’me o thabisoa ke hore ebe o ile a mamela keletso ea Jehova.

Ho boetse ho na le barab’abo rōna ba ileng ba letela ho fumana molekane ea nepahetseng. Ka mohlala, Bill oa Australia o re ka linako tse ling o ne a khahloa ke baroetsana bao e seng Lipaki. Leha ho le joalo, o ne a sa itloaetse bona kaha o ne a sa batle ho qala kamano e ka etsang hore a qetelle a ‘kene jokong e sa lekaneng’ le motho ea sa lumelang. Ka linako tse ling o ne a khahloa ke baralib’abo rōna empa bona ba sa mo rate. Bill o ile a ema lilemo tse 30 pele a fumana molekane oa Mokreste ea nang le lipakane tse tšoanang le tsa hae. O re: “Ha ke ikoahlaee. Ke ikutloa ke hlohonolofalitsoe hobane ke khona ho ea tšimong, ho ithuta le ho rapela hammoho le molekane oa ka. Ke thabela ho tseba metsoalle ea molekane oa ka le ho qeta nako hammoho le eona, kaha ke barapeli ba Jehova. Ha re na le mathata, re a rarolla ka Bibele.”

HA U NTSE U LETETSE JEHOVA

U ka etsa’ng ha u ntse u ikokobelletsa keletso ea Jehova ’me u letetse ho fumana monna kapa mosali ea mo tšabang? Mohlomong u ka nahana ka lebaka le etsang hore u se ke ua nyaloa. Haeba ke hobane u ikokobelletsa taelo ea Jehova, u ka kholiseha hore seo u se etsang sea mo thabisa. (1 Samuele 15:22; Liproverbia 27:11) Kahoo, tsoela pele ho rapela Jehova kamehla ’me u mo bolelle kamoo u ikutloang kateng. (Pesaleme ea 62:8) Ha u ntse u etsa sohle se matleng a hao ho hanela liteko le ho loantša litakatso tse fosahetseng, kamano ea hao le Jehova e tla tsoela pele ho matlafala. U ka kholiseha hore Jehova o oa u tsotella le hore o amehile ka seo u se hlokang. Ha a tšepise ho re fa balekane. Empa haeba ho hlokahala hore u nyaloe, Jehova o tseba tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho khotsofatsa litlhoko tsa hao.—Pesaleme ea 145:16; Matheu 6:32.

Ka linako tse ling u ka ’na ua ikutloa joaloka Davida, ea ileng a re: “Potlaka, u nkarabe, Jehova. Moea oa ka o felile. U se ke ua mpatela sefahleho sa hao.” (Pesaleme ea 143:5-7, 10) U se ke ua felloa ke tšepo. E fa Jehova nako ea hore a u bontše seo a batlang hore u se etse. Mamela Jehova ka ho bala Bibele le ka ho thuisa ka seo u se balileng. Sena se tla u thusa hore u tsebe seo Jehova a se hlokang ho uena le kamoo a ileng a thusa bahlanka ba hae nakong e fetileng. Ha u mamela litaelo tsa hae, seo se tla u matlafalletsa ho lula u mo mamela.

Bakreste ba masoha ba phetha karolo ea bohlokoa ka phuthehong ’me ba atisa ho thusa malapa le bacha

Ke eng hape eo u ka e etsang hore u lule u thabile ’me u phathahane ha u le lesoha? U ka matlafatsa kamano ea hao le Jehova ’me u loanele ho ba le botumo bo botle. U ka boela ua ithuta ho fana ka seatla se bulehileng, ho sebetsa ka thata, ho sebelisana le batho ba bang hantle le ho tšepahala ho Jehova. Litšobotsi tsena lia hlokahala hore lelapa le thabe. (Genese 24:16-21; Ruthe 1:16, 17; 2:6, 7, 11; Liproverbia 31:10-27) Batla ’Muso pele ka ho lula u phathahane tšebeletsong le ka phuthehong. Ho etsa sena ho tla u qobisa ho etsa liqeto tse booatla. Ha Bill a bua ka lilemo tseo a li qetileng e le lesoha o re: “Li ile tsa feta ka potlako! Ke ile ka sebelisa nako eo ho sebeletsa Jehova ke le pula-maliboho.”

Taelo ea Jehova ea ho nyala “feela Moreneng” ha e ea siuoa ke nako. Haeba re khetha ho kena lenyalong le motho eo e leng Mokreste oa ’nete re tla be re bontša hore re hlompha Jehova ’me re tla thaba. Bibele e re: “Ho thaba motho ea tšabang Jehova, ea khahloang haholo ke litaelo tsa hae. Lintho tsa bohlokoa le maruo a ka tlung ea hae; ho loka ha hae ho eme ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 112:1, 3) Kahoo, ikemisetse ho mamela taelo ea Molimo ea ho nyala “feela Moreneng.”

^ ser. 7 Sehloohong sena, re bua ka taba ena re e shebisitse ho baralib’abo rōna. Empa melao-motheo e fanoeng mona e sebetsa le ho barab’abo rōna.

^ ser. 13 Mabitso a mang a fetotsoe.