Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lebelang—Satane o Batla ho le Harola!

Lebelang—Satane o Batla ho le Harola!

“Le lebele. Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” —1 PETROSE 5:8.

1. Hlalosa kamoo lengeloi le leng le ileng la fetoha Satane kateng.

QALONG, sebōpuoa sena sa moea se ne se e-na le kamano e ntle le Jehova. Empa hamorao, lengeloi lena le ile la batla hore batho ba le rapele. Ho e-na le ho leleka takatso eo e fosahetseng, le ile la e lumella ho hōla ho fihlela le etsa sebe. (Jakobo 1:14, 15) Ha re tsebe lebitso la lona la qalong, empa hona joale le bitsoa Satane. Satane “ha aa ka a ema a tiile ’neteng.” O ile a fetohela Jehova ’me ea e-ba “ntate oa leshano.”—Johanne 8:44.

2, 3. Mantsoe “Satane,” “Diabolose,” “noha” le “drakone” a bontša’ng ka sera se seholo sa Jehova?

2 Ka mor’a hore Satane a fetohele Jehova, e ile ea e-ba sera se seholo sa Jehova le batho. Ho latela tsela eo Bibele e mo hlalosang ka eona, re khona ho bona kamoo Satane a silafetseng kateng. Satane e bolela “Mohanyetsi,” e leng se bontšang hore lengeloi lena le khopo le hloile puso ea Molimo ’me le etsa sohle se matleng a lona ho e loantša. Seo Satane a hlileng a se batlang ke ho felisa puso ea Jehova.

3 Ho Tšenolo 12:9, Satane o bitsoa Diabolose, e bolelang “Moetselletsi.” Satane o hlompholotse Molimo ka ho mo bitsa raleshano. Poleloana “noha ea pele” e re hopotsa kamoo Satane a ileng a sebelisa noha kateng ho thetsa Eva. Poleloana “drakone e khōlō” le eona e hlalosa Satane hantle. O mabifi, o sehlōhō ebile o khopo. O batla ho nyopisa morero oa Jehova le ho felisa batho ba Molimo.

4. Re tlil’o tšohla’ng sehloohong see?

4 Ho hlakile hore Satane o batla ho senya botšepehi ba rōna. Ke kahoo Bibele e re lemosang: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele. Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Petrose 5:8) Kahoo, sehloohong sena re tlil’o tšohla litšobotsi tse tharo tsa Satane, ho bona hore na ke hobane’ng ha re lokela ho itšireletsa sereng sena se khopo sa Jehova le batho ba Hae.

SATANE O MATLA

5, 6. (a) Fana ka mehlala e bontšang hore mangeloi “a matla.” (b) Ke ka tsela efe Satane a “nang le mokhoa oa ho baka lefu”?

5 Mangeloi “a matla.” (Pesaleme ea 103:20) A bohlale ebile a matla ho feta batho. Mangeloi a tšepahalang a sebelisa matla a ’ona ho etsa lintho tse molemo. Ka mohlala, lengeloi la Jehova le ile la bolaea masole a lireng a Assyria a 185 000. Motho a le mong o ne a ke ke a khona ho etsa seo, esita le lebotho la sesole le ne le tla thatafalloa. (2 Marena 19:35) Ka lekhetlo le leng, lengeloi le ile la sebelisa bokhoni le matla a lona ho lokolla baapostola ba Jesu chankaneng. Le hoja balebeli ba ne ba le haufi, ha baa ka ba bona hore lengeloi le notlolotse mamati, la ntša baapostola, la ntan’o notlela hape!—Liketso 5:18-23.

6 Mangeloi a tšepahalang a sebelisa matla a ’ona ho etsa lintho tse molemo, ha Satane eena a a sebelisetsa ho etsa lintho tse khopo. Ho hlakile hore Satane o na le matla le tšusumetso e khōlō. Bibele e re ke “’musi oa lefatše lena” le “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (Johanne 12:31; 2 Bakorinthe 4:4) Satane o boetse ‘o na le mokhoa oa ho baka lefu.’ (Baheberu 2:14) Sena ha se bolele hore o bolaea batho bohle ka ho toba. Empa se bolela’ng? Ntlha ea pele, lefatše lena le tletse lehloeo le mabifi ho tšoana le Satane. Ntlha ea bobeli, batho bohle ke baetsalibe ’me baa shoa kaha Eva o ile a kholoa leshano la Satane, ’me Adama a se ke a mamela Molimo. (Baroma 5:12) Satane ke “’molai” feela joalokaha Jesu a mo hlalositse. (Johanne 8:44) Ruri ke sera se matla.

Ke ka thuso ea Jehova feela re ka atlehang ho hlōla Satane

7. Bademona ba bontšitse joang hore ba matla?

7 Ha re hanyetsa Satane, re boetse re hanyetsa bohle ba mo tšehetsang ba khahlanong le puso ea Molimo. Ba akarelletsa mangeloi a mang a mangata a marabele a bitsoang bademona. (Tšenolo 12:3, 4) A bontšitse ka makhetlo hore a matla ho feta batho, ka hore a ba bakele mahlomola a maholo. (Matheu 8:28-32; Mareka 5:1-5) Le ka mohla u se ke ua lebala hore bademona le ’musi oa bona ba matla. (Matheu 9:34) Ke ka thuso ea Jehova feela re ka atlehang ho hlōla Satane.

SATANE O SEHLŌHŌ

8. (a) Satane o ikemiselitse ho etsa’ng? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Lintho tse etsahalang li bontša joang hore lefatše lee le sehlōhō joaloka Satane?

8 Moapostola Petrose o ile a bapisa Satane le “tau e purumang.” Buka e ’ngoe ea litšupiso e hlalosa hore lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho puruma” le bolela “sebata se halefileng se llisoang ke tlala.” Tlhaloso ena e tšoanela Satane hantle, kaha o khopo ebile o sehlōhō! O se a ntse a laola lefatše lohle, empa ha a khotsofale. Satane o tšoana le tau e batlang liphofu tse eketsehileng. (1 Johanne 5:19) Ka ho khetheha, o ikemiselitse ho hlasela batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng hammoho le “linku tse ling” tse ikopantseng le bona. (Johanne 10:16; Tšenolo 12:17) Morero oa Satane ke ho felisa batho ba Jehova. Tsela eo Bakreste ba ’nete ba ’nileng ba hlorisoa ka eona ho tloha lekholong la pele la lilemo ho tla fihlela joale, e bontša kamoo Satane a leng sehlōhō kateng.

9, 10. (a) Satane o ile a etsa’ng ho hlasela sechaba sa Iseraele? (Fana ka mohlala.) (b) Ke hobane’ng ha ka ho khetheha Satane a ne a ikemiselitse ho hlasela Baiseraele ba boholo-holo? (c) U nahana hore Diabolose o ikutloa joang kajeno ha e mong oa bahlanka ba Jehova a etsa sebe se tebileng?

9 Satane o bontšitse hore o sehlōhō ka tsela e ’ngoe hape. Tau e lapileng ha e qenehele phofu ea eona. Ha e be le kutloelo-bohloko pele e e bolaea ’me ka mor’a ho e bolaea ha e ikutloe e le molato. Satane le eena ha a qenehele batho bao a ba hlaselang. Ka mohlala, u nahana hore Satane o ne a ikutloa joang nako le nako ha Baiseraele ba oela sebeng se kang sa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate le sa meharo? Na u ka inahanela kamoo Satane a ileng a thaba kateng ha a bona tlokotsi e ileng ea tlisoa ke boitšoaro bo bobe ba Zimri le ke meharo ea Gehazi?—Numere 25:6-8, 14, 15; 2 Marena 5:20-27.

Satane o oa thaba ha a bona e mong oa bahlanka ba Jehova a etsa sebe (Sheba serapa sa 10)

10 Ka ho khetheha, Satane o ne a ikemiselitse ho hlasela Baiseraele. U hopole hore Mesia o ne a tla tsoa sechabeng seo, ’me ke eena ea neng a tla felisa Satane le ho bontša hore ke Jehova ea nang le tokelo ea ho busa. (Genese 3:15) Satane o ne a sa batle hore Molimo a amohele Baiseraele, kahoo a etsa sohle seo a ka se khonang ho ba silafatsa. Satane ha aa ka a utloela Davida bohloko ha a qeta ho etsa bofebe. Ebile ha aa ka a qenehela Moshe ha a lahleheloa ke monyetla oa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Satane o oa thaba ha a bona e mong oa bahlanka ba Molimo a etsa sebe se tebileng. Ha e le hantle, Diabolose o nyefola Jehova ka seo.—Liproverbia 27:11.

11. Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba Satane o ne a batla ho hlasela Sara?

11 Satane o ne a hloile ka ho khetheha lesika leo Mesia a neng a tla hlaha ho lona. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahala ha Jehova a qeta ho bolella Abrahama hore e tla ba “sechaba se seholo.” (Genese 12:1-3) Ha Abrahama le Sara ba le Egepeta, Faro o ile a nkela Sara ha hae hobane a batla ho mo nyala. Leha ho le joalo, Jehova o ile a sireletsa Sara ’me a mo pholosa boemong boo bo thata. (Bala Genese 12:14-20.) Ho ile ha etsahala se tšoanang motseng oa Gerare pele Isaka a hlaha. (Genese 20:1-7) Na ho ka etsahala hore ebe Satane ke eena ea neng a hlohlelletsa see? U hopole hore Sara o ne a tlohile motseng oa Ure o ruileng ’me a lula litenteng. Na ebe Satane o ne a batla hore a khalle matlo a matle a boreneng a Faro le Abimeleke? Na Satane o ne a nahana hore Sara o tla furalla monna oa hae esita le Jehova, ’me a nyaloe ke e mong oa marena ao? Bibele ha e hlalose, empa mohlomong Diabolose o ne a tla thaba ha Sara a ka lahleheloa ke monyetla oa ho ba karolo ea lesika la Mesia. Satane o ne a sa tl’o ikutloa a le molato haeba mosali eo ea molemo a ne a ka senyeheloa ke lenyalo, a felloa ke botumo bo botle ’me a senya kamano ea hae le Jehova. Ruri Satane o sehlōhō ebile o khopo!

Satane ha a tšoenyehe ka ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng

12, 13. (a) Satane o ile a bontša joang hore o sehlōhō ka mor’a hore Jesu a tsoaloe? (b) U nahana hore Satane o ikutloa joang ka bacha ba ratang Jehova ’me ba leka ho mo sebeletsa kajeno?

12 Jesu o hlahile lilemo tse makholo ka mor’a Abrahama. Satane o ne a sa bone lesea leo le letle ebile le rateha. O ne a tseba hore le tla hōla ’me e be Mesia ea tšepisitsoeng. Jesu e ne e le karolo e ka sehloohong ea peō ea Abrahama, ’me hamorao o ne a tla “qhaqha mesebetsi ea Diabolose.” (1 Johanne 3:8) Na Satane o ne a nahana hore ho bolaea ngoana ke ketso e sehlōhō? Che. Ha a tšoenyehe ka ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng. O ile a leka ho bolaea Jesu ha e sa le ngoana. Joang?

13 Ha Morena Heroda a utloa ka linohe tsa linaleli hore “morena oa Bajuda” o tsoetsoe, o ile a halefa haholo ’me a batla ho bolaea lesea leo. (Matheu 2:1-3, 13) Kahoo, a laela hore ho bolaoe bashanyana bohle ba lilemo li peli ho ea tlaase ba Bethlehema le literekeng tsa eona. (Bala Matheu 2:13-18.) Jesu o ile a pholoha polao eo e sehlōhō, empa see se re ruta’ng ka sera sa rōna e leng Satane? Diabolose ha a hlomphe bophelo. Esita le ba bana hase letho ho eena. Ka sebele Satane ke “tau e purumang.” O sehlōhō e le kannete!

SATANE O THETSA BATHO

14, 15. Satane ‘o foufalitse likelello tsa ba sa lumelang’ joang?

14 Tsela feela eo Satane a e sebelisang ho etsa hore batho ba furalle Jehova, Molimo oa rōna ea lerato, ke ka ho ba thetsa. (1 Johanne 4:8) Satane o thetsa batho hore ba se ke ‘ba ela hloko tlhoko ea bona ea moea,’ ka mantsoe a mang ba se ke ba elelloa hore ba lokela ho ba le kamano e ntle le Molimo. (Matheu 5:3) Diabolose ‘o foufalitse likelello tsa ba sa lumelang’ e le hore ba se ke ba tseba ’nete ka Jehova.—2 Bakorinthe 4:4.

15 Tsela e ’ngoe e ka sehloohong eo Satane a thetsang batho ka eona ke ka ho sebelisa bolumeli ba bohata. O oa tseba hore Jehova ‘o batla boinehelo bo khethehileng.’ (Exoda 20:5) Kahoo, u ka inahanela hore na Satane o thaba hakaakang ha a bona batho ba rapela balimo, pōpo kapa liphoofolo, ke hore ntho leha e le efe ntle ho Jehova. Ka masoabi, esita le batho ba bangata ba nahanang hore ba rapela Molimo ka tsela e amohelehang, ba susumetsoa ke bolumeli ba bohata le meetlo e se nang thuso. Baiseraele ba mehleng ea Esaia ba ne ba le boemong bo tšoanang. Jehova o ile a ba botsa, a re: “Ke hobane’ng ha le ntse le lefa chelete bakeng sa seo e seng bohobe, ’me ke hobane’ng ha ho sehla ha lōna ho sa felle ka ho khotsofala? ’Mameleng ka hloko, ’me le je se molemo, ’me meea ea lōna e fumane thabo e phethehileng mononong.”—Esaia 55:2.

Satane a ka thetsa esita le bahlanka ba Jehova ba chesehang

16, 17. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re ho Petrose: “Suthela ka mor’a ka, Satane”? (b) Satane a ka ’na a re thetsa joang hore re khaotse ho lebela?

16 Satane a ka thetsa esita le bahlanka ba Jehova ba chesehang. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahala ha Jesu a bolella barutuoa ba hae hore o haufi le ho bolaoa. Moapostola Petrose ea neng a rata Jesu o ile a re: “Ikhauhele, Morena; ho hang u ke ke ua ba le qetello ena.” Empa Jesu a re ho Petrose: “Suthela ka mor’a ka, Satane!” (Matheu 16:22, 23) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bitsa Petrose “Satane”? Ke hobane Jesu o ne a tseba se tla tloha se etsahala. Jesu o ne a le mothating oa ho tela bophelo ba hae e le sehlabelo sa thekollo, ’me o ne a tla paka hore Diabolose ke raleshano. Ena e ne e le nako ea bohlokoa ka ho fetisisa historing ea batho, eseng ea hore Jesu a “ikhauhele.” Satane o ne a tla thaba haholo ha Jesu a ka khaotsa ho lebela.

17 Bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo haufi, kahoo le rōna re phela nakong ea makhaola-khang. Satane o batla hore re “ikhauhele” ka hore re batle ho atleha lefatšeng lena. O batla ho re lebatsa hore re phela matsatsing a ho qetela ’me kahoo re khaotse ho lebela. U se ke ua lumella seo! Ho e-na le hoo, ‘lula u lebetse.’ (Matheu 24:42) U se ke ua kholoa leshano la Satane la hore bofelo bo sa le hōle kapa ha bo tle.

18, 19. (a) Satane a ka ’na a re thetsa joang hore re lumele hore Jehova ha a re rate? (b) Jehova o re thusa joang hore re lule re lebetse?

18 Satane o leka ho re tšoasa ka tsela e ’ngoe hape. O batla hore re lumele hore Jehova ha a re rate le hore Molimo a ke ke a tšoarela libe tsa rōna. Empa ana ke mashano a Satane. Nahana ka sena, hantle-ntle ke mang eo Jehova a sa mo rateng? Ke Satane. Ke mang eo Molimo a ke keng a mo tšoarela? Ke Satane. Empa Bibele e re ka rōna: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.” (Baheberu 6:10) Jehova o ananela sohle seo re mo etsetsang sona, ’me tšebeletso ea rōna ho eena hase ea lefeela. (Bala 1 Bakorinthe 15:58.) Kahoo, u se ke ua thetsoa ke mashano a Satane.

19 Joalokaha re bone, Satane o matla, o sehlōhō ebile o thetsa batho. Re ka hlōla sera see joang? Jehova o oa re thusa. Lentsoe la hae le re bolella mekhoa eo Satane a e sebelisang, kahoo “re tseba merero ea hae.” (2 Bakorinthe 2:11) Ha re tseba mekhoa e fapaneng eo Satane a re hlaselang ka eona, ho tla ba bonolo hore re lule re lebetse. Empa ho tseba mekhoa ea Satane feela ha hoa lekana. Bibele e re: “Le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.” (Jakobo 4:7) Sehloohong se latelang re tla tšohla litsela tse tharo tseo re ka loantšang Satane ka tsona ’me ra mo hlōla.