Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re ka Lula re Hloekile Boitšoarong

Re ka Lula re Hloekile Boitšoarong

“Hloekisang matsoho a lōna, . . . ’me le hloekise lipelo tsa lōna.”—JAKOBO 4:8.

1. Ke boitšoaro bofe boo batho ba bo nkang e le ba tlhaho?

RE PHELA lefatšeng le hlephileng boitšoarong. Ka mohlala, batho ba bangata ba nahana hore bosodoma ke ntho ea tlhaho kapa ho kopanela liphate le batho bao ba sa nyalanang le bona. Lifilimi, libuka, lipina hammoho le lipapatso li tletse boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. (Pesaleme ea 12:8) Empa Jehova a ka re thusa ho phela ka tsela e mo khahlisang. Re ka hloeka le hoja re phela lefatšeng le hlephileng boitšoarong.—Bala 1 Bathesalonika 4:3-5.

2, 3. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho leleka litakatso tse fosahetseng? (b) Re tlil’o tšohla’ng sehloohong see?

2 E le hore re khahlise Jehova, re lokela ho nyonya sohle seo a se hloileng. Kaha ha rea phethahala re ka ’na ra hoheloa ke boitšoaro bo bobe joalokaha tlhapi e hoheloa ke leraba le e chehileng. Haeba re qala ho ba le monahano o litšila, re lokela ho o leleka hang-hang. Ho seng joalo, takatso e litšila e tla ba matla hoo haeba monyetla oa ho etsa sebe o hlaha re ka ’nang ra oela sebeng. Ho joalokaha Bibele e bolela: “Takatso, ha e emere, e tsoala sebe.”—Bala Jakobo 1:14, 15.

3 Takatso e fosahetseng e ka hōla lipelong tsa rōna. Ke kahoo re lokelang ho ba hlokolosi ka lintho tseo re li lakatsang. Haeba re leleka litakatso tse fosahetseng, re tla qoba boitšoaro bo bobe le liphello tsa bona tse bohloko. (Bagalata 5:16) Sehloohong sena re tlil’o tšohla lintho tse tharo tse tla re thusa ho loantša litakatso tse fosahetseng, e leng: setsoalle sa rōna le Jehova, keletso e tsoang Lentsoeng la hae le thuso eo re e fumanang ho Bakreste ba hōlileng moeeng.

“ATAMELANG HO MOLIMO”

4. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re atamele ho Jehova?

4 Bibele e re ho batho ba batlang ho ‘atamela ho Molimo’: “Hloekisang matsoho a lōna, . . . ’me le hloekise lipelo tsa lōna.” (Jakobo 4:8) Ha Jehova e le Motsoalle oa rōna re tla mo khahlisa ka liketso le ka menahano ea rōna. Haeba menahano ea rōna e hloekile le lipelo tsa rōna li tla hloeka. (Pesaleme ea 24:3, 4; 51:6; Bafilipi 4:8) Jehova o oa utloisisa hore ha rea phethahala le hore re ka ’na ra qala ho nahana ka boitšoaro bo bobe. Kaha ha re batle ho utloisa Jehova bohloko, re leka kahohle ho leleka menahano e fosahetseng. (Genese 6:5, 6) Re etsa sohle se matleng a rōna ho boloka menahano ea rōna e hloekile.

5, 6. Thapelo e ka re thusa joang ho loantša takatso e fosahetseng?

5 Jehova o tla re thusa ho loantša menahano e fosahetseng, ha re mo kōpa. O re fa moea o halalelang e le hore re be le matla a ho lula re hloekile. Ha re rapela, re ka bolella Jehova hore re batla ho mo khahlisa ka menahano ea rōna. (Pesaleme ea 19:14) Ra mo kōpa ka boikokobetso hore a lekole lipelo tsa rōna ho bona hore na ha ho na takatso e fosahetseng e ka re lebisang sebeng. (Pesaleme ea 139:23, 24) Tsoela pele ho kōpa Jehova hore a u thuse ho loantša boitšoaro bo litšila le ho lula u etsa se nepahetseng le maemong a thata.—Matheu 6:13.

6 Mohlomong pele re ithuta ka Jehova re ne re rata ho etsa lintho tseo a sa li rateng, ebile e ka ’na eaba re ntse re loantša takatso ena e fosahetseng. Empa Jehova a ka re thusa hore re fetohe ’me re etse lintho tse mo khahlisang. Ka mohlala, ka mor’a hore Morena Davida a etse bofebe le Bathe-sheba, o ile a baka ’me a kōpa Jehova hore a mo fe “pelo e hloekileng” le ho mo thusa ho mamela. (Pesaleme ea 51:10, 12) Kahoo, haeba nakong e fetileng re ne re e-na le takatso e matla e fosahetseng ’me re ntse re e loantša, Jehova a ka re thusa hore re be le takatso ea ho mo mamela le ho etsa se nepahetseng. A ka re thusa hore re laole menahano e fosahetseng.—Pesaleme ea 119:133.

Haeba takatso e fosahetseng e qala ho hōla lipelong tsa rōna, re lokela ho e leleka hang-hang (Sheba serapa sa 6)

“LE BE BAPHETHI BA LENTSOE”

7. Lentsoe la Molimo le ka re thusa joang ho loantša menahano e fosahetseng?

7 Jehova o sebelisa Lentsoe la hae e leng Bibele ho araba lithapelo tsa rōna ha re kōpa thuso. Ho eona re fumana bohlale ba Molimo bo hloekileng. (Jakobo 3:17) Ha re bala Bibele letsatsi le letsatsi, re kenya menahano e hloekileng ka likelellong tsa rōna. (Pesaleme ea 19:7, 11; 119:9, 11) Hape, ka Bibeleng re fumana mehlala le litemoso tse ka re thusang ho leleka menahano le litakatso tse fosahetseng.

8, 9. (a) Ke’ng e entseng hore mohlankana e mong a kopanele liphate le mosali oa letekatse? (b) Liproverbia khaolo ea 7 e ka re thusa ho qoba maemo afe?

8 Ho Liproverbia 5:8, Lentsoe la Molimo le re lemosa hore re qobe boitšoaro bo bobe. Ho Liproverbia khaolo ea 7, re bala ka pale ea mohlankana ea ileng a tsamaea bosiu a ea haufi le ha mosali e mong oa letekatse. Mosali eo o ne a eme k’honeng ea seterata ‘a apere joaloka letekatse.’ O ile a ea ho mohlankana eo, a mo tšoara, a mo aka ’me a bua lintho tse ileng tsa mo tsosetsa takatso e fosahetseng. Ha aa ka a leleka takatso eo, kahoo a kopanela liphate le mosali eo. Le hoja a ne a sa rera ho etsa sebe, o ile a se etsa. O ile a khola litholoana tse babang. Hoja o ile a nahana ka liphello tsa seo, a ka be a ile a tsamaella hōle le mosali eo!—Liproverbia 7:6-27.

9 Feela joaloka mohlankana eo, re ka ’na ra etsa liqeto tse booatla hobane re sa ka ra nahana ka liphello. Ka mohlala, bosiu mananeo a mang a thelevishene a bontša boitšoaro bo bobe, kahoo ho ka ba kotsi ho ’na re chencha mananeo hore feela re bone se bapalang thelevisheneng. Ho ka boetse ha e-ba kotsi ho bula link ea Inthanete eo re sa tsebeng hore na e re isa hokae, kapa ho kena Liwebsaeteng tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona tse nang le lipapatso le litšoantšo tse litšila hammoho le Liwebsaeteng tse ling tse joalo. Maemong ana, seo re se shebang se ka etsa hore re be le takatso e fosahetseng ’me sa etsa hore re se mamele Jehova.

10. Ke hobane’ng ha ho le kotsi ho bapala ka maikutlo a lerato? (Sheba setšoantšo se qalong.)

10 Bibele e boetse e re bolella kamoo banna le basali ba lokelang ho tšoarana kateng. (Bala 1 Timothea 5:2.) Bakreste ba etsa lipontšo tsa lerato ho balekane ba bona feela kapa ho motho eo ba ikemiselitseng ho nyalana le eena. Ha ba bapale ka maikutlo a ba bang a lerato. Ba bang ba nahana hore ho tsosa maikutlo a lerato, mohlomong ka tsela eo ba tsamaeang ka eona kapa ba talimang motho e mong ka eona ha ho kotsi, hafeela ba sa tšoarane. Empa ha batho ba babeli ba bapala ka maikutlo a lerato ba ka ’na ba qala ho ba le menahano e fosahetseng ’me sena se ka lebisa boitšoarong bo bobe. Sena se etsahalletse batho ba bang ’me le rōna se ka re etsahalla.

11. Re ithuta’ng ho Josefa?

11 Josefa o re behetse mohlala o babatsehang. Mosali oa Potifaro o ne a leka ho mo hohela hore a robale le eena. Empa Josefa o ile a hana, le hoja mosali oa Potifaro a ne a mo phehella. O ne a lula a kōpa Josefa hore “a be le eena.” (Genese 39:7, 8, 10) Setsebi se seng sa Bibele se re mosali oa Potifaro o ne a nahana hore ha ba ka ba bang, Josefa o tla lakatsa ho robala eena. Josefa o ne a sa ikemisetsa ho robala le eena ’me o ile a bontša seo ka liketso. Kahoo, ha aa ka a lumella takatso e fosahetseng hore e hōle ka pelong ea hae. Mosali eo o ile a tšoara Josefa ka seaparo a leka ho robala le eena, empa hang-hang Josefa “a siea seaparo sa hae letsohong la hae a baleha a tsoela ka ntle.”—Genese 39:12.

12. Re tseba joang hore seo re se shebang se ka ama lipelo tsa rōna?

12 Jesu o ile a re seo re se shebang se ka ama lipelo tsa rōna le ho hōlisa takatso e fosahetseng ea ho kopanela liphate. O ile a re: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” (Matheu 5:28) Sena ke sona se ileng sa etsahalla Morena Davida. Ha a ntse a tsamaea marulelong a ntlo o ile a bona mosali a ntse a hlapa, empa ha aa ka a khaotsa ho mo sheba le ho nahana ka eena. (2 Samuele 11:2) Le hoja e ne e le mosali oa motho, o ile a qala ho mo khalla ’me a kopanela liphate le eena.

13. Ke hobane’ng ha re lokela ‘ho hlaba selekane’ le mahlo a rōna, hona re ka etsa see joang?

13 Haeba re batla ho hanela menahano e fosahetseng re lokela ho etsisa Jobo. O ile a re: “Ke hlabile selekane le mahlo a ka.” (Jobo 31:1, 7, 9) Ho tšoana le Jobo, re ka etsa qeto ea hore re ke ke ra ba le menahano e litšila ha re sheba batho ba bang. Kahoo, haeba re bona setšoantšo sa batho ba kopanelang liphate se hlaha k’homphieutheng, libotong tsa lipapatso, makasineng kapa sebakeng leha e le sefe, re tla tlosa mahlo ho sona hang-hang.

14. Re lokela ho etsa’ng hore re lule re hloekile boitšoarong?

14 Ha u nahana ka seo re sa tsoa se tšohla, mohlomong u ua hlokomela hore u lokela ho loantša takatso e fosahetseng haholoanyane. Haeba ho hlokahala hore u etse liphetoho, li etse ka ho panya ha leihlo! Ha u mamela litaelo tsa Jehova, u ka qoba boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate ’me ua lula u hloekile.—Bala Jakobo 1:21-25.

‘BITSA BAHOLO’

15. Haeba re thatafalloa ho loantša takatso e fosahetseng, ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re kōpe thuso?

15 Haeba u thatafalloa ho loantša takatso e fosahetseng, buisana le motho eo e leng khale a sebeletsa Jehova le ea ka u fang keletso e tsoang Lentsoeng la Molimo. Ho ka ’na ha e-ba thata ho bua le batho ba bang ka mathata a hao, empa ke habohlokoa hore u kōpe thuso. (Liproverbia 18:1; Baheberu 3:12, 13) Bakreste ba hōlileng moeeng ba ka u thusa hore u lemohe moo ho hlokahalang hore u etse liphetoho. Kahoo etsa liphetoho tseo, e le hore Jehova a ka lula e le Motsoalle oa hao.

16, 17. (a) Baholo ba ka etsa’ng ho thusa motho ea thatafalloang ho loantša takatso e fosahetseng? Fana ka mohlala. (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore motho ea shebang litšoantšo tse litšila a kōpe thuso hang-hang?

16 Baholo ba liphuthehong tsa habo rōna ba koetliselitsoe ho re thusa. (Bala Jakobo 5:13-15.) Mohlankana e mong oa Brazil o qetile lilemo tse ngata a thatafalloa ho loantša takatso e fosahetseng. O re: “Ke ne ke tseba hore lintho tseo ke li nahanang ha li khahlise Jehova, empa ke tšaba ho bolella ba bang tsela eo ke ikutloang ka eona.” Moholo e mong o ile a hlokomela hore mohlankana eo o hloka thuso, eaba o mo khothalletsa hore a amohele thuso ea baholo. Mohlankana eo o re: “Ke ile ka makatsoa ke tsela eo baholo ba ileng ba ’mamela le ho ntšoara ka mosa ka eona, e leng seo ke neng ke nahana hore ha sea ntšoanela. Ba ile ba ’mamela ka hloko ha ke ba bolella mathata a ka. Ba ile ba sebelisa Bibele ho ntiisetsa hore Jehova o oa nthata, ’me ba rapela le ’na. Seo se ile sa ’nolofalletsa ho amohela keletso ea Bibele eo ba ileng ba mpha eona.” Ka mor’a ho matlafatsa kamano ea hae le Jehova o re: “Kea hlokomela hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore motho a kōpe thuso, ho e-na le ho leka ho itjarela mathata a le mong.”

17 Haeba u e-na le bothata ba ho sheba litšoantšo tse litšila, u lokela ho kōpa thuso hang-hang. Haeba u lieha ho kōpa thuso, u tla ba kotsing ea ho oela boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate. Ka tsela eo u tla utloisa ba bang bohloko, ’me u etse hore batho ba rohake Jehova. Ba bangata ba kōpile thuso ho baholo ’me ba amohetse keletso ea bona, e le hore ba khahlise Jehova ’me ba lule ka phuthehong ea Bokreste.—Pesaleme ea 141:5; Baheberu 12:5, 6; Jakobo 1:15.

IKEMISETSE HO LULA U HLOEKILE BOITŠOARONG!

18. U ikemiselitse ho etsa’ng?

18 Boitšoaro bo ntse bo hlepha le ho feta lefatšeng lena la Satane. Empa bahlanka ba Jehova ba leka ka matla ho boloka menahano le boitšoaro ba bona bo hloekile. Jehova o motlotlo ka bahlanka bana ba hae. A re atameleng ho Jehova ’me re latele tataiso eo re e fumanang Lentsoeng la hae le phuthehong ea Bokreste. Ha re atamela ho eena, re tla thaba ’me re be le letsoalo le hloekileng. (Pesaleme ea 119:5, 6) Haufinyane ha Satane a se a timelitsoe, re tla phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo le hloekisitsoeng.