Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o re Bontša ka Litsela Life Hore o oa re Rata?

Jehova o re Bontša ka Litsela Life Hore o oa re Rata?

“Bonang hore na ke lerato la mofuta ofe leo Ntate a re fileng lona.”—1 JOHANNE 3:1.

LIPINA: 91, 13

1. Moapostola Johanne o re khothalletsa ho nahana ka eng, hona hobane’ng?

MOAPOSTOLA Johanne o re khothalletsa hore re nahanisise ka lerato le tebileng leo Jehova a re ratang ka lona. 1 Johanne 3:1 e re: “Bonang hore na ke lerato la mofuta ofe leo Ntate a re fileng lona.” Ha re thuisa ka lerato leo Jehova a re ratang ka lona le kamoo a re bontšang lona kateng, seo se etsa hore re atamele ho eena ’me re mo rate le ho feta.

2. Ke hobane’ng ha ba bang ba thatafalloa ho lumela hore Molimo o oa ba rata?

2 Ka masoabi, batho ba bang ha ba lumele hore Molimo a ka ba rata. Ba nahana hore Molimo ha a tsotelle batho. E ka ’na eaba ba lumela hore Molimo o etsa melao feela le ho otla ba sa mo mameleng. Lithuto tsa bohata li entse hore ba bang ba nahane hore Molimo o sehlōhō le hore ho ke ke ha khoneha ho mo rata. Ba bang bona ba nahana hore Molimo o rata batho bohle, ho sa tsotelle hore na ba etsa’ng. Empa ha u ntse u ithuta Bibele, seo se entse hore u tsebe ’nete ka Jehova. U ua tseba hore lerato ke tšobotsi ea hae e ka sehloohong le hore o fane ka Mora oa hae e le thekollo molemong oa hao. (Johanne 3:16; 1 Johanne 4:8) Empa mohlomong ka lebaka la lintho tse u etsahalletseng bophelong, u ka ’na ua thatafalloa ho lumela hore Jehova o oa u rata.

3. Ke’ng e re thusang ho utloisisa lerato leo Jehova a re ratang ka lona?

3 E le hore re utloisise lerato leo Jehova a re ratang ka lona, re lokela ho hopola hore ke eena ea re bōpileng. O re file bophelo. (Bala Pesaleme ea 100:3-5.) Ke kahoo Bibele e reng motho oa pele ke “mora oa Molimo.” (Luka 3:38) Ho feta moo, Jesu o re rutile hore re bitse Jehova “Ntat’a rōna ea maholimong.” (Matheu 6:9) Kahoo, Jehova ke Ntate oa rōna, ’me o re rata ka tsela eo ntate ea lerato a ratang bana ba hae ka eona.

4. (a) Jehova ke Ntate oa mofuta ofe? (b) Re tlil’o tšohla eng sehloohong see le se latelang?

4 Batho ba bang ba thatafalloa ho nahana ka ntate e le motho ea ka bang le lerato. Mohlomong ba utloa bohloko ha ba hopola lintho tse sehlōhō tseo bo-ntate ba bona ba ileng ba ba etsa tsona ha e sa le bana. Jehova a ke ke a tšoara bana ba hae joalo. Ke Ntate ea molemo ka ho fetisisa. (Pesaleme ea 27:10) O re rata haholo ebile o re hlokomela ka litsela tse ngata. Ha re lemoha lerato la Jehova, seo se etsa hore re mo rate le ho feta. (Jakobo 4:8) Sehloohong sena, re tlil’o tšohla litsela tse ’nè tseo Jehova a bontšang ka tsona hore o oa re rata. Sehloohong se latelang teng re tla hlahloba litsela tse ’nè tseo re ka bontšang ka tsona hore rea mo rata.

JEHOVA O LERATO EBILE O SEATLA SE BULEHILENG

5. Molimo o fa batho bohle eng?

5 Ha moapostola Pauluse a le Athene, Greece, o ile a hlokomela hore moo ho na le melimo e mengata ea litšoantšo le hore batho ba lumela hore e ba file bophelo. Kahoo, o ile a ba bolella ka “Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona.” O ile a re Molimo “o fa batho bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle” le hore “ka eena re na le bophelo ’me rea sisinyeha ’me re teng.” (Liketso 17:24, 25, 28) Jehova o re fa sohle seo re se hlokang hore re phele ’me re thabele bophelo. Nahana ka lintho tse ling tseo a re fileng tsona hobane a re rata.

6. Jehova o re file lehae le joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

6 Ka mohlala, Jehova o re etselitse lehae le letle. (Pesaleme ea 115:15, 16) Har’a lipolanete tsohle tseo a li entseng, lefatše lea ikhetha. Ha bo-rasaense ba ntse ba hlahloba sepakapaka ba fumane lipolanete tse ngata, empa ha baa fumana polanete e ’ngoe e nang le lintho tsohle tseo batho ba li hlokang hore ba phele. Jehova ha aa re fa lintho tseo re li hlokang feela hore re phele, empa o boetse o entse hore lefatše e be sebaka se setle le se sireletsehileng seo re ka thabelang ho phela ho sona. (Esaia 45:18) Ha re nahana ka lehae leo Ntate oa rōna Jehova a re fileng lona, rea hlokomela hore o re rata e le kannete.—Bala Jobo 38:4, 7; Pesaleme ea 8:3-5.

7. Tsela eo Jehova a re bōpileng ka eona e bontša joang hore o oa re rata?

7 Tsela e ’ngoe eo Jehova a re bontšitseng lerato ka eona, ke ka ho re bōpa re e-na le bokhoni ba ho mo etsisa. (Genese 1:27) Sena se bolela hore re khona ho lemoha hore o oa re rata ’me le rōna re ka bontša hore rea mo rata. O oa tseba hore sena ke sona se etsang hore re thabe. Etsoe bana baa thaba ha ba tseba hore batsoali ba bona baa ba rata. Hopola hore Jesu o ile a ruta hore re tla thaba haeba re e-na le kamano e haufi le Ntate oa rōna, Jehova. (Matheu 5:3) O re fa ‘lintho tsohle hore re li thabele.’ Ho hlakile hore o seatla se bulehileng ebile o re rata haholo.—1 Timothea 6:17; Pesaleme ea 145:16.

JEHOVA O RE RUTA ’NETE

8. Ke hobane’ng ha re batla hore Jehova a re rute?

8 Bo-ntate ba rata bana ba bona, ’me ha ba batle hore ba thetsoe kapa ba khelosoe. Leha ho le joalo, batsoali ba bangata kajeno ha ba amohele melao ea Bibele ea se nepahetseng le se fosahetseng. Kahoo ha ba khone ho tataisa bana ka tsela e nepahetseng, e leng se fellang ka masoabi le pherekano. (Liproverbia 14:12) Empa Jehova eena o fa bana ba hae tataiso e molemohali, kaha ke “Molimo oa ’nete.” (Pesaleme ea 31:5) O thabela ho re ruta ka eena. O boetse o re ruta hore na re ka mo rapela joang, hape o re bontša tsela e molemo ea ho phela. (Bala Pesaleme ea 43:3.) Joale, Jehova o re rutile eng ho bontša hore o oa re rata?

Bo-ntate ba Bakreste ba etsisa Jehova ka hore ba rute bana ba bona ’nete le ho ba thusa hore ba be le kamano e ntle le Ntate oa bona oa leholimo (Sheba serapa sa 8-10)

9, 10. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a itsebisa rōna? (b) O lebeletse’ng ho rōna?

9 Ntlha ea pele, Jehova o itsebisa rōna. O batla hore re mo tsebe. (Jakobo 4:8) Kahoo o re bolella lebitso la hae. Ha e le hantle, ka Bibeleng lebitso la hae le hlaha ka makhetlo a mangata ho feta lebitso leha e le lefe. Jehova o boetse o re bolella hore na ke Motho oa mofuta ofe. Ha re sheba lintho tseo a li bōpileng, rea hlokomela hore o matla ebile o bohlale. (Baroma 1:20) Hape ha re bala Bibele, re ithuta hore o na le toka le hore o oa re rata. Ha re ntse re ithuta ka botho bo ratehang ba Jehova, re atamela haufi le eena.

Ha re ntse re ithuta ka botho bo ratehang ba Jehova, re atamela haufi le eena

10 Jehova o boetse o re tsebisa morero oa hae. O oa re bolella hore re karolo ea lelapa la hae. O boetse o re bolella seo a se lebeletseng ho rōna, e le hore re sebetse ka khotso re momahane le litho tse ling tsa lelapa la hae. Bibele e bontša ka ho hlaka hore Molimo ha aa re bōpa re e-na le bokhoni ba ho ikhethela se nepahetseng le se fosahetseng. (Jeremia 10:23) Jehova o tseba se ka re tsoelang molemo. Kahoo, ha re amohela bobusi ba hae ’me re mo mamela, re tla phela ka khotso ’me re khotsofale. Jehova o re rutile ’nete ena ea bohlokoa hobane a re rata.

11. Ntate oa rōna ea lerato o re tšepisa bokamoso bo joang?

11 Ntate ea lerato o nahana ka ho teba ka bokamoso ba bana ba hae. O batla hore ba khotsofale bophelong. Ka masoabi, batho ba bangata ba tšoenyehile ka bokamoso, ’me ba bangata ba senya nako ea bona ka lintho tse ke keng tsa ba tsoela molemo nakong e tlang. (Pesaleme ea 90:10) Ruri rea thaba hore ebe Ntate oa rōna, Jehova o re ruta hore re phele bophelo bo khotsofatsang hona joale, ebile o re tšepisa bokamoso bo babatsehang!

JEHOVA O TATAISA BANA BA HAE LE HO BA KHALEMELA

12. Jehova o ile a leka ho thusa Kaine le Baruke joang?

12 Ha Jehova a bona hore Kaine o mothating oa ho etsa se fosahetseng, o ile a leka ho mo thusa, a mo botsa a re: “Ke hobane’ng ha u tuka ke bohale ’me ke hobane’ng ha sefahleho sa hao se sosobane? Haeba u fetoha hore u etse se molemo, na ho phahamisoa ho ke ke ha e-ba teng?” (Genese 4:6, 7) Kaine o ile a hana thuso ea Jehova, kahoo a khola litholoana tse babang. (Genese 4:11-13) Ka nako e ’ngoe, Jehova o ile a hlokomela hore boikutlo bo fosahetseng ba Baruke bo etsa hore a khathale a be a nyahame. Kahoo Jehova o ile a bolella Baruke hore monahano oa hae o fosahetse le hore o lokela ho fetoha. Baruke o ile a mamela keletso ea Jehova, ’me a tsoela pele a phela.—Jeremia 45:2-5.

13. Bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba ithutile eng litekong tseo ba ileng ba tobana le tsona?

13 Jehova o re tataisa le ho re khalemela hobane a re rata. O oa re laea ha ho hlokahala, ’me o boetse o oa re koetlisa. (Baheberu 12:6) Ka Bibeleng, re bala ka bahlanka ba tšepahalang ba Jehova bao a ileng a ba koetlisa hore e be batho ba molemo. Ka mohlala, Josefa, Moshe le Davida ba ile ba tobana le maemo a boima haholo. Jehova o ile a ba tšehetsa nakong ea teko. Ho feta moo, lintho tseo ba ileng ba ithuta tsona ha ba ntse ba tobane le liteko li ile tsa ba thusa ha Jehova a ba fa boikarabelo bo eketsehileng. Ha re ntse re bala ka Bibeleng kamoo Jehova a tšehetsang batho ba hae le ho ba koetlisa kateng, rea hlokomela hore o re rata e le kannete.—Bala Liproverbia 3:11, 12.

14. Jehova o re bontša lerato joang esita le ha re entse liphoso?

14 Jehova o tsoela pele ho re bontša lerato esita le ha re entse liphoso. Haeba re mamela ha a re khalemela ’me re baka, o tla re tšoarela “ka tsela e khōlō.” (Esaia 55:7) See se bolela’ng? Seo Davida a se buileng ka ho tšoarela ha Jehova se bontša kamoo e leng Ntate ea mohau kateng, ha a re: “Eena ea tšoarelang liphoso tsohle tsa hao, ea folisang mafu ’ohle a hao, ea pholosang bophelo ba hao sekoting, ea u roesang moqhaka oa mosa o lerato le mehauhelo. Joalokaha bochaba-tsatsi bo le hōle le bophirima-tsatsi, ka ho tšoanang o suthiselitse litlōlo tsa rōna hōle le rōna.” (Pesaleme ea 103:3, 4, 12) Jehova o re tataisa le ho re khalemela ka litsela tse sa tšoaneng. Na u potlakela ho etsa liphetoho? Kamehla hopola hore Jehova o re khalemela hobane a re rata.—Pesaleme ea 30:5.

JEHOVA O OA RE SIRELETSA

15. Jehova o re bontša ka tsela efe e ’ngoe hore o oa re rata?

15 Ntate ea lerato o sireletsa lelapa la hae kotsing. Ke sona seo Ntate oa rōna, Jehova, a se etsang. Mopesaleme o re ka Jehova: “O lebela meea ea ba tšepahalang ba hae; o ba lopolla matsohong a ba khopo.” (Pesaleme ea 97:10) Nahana ka sena: Feela joalokaha u potlakela ho sireletsa mahlo a hao hobane e le a bohlokoa ho uena, Jehova o potlakela ho sireletsa batho ba hae, hobane ke ba bohlokoa ho eena.—Bala Zakaria 2:8.

Jehova o potlakela ho sireletsa batho ba hae, hobane ke ba bohlokoa ho eena

16, 17. Jehova o ’nile a sireletsa bahlanka ba hae joang nakong e fetileng le kajeno?

16 Tsela e ’ngoe eo Jehova a ’nileng a sireletsa bahlanka ba hae ka eona nakong e fetileng le kajeno, ke ka ho sebelisa mangeloi. (Pesaleme ea 91:11) Lengeloi le le leng le ile la bolaea masole a Baassyria a 185 000 ka bosiu bo le bong, ’me la pholosa batho ba Molimo. (2 Marena 19:35) Lekholong la pele la lilemo, mangeloi a ile a lokolla Petrose, Pauluse le ba bang chankaneng. (Liketso 5:18-20; 12:6-11) Morao tjena ho ile ha ba le ntoa e mahlo-mafubelu naheng e ’ngoe, Afrika. Naheng eo, lintho li ne li tsoile taolong kaha batho ba ne ba loantšana, ba utsoa, ba beta ba bile ba bolaeana. Le hoja ho se barab’abo rōna ba ileng ba shoa, ba bangata ba ile ba lahleheloa ke thepa eohle ea bona. Empa kaofela ha bona ba ile ba elelloa hore Jehova o oa ba rata le hore o oa ba hlokomela. Ba ne ba thabile ho sa tsotellehe maemo ao ba tobaneng le ’ona. Ha moemeli oa ntlo-khōlō a etetse bara le barali bao babo rōna ’me a ba botsa hore na ba ntse ba ea joang, ba ile ba re, “Tsohle li tsamaea hantle, re leboha Jehova!”

17 Ke ’nete hore bahlanka ba bang ba Jehova ba kang morutuoa Setefane le ba bang, ba ile ba bolaoa hobane ba tšepahala. Maemong a mang Jehova ha a thibele sena ho etsahala. Empa o sireletsa bahlanka ba hae e le sehlopha ka ho ba lemosa ka maraba a sa tšoaneng ao Satane a lekang ho ba tšoasa ka ’ona. (Baefese 6:10-12) Jehova o sebelisa Bibele le lingoliloeng tse tsoang mokhatlong oa hae. Ka mohlala, re lemosoa ka likotsi tsa Inthanete, lerato la chelete, lifilimi, libuka le lipapali tse nang le boitšoaro bo bobe le pefo. Ho hlakile hore Jehova o oa re rata ’me o batla ho re sireletsa.

TLOTLA E KHŌLŌ

18. U ikutloa joang ka lerato leo Jehova a u ratang ka lona?

18 Ha Moshe a nahana ka lilemo tsohle tseo a li qetileng a sebeletsa Jehova, o ile a kholiseha hore Jehova o oa mo rata. O ile a re: “Re khotsofatse hoseng ka mosa oa hao o lerato, e le hore re ka hoeletsa ka thabo ’me ra nyakalla matsatsing ’ohle a rōna.” (Pesaleme ea 90:14) Rea thaba hore ebe rea lumela hore Jehova o oa re rata, ’me re lemoha seo. Ka sebele ke tlōtla e khōlō ho ratoa ke Jehova! Re ikutloa joaloka moapostola Johanne, ea ileng a re: “Bonang hore na ke lerato la mofuta ofe leo Ntate a re fileng lona.”—1 Johanne 3:1.