Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Letsoalo la Hao ke Motataisi ea Tšepahalang?

Na Letsoalo la Hao ke Motataisi ea Tšepahalang?

“Sepheo sa taelo ena ke lerato le tsoang pelong e hloekileng le le tsoang letsoalong le letle.”—1 TIMOTHEA 1:5.

LIPINA: 57, 48

1, 2. Ke mang ea re fileng letsoalo, hona ke hobane’ng ha re lokela ho leboha hore ebe re na le lona?

JEHOVA MOLIMO o bōpile batho ba e-na le bolokolohi ba ho ikhethela, kapa ba ho iketsetsa liqeto. Jehova o re file motataisi ea ka re thusang ho etsa liqeto tse nepahetseng. Motataisi eo ke letsoalo, e leng bokhoni ba ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng boo re bōpeletsoeng le bona. Ha re sebelisa letsoalo ka tsela e loketseng, le ka re thusa ho etsa se nepahetseng le ho qoba se fosahetseng. Taba ea hore re bōpeletsoe le letsoalo ke bopaki ba hore Jehova o oa re rata ebile o batla hore re atlehe.

2 Kajeno batho ba bang ba etsa lintho tse nepahetseng ’me ba hloile tse fosahetseng, le hoja ba sa tsebe melao-motheo ea Bibele. (Bala Baroma 2:14, 15.) Ba tataisoa ke eng? Ke letsoalo. Le thibela batho ba bangata ho etsa lintho tse mpe. U ka inahanela hore na boemo bo ka be bo le bobe hakaakang lefatšeng, hoja ebe batho ba ne ba sa bōpelloa le letsoalo! Mohlomong re ne re tla utloa litlaleho tse nyarosang ho feta tseo re li utloang hona joale. Rea leboha hore ebe Jehova o file batho letsoalo!

Letsoalo le koetlisitsoeng hantle le ka re thusa joang ha re lokela ho etsa liqeto?

3. Letsoalo le ka re thusa joang ka phuthehong?

3 Batho ba bangata ha ba nahane ka ho koetlisa matsoalo a bona. Empa bahlanka ba Jehova ba batla hore matsoalo a bona a sebetse hantle, kaha a ka ba thusa hore ba khothalletse bonngoe ka phuthehong. Re batla hore matsoalo a rōna a re hopotse melao e ka Bibeleng ea se nepahetseng le se fosahetseng. Leha ho le joalo, e le hore re koetlise matsoalo a rōna re be re a sebelise, ha rea lokela ho tseba seo Bibele e se buang feela. Re lokela ho rata melao ea Molimo ’me re be le tumelo ea hore e molemong oa rōna. Pauluse o ile a re: “Sepheo sa taelo ena ke lerato le tsoang pelong e hloekileng le le tsoang letsoalong le letle le le tsoang tumelong e se nang boikaketsi.” (1 Timothea 1:5) Ha re koetlisa matsoalo a rōna re bile re a mamela, lerato la rōna ho Jehova le tumelo li tla hōla. Tsela eo re sebelisang letsoalo ka eona e bontša hore na re na le kamano e ntle hakae le Jehova le hore na re batla ho mo khahlisa hakae. E boetse e bontša hore na re batho ba mofuta ofe.

4. Re ka etsa’ng ho koetlisa matsoalo a rōna?

4 Empa re ka etsa’ng ho koetlisa matsoalo a rōna? Re lokela ho bala Bibele kamehla, re thuise ka seo re se balang, re be re kōpe Jehova hore a re thuse ho sebelisa seo re ithutileng sona. Seo se bolela hore ha rea lokela ho tseba melao le litlaleho tse ka ho eona feela. Ha re ithuta Bibele, sepheo sa rōna ke ho tseba Jehova hamolemo. Re ithuta hore na ke Motho ea joang le hore na ke lintho life tseo a li ratang le tseo a sa li rateng. Ha re ntse re ithuta ho eketsehileng ka Jehova, matsoalo a rōna a tla qetella a hlokomela kapele se nepahetseng le se fosahetseng mahlong a hae. Ha re tsoela pele ho koetlisa matsoalo a rōna, re tla nahana joaloka Jehova haholoanyane.

5. Re tl’o tšohla eng sehloohong see?

5 Empa re ka ’na ra ipotsa: Letsoalo le koetlisitsoeng hantle le ka re thusa joang ha re lokela ho etsa liqeto? Re ka hlompha letsoalo la Mokreste-’moho le rōna joang? Hona ke joang letsoalo le ka re susumelletsang ho etsa se nepahetseng? A re ke re hlahlobeng likarolo tse tharo tseo ho tsona re hlokang letsoalo le koetlisitsoeng: (1) phekolo, (2) boikhathollo le (3) mosebetsi oa boboleli.

E-BA LE KAHLOLO E MOLEMO

6. Re lokela ho etsa liqeto life mabapi le mekhoa ea phekolo?

6 Bibele e re khothalletsa ho qoba lintho tse ka re ntšang kotsi le hore re sebelise kahlolo e molemo linthong tse kang ho ja le ho noa. (Liproverbia 23:20; 2 Bakorinthe 7:1) Ho mamela keletso e ka Bibeleng, ho ka re qobisa maloetse a itseng. Empa re ntse re kula ’me re tsofala. Re ka ’na ra lokela ho etsa liqeto life? Linaheng tse ling, batho ba ka ea lingakeng tsa Sekhooa kapa ba batla mekhoa e meng ea phekolo. Liofisi tsa makala li atisa ho fumana mangolo a tsoang ho bara le barali babo rōna, ba botsa ka mekhoa e fapaneng ea phekolo. Ba bangata ba botsa lipotso tse kang, “Na mohlanka oa Jehova a ka amohela mokhoa o itseng oa phekolo?”

7. Re ka etsa liqeto joang mabapi le tšebeliso ea mali?

7 Ofisi ea lekala le baholo ba phutheho ha ba na matla a ho etsetsa Mokreste qeto ea hore na a etse’ng litabeng tsa phekolo, esita le haeba a botsitse. (Bagalata 6:5) Leha ho le joalo, baholo ba ka bontša Mokreste seo Jehova a se buang e le hore ba mo thuse ho etsa qeto e bohlale. Ka mohlala, Molimo o re laela hore re ile mali. (Liketso 15:29) Taelo ena e thusa Mokreste ho utloisisa hore a ke ke a amohela mokhoa oa phekolo o sebelisang mali kapa o mong oa metsoako e mene e meholo ea mali. Ho tseba sena ho ka boela ha ama letsoalo la Mokreste ha a etsa qeto ea hore na o tla amohela likaroloana tse tsoang metsoakong e mene e meholo ea mali kapa che. * (Sheba naletsana.) Ke keletso efe e ’ngoe ea Bibele e ka re thusang ho etsa liqeto tse bohlale mabapi le mekhoa ea phekolo?

8. Bafilipi 4:5 e ka re thusa joang hore re etse liqeto tse bohlale mabapi le mekhoa ea phekolo?

8 Liproverbia 14:15 e re: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.” Kajeno, maloetse a mang e ka ’na eaba ha a na pheko. Kahoo, re lokela ho ba hlokolosi ka mekhoa ea phekolo eo ho thoeng e folisa maloetse a itseng empa re se na bopaki ba seo. Pauluse o ile a re: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.” (Bafilipi 4:5) Ho ba le kahlolo e molemo ho tla re thusa hore re tsepamise kelello ho sebeletseng Jehova, ho e-na le ho tšoenyeha ka mekhoa ea phekolo. Haeba re ameha ho tlōla ka seo, re ka qetella re le baithati. (Bafilipi 2:4) Rea tseba hore re ke ke ra phela hantle ka ho feletseng tsamaisong ena. Kahoo, etsa bonnete ba hore ho sebeletsa Jehova e ba hona ho tlang pele bophelong ba hao.—Bala Bafilipi 1:10.

Na u qobella ba bang hore ba latele maikutlo a hao? (Sheba serapa sa 9)

9. Baroma 14:13, 19 e ama liqeto tseo re li etsang ka mekhoa ea phekolo joang, hona ke’ng e ka bakang liqabang ka phuthehong?

9 Mokreste ea nang le kahlolo e molemo a ke ke a leka ho qobella ba bang hore ba etse lintho ka tsela ea hae. Naheng e ’ngoe, banyalani ba bang ba ne ba khothalletsa batho hore ba noe lipilisi tse itseng le ho ja lijo tse itseng. Ba ne ba phehella le barab’abo rōna, empa ba bang ba khetha ho se ba mamele. Bara le barali babo rōna ba bangata ba ile ba utloa bohloko ha lipilisi le lijo tseo li sa ba thuse. Banyalani bao ba ne ba e-na le bolokolohi ba ho ikhethela hore na ba tla sebelisa lipilisi le lijo tseo kapa che. Empa na e ne e le ho utloahalang hore ba bake liqabang ka phuthehong ka lebaka la lipilisi le lijo? Bakreste ba bang ba Roma ea boholo-holo, ba ne ba e-na le maikutlo a sa tšoaneng ka lijo le mekete e itseng. Pauluse o ile a ba fa keletso efe? O ile a re: “Motho e mong o nka hore letsatsi le leng le feta le leng; motho e mong eena o nka hore letsatsi le leng le joaloka a mang kaofela; motho e mong le e mong a ke a kholisehe ka botlalo kelellong ea hae.” A re beng hlokolosi hore re se ke ra khopisa ba bang.—Bala Baroma 14:5, 13, 15, 19, 20.

Etsa bonnete ba hore ho sebeletsa Jehova ho tla pele bophelong ba hao

10. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha liqeto tsa ba bang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

10 Ka linako tse ling, re ka ’na ra se ke ra utloisisa hore na ke hobane’ng ha motho e mong ka phuthehong a khethile ho etsa lintho ka tsela e itseng. Re lokela ho etsa’ng? Ha rea lokela ho potlakela ho mo tšoaea phoso kapa ho mo qobella hore a fetole maikutlo. E ka ’na eaba o lokela ho koetlisa letsoalo la hae haholoanyane, kapa mohlomong le boi haholo. (1 Bakorinthe 8:11, 12) Kapa mohlomong ke matsoalo a rōna a sa koetlisoang hantle. Kaofela re lokela ho ikhethela hore na re tla sebelisa mekhoa efe ea phekolo ’me re amohele liphello tsa seo re se khethileng.

THABELA NAKO EA BOIKHATHOLLO

11, 12. Bibele e fana ka temoso efe e ka re thusang ha re khetha boikhathollo?

11 Jehova o re bōpile ka tsela e etsang hore re thabele boikhathollo re be re rue molemo ho bona. Solomone o ile a re ho na le “nako ea ho tšeha” le “nako ea ho tlōla-tlōla.” (Moeklesia 3:4) Empa hase mefuta eohle ea boikhathollo e ka etsang hore motho a khatholohe. Re boetse re lokela ho qoba ho qeta nako e ngata haholo boikhathollong. Letsoalo le ka re thusa joang hore re thabele boikhathollo boo Jehova a bo amohelang re be re rue molemo ho bona?

‘Na letsoalo la ka lea ntemosa ha ke tobana le teko?’

12 Bibele e fana ka temoso mabapi le “mesebetsi ea nama.” Mesebetsi ena e akarelletsa “bohlola, ho se hloeke, boitšoaro bo hlephileng, borapeli ba litšoantšo, tšebelisano le meea, bora, ho qabana, poulelo, ho tlakoloha ka bohale, ho rata likhang, likarohano, maquloana, mohono, ho inehella botahoa, mekete e lerata, le lintho tse joaloka tsena.” Pauluse o ile a re “ba tloaetseng ho etsa lintho tse joalo ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” (Bagalata 5:19-21) Kahoo, re lokela ho ipotsa: ‘Na letsoalo la ka le nthusa hore ke qobe lipapali tse mabifi, tse nang le moea oa tlhōlisano le oa bochaba? Na letsoalo lea ntemosa ha ke lekeha hore ke shebelle filimi e hlahisang litšoantšo tse litšila kapa e khothalletsang boitšoaro bo bobe, botahoa kapa ho sebelisana le meea?’

13. Keletso e ho 1 Timothea 4:8 le Liproverbia 13:20 e re thusa joang ha re khetha boikhathollo?

13 Melao-motheo ea Bibele e ka re thusa ho koetlisa matsoalo a rōna mabapi le boikhathollo. Ka mohlala, Bibele e re “koetliso ea ’mele e na le molemo o monyenyane.” (1 Timothea 4:8) Batho ba bangata ba lumela hore ho ikoetlisa kamehla hoa khatholla ebile ho molemo. Empa ho thoe’ng haeba u batla ho ikoetlisa le sehlopha? Na hoa tsotelleha hore na u ikoetlisa le bo-mang? Liproverbia 13:20 e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” Ho hlakile hore re lokela ho sebelisa matsoalo a rōna a koetlisitsoeng ka Bibele ha re khetha boikhathollo.

14. Lelapa le leng le ile la sebelisa keletso e ho Baroma 14:2-4 joang?

14 Christian le Daniela ba na le barali ba babeli ba bacha lilemong. Christian o re: “Nakong ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea, re ile ra buisana ka boikhathollo. Ra lumellana hore lintho tse ling tseo batho ba li etsang ho ikhatholla li nepahetse, empa tse ling li fosahetse. Ke batho ba mofuta ofe bao e lokelang ho ba metsoalle ea rōna? Morali oa rōna e mong o ile a re nakong ea khefu sekolong, bacha ba bang ba Lipaki ba itšoara ka tsela eo a nkang hore ha e ea lokela. Ka lebaka leo o ne a ikutloa a le tlas’a khatello ea ho ba etsisa. Re ile ra mo hlalosetsa hore kaofela re na le letsoalo ’me re lokela ho tataisoa ke lona ha re khetha lintho tseo re li etsang le hore na re li etsa le bo-mang.”—Bala Baroma 14:2-4.

Letsoalo le koetlisitsoeng ka Bibele le ka u qobisa maemo a kotsi (Sheba serapa sa 14)

15. Matheu 6:33 e re thusa joang ha re rera ho ikhatholla?

15 U qeta nako e kae boikhathollong? Na ntho e tlang pele bophelong ba hao ke liboka, tšebeletso ea tšimo le ho ithuta Bibele, kapa ke boikhathollo? Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho uena ke efe? Jesu o ile a re: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” (Matheu 6:33) Na letsoalo la hao le u hopotsa keletso ee ea Jesu, ha u etsa qeto ea hore na u tla sebelisa nako ea hao joang?

RE KHOTHALLETSOA HO PAKA

16. Matsoalo a rōna a re susumelletsa ho paka ka tsela efe?

16 Letsoalo le koetlisitsoeng le re hlokomelisa lintho tse fosahetseng, ’me le boetse le re susumelletsa ho etsa lintho tse nepahetseng. Har’a tse ling le re susumelletsa ho paka ka ntlo le ntlo le ho fana ka bopaki bo sa reroang. Pauluse o ile a etsa sona seo. O ile a re: “Ke tlamehile ho ho etsa. Ka sebele, ho malimabe ’na haeba ke sa ka ka bolela litaba tse molemo!” (1 Bakorinthe 9:16) Ha re etsisa Pauluse, re tla ba le letsoalo le letle kaha re tla be re tseba hore re etsa se nepahetseng. Hape, ha re bolella ba bang litaba tse molemo, re ba thusa hore ba sebelise matsoalo a bona. Pauluse o ile a re: “Ka ho bonahatsa ’nete re ipuella letsoalong la motho e mong le e mong mahlong a Molimo.”—2 Bakorinthe 4:2.

17. Morali’abo rōna e mong ea mocha o ile a mamela letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele joang?

17 Ha Jacqueline a le lilemo li 16, o ne a etsa baeloji sekolong. Ka tlelaseng ba ne ba rutoa thuto ea ho iphetola ha lintho. O re: “Ha ho buisanoa ka taba ena, letsoalo la ka le ne le sa ntumelle ho nka karolo joaloka mehleng. Ke ne ke sa lumellane le thuto ea ho iphetola ha lintho. Ke ile ka ea ho tichere ’me ka e hlalosetsa maikutlo a ka. Ke ile ka hlolloa ha ke fumana hore ke motho ea botsoalle, ’me a mpha monyetla oa ho buisana le tlelase ka taba ea pōpo.” Jacqueline o ile a thaba hore ebe o mametse letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele. Na letsoalo la hao le u susumelletsa ho etsa se nepahetseng?

18. Ke hobane’ng ha re batla ho ba le letsoalo le letle le le tšepahalang?

18 Re ikemiselitse ho phela ka melao-motheo ea Jehova. Matsoalo a rōna a ka re thusa ho finyella seo. Ha re ithuta Lentsoe la Molimo kamehla re bile re thuisa ka lona ’me re sebelisa seo re ithutileng sona, re tla be re koetlisa matsoalo a rōna. Ka tsela eo, mpho ena e babatsehang e tla ba motataisi ea tšepahalang bophelong ba rōna ba Bokreste!

^ ser. 7 Sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali,” Molula-Qhooeng oa June 15, 2004, leqepheng la 29-31.