Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“’Na Jehova Molimo oa Lōna Kea Halalela”

“’Na Jehova Molimo oa Lōna Kea Halalela”

Atamela ho Molimo

“’Na Jehova Molimo oa Lōna Kea Halalela”

Levitike Khaolo ea 19

“OA HALALELA, oa halalela, oa halalela Jehova Molimo.” (Tšenolo 4:8) Ka mantsoe ana Bibele e bontša hore Jehova oa halalela ’me seo se akarelletsa hore ha a na sekoli le hore o hloekile ka tsela e phahameng ka ho fetisisa. Ho hang Molimo hase moetsalibe; a ke ke a silafatsoa kapa a qaphaletsoa ke sebe ka tsela leha e le efe. Empa na seo se bolela hore batho ba sa phethahalang ha ba na tšepo ea ho ba le kamano le Molimo ea halalelang ka ho fetisisa? Le hanyenyane! A re hlahlobeng mantsoe a fanang ka tšepo a tlalehiloeng ho Levitike khaolo ea 19.

Jehova o ile a re ho Moshe: “Bua le phutheho eohle ea bara ba Iseraele.” Mantsoe a latelang a ne a lebisitsoe ho e mong le e mong sechabeng. Moshe o ne a lokela ho re’ng ho bona? Molimo a tsoela pele a re: “U re ho bona, ‘Le lokela ho halalela, hobane ’na Jehova Molimo oa lōna kea halalela.’” (Temana ea 2) Moiseraele e mong le e mong o ne a lokela ho bontša khalalelo. Mantsoe a reng “le lokela” a bontša hore seo e ne e se khothaletso feela empa e ne e le taelo. Na Molimo o ne a batla hore ba etse seo ba ke keng ba se khona?

Hlokomela hore ha Jehova a re oa halalela, o ne a sa bolele hore batho ba lokela ho lekana le eena ka khalalelo, ho e-na le hoo o ne a bontša lebaka leo a neng a fana ka taelo eo ka lona. Ka mantsoe a mang, Jehova o ne a sa re barapeli ba hae ba sa phethahalang Iseraeleng ba halalele joaloka eena. Seo se ne se ke ke sa etsahala. Jehova, “Ea Halalelang ka ho Fetisisa,” o phahametse bohle ka khalalelo. (Liproverbia 30:3) Leha ho le joalo, kaha Jehova oa halalela, o lebeletse hore barapeli ba hae ba halalele ka hohle kamoo ba ka khonang le hoja e le batho ba sa phethahalang. Ba ne ba ka bontša hore baa halalela ka litsela life?

Ka mor’a hore a fane ka taelo ea hore ba halalele, Jehova o ile a roma Moshe hore a ba bolelle lintho tseo ba lokelang ho li etsa likarolong tsohle tsa bophelo. Moiseraele e mong le e mong o ne a lokela ho mamela melao ea boitšoaro e kang ena: a hlomphe batsoali le ba hōlileng (temana ea 3 le 32); a nahanele ba sa utloeng litsebeng, ba sa boneng le ba bang ba hlorileng (temana ea 9, 10 le 14); a tšepahale ’me a sebelisane le ba bang ka toka (temana ea 11-13, 15, 35 le 36) le hore a rate barapeli-’moho le eena joalokaha a ithata. (Temana ea 18) Ka ho mamela melao ena le e meng e boletsoeng, Moiseraele o ne a bontša hore ‘ruri oa halalela ho Molimo oa [hae].’—Numere 15:40.

Taelo e mabapi le khalalelo e re tsoela molemo haholo kaha e re thusa ho lemoha litsela tsa Jehova Molimo le hore na o nahana joang. Taba ea pele, re ithuta hore e le hore re be le kamano e haufi le eena, re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna hore re phele ka melao ea hae e halalelang ea boitšoaro. (1 Petrose 1:15, 16) Ka ho khomarela melao eo, re ka thabela bophelo bo molemo ka ho fetisisa.—Esaia 48:17.

Taelo ea hore re halalele e boetse e bontša kamoo Jehova a tšepang barapeli ba hae kateng. Jehova ha aa lebella hore re etse se ka holimo ho matla a rōna. (Pesaleme ea 103:13, 14) Oa tseba hore kaha re entsoe ka setšoantšo sa hae, re ka khona ho ithuta ho halalela ho isa bohōleng bo itseng. (Genese 1:26) Na see ha se u susumelletse hore u ithute haholoanyane hore na u ka atamela haufi le Jehova Molimo ea halalelang joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Re ka khona ho ithuta ho halalela