Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Banna le Basali ba Bahlolohali—Ba Hloka Eng? U ka ba Thusa Joang?

Banna le Basali ba Bahlolohali—Ba Hloka Eng? U ka ba Thusa Joang?

Banna le Basali ba Bahlolohali​—Ba Hloka Eng? U ka ba Thusa Joang?

A sa nahane le ho nahana, Jeanne o teka tafole kichineng ea ntlo ea hae e nyenyane e bonesitsoeng ka khanya e lerootho. Ho salang ke hore o tlameha ho ja. Hang ha a hlokomela hore o behile lipoleiti tse peli ka pel’a hae . . . a be a se a se khitla. Joalokaha a ne a tloaetse, o ne a teketse batho ba babeli tafole! Empa e ne e se e le lilemo tse peli mohats’a hae a hlokahetse.

HO THATA hore motho ea e-s’o shoeloe ke molekane a utloisise bohloko bo tebileng bo bakoang ke seo. Ha e le hantle, kelello ea motho e lieha ho amohela boemo boo bo bohloko. Beryl ea lilemo li 72 o ile a thatafalloa ho amohela lefu la tšohanyetso la monna oa hae. O re: “E ne eka hase ’nete. Ke ne ke sa lumele hore nke ke ka hlola ke mo bona.”

Ka mor’a hore motho a khaoloe setho se itseng sa ’mele, hangata o utloa eka se ntse se le teng. Ka tsela e tšoanang, ka linako tse ling motho ea ntseng a llela molekane oa hae a ka bona eka o bona moratuoa oa hae ka har’a sehlopha sa batho kapa a ka iphumana a bua le eena joalokaha eka o teng!

Hangata ba lelapa le metsoalle ha ba tsebe hore na ba lokela ho etsa joang ha motho eo ba mo ratang a saretsoe joalo. Na ho na le motho eo u mo tsebang ea shoetsoeng ke molekane? Ebe u ka mo tšehetsa joang? Ke lintho life tseo u lokelang ho li tseba e le hore u thuse bahlolohali ha ba ntse ba utloile bohloko ba ho shoeloa? Ke joang u ka thusang motho ea shoetsoeng ke molekane hore a qetelle a thabela bophelo hape?

Lintho Tseo U Lokelang ho li Qoba

Ba lelapa le metsoalle ba ka ’na ba tšoenngoa ke ha motho eo ba mo ratang a utloile bohloko, kahoo ka moea o motle ba leka matsapa ’ohle a ho etsa hore a se ke a sareloa nako e telele. Leha ho le joalo, mofuputsi e mong ea ileng a etsa lipatlisiso ho bahlolohali ba 700, o re: “Motho a ke ke a beheloa hore na a sareloe nako e kae.” Ka hona, ho e-na le hore u leke ho thibela motho ea shoetsoeng hore a bontše ho sareloa, mo fe nako e lekaneng ea ho ntša bohloko boo a bo utloileng.—Genese 37:34, 35; Jobo 10:1.

Le hoja e le hantle hore u thuse ka ho lokisetsa litaba tsa lepato, u se ke ua nahana hore u lokela ho laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le litaba tsa lepato. Paul, e leng monna oa mohlolohali ea lilemo li 49, o re: “Ke nahana hore ho ile ha ba hotle hore ebe batho ba neng ba nthusa ho lokisetsa lepato ba ile ba ’na ba ntšiela seriti sa hore e ’ne e be ’na ea laolang lintho. Ke ne ke nka e le ntho ea bohlokoa haholo ha e le ’na ea etsang hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsamaee hantle lepatong la mosali oa ka. Ke ne ke utloa hore ke ntho ea ho qetela eo nka mo hlomphang ka eona.”

Ke ’nete hore batho ba bangata ba ananela ho thusoa. ’Mè e mong oa mohlolohali ea bitsoang Eileen, ea lilemo li 68, o re: “Ho ne ho le boima ho lokisetsa lepato le ho sebetsana le litokomane tse amanang le lefu kaha ke ne ke sitoa ho nahana hantle. Ka lehlohonolo, mora oa ka le mosali oa hae ba ile ba nthusa haholo.”

Ntho e ’ngoe ke hore u se ke ua tšaba ho bua ka motho ea hlokahetseng. Beryl ea boletsoeng pejana o re: “Metsoalle ea ka e ile ea ntšehetsa haholo. Leha ho le joalo, ke ile ka hlokomela hore ba bangata ba ne ba qoba ho bua ka monna oa ka, John. Seo se ne se nkutloisa bohloko haholo hobane e ne eka ha a e-s’o ka a phela.” Ha nako e ntse e feta, bahlolohali ba ka ’na ba rata ho bua ka balekane ba bona. Na u hopola ketso e mosa kapa ntho e qabolang ka motho ea hlokahetseng? U se ke ua tšaba ho e bolella molekane oa hae. Haeba u bona hore o tla thabela seo, mo bolelle hore na u ne u rata eng ka molekane oa hae kapa ke eng eo u mo hloloheloang ka lebaka la eona. Sena se ka thusa molekane ea saretsoeng hore a lemohe hore ba bang le bona ba utloile bohloko.—Baroma 12:15.

Ha u thusa motho ea shoetsoeng, qoba ho mo foqa likeletso. U se ke ua mo hatella hore a etsa liqeto kapele haholo. * Ho e-na le hoo, e-ba le temoho ’me u ipotse, ‘Ke lintho life tseo nka li etsang tse tla hle li thuse motsoalle oa ka kapa mong ka ’na hore a sebetsane le nako ee e bohloko ka ho fetisisa bophelong?’

Seo U ka se Etsang

Ha motho a qeta ho hlokahala, molekane oa hae o tla ananela lintho tseo le mo etsetsang tsona ho mo thusa. Na u ka mo phehela lijo, ua fa beng ka eena ba tlileng bolulo, kapa ua mo lota?

Hape hlokomela hore banna le basali baa fapana ha ho tluoa tabeng ea ho sebetsana le bohloko ba ho shoeloa le ho jeoa ke bolutu. Ka mohlala, linaheng tse ling banna ba fetang halofo ba shoetsoeng ke basali ba nyala hoo e ka bang likhoeli tse 18 ka mor’a lefu la basali ba bona—e leng ntho eo hangata basali ba sa e etseng. Phapang ee e bakoa ke eng?

Taba e atileng ea hore banna ba nyala hape hobane feela ba batla motho ea ka ba hlokomelang kapa ka lebaka la ho khannoa ke takatso ea ho kopanela liphate, hase ’nete. ’Nete ke hore banna ba tloaetse ho phetlela basali ba bona feela sefuba, kahoo, ha basali ba bona ba le sieo ba utloa ba jeoa ke bolutu bo boholo. Athe basali ba shoetsoeng ke banna bona hangata ba khona ho fumana batho ba ba tšehetsang maikutlong, le hoja ka linako tse ling metsoalle ea banna ba bona e ba lebala. Ke sona se etsang hore banna ba bangata ba shoetsoeng ba bone ho le molemo ho nyala hape e le hore ba se ke ba hlola ba jeoa ke bolutu—ho sa tsotellehe mathata a ho nyala kapele haholo. Ke kahoo basali ba khonang ho mamella bohloko ba ho jeoa ke bolutu ho feta banna.

Ebang motsoalle oa hao kapa mong ka uena ke monna kapa ke mosali, u ka etsa’ng e le hore a se ke a jeoa ke bolutu haholo? ’Mè oa mohlolohali ea lilemo li 49 ea bitsoang Helen, o re: “Ba bangata ba batla ho thusa, ke feela hore ha ba nke bohato. Hangata ba re feela, ‘U mpolelle haeba ho na le ntho eo u batlang ke u thuse ka eona.’ Empa ke ne ke ananela haholo ha ba bang ba re, ‘Ke ea mabenkeleng. Na u ka rata ho ea le ’na?’” Paul, eo mosali oa hae a ileng a bolaoa ke kankere o bolela hore na ke hobane’ng ha a ne a thabela ho mengoa. O re: “Ka linako tse ling u ikutloa u sa batle ho kopana le batho kapa ho bua le bona ka boemo boo u leng ho bona. Empa ka mor’a hore u be le mantsiboea a monate le ba bang, u ikutloa u le betere; u se u sa jeoe ke bolutu haholo. Ua tseba hore ehlile batho baa u tsotella, ’me seo se etsa hore u imolohe.” *

Ha Kutloelo-bohloko e Hlile e Ananeloa

Helen o ile a utloa hore o ne a hloka ho tšehetsoa haholo maikutlong ka mor’a hore beng ka eena ba bangata ba khutlele bophelong ba bona bo tloaelehileng. O re: “Qalong metsoalle le ba lelapa baa u tšehetsa, empa ka mor’a nako ba itsoella pele ka bophelo. Leha ho le joalo, uena ha ho e-s’o be bonolo hore u tsoele pele ka bophelo.” Metsoalle ea sebele e hlokomelang hore hangata ho hlile ho joalo, e tla lula e tšehetsa motho ea shoetsoeng.

Mohlomong monna kapa mosali oa mohlolohali a ka ’na a hloka motho ea ka bang le eena ka matsatsi a mo hopotsang liketsahalo tse itseng, a kang letsatsi la lenyalo kapa letsatsi leo molekane oa hae a hlokahetseng ka lona. Eileen, eo ho buuoeng ka eena pejana, o re mora oa hae ea seng a hōlile o mo thusa hore a mamelle bohloko le bolutu boo a bo utloang letsatsing leo a ileng a nyaloa ka lona. O re: “Selemo se seng le se seng mora oa ka Kevin o intša le ’na ka letsatsi leo. Ke ja lijo tsa motšehare le eena, e leng ntho eo re e etsang re le babeli feela.” Ho ka ba molemo hore u se ke ua lebala matsatsi ana ao ho bang thata haholo ho mong ka uena kapa motsoalle oa hao eo e leng mohlolohali. Ebe u lokisetsa hore u be le eena kapa ba bang ba be le eena ka letsatsi leo le bohloko ho eena.—Liproverbia 17:17.

Ba bang ba fumane hore batho bao le bona e leng bahlolohali ba ba tšelisa haholo. Annie, eo e bileng mohlolohali ka lilemo tse robeli, o re ha a bua ka setsoalle seo a nang le sona le mohlolohali e mong, “Boikemisetso boo a nang le bona bo ne bo nkhothatsa haholo bo bile bo etsa hore ke tiee lengole.”

Ka sebele, ha bohloko boo bahlolohali ba bo utloileng bo se bo batla bo kokobetse, ba ka khothatsa ba bang ba ba ba etsa hore ba tsohe molota. Bahlolohali ba babeli bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng, e leng Ruthe le matsale oa hae Naomi, ba ile ba tšehetsana haholo. Tlaleho eo e amang maikutlo e bontša kamoo ho hlokomelana ha basali bana ba babeli ho ileng ha ba thusa hore ba fete nakong eo ea ho sareloa le hore ba sebetsane le boemo bo bohloko boo ba neng ba le ho bona.—Ruthe 1:15-17; 3:1; 4:14, 15.

Nako ea ho Fola Maikutlong

E le hore ba boele ba phele hape ka tsela e tloaelehileng, bahlolohali ba lokela ho lekanyetsa lintho hantle e le hore ba se ke ba lula ba hopola baratuoa ba bona ba hlokahetseng hoo ba lebalang ho itlhokomela. Morena Solomone ea bohlale o ile a lumela hore ho na le “nako ea ho lla.” Empa o ile a ba a re ho lokela ho be le “nako ea ho folisa.”—Moeklesia 3:3, 4.

Paul, eo ho buuoeng ka eena ka holimo o fana ka mohlala o bontšang hore na ho thata hakae ho leka ho lebala lintho tse fetileng. O re: “’Na le mosali oa ka re ne re le joaloka lifate tse peli tse ileng tsa hōla li lohellane. Empa sefate se seng sa shoa eaba sea rengoa, sa siea se seng eka se holofetse. Ke ne ke sa tloaele ho ba mong.” Ba bang ha ba batle ho fetola tsela eo ba neng ba phela ka eona pele hobane ba nahana hore ha ba etsa joalo ba tla be ba siteloa molekane ea hlokahetseng. Ba bang ba tšoenyeha ka hore ha ba ithabisa ba tla hlaha eka ha baa utloa bohloko, kahoo ba hana ho intša kapa ho kopana le batho ba bang. Bahlolohali ba ka thusoa joang hore butle-butle ba fole—ba be ba itsoelle pele ka bophelo?

Mohato oa pele e ka ba ho ba thusa hore ba ntše maikutlo a bona. Monna e mong ea bitsoang Herbert, eo e bileng mohlolohali ka lilemo tse tšeletseng, o re: “Ke ne ke ananela haholo ha baeti ba ka ba thōla ebe ba mamela ha ke ba phetela se maikutlong a ka ka nako eo. Kea tseba hore ka linako tse ling ke ne ke ba sulafaletsa, empa ke ne ke ananela hore ebe ba ipeha boemong boo ke leng ho bona.” Paul o ile a angoa maikutlo haholo-holo ke motsoalle oa hae ea hōlileng eo nako le nako a neng a mo botsa hore na o ikutloa joang. Paul o re: “Ke ne ke ananela tsela eo a neng a mpotsa ka eona ka bonolo a bile a bontša hore o hlile o amehile ka ’na, ’me hangata ke ne ke mo bolella hore na ke ikutloa joang.”—Liproverbia 18:24.

Ha motho ea shoetsoeng a ntša maikutlo a hae a feto-fetohang, a kang ho ikoahlaea, ho ikutloa a le molato kapa ho halefa, o nka bohato ba bohlokoa ba hore a qetelle a amohetse boemo bo bocha boo a leng ho bona. Morena Davida o ile a thusoa ke ho tšollela pelo ea hae ho motho ea ka tšeptjoang ka ho fetisisa, Jehova Molimo, hore a khone ho “tsoha” a be a amohele taba ea hore mora oa hae e monyenyane o hlokahetse.—2 Samuele 12:19-23.

Le hoja qalong ho le thata, ka mor’a nako mohlolohali o lokela ho khutlela bophelong ba hae bo tloaelehileng. Na u ka mo mema hore a be le uena ha u etsa lintho tse ling tseo u tloaetseng ho li etsa, joaloka ho ea mabenkeleng kapa ho otlolla maoto mantsiboea? Na u ka mo kōpa hore a u thuse ka mosebetsi o itseng? Ke mokhoa o mong oa ho thusa motho ea shoetsoeng hore a se ke a jeoa ke bolutu. Ka mohlala, na a ka khona ho u salla le bana kapa ho u bontša hore na lijo tse itseng li phehoa joang? Na a ka u thusa ho lokisa lintho tse itseng ntlong? Ntle le hore lintho tsena li mo khothalletsa hore a boele a etse lintho tse itseng, li boetse li mo kholisa hore o ntse a ka tsoela pele hantle le bophelo.

Haeba motho ea shoetsoeng a phetlela ba bang sefuba, butle-butle a ka iphumana a thabela bophelo hape, mohlomong a ka ba a ikemisetsa ho finyella lintho tse itseng. Sena ke sona se etsahalletseng ’mè e mong oa mohlolohali ea lilemo li 44, ea bitsoang Yonette, ea nang le bana. O re: “Ho ne ho le thata haholo hore ke boele ke etse lintho tseo ke neng ke tloaetse ho li etsa! Ho etsa mesebetsi ea letsatsi le letsatsi, ho laola litaba tse amanang le lichelete le ho hlokomela bana ba bararo ho ne ho nkimela haholo.” Leha ho le joalo, ha nako e ntse e e-ea, Yonette o ile a ithuta ho ba ea hlophisehileng le ho buisana hantle le bana ba hae. O ile a ba a ithuta ho amohela tšehetso ea metsoalle ea hae e haufi-ufi.

“Bophelo e Ntse e le Mpho ea Bohlokoa”

E le hore ba lelapa le metsoalle ba atlehe ho thusa mohlolohali ba lokela hore e be ba utloisisang. Ho ka nka likhoeli kapa tsona lilemo ho sa bonahale hantle hore na motho ea shoetsoeng ke molekane oa hlaphoheloa kapa oa iphumana, kaha neng-neng a ka bonahala eka o amohetse, neng-neng a sithabele maikutlo habohloko. Ka sebele ho ka etsahala hore ebe “pelo ea hae” e ntse e utloile bohloko haholo.—1 Marena 8:38, 39.

Nako ena ke eona eo mohlolohali a hlokang ho khothatsoa haholo e le ho qoba hore a se ke a iphumana a phela lefatšeng la hae a le mong kapa a itšehla thajana. Ho ba tšehetsa joalo ho thusitse bahlolohali ba bangata hore ba tsebe ho thabela bophelo hape. Claude, e leng ntate e mong ea lilemo li 60, eo hona joale a qetang nako e ngata a bolella ba bang litaba tse molemo Afrika, o re: “Bophelo e ntse e le mpho ea bohlokoa le ka mor’a ho utloa bohloko ba ho shoeloa ke molekane.”

Bophelo ha bo sa tšoana le pele ka mor’a hore motho a shoeloe ke molekane. Leha ho le joalo, batho ba itsoellang pele le bophelo leha moratuoa oa bona a se a hlokahetse ba ntse ba na le lintho tse ngata tseo ba ka li etsetsang batho ba bang.—Moeklesia 11:7, 8.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 16 E le ho fumana litlhahiso tse ling tsa hore na u ka etsa lintho life ho thusa motho ea shoetsoeng, sheba bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, leqepheng la 20-25, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

Metsoalle ea sebele e tla lula e tšehetsa motho ea shoetsoeng

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 12]

 Na ho Boloka Thepa ea Mofu Hoa Thusa Kapa Hoa Tetebetsa?

Helen, eo monna oa hae a ileng a hlokahala lilemo tse ’maloa tse sa tsoa feta, o re: “Ke bolokile thepa e ngata ea monna oa ka. Ha nako e ntse e feta, lintho tsena li nkhopotsa liketsahalo tse thabisang. Ha ho na ntho eo ke neng ke batla ho e lahla hang-hang kaha maikutlo a motho a ka fetoha haholo ha nako e ntse e tsamaea.”

Claude, eo mosali oa hae a ileng a hlokahala lilemo tse hlano tse fetileng o bua se fapaneng, eena o re: “Ha e le hantle ha ke hloke hore ke ’ne ke bone lintho tse nkhopotsang eena. Ke nahana hore ho tlosa thepa ea hae ho nthusitse hore ke amohele se etsahetseng le hore bohloko boo ke bo utloang bo fokotsehe.”

Mantsoe a buuoeng ka holimo ka mona a bontša hore liqeto tseo batho ba li etsang ka thepa ea molekane ea hlokahetseng li fapana haholo. Ka hona, batho ba bohlale bao e leng ba lelapa kapa metsoalle ba ke ke ba leka ho qobella bahlolohali hore ba nke maikutlo a bona tabeng ena.—Bagalata 6:2, 5.

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Na ho na le matsatsi a khethehileng ao thuso eo u ka fanang ka eona e tla ananeloa haholo?

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Hopola ho ba mema

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

U se ke ua lebala bahlolohali linthong tseo u li etsang letsatsi le letsatsi kapa ha u ikhatholla