Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Holo ea ’Muso Ke’ng?

Holo ea ’Muso Ke’ng?

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Holo ea ’Muso Ke’ng?

▪ Holo ea ’Muso ke ntlo ea borapeli eo Lipaki Tsa Jehova li tšoarelang litšebeletso tsa tsona tsa bolumeli ho eona. Ho na le Liholo Tsa ’Muso tse likete tse mashome lefatšeng ka bophara. Liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova tse fetang 105 000 li bokana liholong tsena beke le beke.

Holo e ’ngoe le e ’ngoe ea ’Muso e na le moo bamameli ba lulang teng ha ba latela mananeo a ho ithuta le ha ba mametse lipuo tse thehiloeng Bibeleng. Hangata ho ba le sethala moo ba rutang ba emang teng ha ba tsamaisa liboka. Ka tloaelo, li ka nka batho ba 100 ho ea ho ba 300 ka ho fapana ha tsona. Ka linako tse ling Liholo Tsa ’Muso li na le phaposi e le ’ngoe kapa ho feta, ofisi le laebrari e nyenyane e nang le lingoliloeng tsa Bibele le libuka tsa lipatlisiso tse ka sebelisoang ke litho tsa phutheho.

Leha ho le joalo, ka Holong ea ’Muso ha ho na matšoao a bolumeli kapa lintho tseo ka tloaelo li fumanoang likerekeng tsa malumeli a ipitsang a Bokreste. Ha ho na lialetare, litšoantšo, kapa lifapano tse khabisitseng. Ke hobane’ng? Lipaki Tsa Jehova li lumela hore ho sebelisa lintho tse joalo ho hanana le taelo ea Bibele ea hore li “balehele borapeli ba litšoantšo.” (1 Bakorinthe 10:14; Johanne 4:24) Likereke tse ngata le litempele li khabisitsoe ka tsela e majabajaba haholo. Ho e-na le hoo, Liholo Tsa ’Muso tsona li hahiloe ka tsela e itekanetseng ’me likarolo tsohle tsa tsona li phetha morero. Ntho ea bohlokoa ke mosebetsi oa ho ruta Bibele o etsoang moo eseng hore na mohaho oa tsona o joang.

Ke hobane’ng e bitsoa Holo ea ’Muso? Liboka tse tšoareloang Holong ea ’Muso li ruta haholo-holo ka Bibele le molaetsa oa eona o ka sehloohong oa “’muso oa Molimo,” e leng sehlooho seo Jesu a neng a ruta ka sona. (Luka 4:43) Kahoo, lebitso lena la Holo ea ’Muso, le ileng la qaptjoa ka bo-1930, le hlalosa morero oa mohaho ona ka ho nepahala—e leng oa ho emela borapeli ba ’nete ebile ke setsi sa bohlokoa bakeng sa mosebetsi oa ho bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso.’ (Matheu 24:14) Kahoo, Liholo Tsa ’Muso ha li sebelisetsoe ho phetha mesebetsi ea sechaba kapa ea khoebo. Mesebetsi ea kaho, litšenyehelo tsa ha e ntse e sebelisoa le litšenyehelo tse ling li tšehetsoa ka chelete e fanoang ke batho ka ho ithaopa. Ha ho fetisoe sekotlolo sa koleke. Ho e-na le hoo, ho na le lebokose le behiloeng sebakeng se le seng leo motho ea ratang ho nehelana ka chelete e itseng a ka e tšelang ka ho lona.

Liholo Tsa ’Muso li phetha morero o tšoanang lefatšeng ka bophara, le hoja li fapane haholo ka boholo le moetso. Tsela eo li hahoang ka eona e itšetlehile ka hore na ke thepa ea mofuta ofe e fumanehang sebakeng seo, boemo ba teng ba leholimo bo joang le hore na maemo a lichelete a Lipaki Tsa Jehova tsa moo a joang. Liholo tse ling li hahiloe ka litene, tse ling ka lehong kapa ka lejoe. Tse ling ha li haheloe mabota ka mahlakoreng, li hahiloe ka liqala le ho ruleloa ka joang.

E mong le e mong o lokolohile hore a ka ea libokeng tse tšoareloang Holong ea ’Muso leha e le efe. (Baheberu 10:25) Ha e le hantle, beke e ’ngoe le e ’ngoe ho ba le seboka seo ho ka tlang mang le mang, seo ho sona ho tšohloang sehlooho se thehiloeng Bibeleng se ka thusang litho tsa phutheho hammoho le batho ba chakileng. Ho ka ba molemo haholo hore u etele Holo ea ’Muso e sebakeng sa heno.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Malawi, Afrika

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Engelane, Great Britain