Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo re ka Latelang Kreste

Kamoo re ka Latelang Kreste

Seo re Ithutang Sona ho Jesu

Kamoo re ka Latelang Kreste

Ha motho a e-ba le tumelo ho Jesu, o ne a atisa hore ho eena: “E-ba molateli oa ka.” (Matheu 19:9, 19:21) Ho ba molateli oa Jesu kapa ho ba Mokreste ho bolela’ng? Nahana ka likarabo tsa lipotso tsena tse tharo tsa bohlokoa.

U lokela ho tšoara ba bang joang?

▪ Morutuoa oa Jesu o lokela ho mamela litaelo tsa hae mabapi le tsela eo a lokelang ho tšoara ba bang ka eona. Ka mohlala, Jesu o ile a re: “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” U ka etsa’ng haeba motho e mong a u khopisa? Jesu o itse: “Lokisa litaba kapele le ea belaelang ka uena.” O ile a boela a re ho balateli ba hae: “Haeba le sa tšoarele batho litšito tsa bona, le Ntat’a lōna a ke ke a le tšoarela litšito tsa lōna.”—Matheu 5:25; 6:15; 7:12.

Jesu o ile a eletsa ba leng lenyalong ka ho re: “Le utloile hore ho itsoe, ‘U se ke ua feba.’ Empa ke re ho lōna e mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” Mokreste oa ’nete o lumella lithuto tsa Jesu hore li ame pelo le kelello ea hae.—Matheu 5:27, 28.

Bakreste ba ’nete ba tela boiketlo ba bona e le hore ba ka thusa batho ba bang. Jesu o ne a itela. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng ha Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba sebetsa ka thata leetong la bona la boboleli, ba ne ba phathahane hoo ba ileng ba hloka le nako ea ho ja. Kahoo Jesu o ile a ba nka ka sekepe ho ea sebakeng se khutsitseng e le hore ba ka phomola. Empa batho ba ile ba utloa hore na o ea hokae kahoo ba matha ho ea mo fihlela pele. Tlaleho ea Bibele e re: “Ha a tsoa, a bona bongata bo boholo, empa a susumetsoa ke khauho bakeng sa bona, hobane bo ne bo le joaloka linku tse se nang molisa. A qala ho bo ruta lintho tse ngata.” (Mareka 6:30-34) U ka etsisa Jesu ka ho etsa seo Molimo a batlang hore u se etse, le hoja ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo.

Ke hobane’ng ha u lokela ho bolella ba bang litaba tse molemo?

▪ Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba bolele litaba tse molemo. O ile a re ho baapostola ba hae: “Ha le ntse le e-ea, le bolele, le re, ‘’Muso oa maholimo o atametse.’” (Matheu 10:7) Balateli ba Jesu ba na le molaetsa oa bohlokoa haholo. Jesu o ile a rapela a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete.”—Johanne 17:3.

Jesu o ile a bolela esale pele ka mosebetsi oo balateli ba hae ba limilione ba neng ba tla o etsa. O ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matheu 24:14) Haeba u se u ithutile ka ’Muso oa Molimo ’me u lumela seo Bibele e se buang, ha ho pelaelo hore u tla thabela ho bolella ba bang seo u ithutileng sona. Balateli ba bangata ba Jesu ba qala ka ho bua ka ’Muso oa Molimo ho beng ka bona.—Johanne 1:40, 41.

Ke hobane’ng ha u lokela ho kolobetsoa?

▪ Ha Jesu a ne a kolobetsoa Nōkeng ea Jordane ho bonahala a ile a re thapelong ea hae: ‘Ke tlile ho etsa thato ea hao, Molimo.’ (Baheberu 10:7) Haeba u batla ho etsa thato ea Molimo, le uena u lokela ho kolobetsoa. Jesu o ile a fana ka taelo ena: “Le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse.”—Matheu 28:19.

Kolobetso e tlisa boikarabelo bofe le melemo efe? Balateli ba kolobelitsoeng ba Jesu ba sebeletsa Molimo ka moea oohle oa bona. Jesu o ile a qotsa Molao oa Molimo, o reng: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle.” (Matheu 22:37) O ile a boela a re: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole.” (Matheu 16:24) Kolobetso e tšoantšetsa qeto ea motho ea ho itatola e le hore a phelele Molimo. Batho ba leng kamanong ena e khethehileng le Molimo ba ka kōpa hore a ba fe letsoalo le hloekileng.––1 Petrose 3:21.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 18 ea buka ena e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.