Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lebaka Leo ka Lona Jesu a sa Kang a Potlaka

Lebaka Leo ka Lona Jesu a sa Kang a Potlaka

Ruta Bana ba Hao

Lebaka Leo ka Lona Jesu a sa Kang a Potlaka

JESU o ile a tseba hore motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo Lazaro, o kula haholo. O ne a fumane molaetsa oo ka motho ea neng a romiloe ke Maria le Maretha, e leng likhaitseli tsa Lazaro. Motho eo o ne a tsoa Bethani, moo Lazaro le likhaitseli tsa hae ba neng ba lula teng. Likhaitseli tseo tsa hae li ne li lumela hore Jesu a ka folisa khaitseli ea bona le hoja ba lula hōle ka lehlakoreng le leng la Nōka ea Jordane. Ba ne ba tseba hore o kile a folisa batho a ntse a le hōle le bona.—Matheu 8:5-13; Johanne 11:1-3.

Ha motho eo a fihla ho Jesu ’me a mo bolella litaba tse bohloko, Jesu ha a etse letho. Bibele e re: “A lula matsatsi a mabeli sebakeng seo a neng a le ho sona.” (Johanne 11:6) Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha Jesu a sa potlakele ho ea thusa Lazaro?— * A re ke re bue ka taba ena.

Jesu o tsebisoa hore Lazaro o shoele. Joale o re ho baapostola ba hae: “A re keneng Judea hape.” Empa bona baa hana, ba re: “Morao tjena Bajudea ba ne ba batla ho u tlepetsa ka majoe, ’me na u ea moo hape?” Jesu o re: “Motsoalle oa rōna Lazaro o phomotse, empa ke ea moo ho mo tsosa borokong.”

Baapostola bona ba re: “Morena, haeba a phomotse, o tla fola.” Joale Jesu oa ba hlalosetsa: “Lazaro o shoele.” Empa o bua ntho eo e tlamehang ebe e ile ea ba makatsa, o re: “Kea thaba ka lebaka la lōna hore ebe ke ne ke le sieo . . . Empa a re eeng ho eena.”

Thomase o bua ka sebete o re: ‘A re eeng, e le hore re ka shoa le Jesu.’ Thomase oa tseba hore lira tsa Jesu li tla leka ho mo bolaea hape le hore li ka ’na tsa bolaea le baapostola. Leha ho le joalo, ba ea kaofela. Ka mor’a matsatsi a ka bang mabeli ba fihla Bethani, motseng oa habo Lazaro. O ka ba bohōle ba lik’hilomithara tse tharo ho tloha Jerusalema.—Johanne 11:7-18.

Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha Jesu a rata taba ea hore ha aa ka a fihla moo kapele?— Ha e le hantle, Jesu o ne a kile a tsosa batho ba bang, empa o ba tsositse lihora tse seng kae feela ka mor’a hore ba shoe. (Luka 7:11-17, 22; 8:49-56) Empa setopo sa Lazaro sona se ne se se se e-na le matsatsi a ’maloa se le ka lebitleng. Batho bohle ba ne ba kholisehile hore ka sebele o shoele!

Ha Maretha, khaitseli ea Lazaro, a utloa hore Jesu o se a atametse Bethani, oa matha ho ea mo khahlanyetsa. Ha a fihla o re ho eena: “Morena, hoja u ne u le teng mona khaitseli ea ka e ka be e sa shoa.” Jesu oa mo tšepisa: “Khaitseli ea hao e tla tsoha.” Joale Maretha o khutlela morao ’me o bolella Maria ka lenyele o re: “Mosuoe o teng ’me oa u bitsa.”

Hang-hang Maria oa tloha o ea ho Jesu. Leha ho le joalo, batho ba nahana hore o ea lebitleng, ka hona ba mo sala morao. Ha Jesu a bona Maria le batho ba ntse ba lla, le eena o “ntša meokho.” Ka mor’a nakoana ba fihla lebitleng le koahetsoeng ka lejoe le leholo. Jesu oa ba laela: “Tlosang lejoe leo.” Empa Maretha oa hana, o re: “Morena, joale o se a nkha, kaha ke matsatsi a mane.”

Batho ba mamela Jesu ’me ba tlosa lejoe leo. Joale oa rapela, o qala ka ho leboha Molimo esale pele ka matla ao a tsebang hore O tla mo fa ’ona e le hore a tle a tsebe ho tsosa Lazaro. Jesu o “hoeletsa ka lentsoe le phahameng: ‘Lazaro, tsoa!’” Joale Lazaro oa tsoa, ‘a thatetsoe ka masela a thatelang.’ Joale Jesu o re: “Mo lokolleng ’me le mo tlohele a tsamaee.”—Johanne 11:19-44.

Na joale oa utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jesu a sa ka a potlakela moo?— O ne a tseba hore ha a lieha o tla fana ka bopaki bo matla le ho feta ka Ntate oa hae Jehova. Hape kaha o ile a khetha nako e loketseng, ba bangata ba ile ba lumela ho Molimo. (Johanne 11:45) Na ua hlokomela hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa Jesu?—

Le uena u ka khona ho khetha nako e loketseng ea ho fana ka bopaki ka lintho tse ntle tseo Molimo a li entseng le tseo e leng hona a tla li etsa. Mohlomong u ka bua ka tsona le bana bao u kenang sekolo le bona kapa matichere a hao. Le nakong eo ba leng ka tlelaseng, bacha ba bang ba ile ba fumana monyetla oa ho bua ka melemo eo ’Muso oa Molimo o tla e tlisetsa batho. Ke ’nete hore u ke ke ua tsosa bafu, empa u ka thusa ba bang hore ba tsebe Molimo ea ka tsosang baratuoa ba rōna ba shoeleng le ea tla fela a ba tsose.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Haeba u bala sehlooho sena le ngoana, motoa o u hopotsa hore u etse khefu ’me u khothalletse ngoana hore a ntše maikutlo a hae.

LIPOTSO:

▪ Ke hobane’ng ha Jesu a sa potlakele ho ea thusa Lazaro?

▪ Ke hobane’ng ha Thomase a re: ‘A re eeng, e le hore re ka shoa le Jesu’?

▪ Jesu o khonne joang ho tsosa Lazaro?

▪ U ka etsa’ng ho bontša hore u ithutile ho itseng mohlaleng oa Jesu?